Dipesaleme
Ho motsamaisi wa Nehilothe.* Pina ya Davida.
2 Mmamele ha ke lla ke kopa thuso,
Ke rapela wena Morena wa ka le Modimo wa ka.
3 Jehova, o tla utlwa lentswe la ka hoseng.+
Hoseng ke tla bua le wena ka dintho tse ntshwenyang+ mme ke tla emela hore o nkarabe.
7 Ke tla kena ka tlung+ ya hao hobane o nthata haholo.*+
Ke tla inama ke shebile tempeleng* ya hao e halalelang ho bontsha hore ke o hlompha haholo.+
8 Jehova, ntataise hore ke tsamaye tseleng e nepahetseng e le hore ke sireletsehe ho ba ntlhoileng.
Nthuse hore ke tsamaye tseleng ya hao ke sa kgoptjwe ke letho.+
9 Dintho tsohle tseo ba di buang ha di tshepahale.
Dipelo tsa bona di tletse lehloyo feela,
Mmetso ya bona ke lebitla le ahlameng.
10 Empa Modimo o tla re ba molato.
Ba tla tshwaswa ke maraba a bona.+
E se eka ba ka lelekwa ka lebaka la melato ya bona e mengata
Hobane ba o fetohetse.