Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • nwt Esthere 1:1-10:3
  • Esthere

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Esthere
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Esthere

ESTHERE

1 Mehleng ya ha Asueruse* a ne a busa diprofinse tse 127+ ho tloha India ho ya Ethiopia,* 2 o ne a busa a le Shushane*+ ntlong ya hae ya borena.* 3 Selemong sa boraro sa puso ya hae a etsa mokete bakeng sa dikgosana tsohle tsa hae, bahlanka ba hae, masole a Persia+ le Media,+ marena le dikgosana tsa diprofinse tsa hae. 4 A ba bontsha maruo a mmuso wa hae o kganyang, tlhompho le botle ba botlotlehi ba hae ka matsatsi a mangata, matsatsi a 180. 5 Ka mora matsatsi ana, morena a etsa mokete wa matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba le Shushane ntlong ya morena, ho tloha ho barui ho ya tswa ho bafutsana. O ne o tshwaretswe ka jareteng ya ntlo ya morena. 6 Ho ne ho ena le dikgaretene tsa line tse tshweu, ho ena le tsa khothone ya boleng bo botle le tsa lesela le leputswa. Di ne di hakilwe diropong tse entsweng ka lesela la boleng bo botle le boya bo pherese tse faseleditsweng dihakising tsa silevera tse dipilareng tsa mmabole. Ho ne ho boetse ho ena le ditulo* tsa kgauta le silevera. Fatshe ho ne ho adilwe ka lejwe la pofiri, mmabole, perela le mmabole o motsho.

7 Ho ne ho nwellwa veine ka dikoping tsa kgauta. Dikopi e ne e le tsa mefutafuta mme veine ya borena e ne e le ngata ho ya ka bokgoni ba morena. 8 Ho ne ho nowa ho latela molao wa hore ho se ke ha eba le motho ya qobellwang* etswe morena o ne a hlophile le diofisiri tsa ntlo ya borena hore e mong le e mong a etse ka moo a ratang.

9 Mofumahadi Vashti+ le yena a etsetsa basadi mokete ka tlung ya borena ya Morena Asueruse.

10 Ka letsatsi la bosupa ha morena a thabisitswe ke ho nwa veine, a re Mehumane, Biztha, Harbona,+ Bigtha, Abagtha, Zethare le Karkase e leng diofisiri tse supileng tsa lekgotla tse neng di sebeletsa Morena Asueruse, 11 ba tlise Mofumahadi Vashti ho morena a rwetse tuku ya boreneng bakeng sa ho bontsha ditjhaba le dikgosana botle ba hae ka ha o ne a le motle haholo. 12 Empa Mofumahadi Vashti a nna a hana ho tla ha diofisiri tsa lekgotla di mo bolella taelo ya morena. Morena a halefa haholo, a tuka ke bohale.

13 Morena a bua le banna ba bohlale ba nang le boiphihlelo ditabeng tsa meetlo ya mehleng eo (etswe morena o ne a tlwaetse ho teka ditaba tsa hae ka pela bohle ba rutehileng haholo molaong le dinyeweng. 14 Ba neng ba le haufi haholo le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarshishe, Merese, Marsena le Memukane e leng dikgosana tse supileng+ tsa Persia le Media, tse neng di kgona ho tla ho morena le tse neng di le boemong bo ka hodimodimo mmusong). 15 Morena a re: “Ho ya ka molao, ho lokela ho etswang ka Mofumahadi Vashti ka ha ha a mamela taelo ya Morena Asueruse eo diofisiri tsa lekgotla di mo boleletseng yona?”

16 Memukane a bua ka pela morena le dikgosana a re: “Mofumahadi Vashti ha a fosetsa morena feela+ empa o foseditse le dikgosana tsohle le ditjhaba tsohle tse diprofinseng tsohle tsa Morena Asueruse. 17 Basadi bohle ba tla tseba ka ketso ena ya mofumahadi ebe ba tella banna ba bona ba re: ‘Esita le Mofumahadi Vashti ha a ka a mamela ha Morena Asueruse a mo laela hore a ye ho yena.’ 18 Hona kajeno dikgosatsana tsa Persia le Media tse tsebang hore na mofumahadi o entseng, di tla bua le dikgosana tsohle tsa morena ebe di a tellana le ho halefelana. 19 Haeba morena a dumela, a ke a fane ka taelo mme e ngolwe hara melao e ke keng ya fetolwa+ ya Persia le Media hore le ka mohla Vashti a se ke a tla ho Morena Asueruse. Morena a fane ka boemo ba hae ba bofumahadi ho mosadi ya molemo ho mo feta. 20 Ha batho ba utlwa taelo ya morena dibakeng tsohle tse tlasa puso ya hae, basadi bohle ba tla hlompha banna ba bona, ho sa tsotellehe hore na banna bao ba hlaheletse kapa ke batho feela.”

21 Keletso ena ya thabisa morena le dikgosana yaba morena o etsa ka moo Memukane a mo eleditseng ka teng. 22 Ka hoo, a romela mangolo diprofinseng tsohle+ tse tlasa puso ya hae, profinseng ka nngwe ka tsela eo ho ngolwang ka yona moo le ho setjhaba ka seng ka puo ya sona e le hore monna e mong le e mong e be hlooho lapeng la hae mme a bue ka puo ya habo.

2 Ka mora dintho tsena, ha kgalefo ya Morena Asueruse+ e kokobetse, a nahana ka seo Vashti a se entseng+ le qeto e entsweng ka yena.+ 2 Ka hoo, bahlanka ba morena ba re: “Morena o lokela ho batlelwa barwetsana ba batle. 3 Hape morena a kgethe batho diprofinseng tsohle tse pusong ya hae+ mme ba tlise barwetsana bohle ba batle Shushane* ntlong ya morena,* ntlong ya basadi. Ba hlokomelwe ke Hegai+ leqhalaha* la morena e leng mohlokomedi wa basadi mme ba fuwe ditlolo tse etsang hore ba be batle. 4 Morwetsana ya kgahlang morena haholo e tla ba mofumahadi ho ena le Vashti.”+ Morena a rata tlhahiso ena yaba o etsa jwalo.

5 Ho ne ho ena le monna e mong wa Mojuda Shushane+ ntlong ya morena, eo lebitso la hae e neng e le Mordekai+ mora wa Jaire. E ne e le setloholo sa Shimei, mora wa Kishe Mobenjamine.+ 6 O* ile a tloha Jerusalema e le e mong wa batho ba neng ba hapeletswe le Morena Jekonia*+ wa Juda ke Morena Nebukadnezare wa Babilona. 7 Mordekai o ile a hodisa Hadasa* e leng Esthere motswala wa hae+ ka ha Esthere o ne a se na mme le ntate. Morwetsana enwa o ne a le motle a bile a le seemo se setle. Ha mme le ntate wa hae ba hlokahala, Mordekai o ile a mo hodisa mme ya eba moradi wa hae. 8 Ka mora hore ho phatlalatswe taelo ya morena, barwetsana ba bangata ba iswa Shushane ntlong ya morena mme ba hlokomelwa ke Hegai.+ Esthere le yena a iswa ntlong ya morena mme a ba tlhokomelong ya Hegai mohlokomedi wa basadi.

9 Hegai a rata morwetsana enwa yaba ka potlako o lokisetsa hore a fuwe ditlolo tse etsang hore a be motle.+ A mo fa le dijo tse kgethehileng mme a laela barwetsana ba supileng ba kgethilweng ntlong ya morena hore ba sebeletse Esthere. Hegai a boela a isa Esthere le bahlokomedi ba hae sebakeng se setle haholo sa ntlo ya basadi. 10 Esthere o ne a eso re letho ka batho ba habo+ kapa beng ka yena hobane Mordekai+ o ne a mo laetse hore a se ke a bolella mang kapa mang.+ 11 Mordekai o ne a ye a tsamaye ka pela ntlo ya basadi lebaleng letsatsi le letsatsi hore a tsebe hore na Esthere o phela jwang le hore na ho ntse ho etsahalang ka yena.

12 Barwetsana ba ne ba lokela ho qeta dikgwedi tse 12 ba ntse ba etswa hore ba be batle. Dikgweding tsa pele tse tsheletseng, ba ne ba tlotswa ka oli ya mira+ ebe tse ding tse tsheletseng ba tlotswa ka oli ya balsame+ le dioli tse ding. E ne e le tsela eo barwetsana ba neng ba etswa botle ka yona. Ka mora moo, morwetsana ka mong o ne a fuwa nako ya ho ya ho Morena Asueruse. 13 Ka mora hore a etswe hore a be motle, o ne a ka ya ho morena. O ne a fuwa ntho e nngwe le e nngwe eo a e kopang ha a tloha ntlong ya basadi a ya ntlong ya morena. 14 O ne a kena mantsiboya ebe hoseng o kgutlela ntlong ya bobedi ya basadi* moo a hlokomelwang ke Shashagaze leqhalaha la morena,+ eo e leng mohlokomedi wa basadi ba direthe. O ne a ke ke a ya ho morena hape ntle le ha morena a ne a hlile a kgahlilwe ke yena mme a bitsitswe ka lebitso.+

15 Esthere e ne e le moradi wa Abikaile ya neng a amana le Mordekai. Mordekai o ne a mo nkile jwalo ka moradi wa hae.+ Ha nako ya Esthere ya hore a ye ho morena e fihla, ha a ka a kopa letho haese dintho tseo Hegai leqhalaha la morena, mohlokomedi wa basadi a ileng a mo kgothaletsa ho di kopa. (Ka nako ena yohle Esthere o ne a ratwa ke bohle ba neng ba mo bona.) 16 Selemong sa bosupa+ sa puso ya Morena Asueruse, Esthere a iswa ntlong ya borena ka kgwedi ya leshome e leng kgwedi ya Tebethe.* 17 Morena a kgahlwa ke Esthere haholo ho feta basadi ba bang bohle mme a mo rata ho feta barwetsana ba bang. A mo rwesa tuku ya boreneng mme ya eba yena mofumahadi+ ho ena le Vashti.+ 18 Morena a etsa mokete o moholo bakeng sa dikgosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae. E ne e le mokete wa Esthere. Yaba morena o lokolla batho* diprofinseng le ho fana ka dimpho ho ya ka leruo la hae.

19 Jwale ha barwetsana+ ba iswa ka lekgetlo la bobedi, Mordekai o ne a dutse keiting ya morena. 20 Esthere ha a ka a re letho ka beng ka yena le batho ba habo+ feela jwalo ka ha Mordekai a ne a mo laetse. Esthere a nna a mamela Mordekai feela jwalo ka ho tloha kgolong ya hae.+

21 Matsatsing ao ha Mordekai a dutse keiting ya morena, Bigthane le Tereshe e leng diofisiri tse pedi tsa lekgotla tsa morena ebile e le balebedi ba monyako, ba halefa mme ba rera ho bolaya Morena Asueruse. 22 Empa Mordekai a tseba ka morero ona mme kapelepele a bolella Mofumahadi Esthere. Yaba Esthere o bua le morena lebitsong la Mordekai. 23 Ka hoo, taba ena ya batlisiswa mme qetellong ha fumaneha hore ho fela ho le jwalo yaba banna bao ka bobedi ba fanyehwa palong. Taba ena ya tlalehwa bukeng ya ditaba tsa histori mme ya ngolwa morena a le teng.+

3 Ka mora moo, Morena Asueruse a nyollela Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage+ maemong a ka hodimo ho feta a dikgosana tsohle tse neng di ena le yena.+ 2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le keiting ya morena ba ne ba kgumama le ho inama ka pela Hamane hobane morena o ne a laetse hore ho etswe jwalo. Empa Mordekai a hana ho kgumama le ho inama ka pela Hamane. 3 Yaba bahlanka ba morena ba keiting ya morena ba re ho Mordekai: “Ke hobaneng ha o sa mamele taelo ya morena?” 4 Ba ne ba bua le yena ka taba ena letsatsi le letsatsi empa a sa ba mamele. O ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+ Yaba ba bolella Hamane e le hore ba bone hore na ho tla etswang ka Mordekai.+

5 Ha Hamane a bona hore Mordekai o hana ho kgumama le ho inama ka pela hae, a tuka ke bohale.+ 6 Empa o ne a bona ho sa lekana ho bolaya Mordekai feela hobane o ne a boleletswe ka batho ba ha bo Mordekai. Ka hoo, Hamane a batla ho bolaya Bajuda bohle ba dibakeng tsohle tse pusong ya Asueruse e leng batho ba habo Mordekai kaofela.

7 Kgweding ya pele e leng kgwedi ya Nisane,* selemong sa bo12+ sa Morena Asueruse, ba lahla Pure+ (kapa Lotho)* ka pela Hamane e le ho kgetha letsatsi le kgwedi ya ho bolaya Bajuda. Ya supa kgwedi ya bo12 e leng kgwedi ya Adare.*+ 8 Hamane a re ho Morena Asueruse: “Ho na le setjhaba se itseng se hasaneng hara ditjhaba+ tse diprofinseng tsohle tse pusong ya hao.+ Melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding tsohle. Ha se mamele melao ya hao morena mme o ke ke wa fumana molemo wa letho ha o ka se tlohela. 9 Haeba ho bonahala ho le molemo ho wena morena, ho ke ho ngolwe molao wa hore se fediswe. Ke tla fa diofisiri silevera ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 340 000* tse tla iswa moo ho bolokwang matlotlo a hao.”*

10 Yaba morena o rola reng+ ya hae ya borena mme o e fa Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage.+ Hamane e ne e le sera sa Bajuda. 11 Morena a re ho Hamane: “O filwe silevera ha mmoho le batho bakeng sa hore o etse ka moo o batlang ka teng.” 12 Jwale bangodi ba morena+ ba bitswa ka letsatsi la bo13 kgweding ya pele. Yaba ba ngola+ mangolo a nang le ditaelo tse tswang ho Hamane, a yang ho diofisiri tse kgolo tsa morena, babusi ba diprofinse le dikgosana tsa ditjhaba tse fapaneng. Ba ngolla profinse ka nngwe ka tsela eo ho ngolwang ka yona moo le setjhaba ka seng ka puo ya sona. Mangolo a ngolwa ka lebitso la Morena Asueruse mme ditaba tsa tempuwa ka reng ya hae ya borena.+

13 Baromuwa ba romela mangolo diprofinseng tsohle tsa morena, a laelang hore ka letsatsi le le leng la bo13, kgweding ya bo12 e leng ka kgwedi ya Adare,+ ho bolawe, ho fediswe ho be ho ripitlwe Bajuda bohle ba banyenyane le ba baholo, bana le basadi le hore thepa ya bona e hapuwe.+ 14 Ditaba tsa lengolo leo di ne di lokela ho fanwa e le molao diprofinseng tsohle le ho phatlalatswa ditjhabeng tsohle hore di itlhophele letsatsi lena. 15 Baromuwa ba tswa ka potlako+ feela jwalo ka ha morena a ne a ba laetse mme molao wa hlomamiswa Shushane*+ ntlong ya morena.* Morena le Hamane ba dula fatshe ho nwa empa motse wa Shushane o ne o ferekane.

4 Ha Mordekai+ a utlwa ka dintho tsohle tse etsahetseng,+ a tabola diaparo tsa hae, a apara lesela le hwashang* mme a itshela ka molora. Yaba o ya bohareng ba motse a ntse a bokolla ha bohloko. 2 Ka ha ha ho motho ya neng a dumeletswe ho kena keiting ya ntlo ya morena a apere lesela le hwashang,* a fella keiting. 3 Diprofinseng tsohle+ moo molao wa morena o neng o phatlalatswa teng, Bajuda ba ne ba utlwile bohloko, ba itima dijo,+ ba lla le ho bokolla ha bohloko. Batho ba bangata ba ne ba robetse moloreng le hodima lesela le hwashang.*+ 4 Ha basebetsi* ba Esthere le maqhalaha a hae ba kena mme ba mo bolella, mofumahadi a utlwa bohloko haholo. A romella Mordekai diaparo hore a di apare ho ena le lesela le hwashang* empa Mordekai a di hana. 5 Yaba Esthere o bitsa Hathake e leng e mong wa maqhalaha a morena, eo morena a neng a mo kgethile hore a sebeletse Esthere mme a mo laela hore a botse Mordekai hore na ho etsahalang.

6 Ka hoo, Hathake a ya ho Mordekai seterateng se neng se le ka pela keiti ya ntlo ya morena. 7 Mordekai a mo bolella dintho tsohle tse mo hlahetseng le hore na ke tjhelete e kae+ eo Hamane a tshepisitseng ho e isa polokelong ya matlotlo a morena bakeng sa hore Bajuda ba bolawe.+ 8 A boela a mo fa lengolo le neng le ena le molao wa hore Bajuda ba bolawe. Molao ona o ile wa phatlalatswa Shushane.*+ Hathake o ne a lokela ho le bontsha Esthere, ho mo hlalosetsa lona le ho mo laela+ hore a ye ho morena a kope mohau ho yena bakeng sa batho ba habo.

9 Hathake a kgutla mme a bolella Esthere hore na Mordekai o itseng. 10 Yaba Esthere o bolella Hathake hore a re ho Mordekai:+ 11 “Bahlanka bohle ba morena le batho ba diprofinseng tse tlasa puso ya morena ba a tseba hore haeba monna kapa mosadi le ha e le ofe a ka ya ho morena ka lebaleng+ a sa bitswa, molao o re a bolawe. O tla tlohelwa haeba feela morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la kgauta.+ O tsebe hore ke se ke ena le matsatsi a 30 ke eso bitswe ke morena.”

12 Ha Mordekai a bolellwa hore na Esthere o itseng 13 a re: “O se ke wa nahana hore hara Bajuda bohle o tla pholoha hobane feela o le ntlong ya morena. 14 Ha o ka itholela boemong bona, Bajuda ba tla thuswa le ho lopollwa ka tsela e nngwe+ empa wena le beng ka wena le tla shwa. Ho tseba mang? Mohlomong o fihletse boemo ba bofumahadi+ ka lebaka lona lena.”

15 Yaba Esthere o re ho Mordekai: 16 “Tsamaya, o bokelle Bajuda bohle ba tla fumanwa Shushane mme le itime dijo+ molemong wa ka. Le se ke la ja kapa la nwa ka matsatsi a mararo,+ bosiu le motshehare. Le nna le basebetsi* ba ka re tla itima dijo. Ke tla tlola molao ke ye ho morena. Haeba ke shwa, ke shwe.” 17 Yaba Mordekai o a tsamaya mme o phetha dintho tsohle tseo Esthere a mo laetseng tsona.

5 Ka letsatsi la boraro,+ Esthere a apara diaparo tsa hae tsa bofumahadi yaba o ema lebaleng le ka hare la ntlo ya morena,* a shebane le ntlo ya morena. Morena o ne a dutse teroneng ya hae ka tlung ya borena a shebane le monyako. 2 Hang ha morena a bona Mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a thaba yaba o nanabeletsa Esthere lere la borena la kgauta.+ Esthere a atamela mme a tshwara ntlha ya lere la borena.

3 Morena a re ho yena: “Bothata keng Mofumahadi Esthere? O batla ho etsetswa eng? Le ha o ka kopa halofo ya borena, o tla bo fuwa.” 4 Esthere a re: “Haeba morena a rata, a tle le Hamane+ kajeno moketeng oo ke mo etseditseng wona.” 5 Ka hoo, morena a re ho bahlanka ba hae: “Ereng Hamane a tle kapele jwalo ka ha Esthere a kopile.” Yaba morena le Hamane ba ya moketeng oo Esthere a o entseng.

6 Nakong ya mokete wa veine, morena a re ho Esthere: “Keng eo o e batlang? Mpolelle mme ke tla o fa yona. Keng eo o e kopang? Le ha o ka kopa halofo ya borena, o tla bo fuwa.”+ 7 Esthere a araba a re: “Ke kopa hore 8 haeba morena a mamela sello sa ka a bile a dumela ho phetha seo ke se kopang, a tle le Hamane moketeng oo ke tla ba etsetsa wona hosane. Hosane ke tla o bolella hore na ke kopang.”

9 Letsatsing leo, Hamane a tloha moketeng a thabile a bile a nyakaletse. Empa ha Hamane a bona Mordekai+ keiting ya morena mme a hlokomela hore ha a eme ebile ha a mo thothomelle, Hamane a tuka ke bohale. 10 Le ha ho le jwalo, Hamane a ithiba mme a ya ha hae. Yaba o bitsa metswalle ya hae le Zereshe+ mosadi wa hae. 11 Hamane a ithorisa ka pela bona ka maruo a hae a mangata, bara ba hae ba bangata+ le ka moo morena a mo phahamisitseng ka teng le ho mo fa boemo bo phahametseng dikgosana tsa morena le bahlanka ba hae.+

12 Hamane a phaella ka ho re: “Hape Mofumahadi Esthere o ile a mema mang haese nna ho ya le morena moketeng oo a neng a o entse?+ Ebile le hosane o mmemme hore ke yo ba le yena le morena.+ 13 Empa dintho tsena tsohle ha di nkgotsofatse ha feela ke ntse ke bona Mordekai wa Mojuda a dutse pela keiti ya morena.” 14 Yaba mosadi wa hae Zereshe le metswalle yohle ya hae ba re ho yena: “Hloma palo e bolelele ba dimithara tse ka bang 22* ebe hoseng o bolella morena hore Mordekai a fanyehwe ho yona.+ Ka mora moo, o ye moketeng le morena o yo natefelwa.” Hamane a thabela tlhahiso ena yaba o re ho hlongwe palo.

6 Bosiung boo, morena a hlobaela.* Ka hona a re ho tliswe buka ya ditlaleho tsa histori+ yaba o a e ballwa. 2 Bukeng eo ha fumanwa ho ngotswe tlaleho ya Mordekai mabapi le Bigthana le Tereshe. Ka bobedi e ne e le diofisiri tsa lekgotla tsa morena ebile e le balebedi ba monyako ba neng ba rerile ho bolaya* Morena Asueruse.+ 3 Morena a re: “Na Mordekai o hlomphuwe le ho lebohuwa ka taba ee?” Yaba bahlanka ba morena ba re: “Le letho.”

4 Ha morao morena a re: “Ke mang ya lebaleng?” Hamane o ne a le ka ntle lebaleng+ la ntlo ya morena,* a tlo bua le morena ka hore Mordekai a fanyehwe palong eo a neng a mo hlometse yona.+ 5 Bahlanka ba morena ba re ho yena: “Ke Hamane+ ya emeng lebaleng.” Ka hoo, morena a re: “Ereng a kene.”

6 Ha Hamane a kena, morena a re ho yena: “Monna eo morena a batlang ho mo tlotla o lokela ho etsetswa eng?” Hamane a re ka pelong: “Ke mang eo morena a ka batlang ho mo tlotla ho mpheta?”+ 7 Ka hoo, Hamane a re ho morena: “Monna eo morena a batlang ho mo tlotla 8 a tlisetswe seaparo+ sa morena le pere ya morena, e rwesitsweng korone. 9 Seaparo le pere di behwe taolong ya e nngwe ya dikgosana tse hlomphehang tsa morena. Bahlanka ba morena ba apese monna eo seaparo sa borena mme ba mo palamise pere mmarakeng ebe ba hweletsa ba le ka pela hae ba re: ‘Ho etswa tjena ka monna eo morena a batlang ho mo tlotla.’”+ 10 Hanghang morena a re ho Hamane: “Potlaka, o nke seaparo le pere mme o etse jwalo ka ha o boletse ho Mordekai wa Mojuda ya dutseng pela keiti ya morena. O phethe ntho e nngwe le e nngwe eo o e buileng.”

11 Hamane a nka seaparo le pere mme a apesa Mordekai,+ a mo palamisa pere mmarakeng, a hweletsa a le ka pela hae a re: “Ho etswa tjena ka monna eo morena a batlang ho mo tlotla.” 12 Ka mora moo, Mordekai a kgutlela keiting ya morena empa Hamane a potlakela ntlong ya hae a sulafaletswe haholo a bile a ikgurumeditse. 13 Ha Hamane a phetela mosadi wa hae Zereshe+ le metswalle yohle ya hae sohle se mo hlahetseng, baeletsi ba hae* le mosadi wa hae Zereshe ba re ho yena: “Haeba Mordekai eo ya seng a o hlotse ke e mong wa Bajuda, o ke ke wa mo hlola empa o tla o hlola.”

14 Ha ba sa ntse ba bua le yena, diofisiri tsa lekgotla tsa morena tsa fihla mme tsa potlakisetsa Hamane moketeng oo Esthere a neng a o entse.+

7 Morena le Hamane+ ba fihla moketeng wa Mofumahadi Esthere. 2 Letsatsing la bobedi nakong ya mokete wa veine, morena a boela a re ho Esthere: “Keng eo o e batlang, Mofumahadi Esthere? O tla e fuwa. Keng eo o e kopang? Le ha o ka kopa halofo ya borena, o tla bo fuwa.”+ 3 Mofumahadi Esthere a re: “Ao hle morenaka! Haeba o mamela sello sa ka le haeba o rata, ke o kopa hore o pholose bophelo ba ka le setjhaba sa heso.+ 4 Nna le batho ba heso re rekisitswe+ hore re bolawe, re fediswe le ho ripitlwa.+ Hoja re ne re rekisitswe hore re be makgoba feela, nka be ke sa re letho. Empa mahlomola ana ha a lokela ho dumellwa hobane morena o tlo senyehelwa.”

5 Yaba Morena Asueruse o re ho Mofumahadi Esthere: “Ke mang eo, hona o kae monna ya sebete sa ho etsa ntho e jwalo?” 6 Esthere a re: “Mohanyetsi le sera ke Hamane enwa ya kgopo.”

Hamane a tshoha morena le mofumahadi. 7 Morena a raoha a halefile, a ya serapeng sa ntlo ya borena. Empa Hamane a ema ho kopa Mofumahadi Esthere hore a mo hauhele hobane o ne a hlokometse hore morena o rerile ho mo fa kotlo. 8 Morena a kgutla serapeng sa ntlo ya borena a ya moo ho neng ho tshwaretswe mokete wa veine teng yaba o bona Hamane a itahletse hodima setulo* seo Esthere a neng a se dutse. Morena a re: “Jwale o batla le ho beta mofumahadi ka pela mahlo a ka, ha ka moo?” Eitse ha a tjho jwalo, ba kwahela sefahleho sa Hamane. 9 Harbona,+ e mong wa diofisiri tsa lekgotla tsa morena a re: “Hamane o boetse o hlomme palo ha hae bakeng sa Mordekai+ ya o pholositseng morena.+ E bolelele ba dimithara tse ka bang 22.”* Yaba morena o re: “Mo fanyeheng ho yona.” 10 Ka hoo, ba fanyeha Hamane palong eo a neng a e hlometse Mordekai mme kgalefo ya morena ya kokobela.

8 Letsatsing leo, Morena Asueruse a fa Mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane*+ sera sa Bajuda.+ Mordekai a tla ho morena hobane Esthere o ne a se a boletse hore na o amana jwang le Mordekai.+ 2 Yaba morena o rola reng+ ya hae ya borena eo a ileng a e amoha Hamane, a e fa Mordekai. Esthere a beha ntlo ya Hamane* taolong ya Mordekai.+

3 Ho feta moo, Esthere a boela a bua le morena. A itihela maotong a hae, a lla mme a mo kopa hore a nyopise morero o mobe oo Hamane wa Moagage a neng a o reretse Bajuda.+ 4 Morena a nanabeletsa Esthere+ lere la borena la kgauta yaba Esthere o a phahama mme o ema ka pela morena. 5 A re: “Haeba morena a batla, a nkgauhela mme a bona ho loketse ebile a nkamohela, ho ke ho ngolwe taelo. Taelo ena e hlakole ditokomane tseo Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage+ a di ngotseng bakeng sa ho bolaya Bajuda ba diprofinse tsohle tsa morena. 6 Etswe na nka itiisa ka shebella ha batho ba heso ba hlahelwa ke tlokotsi mme na nka itiisa ka shebella ha beng ka nna ba bolawa?”

7 Ka hoo, Morena Asueruse a re ho Mofumahadi Esthere le ho Mordekai wa Mojuda: “Ke file Esthere ntlo ya Hamane*+ ebile ke itse Hamane a fanyehwe palong+ hobane o ne a rerile ho bolaya* Bajuda. 8 Le ka ngola taelo lebitsong la ka molemong wa Bajuda. Le ngole eng kapa eng eo le bonang e loketse mme le e tempe ka reng ya borena. Etswe taelo e ngotsweng lebitsong la morena mme ya tempuwa ka reng ya borena e ke ke ya fetolwa.”+

9 Bangodi ba morena ba bitswa ka nako eo kgweding ya boraro, ke hore kgwedi ya Sivane,* letsatsing la yona la bo23. Ba ile ba ngola sohle seo Mordekai a se laetseng Bajuda, diofisiri tse kgolo tsa morena,+ babusi le dikgosana tsa diprofinse+ tse 127 ho tloha India ho ya Ethiopia. Ba ile ba ngolla profinse ka nngwe ka tsela eo ho ngolwang ka yona moo le setjhaba ka seng ka puo ya sona. Le Bajuda ba ile ba ngollwa ka tsela eo ba ngolang ka yona le ka puo ya bona.

10 A laela hore ho ngolwe taelo lebitsong la Morena Asueruse, a e tempa ka reng ya borena+ yaba o romeletsa ditokomane ka baromuwa ba palamang dipere. Ba ile ba palama dipere tse lebelo tseo ho tsamaiswang melaetsa ka tsona, tse neng di sebediswa tshebeletsong ya borena. 11 Ditokomaneng tsena, morena o ile a dumella Bajuda metseng yohle hore ba phuthehe mme ba itwanele. A ba dumella ho bolaya, ho fedisa le ho ripitla masole a setjhaba kapa profinse efe kapa efe a tla ba hlasela esita le basadi le bana mme ba hape thepa ya bona.+ 12 Ba ne ba tla etsa jwalo diprofinseng tsohle tse pusong ya Morena Asueruse ka letsatsi le le leng, ka letsatsi la bo13 la kgwedi ya bo12 e leng kgwedi ya Adare.*+ 13 Ditaba* tsa tokomane ena di ne di lokela ho fanwa e le molao diprofinseng tsohle. Di ne di lokela ho phatlalatswa ditjhabeng tsohle hore Bajuda ba itokise letsatsing leo e le hore ba tle ba iphetetse ho dira tsa bona.+ 14 Baromuwa ba palamang dipere tseo ho tsamaiswang melaetsa ka tsona, tse sebediswang tshebeletsong ya borena, ba tswa ka potlako feela jwalo ka ha morena a ne a laetse. Molao ona o ile wa hlomamiswa Shushane*+ ntlong ya morena.*

15 Mordekai a tloha ho morena a apere seaparo sa borena sa lesela le leputswa le nang le bosweu, a rwetse korone e kgolo ya kgauta. Hape o ne a apere seaparo sa ka hodimo sa lesela la boleng bo botle, le entsweng ka boya bo pherese.+ Motse wa Shushane wa hlaba ditlatse. 16 Bajuda ba eba le tshepo,* nyakallo le thabo e kgaphatsehang mme batho ba ba hlompha. 17 Diprofinseng tsohle le metseng yohle moo taelo ya morena le molao wa hae di ileng tsa phatlalatswa teng, ha eba le nyakallo le thabo e kgaphatsehang mme ha etswa mekete. Batho ba bangata naheng eo ba ne ba ipolela hore ke Bajuda+ ka ha ba ne ba tshaba Bajuda.

9 Ka letsatsi la bo13 la kgwedi ya bo12 e leng kgwedi ya Adare,*+ taelo ya morena le molao wa hae di ne di lokela ho phethwa.+ Dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola empa ha etsahala ntho e fapaneng. Bajuda ya eba bona ba hlolang dira tsa bona.+ 2 Bajuda ba phutheha metseng ya bona diprofinseng tsohle tse buswang ke Morena Asueruse+ bakeng sa ho bolaya ba batlang ho ba hlasela mme ha ho motho ya ileng a ba futuhela hobane ditjhaba tsohle di ne di ba tshaba.+ 3 Dikgosana tsohle tsa diprofinse, diofisiri tse kgolo tsa morena,+ babusi le ba sebeletsang morena ba ne ba tshehetsa Bajuda etswe ba ne ba tshaba Mordekai. 4 Mordekai o ne a se a hlompheha+ ka tlung ya morena.* A nna a tsebahala diprofinseng tsohle hobane o ne a ntse a hlompheha ho ya pele.

5 Bajuda ba hlasela bohle ba direng ka sabole. Ba ba bolaya le ho ba fedisa mme ba iketsetsa borata ka bona.+ 6 Shushane*+ ntlong ya morena, Bajuda ba bolaya le ho ripitla banna ba 500. 7 Ba boela ba bolaya Parshandatha, Dalfone, Aspatha, 8 Poratha, Adalia, Aridatha, 9 Parmashta, Arisai, Aridai le Vaizatha 10 e leng bara ba leshome ba Hamane mora wa Hamedatha sera sa Bajuda.+ Empa ha ba se ba ba bolaile ha ba a ka ba hapa thepa ya bona.+

11 Letsatsing leo, morena a bolellwa palo ya ba bolailweng Shushane ntlong ya morena.

12 Morena a re ho Mofumahadi Esthere: “Bajuda ba bolaile le ho timetsa banna ba 500 le bara ba leshome ba Hamane Shushane ntlong ya morena. Diprofinseng tse ding tsa morena+ teng ba entseng? Keng eo o e batlang? O tla e fuwa. Keng eo o e kopang hape? E tla etswa.” 13 Esthere a re: “Haeba morena a rata,+ Bajuda ba Shushane ba ke ba dumellwe hore hosane ba etse ho ya ka molao wa kajeno+ le hore bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwe palong.”+ 14 Ka hoo, morena a laela hore ho etswe ka tsela eo. Ha fanwa ka taelo Shushane mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa.

15 Bajuda ba Shushane ba phutheha hape letsatsing la bo14 la kgwedi ya Adare+ mme ba bolaya banna ba 300 Shushane empa ha ba a ka ba hapa thepa ya bona.

16 Bajuda ba bang kaofela ba diprofinseng tse buswang ke morena ba phutheha mme ba itwanela.+ Ba ile ba bolaya dira tsa bona+ tse 75 000 empa ha ba a ka ba hapa thepa ya tsona. 17 E ne e le letsatsi la bo13 la kgwedi ya Adare. Yaba ba phomola letsatsing la bo14 mme ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba.

18 Bajuda ba Shushane ba phutheha bakeng sa ho lwana ka letsatsi la bo13+ le la bo14+ mme ba phomola ka letsatsi la bo15. Ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba. 19 Ke ka lebaka leo Bajuda ba mahaeng ba hahileng metseng e diterekeng tse ding, ba ileng ba etsa hore letsatsi la bo14 la kgwedi ya Adare e be letsatsi la ho thaba,+ ho keteka le ho fanana dijo.+

20 Mordekai+ a ngola diketsahalo tsena mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba diprofinseng tsohle tse buswang ke Morena Asueruse, ba hole le haufi. 21 A ba laela hore ba keteke letsatsi la bo14 le la bo15 la kgwedi ya Adare selemo se seng le se seng 22 hobane ka mora matsatsi ao, Bajuda ha ba a ka ba hlola ba kgathatswa ke dira tsa bona. Kgweding eo, mesarelo ya bona e ile ya fetoha thabo le letsatsi la ho utlwa bohloko+ la fetoha letsatsi la ho keteka. Ba ne ba lokela ho a keteka e le matsatsi a ho thaba le ho fanana dijo le ho fa bafutsana dimpho.

