Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g18 No. 2 leq. 12
  • 9 Ho Itseba

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • 9 Ho Itseba
  • Fadimehang!—2018
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • HO BOLELANG?
  • KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Na ke a Itseba?
    Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
  • Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng
    Fadimehang!—2019
  • Nka Hlola Diteko Jwang?
    Batjha ba a Botsa
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
Bala Tse Ding
Fadimehang!—2018
g18 No. 2 leq. 12

BATJHA

9 Na O A Itseba?

HO BOLELANG?

Ho itseba ha ho bolele feela ho tseba lebitso la hao le hore na o shebahala jwang. Ho akarelletsa botho ba hao, boitshwaro le dintho tseo o di dumelang. Ho itseba ho bolela hore o tseba hantle hore na o motho ya jwang, ka ntle le ka hare.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Ha o itseba hantle, o kgona ho emela seo o se dumelang ho ena le hore o laolwe ke dithaka tsa hao.

“Batho ba bangata ba jwalo ka dipopi tse sebediswang dishopong tsa diaparo. Dipopi tsena ha di ikgethele diaparo empa ke batho ba di kgethelang tsona.”—Adrian.

“Ke ithutile ho etsa se nepahetseng, le ha ho le thata ho etsa jwalo. Dintho tseo nna le metswalle ya ka re di etsang, di a mpontsha hore na metswalle ya nnete ke efe.”—Courtney.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le kgaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ya dintho, empa le fetohe ka ho fetola dikelello tsa lona.”—Baroma 12:2.

SEO O KA SE ETSANG

Ho molemo hore o itsebe hona jwale hore na o motho ya jwang le hore o batla ho ntlafatsa ho kae, ka hore o hlahlobe bokgoni ba hao, mefokolo le dintho tseo o kgodisehileng ka tsona. E le hore o kgone ho etsa seo, qala pele ka ho araba dipotso tse latelang.

Bokgoni: Ke na le tsebo le talente efe? Ke kgona ho etsang? (Ka mohlala: Na ke motho ya tshwarang nako, ya nang le boitshwaro, ya sebetsang ka thata kapa ya fanang?) Na ho na le dintho tse ntle tseo ke di etsang?

SE KA O THUSANG: Na o thatafallwa ke ho bona dintho tse ntle ka wena? Kopa motswadi kapa motswalle eo o mo tshepang hore a o bolelle hore na ke dintho dife tse ntle tseo a di bonang ho wena, a be a o fe le lebaka.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi wa hae o leng sona, jwale o tla ba le sesosa sa thabo e kgaphatsehang mabapi le yena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4.

Mefokolo: Ke lokela ho lokisa botho ba ka haholo dintlheng dife? Ke maemong a fe moo ke ikutlwang e ka nka etsa dintho tse fosahetseng? Ke maemong afe moo nka kgonang ho ithiba ho etsa dintho tse fosahetseng?

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Haeba re re: ‘Ha re na sebe,’ re a ithetsa.”—1 Johanne 1:8.

Dintho tseo o kgodisehileng ka tsona: Ke itshwere jwang, hona hobaneng? Na ke a dumela hore Modimo o teng? Ke dintho dife tse nkgodisang hore o teng? Ke dintho dife tseo ke di nkang di sa loka, hona hobaneng? O nahana hore dintho di tla ba jwang nakong e tlang?

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Matla a ho nahana a tla o lebela, temoho e tla o sireletsa.”—Liproverbia 2:11.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela