LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Hosea 1:1-14:9
  • Hosea

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hosea
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Hosea

HOSEA

1 Jehova a bua le Hosea* mora wa Beri mehleng ya Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase+ e leng marena a Juda+ le mehleng ya Jeroboame+ mora wa Joashe,+ morena wa Iseraele. 2 Ha Jehova a qala ho bua a sebedisa Hosea, Jehova o ile a re ho yena: “Tsamaya o yo nyala mosadi eo e tla ba letekatse* le ya tla o tswalla bana ka lebaka la botekatse* ba hae hobane ka tsela e tshwanang, batho ba naha ena ba entse botekatse mme ba tlohetse ho sebeletsa Jehova.”+

3 Hosea a nyala Gomere moradi wa Diblaime. A ima yaba o mo tswalla mora.

4 Jehova a re ho Hosea: “Mo rehe Jezriele* hobane ka mora nakwana e seng kae ke tla etsa hore ba lelapa la Jehu+ ba ikarabelle ka lebaka la ho bolawa ha batho ba Jezriele ebile ke tla fedisa mmuso wa Iseraele.+ 5 Letsatsing leo ke tla roba seqha sa Iseraele Kgohlong* ya Jezriele.”

6 A ima hape yaba o tswala moradi. Modimo a re ho Hosea: “Mo rehe Lo-ruhama* ka ha ha ke sa tla hlola ke hauhela+ Baiseraele* empa ke tla ba leleka.+ 7 Empa ke tla hauhela setjhaba* sa Juda+ mme nna Jehova Modimo wa bona ke tla ba pholosa.+ Nke ke ka ba pholosa ka seqha, ka sabole, ka ntwa, ka dipere kapa ka bapalami ba dipere.”+

8 Ka mora ho kgwesa* Lo-ruhama, Gomere a ima mme a tswala mora. 9 Modimo a re: “Mo rehe Lo-ami* hobane ha le setjhaba sa ka ebile nke ke ka ba Modimo wa lona.

10 Baiseraele* ba tla ba bangata jwalo ka lehlabathe la lewatle le ke keng la lekanngwa kapa la balwa.+ Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thwe ho bona, ‘Ha le setjhaba sa ka,’+ ho tla thwe ho bona, ‘Le bana ba Modimo ya phelang.’+ 11 Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be mmoho.+ Ba tla ikgethela moetapele mme ba tswe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”

2 “Ereng ho bana ba bo lona, ‘Le setjhaba sa ka.’*+

Le re ho dikgaitsedi tsa lona, ‘Le basadi ba hauhetsweng.’*+

 2 Qosang mme wa lona. Le mo qose

Hobane ha se mosadi wa ka+ ebile ha ke monna wa hae.

O lokela ho tlohela botekatse,*

A tlohele le ho etsa bofebe,

 3 Ho seng jwalo ke tla mo hlobodisa hore a be jwalo ka mohla a neng a tswalwa.

Ke etse hore a be jwalo ka lehwatata,

A be jwalo ka naha e se nang metsi

Le hore a bolawe ke lenyora.

 4 Nke ke ka qenehela bana ba hae

Hobane o ba fumane ka lebaka la botekatse.*

 5 Mme wa bona o entse botekatse.+

Ya neng a ba imme o entse ntho e hlabisang dihlong+ hobane o itse,

‘Ke tla sala bao ke ratanang le bona morao,+

Ba mphang dijo le metsi,

Diaparo tsa ulu le tsa line, oli le veine.’*

 6 Ke tla thiba tsela ya hae ka sehlahla se meutlwa.

Ke tla haha lebota la majwe hore le mo thibe

E le hore a se ke a bona tsela.

 7 O tla lelekisa bao a ratanang le bona empa a ke ke a ba tshwara.+

O tla ba batla empa a ke ke a ba fumana.

Ka hoo o tla re, ‘Ke tla kgutlela ho monna wa ka wa pele+

Hobane dintho di ne di ntsamaela hantle ka nako eo ho feta hona jwale.’+

 8 O ne a sa hlokomele hore ke nna ya mo fileng koro,+ veine e ntjha le oli

Le hore ke nna ya mo fileng silevera e ngata

Le kgauta eo ba ileng ba e sebedisetsa ho rapela Baale.+

 9 ‘Ka lebaka leo, ke tla mo nkela koro ya ka e butswitseng

Le veine ya ka e ntjha ka nako ya yona+

Ebile ke tla phamola diaparo tsa ka tsa ulu le tsa line tseo a neng a di apara.

10 Ke tla mo hlobodisa ka pela bao a ratanang le bona.

Ha ho na monna ya tla mo pholosa ho nna.+

11 Ke tla fedisa thabo yohle ya hae

E leng mekete ya hae+ ya ha kgwedi e qala, disabatha tsa hae le dinako tsohle tsa hae tsa mekete.

12 Ke tla senya difate tsa hae tsa morara le tsa feie* tseo a itseng ka tsona:

“Ona ke moputso wa ka oo ke o filweng ke bao ke ratanang le bona.”

Ke tla di etsa moru

Mme diphoofolo tse hlaha di tla di ja.

13 Ke tla etsa hore a ikarabelle ka lebaka la matsatsi ao ka ona a ileng a etsetsa ditshwantsho tsa Baale mahlabelo,+

Matsatsi ao ka ona a neng a ikgabisa ka direng le ka mekgabiso ebe o sala bao a ratanang le bona morao.

Ka nako eo, o ne a ntebetse,’+ ke Jehova ya tjhong.

14 ‘Ke tla mo qekisa,

Ke ye le yena lehwatateng

Ebile ke tla bua le yena ka bonolo.

15 Ka mora moo, ke tla kgutlisetsa difate tsa hae tsa morara ho yena+

Ebile ke tla etsa hore a fete Kgohlong* ya Akore+ hore a kene naheng e fanang ka tshepo.

O tla nkaraba a le moo jwalo ka mehleng ya hae ha a sa le motjha

Jwalo ka mohla a neng a tswa naheng ya Egepeta.+

16 Letsatsing leo, o tla re ke monna wa hao

Mme o ke ke wa hlola o re ke monga hao,’* ke Jehova ya tjhong.

17 ‘Nke ke ka mo dumella hore a bitse mabitso a ditshwantsho tsa Baale+

Ebile a ke ke a hlola a hopola mabitso a tsona.+

18 Letsatsing leo, ke tla etsa selekane bakeng sa bona le diphoofolo tse hlaha,+

Dinonyana le diphoofolo tse hahabang.+

Ke tla fedisa seqha, sabole le ntwa naheng,+

Ke etse hore ba phele ba sireletsehile.+

19 Ke tla o nka hore o be mosadi wa ka ka ho sa feleng.

Ke a o tshepisa hore ke tla o tshwara hantle le ka toka,

Ke o rate ke be ke o hauhele.+

20 Ke tshepisa hore ke tla o tshepahalla.

O tla tseba hore ke nna Jehova.’+

21 Jehova o re, ‘Letsatsing leo ke tla araba,

Ke tla araba mahodimo,

Ona a tla araba lefatshe.+

22 Lefatshe le tla araba koro le veine e ntjha le oli.

Tsona di tla araba Jezriele.*+

23 Ke tla jala batho ba ka jwalo ka peo lefatsheng,+

Ke hauhele ba sa kang ba hauhelwa.*

Ke tla re ho batho bao e seng setjhaba sa ka: “Le setjhaba sa ka,”*+

Bona ba tla re: “O Modimo wa rona.”’”+

3 Jehova a re ho nna: “Tsamaya hape, o rate mosadi ya ratwang ke monna e mong a bile a etsa bofebe+ jwalo ka ha Jehova a rata setjhaba sa Iseraele+ le ha se ntse se ya ho medimo e meng+ ebile se rata dipolokwe tsa morara o omisitsweng.”*

2 Ke ile ka ithekela yena ka dikotwana tse 15 tsa silevera le ka dilithara tse 330* tsa harese. 3 Ka re ho yena: “O tla dula o le wa ka ka matsatsi a mangata. O se ke wa etsa botekatse* kapa wa robala le monna e mong mme le nna nke ke ka robala le wena.”

4 Lebaka ke hore setjhaba sa Iseraele se tla qeta nako e telele* se se na morena,+ kgosana, sehlabelo, pilara, efoda+ le ditshwantsho tsa terafime.*+ 5 Ka mora moo, Baiseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova Modimo wa bona+ le Davida morena wa bona.+ Matsatsing a ho qetela, ba tla tla ho Jehova ba thothomela ba batla hore a ba hlohonolofatse.+

4 Utlwang lentswe la Jehova lona setjhaba sa Iseraele.

Jehova o tlo ahlola baahi ba naha+

Hobane ha ba tshepahale, ha ba na lerato* ebile ha ba tsebe Modimo.+

 2 Ho tletse dikano tsa bohata, leshano,+ ho bolayana,+

Boshodu le bofebe.+

Batho ba bolayana ba sa tswa bolayana.+

 3 Ke ka lebaka leo baahi ba naha ba tla lla+

Ebile kaofela ba tla fellwa ke matla.

Diphoofolo tse hlaha le dinonyana

Esita le ditlhapi di tla shwa.

 4 “Le ha ho le jwalo, ho se ke ha eba le motho ya le hanyetsang kapa ya le kgalemelang+

Hobane le tshwana le batho ba hanyetsang moprista.+

 5 O tla kgoptjwa motshehare.

Moprofeta le yena o tla kgoptjwa le lona jwalo ka ha eka ke bosiu.

Ke tla bolaya mme wa lona.

 6 Batho ba ka ba tla fediswa hobane ha ba ntsebe.

Ka ha ba hanne ho ntseba,+

Ke tla ba lahla hore e se ke ya eba baprista ba ka.

Ka ha ba lebetse molao* wa ka,+

Ke tla lebala bana ba bona.

 7 Ha ba ntse ba eketseha ba ne ba ntshitelwa le ho feta.+

Ke tla etsa hore ba tlotlollwe ho ena le hore ba tlotliswe.*

 8 Ba ja mahlabelo a sebe seo batho ba ka ba se etsang

Ebile ba lakatsa hore batho ba ka ba nne ba etse dibe.

 9 Batho bana le baprista ba tla hlahelwa ke ntho e tshwanang.

Ke tla ba fa kotlo ka lebaka la boitshwaro ba bona

Ebile ke tla etsa hore ba fumane ditlamorao tsa diketso tsa bona.+

10 Ba tla ja empa ba ke ke ba kgora.+

Ba tla etsa botekatse* empa ba ke ke ba eba le bana+

Hobane ha ba mamele Jehova.

11 Ho etsa botekatse* le ho nwa veine ya kgale kapa e ntjha

Ho etsa hore motho a se ke a lakatsa ho etsa se nepahetseng.+

12 Batho ba ka ba bua le medimo ya bona e entsweng ka patsi.

Ba etsa seo melamu* ya bona e ba bolellang sona

Hobane ho etsa botekatse ho etsa hore ba kgelohe.

Ka lebaka la botekatse ba bona ba hana ho mamela Modimo wa bona.

13 Ba etsa mahlabelo hodima dithaba+

Le mahlabelo a kubellang mosi maralleng,

Tlasa difate tsa ouku,* tsa storaxe le tlasa difate tsohle tse kgolo+

Hobane moriti wa tsona o monate.

Ke ka lebaka leo baradi ba lona ba etsang botekatse

Le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.

14 Nke ke ka fa baradi ba lona kotlo ka lebaka la botekatse ba bona

Kapa ka otla dingwetsi tsa lona ka lebaka la bofebe ba tsona

Hobane banna ba tsamaya le matekatse

Ebile ba etsa mahlabelo le matekatse a tempele.

Batho bao ba se nang kutlwisiso+ ba tla fediswa.

15 Wena Iseraele, le hoja o etsa botekatse,+

Juda e se ke ya eba molato.+

O se ke wa tla Gilgale+ kapa Bethe-avene+

Ebile o se ke wa ikana wa re, ‘Ka Jehova ya phelang.’+

16 Baiseraele ba manganga jwalo ka kgomo e manganga.+

Na jwale Jehova o tla ba disa jwalo ka ramo e nyenyane lekgulong le leholo?*

17 Efraime o rapela medimo ya ditshwantsho.+

Le kgaohane le yena.

18 Ha ba qetile jwala* ba bona kaofela,

Ba etsa botekatse.*

Baetapele* ba bona ba rata ho etsa dintho tse hlabisang dihlong.+

19 Moya o tla ba thatela* ka mapheo a wona.

Ba tla swabela mahlabelo a bona.”

5 “Utlwang lona baprista,+

Mamelang lona setjhaba sa Iseraele,

Le mamele lona ba ntlo ya morena

Hobane kahlolo ena e ama lona.

Le leraba ho Mizpa

Ebile le letlowa le adilweng hodima Tabore.+

 2 Marabele* a kene tlwara! diketsong tsa ho bolaya

Mme ke a lemosa* kaofela.

 3 Ke tseba Efraime,

Baiseraele ba ke ke ba ipatela nna.

Wena Efraime, o entse botekatse.*

Baiseraele ba itshilafaditse.+

 4 Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona

Hobane ba rata botekatse*+

Ebile ha ba tsotelle Jehova.

 5 Boikgohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o kgopo.+

Baiseraele le Baefraime ba kgopilwe ka lebaka la phoso ya bona

Bajuda le bona ba kgopilwe.+

 6 Ba ile ba nka dinku le dikgomo tsa bona ho ya etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona hore a ba hauhele

Empa ha a ka a ba hauhela.

O ne a suthetse hole le bona.+

 7 Ba fetohetse Jehova+

Hobane ba tswaletswe bana ke basadi ba baditjhaba.*

Ba tla fediswa ka kgwedi e le nngwe ha mmoho le masimo* a bona.

 8 Letsang lenaka+ Gibea le terompeta Rama.+

Etsang modumo wa ntwa Bethe-avene,+ wena Benjamine etella pele.

 9 Efraime, o tla ba ntho e tshosang mohlang o fumanang kotlo.+

Ke boleletse maloko a Iseraele se tla etsahala.

10 Dikgosana tsa Juda di bolotsana jwalo ka batho ba tjhetjhisang moedi.+

Ke tla ba halefela haholo jwalo ka ha eka ke qhalla metsi hodima bona.

11 Efraime o hateletswe, o silakantswe ka toka

Hobane o ne a ikemiseditse ho sala dira tsa hae morao.+

12 Ke ne ke le jwalo ka tshwele* ho Efraime,

Ke tshwana le ntho e bodileng ho batho ba Juda.

13 Ha Efraime a bona bolwetse ba hae le Juda a bona seso sa hae,

Efraime a ya Asiria+ mme a romela baromuwa ho morena e moholo.

Empa morena eo ha a ka a kgona ho le fodisa

Kapa ho phekola seso sa lona.

14 Ke tla ba jwalo ka tawana ho Efraime,

Ke be jwalo ka tau e matla ho batho ba Juda.

Ke tla ba kgaola dikoto ebe ke a tsamaya.+

Ke tla ba nka mme ha ho na ya tla ba pholosa.+

15 Ke tla tsamaya ke kgutlele sebakeng sa ka ho fihlela ba fumana ditlamorao tsa molato wa bona.

Ka nako eo, ba tla batla hore ke ba hauhele.*+

Ha ba le mathateng, ba tla batla thuso ya ka.”+

6 “Tloong, re kgutleleng ho Jehova.

O re kgaotse dikoto+ empa o tla re fodisa.

O re otlile empa o tla tlamisa maqeba a rona.

 2 O tla re fa matla ka mora matsatsi a mabedi.

Letsatsing la boraro o tla re phahamisa.

Re tla phela hape mme o tla re amohela.

 3 Re tla tseba Jehova. Re tla leka ka hohle hore re mo tsebe.

O tla tla ho rona jwalo ka ha letsatsi le tjhaba hoseng.

A tle ho rona jwalo ka pula e tsholohang

Le jwalo ka pula ya selemo e nosetsang lefatshe.”

 4 “Ke etseng ka wena Efraime?

Ke etseng ka wena Juda?

Lerato la hao le tshwana le maru a hoseng

Ebile le jwalo ka phoka e nyamelang kapele.

 5 Ke ka lebaka leo ke tla ba otla ke sebedisa baprofeta.+

Ke tla ba bolaya ka mantswe a tswang molomong wa ka.+

Dikahlolo tseo ke tla ba fa tsona di tla kganya jwalo ka lesedi.+

 6 Ke thabiswa ke lerato* eseng sehlabelo.

Ke thabiswa ke ha batho ba tseba Modimo ho ena le dinyehelo tse feletseng tsa setjheso.+

 7 Batho ba ka jwalo ka batho ba bang, ba fetohetse selekane seo ke se entseng le bona.+

Ba ntlhanohetse naheng ya bona.

 8 Gileade ke motse wa batho ba kgopo,+

Ke motse o tletseng dipolao.+

 9 Sehlopha sa baprista se jwalo ka dikebekwa tse ipatileng hore di hlasele motho.

Ba bolaya batho tseleng ya Shikeme.+

Boitshwaro ba bona bo hlabisa dihlong.

10 Ke bone ntho e tshosang setjhabeng sa Iseraele.

Efraime e etsa botekatse.+

Iseraele e itshilafaditse.+

11 Juda, o behetswe nako ya kotulo,

Ha ke tla be ke kgutlisa batlamuwa ba setjhaba sa ka.”+

7 “Nako le nako ha ke fodisa Efraime,

Phoso ya yona e a senoleha+

Le bokgopo ba Samaria bo a senoleha.+

Ba bolotsana,+

Ba utswetsa batho malapeng a bona ebile ba tshwara batho poho seterateng.+

 2 Ha ba nahane hore ke tla hopola dintho tsohle tse mpe tseo ba di etsang.+

Ba tshwasitswe ke bokgopo ba bona.

Ke bona dintho tsohle tseo ba di etsang.

 3 Ba thabisa morena ka dintho tse mpe tseo ba di etsang

Ebile ba thabisa dikgosana ka mashano a bona.

 4 Kaofela ha bona ba etsa bofebe,

Ditakatso tsa bona di tuka jwalo ka onto e besitsweng ke motho ya bakang bohobe,

Eo ho sa hlokahaleng hore a e beselletse ho tloha ha a ntse a duba hlama ho fihlela e betse.

 5 Ka letsatsi la mokete wa morena wa rona, dikgosana di ile tsa kula.

Di ile tsa halefa haholo ka mora ho nwa veine.+

Morena ke motswalle wa basomi.

 6 Ba tla ho morena ka dipelo tse tukang jwalo ka onto.*

Motho ya bakang bohobe o robala bosiu bohle.

Empa hoseng onto e ntse e tuka jwalo ka lelakabe la mollo.

 7 Kaofela ha bona ba tjhesa jwalo ka onto

Ebile ba fedisa babusi* ba bona.

Marena ohle a bona a wele.+

Ha ho le ya mong ho bona ya kopang thuso ho nna.+

 8 Efraime o itswakanya le ditjhaba tse ding.+

Efraime o tshwana le dikuku tse bakuweng ka lehlakoreng le le leng feela.

 9 Batho bao a sa ba tsebeng ba mo nketse matla+ empa ha a tsebe.

Moriri wa hae o se o le moputswa empa ha a hlokomele.

10 Boikgohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o kgopo+

Empa ha a kgutlela ho Jehova Modimo wa hae+

Ebile ha a mo batla ho sa tsotellehe dintho tsena tsohle tse mo etsahaletseng.

11 Efraime o tshwana le leeba le se nang kelello, le seng bohlale.+

O kopile thuso ho Egepeta+ le ho Asiria.+

12 Ke tla ba kwahela ka letlowa la ka hohle moo ba yang,

Ke ba theole jwalo ka dinonyana.

Ke tla ba kgalemela jwalo ka ha ke ba lemositse.+

13 Ho madimabe bona hobane ba mpalehile.

Ba tla fediswa hobane ba ntshitetswe.

Ke ne ke ikemiseditse ho ba lopolla empa ba buile mashano ka nna.+

14 Ha ba a ka ba nkopa thuso ho tswa pelong+

Le hoja ba ne ba dula ba lla dibetheng tsa bona.

Ba ne ba itsheha ba tshepile hore ba tla fumana koro le veine e ntjha.

Ba ile ba mphetohela.

15 Le hoja ke ile ka ba kgalemela le ho ba matlafatsa,

Ba fetohile dira tsa ka mme ba ntherela dintho tse mpe.

16 Ba fetohile empa ha ba a tla borapeding ba nnete.

Ba ne ba sa tshepahale jwalo ka seqha se kgwehlang.+

Dikgosana tsa bona di tla bolawa ka sabole hobane di bua ka ho tella.

Ka lebaka leo, ba tla tshehwa naheng ya Egepeta.”+

8 “Letsa lenaka.+

Ho na le sera se tlang jwalo ka ntsu ho tla hlasela batho* ba Jehova+

Hobane ba fetohetse selekane sa ka+ ebile ba tlotse molao wa ka.+

 2 Ba hweletsa ho nna ba re, ‘Modimo wa rona, rona Baiseraele re a o tseba.’+

 3 Baiseraele ba lahlile se molemo.+

Sera se ke se ba lelekise.

 4 Ba ipehetse marena ba sa mpotsa.

Ba ikgethela dikgosana ke sa ba dumella.

Ba iketseditse medimo ya ditshwantsho ka silevera le kgauta ya bona+

Ka hoo, ba tla fediswa.+

 5 Samaria, ke lahlile setshwantsho sa namane seo o neng o se rapela.+

Ke o halefetse haholo.+

O tla hloleha ho itlhwekisa ho fihlela neng?

 6 Namane ena e tswa Iseraele.

E entswe ke setsebi sa mosebetsi wa matsoho mme ha se Modimo.

Namane ya Samaria e tla silakanngwa.

 7 Ba etsa dintho tse mpe e leng se tshwanang le ho jala moya.

Ba tla kotula moya wa sefefo.+

Ha ho na lehlaka le hlahisang koro e butswitseng.+

Ntho le ha e le e fe e melang ha e hlahise phofo.

Haeba e e hlahisa, baditjhaba ba tla e fedisa.+

 8 Baiseraele ba tla fediswa.+

Ba tla ba hara ditjhaba+

Jwalo ka sejana se sa batlweng.

 9 Ba ile Asiria+ jwalo ka tonki e hlaha e itsamaelang e le nngwe.

Efraime o hirile matekatse.+

10 Le hoja ba a hira hara ditjhaba,

Ke tla ba phutha.

Ba tla sotleha+ ka lebaka la morwalo oo ba o filweng ke morena le dikgosana.

11 Baefraime ba ekeditse dialetare e le hore ba etse sebe.+

Di fetohile dialetare tseo ba di sebedisetsang ho etsa sebe.+

12 Ke ile ka ba ngolla melao* e mengata

Empa ba ile ba e nka e le ntho e sa tlwaelehang.+

13 Ba nketsetsa dimpho tsa mahlabelo ebile ba ja nama

Empa nna Jehova ha ke a thabele.+

Ke tla hopola phoso ya bona mme ke ba fe kotlo ka lebaka la dibe tsa bona.+

Ba kgutletse* Egepeta.+

14 Iseraele o lebetse Moetsi wa hae+ mme o hahile ditempele.+

Juda o ekeditse metse e sireleditsweng ka thata.+

Empa ke tla tlisa mollo metseng ya hae

Mme o tla tjhesa ditora tsa metse eo.”+

9 “Le se ke la thaba lona Baiseraele.+

Le se ke la thaba jwalo ka batho ba ditjhaba tse ding.

Le tlohetse Modimo ka lebaka la ho etsa botekatse.*+

Le rata moputso wa botekatse oo le o fuwang seotlong* se seng le se seng sa koro.+

 2 Empa seotlo le sehatelo sa veine di ke ke tsa ba fepa.

Veine e ntjha e tla ba swetsa.+

 3 Ba ke ke ba tswela pele ba dula naheng ya Jehova.+

Ho ena le hoo, Baefraime ba tla kgutlela Egepeta

Ebile ba tla ja dintho tse sa hlwekang Asiria.+

 4 Ba ke ke ba hlola ba etsetsa Jehova mahlabelo a veine.+

Mahlabelo a bona a ke ke a mo kgahlisa.+

A tshwana le bohobe boo batho ba bo jang ha ba utlwile bohloko.

Bohle ba bo jang ba tla itshilafatsa

Hobane bohobe ba bona ke ba bona ba le bang.

Bo ke ke ba tla ka tlung ya Jehova.

 5 Le tla etsang ha nako ya hore le kopane e fihla,

Ka letsatsi la mokete wa Jehova?

 6 Ba tla baleha hobane sera se tla tla se tlo ba fedisa.+

Egepeta e tla ba bokella,+ Memfise e ba pate.+

Semela se meutlwa se tla hola se kwahele dintho tsa bona tsa bohlokwa tsa silevera.

Dihlahla tse meutlwa di tla mela ka ditenteng tsa bona.

 7 Matsatsi a hore ba fuwe kotlo a tla tla+

Le matsatsi a hore Modimo a iphetetse a tla tla.

Iseraele e tla tseba seo.

Moprofeta wa bona e tla ba sethoto mme motho ya ipolelang hore o bua ditaba tse tswang ho Modimo, o tla fetoha lehlanya.

Ka ha phoso ya hao e kgolo, le batho ba o hloileng ba bangata.”

 8 Molebedi+ wa Efraime o ne a ena le Modimo wa ka.+

Empa ditsela tsohle tsa baprofeta+ ba hae di tshwana le maraba a motho ya tshwasang dinonyana.

Ho tletse lehloyo ka tlung ya Modimo wa hae.

 9 Ba etsa dintho tse tlo etsa hore ba fediswe jwalo ka mehleng ya Gibea.+

O tla hopola phoso ya bona, a ba otlele dibe tsa bona.+

10 “Ha ke ne ke fumana Baiseraele,+ ba ne ba tshwana le morara lefeelleng.

Ke ile ka bona baholoholo ba bona ba tshwana le difeie* tse butswang pele sefateng sa difeie.

Empa jwale ba ile ba ya ho Baale wa Peore.+

Ba inehetse nthong e hlabisang dihlong.*+

Ba ile ba nyonyeha jwalo ka ntho eo ba e ratang.

11 Kganya ya Efraime e fofa jwalo ka nonyana.

Ha ho na mosadi ya emolang, ya imang kapa ya bang le ngwana.+

12 Le ha ba ka hodisa bana,

Ke tla ba amoha bona ho fihlela ho se na le ya mong ya setseng.+

Ba tla ba mahlomoleng ha ke ba furalla.+

13 Efraime o ne a jetswe lekgulong, ho nna a tshwana le Tire.+

Empa jwale o tlameha ho tlisa bana ba hae hore ba tlo bolawa.”

14 Jehova, o ba fe se ba tshwanelang.

O ba fe popelo e senyehelwang le matswele a se nang lebese.*

15 “Ba entse dintho tsohle tse kgopo Gilgale+ e leng hona moo ke qadileng ho ba hloya.

Ke tla ba leleka ntlong ya ka ka lebaka la diketso tsa bona tse mpe.+

Nke ke ka hlola ke ba rata.+

Dikgosana tsohle tsa bona di manganga.

16 Baefraime ba tla bolawa.+

Motso wa bona o tla omella ebile ba ke ke ba beha ditholwana.

Le ha ba ka beleha, ke tla bolaya bana ba bona bao ba ba ratang.”

17 Modimo wa ka o tla ba lahla

Hobane ha ba a mo mamela.+

E tla ba babalehi ditjhabeng tse ding.+

10 “Baiseraele ke sefate sa morara se behang ditholwana tse bodileng.*+

Ha ditholwana tsa bona di eketseha, ba eketsa dialetare tsa bona.+

Ha masimo a bona a beha ditholwana, ba eketsa dipilara tsa bona tse halalelang.+

 2 Ke baikaketsi.*

Ba tla fumanwa ba le molato.

Ho na le motho ya tla diha dialetare tsa bona a be a senye dipilara tsa bona.

 3 Jwale ba tla re, ‘Ha re na morena+ hobane ha re a sebeletsa Jehova.

Ke eng eo morena a neng a ka re etsetsa yona?’

 4 Ba bua mantswe a se nang thuso, ba etsa dikano tsa leshano+ ebile ba etsa ditumellano.

Ho hloka toka ho atile jwalo ka dimela tse tjhefo masimong a lenngweng.+

 5 Baahi ba Samaria ba tla tshohela setshwantsho sa namane sa Bethe-avene.+

Batho ba sona ba tla se llela,

Baprista ba modimo wa baditjhaba ba neng ba se thabela ba bile ba se tlotlisa

Le bona ba tla se llela hobane se tla tloha ho bona se iswe botlamuweng.

 6 Setshwantsho seo se tla tliswa Asiria e le mpho ya morena e moholo.+

Efraime e tla hlajwa ke dihlong

Le Iseraele e tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la keletso eo e e latetseng.+

 7 Samaria le morena wa yona e tla fediswa*+

Jwalo ka lekala le kgaotsweng le ka hodima metsi.

 8 Dibaka tse phahameng tsa Bethe-avene+ tse etsang hore Iseraele e etse sebe,+ di tla fediswa.+

Meutlwa le dihlabahlabane di tla mela dialetareng tsa bona.+

Batho ba tla re ho dithaba, ‘Re pateng!’

Le ho maralla, ‘Re weleng hodimo!’+

 9 Haesale Baiseraele ba etsa sebe ho tloha mehleng ya Gibea.+

Ha ba a ka ba fetoha moo.

Ntwa e neng e le Gibea ha e a ka ya fedisa batho bohle ba sa lokang.

10 Ke tla ba kgalemela ha ke batla.

Batho ba tla ba hlasela,

Ha ba tlamellwa diphosong tsa bona tse pedi.*

11 Efraime e ne e le kgomo ya sethojana* e kwetlisitsweng e neng e rata ho pola.

Ka hoo, ha ke a ka ka beha joko molaleng wa hae o motle.

Ke tla etsa hore motho e mong a palame* Efraime.+

Juda o tla lema, Jakobo o tla mo thuhela makote.

12 Itjalleng ho loka le kotule lerato.

Itemeleng naha e ka lengwang,+

Le batle Jehova nako e sa le teng,+

Ho fihlela a tla mme a le ruta ka ho loka.+

13 Le lemme bokgopo,

Le kotutse ho se loke,+

La kotula ditholwana tsa mashano a lona.

Le ile la itshepa,

La tshepa masole a lona a mangata.

14 Batho ba hao ba tla etsetswa moferefere

Le metse ya hao e sireleditsweng ka thata e tla senngwa+

Jwalo ka tshenyo e bakilweng ke Shalmane wa Bethe-Arbele

Mohla ho neng ho lwanwa, bomme ba robakanngwa le bana ba bona.

15 Sena ke se tla le etsahalla lona batho ba Bethele+ hobane le kgopo haholo.

Hoseng morena wa Iseraele o tla be a qetile ka lona.”*+

11 “Ke ratile Iseraele e sa le moshanyana,+

Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.+

 2 Ha ba* bitsa Baiseraele,

Ba ne ba tloha ho bona le ho feta.+

Ba nna ba etsetsa ditshwantsho tsa Baale mahlabelo+

Ha mmoho le ditshwantsho tse betlilweng.+

 3 Ke nna ya rutileng Baefraime ho tsamaya,+ ke ba nka ka matsoho a ka.+

Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba hlokomela hore ke nna ya ba fodisitseng.

 4 Ka nna ka ba hulela ho nna ka mosa le ka lerato jwalo ka ha eka ke ba hula ka diropo.*+

Ke ile ka tlosa joko mehlahareng ya bona

Yaba ke tlisetsa e mong le e mong wa bona dijo ka mosa.

 5 Ba ke ke ba kgutlela naheng ya Egepeta empa Asiria e tla ba morena wa bona+

Hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.+

 6 Dira di tla hlasela metse ya bona ka sabole.+

Di tla senya mekwallo ya bona di be di ba fedise ka lebaka la maqheka a bona.+

 7 Batho ba ka ba ikemiseditse ho se ntshepahalle.+

Le ha ba bitswa hore ba kgutlele ho Ya Phahameng ka ho Fetisisa,* ha ho na ya phahamang.

 8 Nke ke ka kgona ho o tlohela, wena Efraime.+

Nke ke ka kgona ho fana ka wena, wena Iseraele.

Nke ke ka kgona ho o tshwara jwalo ka Adma.

Nke ke ka kgona ho etsa hore o be jwalo ka Zeboime.+

Ke ne ke batla ho le fedisa

Empa jwale ke le qenehetse haholo.+

 9 Nke ke ka ntsha bohale ba ka.

Nke ke ka fedisa Efraime hape+

Hobane ke Modimo, ha ke motho.

Ke nna Mohalaledi hara lona.

Nke ke ka tla ho lona ke halefile.

10 Ba tla sala Jehova morao mme o tla rora jwalo ka tau.+

Ha a rora, bana ba hae ba tla tla ba thothomela ba tswa bophirimela.+

11 Ha ba tswa Egepeta ba tla thothomela jwalo ka nonyana

Le jwalo ka leeba ha ba tswa naheng ya Asiria.+

Ke tla etsa hore ba dule matlong a bona,” ke Jehova ya tjhong.+

12 “Efraime o dula a mpolella mashano

Ebile ke bona mashano a Iseraele hohle moo ke yang.+

Empa Juda o ntse a tsamaya le Modimo

Ebile o tshepahalla Ya Halalelang ka ho Fetisisa.”+

12 “Efraime o tshepile ntho e se nang thuso.*

O qeta letsatsi lohle a lelekisa moya wa botjhabela.

O rata leshano le ntwa haholo.

O etsa selekane le Asiria+ mme o romela oli Egepeta.+

 2 Jehova o na le nyewe le Juda.+

O tla fa Jakobo kotlo ka lebaka la diketso tsa hae,

A mo putse ho ya ka mesebetsi ya hae.+

 3 Ha a le ka popelong o ile a tshwara ngwanabo ka serethe,+

A lwantsha Modimo ka matla ohle a hae.+

 4 A nna a lwana le lengeloi mme a hlola.

A lla, a kopa hore le mo hauhele.”+

Modimo a mo fumana Bethele yaba o bua le rona moo.+

 5 Jehova Modimo wa mabotho,+

Jehova ke lebitso leo a hopolwang ka lona.+

 6 “Kgutlela ho Modimo wa hao,+

Dula o ena le lerato* le toka.+

O tshepe Modimo wa hao ka dinako tsohle.

 7 Rakgwebo o sebedisa dikala tse sa tshepahaleng.

O rata ho qhekella.+

 8 Efraime o ntse a re, ‘Ke ruile.+

Ke fumane maruo.+

Mosebetsing wohle wa ka o boima, ba ke ke ba fumana letho le phoso kapa sebe.’

 9 Nna Jehova haesale ke le Modimo wa hao ho tloha ha o le naheng ya Egepeta.+

Ke tla etsa hore o dule ditenteng hape

Jwalo ka dinakong tseo ho nang le mokete.

10 Ke ile ka bua le baprofeta,+

Ka eketsa dipono tsa bona

Ka ba ka etsa dipapiso ke sebedisa baprofeta.

11 Ho na le bolotsana* le mashano Gileade.+

Ba entse mahlabelo a dipoho Gilgale.+

Dialetare tsa bona di tshwana le diqubu tsa majwe diforong tsa masimo.+

12 Jakobo o ile a balehela naheng* ya Arame.*+

Iseraele+ a sebetsa moo

A hlokomela dinku+ hore a fumane mosadi.+

13 Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta a sebedisa moprofeta+

A ba a mo hlokomela a sebedisa moprofeta.+

14 Efraime o nkgalefisitse haholo.+

O tla dula a le molato ka lebaka la ho bolaya.

Morena wa hae o tla mo fa kotlo ka lebaka la ho mo nyefola.”+

13 “Ha Efraime a bua, batho ba ne ba thothomela.

O ne a tumme Iseraele+

Empa o ile a ba molato ka lebaka la ho rapela Baale+ yaba o a shwa.

 2 Ba etsa sebe le ho feta

Ka ho etsa ditshwantsho* ka silevera ya bona.+

Ba etsa medimo ya ditshwantsho ka bohlale. Kaofela e entswe ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.

Ba re, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ke ba sune manamane.’+

 3 Ba tla ba jwalo ka maru a hoseng,

Jwalo ka phoka e nyamelang kapele,

Jwalo ka mmoko o fefolwang ke sefefo seotlong*

Le jwalo ka mosi o tswang lesobeng la marulelo.

 4 Nna Jehova, haesale ke le Modimo wa hao ho tloha ha o le naheng ya Egepeta.+

O ne o sa tsebe Modimo e mong ntle ho nna

Ebile ha ho na mopholosi e mong ntle ho nna.+

 5 Ke o tsebile ha o le lefeelleng,+ naheng e omeletseng.

 6 Ba ne ba kgotshe ka lebaka la dijalo tsa masimo a bona.+

Ha ba se ba kgotshe, ba ile ba ikgohomosa

Yaba ba a ntebala.+

 7 Ke tla ba hlasela jwalo ka tawana+

Le jwalo ka lengau le ipatileng pela tsela.

 8 Ke tla ba hlasela jwalo ka bere e lahlehetsweng ke madinyane a yona

Ebile ke tla harola difuba tsa bona.

Ke tla ba ja jwalo ka tau.

Sebata se hlaha sa naheng se tla ba kgaola dikoto.

 9 Se tla o fedisa, wena Iseraele

Hobane o fetohetse nna mothusi wa hao.

10 O hokae jwale morena wa hao hore a o pholose metseng yohle ya hao?+

Ba kae babusi* ba hao bao o ileng wa re ka bona,

‘Mphe morena le dikgosana’?+

11 Ke le file morena ke halefile+

Ebile ke tla mo tlosa ke halefile.+

12 Phoso ya Efraime e ke ke ya lebalwa.*

Sebe sa hae se bolokilwe.

13 O tla tlelwa ke bohloko ba pelehi.

Ke ngwana ya seng bohlale.

Ha a hlahe ha nako ya hore a tswalwe e fihla.

14 Ke tla lopolla batho ba ka Lebitleng,*

Ke ba lokolle lefung.+

Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?+

Lebitla, matla a hao a ho fedisa a hokae?+

Nke ke ka le qenehela.

15 Le ha Efraime a ka mela hara lehlaka,

Jehova o tla tlisa moya wa botjhabela.

O tla be o tswa lehwatateng ho tla tjhesa sediba sa hae le mohlodi wa hae wa metsi.

Matlotlo ohle a hae a tla utsuwa.+

16 Basamaria ba tla nkwa ba le molato+ hobane ba fetohetse Modimo wa bona.+

Ba tla bolawa ka sabole,+

Bana ba bona ba rojwe dikoto,

Baimana ba bona ba tabolwe dimpa.”

14 “Baiseraele, kgutlelang ho Jehova Modimo wa lona+

Hobane phoso ya lona e entse hore le kgoptjwe.

 2 Kgutlelang ho Jehova mme le re ho yena,

‘Re kopa hore o re tshwarele ka lebaka la phoso+ ya rona mme o bone diketso tsa rona tse ntle.

Dithoriso tsa rona+ di ke di be jwalo ka dipohwana tseo re o etsetsang mahlabelo ka tsona.

 3 Asiria e ke ke ya re pholosa.+

Re ke ke ra palama dipere,+

Ebile re ke ke ra hlola re re dintho tseo re di entseng ka matsoho a rona ke Modimo wa rona

Hobane ke wena ya hauhelang dikgutsana.’*+

 4 Ke tla ba fodisa mme ba tla tshepahala.+

Ke tla ba rata ka pelo yohle+

Hobane ha ke sa ba halefetse.+

 5 Ke tla ba jwalo ka phoka ho Iseraele.

O tla thunya jwalo ka palesa.*

Metso ya hae e tla teba jwalo ka ya difate tsa Lebanone.

 6 Makala a hae a tla nama,

A be motle jwalo ka sefate sa mohlwaare.

Monko wa hae o be monate jwalo ka wa Lebanone.

 7 Ba tla dula moriting wa hae hape.

Ba tla jala koro* mme ba atlehe jwalo ka sefate sa morara se thuntseng.+

O tla tuma jwalo ka veine ya Lebanone.

 8 Efraime e tla re, ‘Ke sa tla etsang ka medimo ya ditshwantsho?’+

Ke tla mo araba ebile ke tla mo hlokomela.+

Ke tla ba jwalo ka sefate sa junipere se behang haholo.

Ke nna ya tla mo fa ditholwana.”

 9 Motho ya bohlale a ke a utlwisise dintho tsena.

Ya nang le kutlwisiso a ke a di tsebe.

Ditsela tsa Jehova di lokile,+

Ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona

Empa ba etsang dintho tse mpe ba tla kgoptjwa ho tsona.

Ke kgutsufatso ya Hoshaia e bolelang “Ho Pholoswa ke Jah; Jah o Pholositse.”

Kapa: “ya tla etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

E bolelang “Modimo o Tla Jala Peo.”

Kapa: “Phuleng.”

E bolelang “Ha a Hauhelwa.”

Ka Seheberu: “ntlo ya Iseraele.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

E leng ha ngwana a tlohediswa ho nyanya.

E bolelang “Ha le Setjhaba sa Ka.”

Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”

Sheba naletsana ya Hosea 1:9.

Sheba naletsana ya Hosea 1:6.

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Ka Seheberu: “seno.”

Kapa: “feiga.”

Kapa: “Phuleng.”

Kapa: “Baale wa Hao.”

E bolelang “Modimo o Tla Jala Peo.”

Sheba naletsana ya Hosea 1:6.

Sheba naletsana ya Hosea 1:9.

E leng tse sebediswang borapeding ba bohata.

Ka Seheberu: “homere e le nngwe le halofo.” Homere e le nngwe e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “taelo.”

Kapa mohlomong: “Ba ntlotlolotse ho ena le hore ba ntlotlise.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ka ho feteletseng ba thobalano; ba tla ithekisa.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Kapa: “molamu o sebediswang ke modimo.”

Kapa: “eike.”

Ka Seheberu: “sebakeng se bulehileng.”

Kapa: “jwala ba koro.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ka ho feteletseng ba thobalano; ba a ithekisa.”

Ka Seheberu: “Dithebe.”

Kapa: “o tla ba fefola.”

Kapa: “Ba kgelohang.”

Kapa: “kgalemela.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano; o ithekisitse.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Ka Seheberu: “bara ba baditjhaba.”

Kapa: “dikabelo.”

Kapa: “mmoto.”

Ka Seheberu: “batla sefahleho sa ka.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa: “mohau.”

Kapa mohlomong: “Dipelo tsa bona di jwalo ka onto ha ba tla ka maqheka a bona.”

Ka Seheberu: “baahlodi.”

Kapa: “tempele.”

Kapa: “ditaelo.”

Kapa mohlomong: “Ba tla kgutlela.”

Kapa: “boitshwaro bo bobe ba thobalano.”

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.

Kapa: “difeiga.”

Kapa: “ho modimo ya hlabisang dihlong.”

Kapa: “a omeletseng.”

Kapa mohlomong: “se nammeng.”

Kapa: “Dipelo tsa bona di tletse boikaketsi.”

Ka Seheberu: “kgutsiswa.”

E leng ha ba jara kotlo ya bona jwalo ka joko.

Kgomo e eso be le namane.

Kapa: “a tlame.”

Ka Seheberu: “a le kgutsisitse.”

E leng baprofeta le ba bang ba neng ba rometswe ho fa Baiseraele ditaelo.

Kapa: “diropo tsa mosa” e leng diropo tseo motswadi a di sebedisang ho ruta ngwana wa hae ho tsamaya.

E leng borapeding bo phahameng.

Ka Seheberu: “Efraime o ja moya.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “dintho tse sa tlwaelehang; boselamose.”

Ka Seheberu: “tshimong.”

Kapa: “Siria.”

Kapa: “diemahale tse entsweng ka ho qhibidihiswa.”

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.

Ka Seheberu: “baahlodi.”

Kapa: “e bolokilwe.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Kapa: “kgahla.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share