23 Bajuda ba dumela hore ba tla nne ba etse mokete ona e le moetlo jwalo ka ha ba ne ba se ba qadile le ho etsa ka moo Mordekai a neng a ba laetse. 24 Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage,+ sera sa Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda+ mme o ne a entse hore ho lahlwe Pure+ e leng Lotho, bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba fedisa. 25 Empa ha Esthere a fihla ho morena, morena a fana ka molao o ngotsweng+ o reng: “Ntho e mpe eo a neng a e reretse Bajuda+ e ke e etsahale ho yena.” Yaba ba mo fanyeha palong le bara ba hae.+ 26 Ke ka hoo ba ileng ba rehella matsatsi ana ka Pure*+ ba a bitsa Purime. Ho latela mantswe a lengolo leo Mordekai a le ngotseng, dintho tseo Bajuda ba di boneng le tse ba hlahetseng, 27 Bajuda le bana ba bona ha mmoho le ba ikopantseng le bona+ ba ile ba itlama ho keteka matsatsi ana a mabedi ba sa fose. Ba ne ba boetse ba itlamme ho etsa ka moo Mordekai a ngotseng ka teng mabapi le matsatsi ao selemo le selemo ka nako ya ona. 28 Matsatsi ana a ne a lokela ho hopolwa le ho ketekwa ke meloko yohle, malapa ohle, diprofinse tsohle le metse yohle. Bajuda le bana ba bona ba ne ba sa lokela ho kgaotsa ho keteka matsatsi ana a Purime le ho ikgopotsa ona.

29 Yaba Mordekai wa Mojuda le Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile ba ngola lengolo la bobedi mabapi le Purime mme ba le tiisa ka matla ao ba a filweng. 30 Mordekai a romela mangolo a nang le mantswe a kgotso le a nnete ho Bajuda bohle diprofinseng tse 127+ tse buswang ke Asueruse.+ 31 E ne e le ho tiisa hore matsatsi ana a Purime a ketekwa ka dinako tsa ona tse kgethilweng feela jwalo ka ha Mordekai wa Mojuda le Mofumahadi Esthere ba ba laetse+ le feela jwalo ka ha bona le bana ba bona ba ne ba itlamme.+ Ba ne ba boetse ba itlamme hore matsatsing ao ba tla itima dijo+ le ho etsa dithapedi.+ 32 Taelo ya Esthere ya tiisa ditaba tsena tsa Purime+ mme ya ngolwa bukeng.

10 Morena Asueruse a laela batho ba dulang naheng le dihlekehlekeng tsa lewatle hore ba etse mosebetsi o boima.*

2 Mesebetsi yohle ya hae e meholo le dintho tseo a di fihletseng ha mmoho le ditaba tsa ka moo morena a ileng a beha Mordekai+ boemong bo phahameng ka teng,+ di ile tsa ngolwa bukeng ya histori+ ya marena a Media le Persia.+ 3 Mordekai wa Mojuda o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla. E ne e le motho wa bohlokwa* a bile a hlomphuwa ke Bajuda, a sebeletsa boiketlo ba batho ba habo le hore bana bohle ba bona ba be le kgotso.

Ho dumelwa hore ke yena Xerxes I, mora wa Dariuse e Moholo e leng Dariuse Hystaspis.

Kapa: “Kushe.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

E ne e le ditulo tse kang disofa.

Kapa: “ya thibelwang.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Sheba Tlhaloso.

E ka ba Kishe kapa Mordekai.

Ya bitswang Jojakine ho 2Ma 24:8

Ke lebitso la Seheberu la Esthere. Le bolela semela sa “Mositsane.”

Ntlo eo ho neng ho dula basadi ba morena kapa direthe.

Sheba Ntlha ya B15.

E ka nna yaba o ne a ba lokolla teronkong, bosoleng, dikolotong kapa ho tsona kaofela.

Sheba Ntlha ya B15.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya B15.

Ka Seheberu: “ditalenta tse 10 000.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa mohlomong: “Ke tla isa ditalenta tsa silevera tse 10 000 moo ho bolokwang matlotlo a hao bakeng sa ba tla etsa mosebetsi ona.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

E ne e le ba barwetsana.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Susa.”

E ne e le ba barwetsana.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “boroko ba morena ba baleha.”

Ka Seheberu: “ho mo isa letsoho.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “banna ba hae ba bohlale.”

E ne e le setulo se kang sofa.

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “dintho tsohle tsa Hamane.”

Kapa: “dintho tsohle tsa Hamane.”

Kapa: “dintho tsohle tsa Hamane.”

Ka Seheberu: “o ile a otlolla letsoho la hae kgahlanong le.”

Sheba Ntlha ya B15.

Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “Dikopi.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Ka Seheberu: “lesedi.”

Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “Susa.”

“Pure,” e bolela “Lotho.” Ha e iswa bongateng e bitswa “Purime”. Ke lebitso la mokete wa Bajuda o ketekwang ka kgwedi ya bo12 khalendareng e halalelang. Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “ba etse mosebetsi o qobellwang.”

Kapa: “O ne a le moholo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela