Kosepele ya Matheu
26 Ha Jesu a qetile ho bua dintho tsena tsohle, a re ho barutuwa ba hae: 2 “Le a tseba hore matsatsi a mabedi ho tloha jwale ho tla ba le Paseka+ mme ho tla nehelanwa ka Mora motho hore a bolaelwe palong.”+
3 Jwale baholo ba setjhaba le baprista ba baholo ba bokana lebaleng la moprista ya phahameng ya neng a bitswa Kaifase.+ 4 Ba rera+ ho tshwara Jesu ka bolotsana ebe ba a mo bolaya. 5 Le ha ho le jwalo, ba re: “Re se ke ra mo tshwarela moketeng e le hore batho ba se ke ba etsa moferefere.”
6 Ha Jesu a le Bethani ka tlung ya Simone ya neng a kile a tshwarwa ke lepera,+ 7 mosadi e mong ya nkileng botlolo ya alabastera e tshetseng oli e turu e nkgang ha monate a tla ho Jesu mme a e tshela hloohong ya hae ha a ntse a dutse tafoleng. 8 Ha barutuwa ba bona taba ena ba halefa haholo mme ba re: “Tshenyo e kaale ke ya eng? 9 Oli ena e ka be e rekisitswe ka tjhelete e ngata ebe tjhelete eo e fuwa bafutsana.” 10 Jesu a hlokomela hore na ba bua kang yaba o re: “Ke hobaneng ha le nyahamisa mosadi eo? O nketseditse ntho e ntle. 11 Le tla dula le ena le bafutsana+ empa le ke ke la dula le ena le nna.+ 12 Ha mosadi enwa a tshela oli ena e nkgang ha monate mmeleng wa ka, o ne a ntokisetsa lepato.+ 13 Ka nnete ke re ho lona, kae kapa kae moo ditaba tsena tse monate tsa Mmuso di bolelwang teng lefatsheng lohle, ketso ya mosadi enwa le yona e tla bolelwa e le hore a hopolwe ka yona.”+
14 E mong wa baapostola ba 12 ya bitswang Judase Iskariota+ a ya ho baprista ba baholo a re:+ 15 “Le tla mpha eng ha nka le fa yena* hore le mo tshware?”+ Ba mo tshepisa dikotwana tsa silevera tse 30.+ 16 Ka hoo, ho tloha ka nako eo a nna a batla monyetla o motle wa ho ba fa yena.*
17 Ka letsatsi la pele la Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso,+ barutuwa ba tla ho Jesu ba re: “O batla hore re o lokisetse ho jella Paseka hokae?”+ 18 A re: “Kenang motseng le ye ho Nnyeo le re ho yena: ‘Mosuwe o re: “Nako ya hore ke shwe e haufi. Nna le barutuwa ba ka re tla ketekela Paseka ha hao.”’” 19 Barutuwa ba etsa ka moo Jesu a ba laetseng ka teng mme ba lokisetsa Paseka.
20 Ha letsatsi le dikela,+ a dula tafoleng le barutuwa ba hae ba 12.+ 21 Ha ba ntse ba ja a re: “Ka nnete ke a le jwetsa, e mong wa lona o tlo nthekisa.”*+ 22 Kaofela ba sarelwa haholo ke taba ena yaba e mong le e mong o re: “Morena, na ke nna?” 23 A re ho bona: “Ya kenyang letsoho la hae le nna ka sekotlolong ke yena ya tla nthekisa.+ 24 Ke nnete Mora motho o tla shwa feela jwalo ka ha Mangolo a bolela+ empa ho madimabe motho ya mo rekisang.+ Ho ka be ho bile molemo ha motho eo a ne a sa tswalwa.”+ 25 Judase ya neng a tlo mo rekisa a re: “Rabi, na ke nna?” Jesu a re ho yena: “E, ke wena.”*
26 Ha ba ntse ba ja, Jesu a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola,+ a bo fa barutuwa yaba o re: “Nkang, le je. Bohobe bona bo emela mmele wa ka.”+ 27 Hape, a nka senwelo se tshetseng veine, a leboha Modimo, a ba fa sona a re: “Nkang le nwe kaofela ha lona+ 28 ka ha veine ena e emela madi+ a ka e leng ‘madi a selekane,’+ a tlang ho tshollwa molemong wa ba bangata+ hore ba tshwarelwe dibe.+ 29 Empa ke a le bolella, nke ke ka hlola ke nwa veine ena hape ho fihlela letsatsing leo ka lona ke e nwang le lona e le ntjha Mmusong wa Ntate.”+ 30 Qetellong, ka mora ho binela Modimo dithoriso,* ba tswa ba ya Thabeng ya Mehlwaare.+
31 Jwale Jesu a re ho bona: “Kaofela ha lona le tla ntahla* ka lebaka la ntho e tla nketsahalla bosiung bona hobane Mangolo a re: ‘Ke tla otla modisa, dinku di qhalane.’+ 32 Empa ka mora hore ke tsoswe, ke tla le etella pele ho kena Galilea.”+ 33 Yaba Petrose o re: “Le haeba ba bang kaofela ba o lahla* ka lebaka la ntho e tla o etsahalla, le ka mohla nke ke ka o lahla.”+ 34 Jesu a re ho yena: “Ka nnete ke re ho wena, bosiung bona, pele mokoko o lla o tla be o ntatotse hararo.”+ 35 Petrose a re ho yena: “Le haeba nka tlameha ho shwa le wena, ho hang nke ke ka o latola.”+ Barutuwa ba bang kaofela le bona ba bua ntho e tshwanang.
36 Jwale Jesu a tla le barutuwa sebakeng se bitswang Gethesemane+ mme a re ho bona: “Dulang mona, ke ya mane ke yo rapela.”+ 37 A tsamaya le Petrose le bara ba babedi ba Zebedea yaba o qala ho sarelwa le ho kgathatseha ha bohloko.+ 38 A re ho bona: “Ke saretswe haholo hoo nka nnang ka shwa. Dulang mona le fadimehe le nna.”+ 39 A ya pejana, a kgumama sefahleho se shebile fatshe, a rapela a re:+ “Ntate, haeba ho kgoneha, senwelo sena+ se ke se mphete. Empa ho ke ho etsahale thato ya hao eseng ya ka.”+
40 A kgutlela ho barutuwa yaba o ba fumana ba robetse. A re ho Petrose: “Le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe?+ 41 Fadimehang+ mme le rapele le sa kgaotse+ e le hore le se ke la wela molekong.+ Ho hlakile hore pelo e na le tabatabelo empa nama e a fokola.”+ 42 A tloha hape lekgetlo la bobedi yaba o a rapela o re: “Ntate, haeba ho ke ke ha kgoneha hore senwelo sena se fete ntle le hore ke se nwe, ho ke ho etsahale thato ya hao.”+ 43 A boela a tla yaba o ba fumana ba robetse hobane ba ne ba tshwerwe ke boroko. 44 Ka hoo, a tsamaya a ba siya yaba o yo rapela ka lekgetlo la boraro. A nna a bua ntho e tshwanang. 45 Yaba o kgutlela ho barutuwa o re ho bona: “Ka nako ee le robetse ebile le phomotse? Nako ya hore Mora motho a nehellwe baetsadibe e atametse. 46 Emang re tsamaye. Motho ya nthekisitseng o se a le haufi.” 47 Ha a sa ntse a bua, Judase, e mong wa baapostola ba 12, a fihla le letshwele le leholo la batho ba nkileng disabole le melangwana ba tswa ho baholo ba setjhaba le baprista ba baholo.+
48 Jwale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke yena. Le mo tshware.” 49 A ya a tobile ho Jesu a re: “Dumela, Rabi!” Yaba o a mo suna. 50 Empa Jesu a re ho yena: “Monna heso, o batlang moo?”+ Jwale ba atamela yaba ba tshwara Jesu. 51 E mong wa ba neng ba ena le Jesu a tsomula sabole ya hae yaba o kgaola tsebe ya lekgoba la moprista ya phahameng.+ 52 Jesu a re ho yena: “Kgutlisetsa sabole ya hao sebakeng sa yona+ ka ha bohle ba lwanang ka sabole ba tla bolawa ka sabole.+ 53 Kapa o nahana hore nka sitwa ho kopa Ntate hore a mphe mangeloi a dikete* hona jwale?+ 54 Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a reng ho tla etsahala ka tsela ee a ne a tla phethahala jwang?” 55 Yaba Jesu o re ho letshwele: “Na ke leshodu ha e le moo le tla le nkile disabole le melangwana ho tla ntshwara? Ke ne ke dula ke ruta ka tempeleng letsatsi le letsatsi+ empa ha le a ka la ntshwara.+ 56 Empa tsena tsohle di etsahetse hore mangolo a baprofeta a phethahale.”+ Barutuwa kaofela ba mo siya ba baleha.+
57 Batho ba ileng ba tshwara Jesu ba mo isa ho Kaifase+ moprista ya phahameng, moo bangodi le baholo ba neng ba bokane.+ 58 Empa Petrose a nna a mo latela a le sebakana, ho ya fihla lebaleng la moprista ya phahameng. Ha a fihla a dula le bahlanka ba ntlo hore a bone hore na ho tla qetella ho etsahetseng.+
59 Baprista ba baholo le ditho tsohle tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda* ba ne ba batla bopaki ba bohata boo ba ka qosang Jesu ka bona e le hore ba mo bolaye.+ 60 Empa ha ba a ka ba bo fumana le hoja dipaki tsa bohata di ile tsa tla ka bongata.+ Ha morao ha tla tse pedi tsa re: 61 “Monna enwa o itse a ka kgona ho heletsa tempele ya Modimo a ba a e haha ka matsatsi a mararo.”+ 62 Moprista ya phahameng a ema a re ho yena: “O ikarabella ka ho reng? Na o a utlwa hore na banna baa ba o qosa ka eng?”+ 63 Empa Jesu a thola.+ Moprista ya phahameng a re ho yena: “Ke o laela hore o ikane ka Modimo ya phelang o re bolelle hore na o Kreste Mora wa Modimo.”+ 64 Jesu a re ho yena: “E, ke yena.* Empa ke re ho lona: Ho tloha hona jwale le tla bona Mora motho+ a dutse ka letsohong le letona la Modimo ya matla+ mme a tla ka maru.”*+ 65 Jwale moprista ya phahameng a tabola diaparo tsa hae a re: “O rohakile Modimo! Le ikutlwetse ha a rohaka Modimo. Re sa hlokelang dipaki tse ding? 66 Lona le reng?” Ba re: “Ha a bolawe!”+ 67 Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong+ mme ba mo otla ka ditebele.+ Ba bang ba mo otla lerameng+ ba re: 68 “Re profetele, wena Kreste. Ke mang ya o otlileng?”
69 Petrose o ne a dutse ka ntle lebaleng ha ngwanana* e mong a tla ho yena a re: “Le wena o ne o tsamaya le Jesu wa Mogalilea.”+ 70 Empa a hana ka pela bona kaofela a re: “Ha ke tsebe hore na o bua kang.” 71 Ha a ya ntlong e keiting, ngwanana e mong a mo bona yaba o re ho ba teng moo: “Monna enwa o ne a ena le Jesu wa Monazaretha.”+ 72 A hlapanya a ba a hana a re: “Monna eo ha ke mo tsebe!” 73 Ka mora nakwana ba emeng moo ba tla ho Petrose ba re: “Ka nnete le wena o e mong wa bona hobane le tsela eo o buang ka yona e a o paka.” 74 A hlapanya* a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla. 75 Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo.”+ Yaba o tswela ka ntle o lla ha bohloko.