Dipesaleme
Pina. Pesaleme ya bara ba Kora.+ Ho motsamaisi. E binwe ka mokgwa wa Mahalathe,* e binwe ho fapanyetsanwa. Maskile* ya Hemane+ wa Moezra.
2 E se eka thapelo ya ka e ka fihla ho wena.+
Mmamele* ha ke lla ke kopa thuso.+
4 Ke se ke baleletswe hara batho ba theohelang sekoting.*+
Ke fetohile monna ya se nang matla,+
5 Ya tlohetsweng hara ba shweleng
Jwalo ka ba bolailweng ba robetseng lebitleng,
Bao o seng o sa ba hopole
Le bao o seng o sa ba thuse.
Dintho tseo o nketsang tsona di tshwana le maqhubu a maholo a nkotlang. (Selah)
8 O suthiseditse bao ke ba tlwaetseng hole le nna.+
O entse hore ke be ntho e nyonyehang ho bona.
Ke kwalletswe ebile ha ke kgone ho baleha.
9 Mahlo a ka ha a sa bona hantle ka lebaka la ho hlopheha.+
Letsatsi lohle ke bitsa wena Jehova.+
Ke otlollela matsoho a ka ho wena.
10 Na o tla etsetsa ba shweleng mehlolo?
Na ba shweleng ba ka tsoha hore ba o rorise?+ (Selah)
11 Na lerato la hao le tla bolelwa lebitleng?
Na botshepehi ba hao bo tla bolelwa sebakeng sa ho bola?*
12 Na diketso tsa hao tse hlollang di tla tsejwa lefifing?
Kapa na diketso tsa hao tse lokileng di tla tsejwa naheng ya batho ba lebetsweng?+
14 Jehova, ke hobaneng ha o ntahla?+
Ke hobaneng ha o mpatela sefahleho sa hao?*+
Ke feletswe ke matla ka lebaka la dintho tse tshosang tseo o dumeletseng hore di nketsahalle.
16 Ha ke sa na matla hobane o nkgalefetse haholo.+
Dintho tse tshosang tse tswang ho wena di a mphedisa.
17 Di mpotapotile jwalo ka metsi letsatsi lohle.
Di nkwalletse ka mahlakoreng ohle.*
18 O suthiseditse metswalle ya ka le bao ke ba tlwaetseng hole le nna.+
Lefifi e se e le motswalle wa ka.