LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 1 maq. 10-11
  • Ke Hobaneng ha re Utlwa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shwa?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha re Utlwa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shwa?
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Re Utlwa Bohloko ka Lebaka la Batswadi ba Rona ba Pele
  • Mangeloi a Kgopo le Ona a Etsa Hore re Utlwe Bohloko
  • Ka Dinako Tse Ding ke Rona ba Ikutlwisang Bohloko
  • Re Phela “Matsatsing a ho Qetela”
  • Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?
    Bibele e re Rutang?
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Ke Mang ya re Bakelang Mathata?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 1 maq. 10-11
Batho ba futsanehileng haholo hoo ba sa kgoneng ho fumana ditlhoko tsa bona tsa motheo.

Ke Hobaneng ha re Utlwa Bohloko, re Tsofala Ebile re Shwa?

Mmopi wa rona o re nka re le bana ba hae. Ka hoo, ha a batle ha re utlwa bohloko. Empa ho na le dintho tse ngata tse re utlwisang bohloko. Ebe ke hobaneng?

Re Utlwa Bohloko ka Lebaka la Batswadi ba Rona ba Pele

“Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle.”​—BAROMA 5:12.

Ha Modimo a bopa batho ba pele e leng Adama le Eva, o ba bopile ba na le dikelello le mmele e phethahetseng. O ile a boela a ba fa lehae le letle la paradeise mona lefatsheng, le bitswang serapa sa Edene. Modimo o ile a re ba ka ja ditholwana tsa difate tsohle tse serapeng, ntle le tsa se le seng. Empa Adama le Eva ba ile ba kgetha ho ja ditholwana tsa sefate sona seo mme ho etsa jwalo e ne e le sebe. (Genese 2:​15-17; 3:​1-19) Ka mora hore ba se ke ba mamela Modimo, o ile a ba leleka serapeng mme bophelo ba qala ho ba thatafalla. Ka mora moo, ba ile ba ba le bana mme le bona bophelo ba ba thatafalla. Kaofela ba ile ba tsofala mme ba shwa. (Genese 3:​23; 5:5) Le rona re a kula, re a tsofala ebile re a shwa hobane re tswa ho Adama le Eva.

Mangeloi a Kgopo le Ona a Etsa Hore re Utlwe Bohloko

“Lefatshe lohle le rapaletse matleng a ya kgopo.”​—1 JOHANNE 5:19.

Eo “ya kgopo” o bitswa Satane. Ke lengeloi le ileng la fetohela Modimo. (Johanne 8:​44; Tšenolo 12:9) Ha morao, mangeloi a mang a ile a latela Satane. A bitswa bademona. Mangeloi ana a kgopo a sebedisa matla a ona ho kgelosa batho le ho etsa hore ba se ke ba mamela Mmopi. A susumetsa batho ba bangata hore ba etse dintho tse mpe. (Pesaleme ya 106:​35-38; 1 Timothea 4:1) Satane le bademona ba thabela ho utlwisa batho bohloko.

Ka Dinako Tse Ding ke Rona ba Ikutlwisang Bohloko

“Le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—BAGALATA 6:7.

Kaofela re utlwa bohloko ka ditsela tse fapaneng ka lebaka la sebe seo re se futsitseng le ka lebaka la tshusumetso ya Satane lefatsheng leo re phelang ho lona. Empa ka dinako tse ding, batho ke bona ba ipakelang mathata. Jwang? Ha ba etsa dintho tse mpe kapa ba etsa diqeto tse fosahetseng, ba kotula ditlamorao tse bohloko. Empa batho ba etsang dintho tse lokileng, ba kotula dintho tse molemo. Ka mohlala, monna kapa ntate ya tshepahalang, ya sebetsang ka thata ebile a rata lelapa la hae o tla kotula dintho tse ngata tse ntle mme le lelapa la hae le tla thaba. Empa monna ya betjhang, ya nwang haholo kapa ya botswa o tla etsa hore lelapa lohle la hae le futsanehe. Ka hoo, re tla bontsha hore re bohlale haeba re mamela Mmopi wa rona. O batla hore re thabele dintho tse ntle tse ngata, ho akarelletsa le “kgotso e ngata.”​—Pesaleme ya 119:​165.

Re Phela “Matsatsing a ho Qetela”

“Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, . . . ba sa mameleng batswadi, . . . ba hlokang boitshwaro, ba bohale bo tshosang, ba hlokang lerato la se molemo.”​—2 TIMOTHEA 3:​1-5.

Kajeno batho ba bangata ba etsa dintho tse hlahang ditemaneng tsena. Boitshwaro ba bona ke bopaki bo bong bo bontshang hore re phela “matsatsing a ho qetela.” Hape Mangolo a ile a bolela esale pele hore re ne re tla tseba hore re phela “matsatsing a ho qetela” ha re bona dintwa, dikgaello tsa dijo, ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe le mafu. (Matheu 24:​3, 7, 8; Luka 21:​10, 11) Dintho tsena di baka mathata a mangata le lefu.

Jwale ke na le Kgotso

“Ha ke le dilemo di 19 ke ile ka holofala mme ke ile ka bolellwa hore ke ka lebaka la ntho e mpe eo ke e entseng pele ke hlaha. Taba ena e ile ya nkutlwisa bohloko haholo. Ke ne ke rutilwe hore ke Modimo ya re bakelang mathata. Ho ne ho le thata hore ke rate Modimo ya kgopo jwalo. Ke ile ka bala Bibele mme ka ithuta hore Mmopi o a re tsotella ebile lengeloi le kgopo le bitswang Satane ke lona le ka sehloohong le bakelang batho mathata. Hape ke ile ka ithuta hore haufinyane Modimo o tlo fedisa Satane a be a lokise dintho tsohle tseo Satane a di sentseng. Ke ithutile ho rata Modimo enwa ya babatsehang. Ebile ke se ke na le kgotso.”​—Sanjay.

Sanjay.

Ithute haholwanyane:

E le hore o fumane dikeletso tse ding tse ka o thusang hore o sebetsane le mathata, kena ho jw.org/st-za mme o ye ho DITHUTO TSA BIBELE > DIPOTSO TSA BIBELE DI A ARAJWA > MATHATA.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share