Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • g20 No. 3 maq. 8-9
  • Ela Hloko Makgabane a Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ela Hloko Makgabane a Batho ba Bang
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Bothata
  • Molaomotheo wa Bibele
  • Seo o ka se Etsang
  • Na o na le Kgethollo?
    Fadimehang!—2020
  • E se Eka Kaofela re ka ba Bonngweng Jwalo ka ha Jehova le Jesu ba le Bonngweng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • O se ke wa Nka o le wa Bohlokwa ho Feta Tekano
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Ho ba le Boikokobetso
    Fadimehang!—2019
Bala Tse Ding
Fadimehang!—2020
g20 No. 3 maq. 8-9
Dinepe: 1. Banyalani ba tatileng ba tenehile hore mosadi ya sa boneng o feta ka pela bona. 2. Ha morao bona banyalani bao ba hlollwa ke ho bona mosadi ya sa boneng a bapala cello ha ba le konsareteng.

Ela Hloko Makgabane A Batho Ba Bang

Bothata

Ha motho a iketelletsa pele ho ka ba bonolo hore a kgetholle batho ba bang. Motho ya iketelletsang pele o nahana hore dintho tseo a di buang di bohlokwa ho feta tsa batho ba bang le hore o ba phahametse. Motho e mong le e mong a ka nna a nahana ka tsela ena. Encyclopædia Britannica e re: “Batho ba bangata ba ditso tse ding ba nahana hore tsela eo ba phelang ka yona, dijo tsa bona, diaparo tsa bona, seo ba se dumelang, boitswaro ba bona le dintho tse ding ke tsa bohlokwa ho feta tsa ditso tse ding.” Ke jwang re ka qobang ho ikutlwa ka tsela ee?

Molaomotheo wa Bibele

“Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”​—BAFILIPI 2:3.

Seo e se bolelang, e le hore re tlohele ho nahanela rona feela, re lokela ho ba batho ba ikokobeditseng. Haeba re ikokobeditse re tla kgona ho bona hore ho na le dintho tse ding tseo batho ba bang ba kgonang ho di etsa ho feta rona. Ha ho na batho ba setso se itseng feela ba nang le makgabane le bokgoni bohle.

Nahana ka mohlala wa Stefan. O ile a hlola kgethollo eo a neng a na le yona ho batho ba neng ba sa tswe naheng ya bona. O re: “Ho nka batho ba bang ba o phahametse ho bohlokwa e le hore o kgone ho hlola kgethollo. Ha ke tsebe ntho e nngwe le e nngwe, ka hoo nka ithuta ntho e itseng ho motho e mong le e mong.”

Seo o ka se Etsang

Leka ho sheba dintho ka tsela ya sebele mme o amohele hore le wena o etsa diphoso. Ela hloko hore ho na le dintho tse ding tseo batho ba bang ba kgonang ho di etsa ho o feta. O se ke wa nahana hore batho kaofela ba mofuta o itseng ba na le mefokolo e tshwanang.

Ho ena le hore o nahane dintho tse seng hantle ka motho wa sehlopha se itseng sa batho, o ka ipotsa dipotso tse latelang:

Ela hloko hore ho na le dintho tse ding tseo batho ba bang ba kgonang ho di etsa ho o feta

  • ‘Na dintho tseo ke sa di rateng ka motho eo ehlile di mpe kapa empa feela di fapane le tsa ka?’

  • ‘Na motho eo a ka fumana mefokolo e itseng ho nna?’

  • ‘Ke maemong afe moo motho enwa a kgonang ho etsa dintho tseo ke sa kgoneng ho di etsa?’

Haeba o araba dipotso tsena ka botshepehi, ha o na hloka kgethollo feela empa o ka boela wa fumana dintho tseo o di ratang ka motho eo.

Mohlala wa Sebele: Nelson (United States)

“Ke holetse sebakeng seo ho sona batho ba teng e neng e le ba morabe o le mong ebile bana ba ne ba hodiswa ka tsela e tshwanang. Empa ha ke le dilemo tse 19 ke ile ka ya sebakeng se seng ka lebaka la mosebetsi mme ke ile ka sebetsa le ho dula le batho ba merabe le ditso tse sa tshwaneng le ba sa hodiswang jwalo ka nna.

Ha ke ntse ke ithuta basebetsimmoho le nna mme ke ba etsa metswalle ya ka, ke ile ka hlokomela hore nke ke ka bona hore ba sebetsa ka thata hakae, nka ba tshepa jwang le hore na ba ikutlwa jwang ka dintho tse ding, haeba ke shebile mmala wa bona, puo ya bona kapa hore na ba tswa sebakeng se feng.

Qetellong ke ile ka nyala mosadi ya neng a tswa naheng e nngwe ebile e le wa morabe o fapaneng le wa ka mme ho ne ho nthabisa haholo ho ithuta ka mefuta e fapaneng ya dijo le ya mmino. Ke ile ka ithuta hore kaofela ha rona ho na le dintho tse ntle tseo re nang le tsona ebile re na le mefokolo. Ho bua nnete feela ke se ke le motho ya fetohileng hobane ke ithutile ho rata le ho etsisa dintho tse ntle tsa batho ba morabe le setso se sa tshwaneng le sa ka.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela