May
Labone la 1 May
Ho ne ho tla ba le tlala e kgolo.—Dik. 11:28.
Bakreste ba mehleng ya baapostola le bona ba ile ba angwa ke tlala e kgolo e neng e le “lefatsheng lohle.” E tlameha ebe dihlooho tsa malapa di ne di tshwenyehile ka hore na di tla hlokomela malapa a tsona jwang. Batjha ba neng ba batla ho sebeletsa Jehova haholwanyane bona ba ile ba ameha jwang? Na ba ile ba nahana hore ba ke ba eme hanyane ho fihlela tlala eo e fela? Bakreste bao ba ile ba tlwaela maemo ao ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba ena le ona. Ba ile ba tswela pele ho etsa mosebetsi wa boboledi mme ba ne ba thabela ho arolelana dintho tseo ba neng ba ena le tsona le Bakrestemmoho le bona ba Judea. (Dik. 11:29, 30) Ba ile ba bona hore Jehova o a ba thusa ha ba fumana dintho tseo ba di hlokang. (Mat. 6:31-33) E tlameha ebe e ile ya eba metswalle ya Bakrestemmoho ba ileng ba ba thusa. Batho ba ileng ba fana ka monehelo kapa ba ba thusa ka ditsela tse ding ba ile ba thaba.—Dik. 20:35. w23.04 16 ¶12-13
Labohlano la 2 May
Re a tseba hore o tla re fa dintho tseo re di kopang hobane re mo kopile.—1 Joh. 5:15.
Ka dinako tse ding, Jehova o araba dithapelo tsa bahlanka ba hae ka ho etsa hore batho ba sa mo sebeletseng ba ba thuse. Ka mohlala, o ile a etsa hore Morena Artaseksese a dumelle Nehemia hore a kgutlele Jerusalema e le hore a ka thusa ka ho tsosolosa marako a yona. (Neh. 2:3-6) Le mehleng ena Jehova a ka etsa hore batho ba sa mo sebeletseng ba re thuse ha ho hlokahala. Ha se ka mehla dithapelo tsa rona di arajwang ka tsela e mohlolo. Empa Ntate wa rona ya lehodimong o re araba ka ho re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re dule re mo tshepahalla. Leka ho hlokomela hore na Jehova o o araba jwang. Itlwaetse ho nahana ka moo Jehova a arabang dithapelo tsa hao ka teng. (Pes. 66:19, 20) Re bontsha hore re na le tumelo ha re rapela Jehova le ha re amohela tsela le ha e le efe eo a re arabang ka yona.—Baheb. 11:6. w23.05 11 ¶13; 12 ¶15-16
Moqebelo la 3 May
Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka.—Pes. 40:8.
Ha re ne re tshepisa hore re tla sebeletsa Jehova, re ile ra ikana ka hore re tla mo rapela re be re etse thato ya hae. Re lokela ho phethahatsa tshepiso eo. Ho etsa seo re se tshepisitseng ha se ntho e thata ho e etsa. Jehova o re bopetse hore re etse thato ya hae. (Tshen. 4:11) Ka ha o re bopile ka setshwantsho sa hae, re batla ho mo tseba le ho mo rapela. Ka hoo, re kgona ho ba metswalle ya hae ebile re a thaba ha re etsa thato ya hae. Hape ha re etsa thato ya Modimo mme re latela Mora wa hae re “tla kgatholoha.” (Mat. 11:28-30) Ka hoo, dula o rata Jehova ka hore o nahanisise ka dintho tsohle tseo Jehova a o etseditseng tsona le ka ditlhohonolofatso tseo a tlo o fa tsona. Ha o ntse o tswela pele o rata Jehova, ho tla ba bonolo hore o mo mamele. (1 Joh. 5:3) Jesu o ile a kgona ho etsa thato ya Modimo hobane o ne a kopa thuso ho Jehova ka thapelo ebile a dula a nahana ka ditlhohonolofatso tseo a tlo di fumana. (Baheb. 5:7; 12:2) Re ka etsisa Jesu ka hore re kope Jehova ka thapelo hore a re fe matla le ka ho dula re nahana ka tshepiso ya bophelo bo sa feleng. w23.08 27-28 ¶4-5
Sontaha la 4 May
Na o nyatsa hore ebe Modimo o na le mamello ebile o mosa haholo? Na ha o hlokomele hore ka mosa Modimo o leka ho o thusa hore o bake?—Bar. 2:4.
Kaofela ha rona re rata batho ba nang le mamello. Re hlompha batho ba kgonang ho emela dintho ba sa fele pelo. Re a thaba ha batho ba bang ba re mamella ha re etsa diphoso. Hape re ananela hore ebe motho ya re rutileng Bibele o ile a re mamella ha re ne re thatafallwa ho utlwisisa, ho dumela kapa ho etsa ntho eo re ithutileng yona Bibeleng. Empa haholoholo re ananela hore ebe Jehova Modimo o a re mamella. Le hoja re rata ha batho ba bang ba ena le mamello, ka dinako tse ding rona re ka thatafallwa ho ba le yona. Mohlala, re ka thatafallwa ho ba le mamello ha sephethephethe se le sengata tseleng, haholo haeba re le morao nakong. Re ka halefa ha batho ba bang ba etsa dintho tse re tenang. Hape re ka thatafallwa ho emela lefatshe le letjha leo Jehova a le tshepisitseng. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ba le mamello dintlheng tsena kaofela. w23.08 20 ¶1-2
Mantaha la 5 May
A re banna ba bang bohle ba Iseraele ba kgutlele hae mme a siya banna ba 300 feela.—Baahl. 7:8.
Jehova o ile a re Gideone a kgutlisetse masole a mangata morao. E ka nna yaba o ile a ipotsa: ‘Na ka nnete ho a hlokahala? Na re tla atleha?’ Le ha ho le jwalo, Gideone o ile a mamela. Mehleng ena baholo ba etsisa Gideone ka hore ba mamele ha mokgatlo o ba fa tataiso e ntjha. (Baheb. 13:17) Gideone o ile a mamela Jehova le hoja a ne a tshohile a bile a etsa mosebetsi o kotsi. (Baahl. 9:17) Gideone o ne a kgodisehile hore o tla kgona ho sireletsa bahlanka ba Jehova hobane Jehova o ile a mo tiisetsa hore o tla mo thusa. Baholo ba dulang dibakeng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho tsona ba ka etsisa Gideone. Ba etella pele diboka le tshebeletso ya tshimo ka sebete le hoja ba ka nna ba tshwarwa, ba hlongwa dipotso, ba lahlehelwa ke mesebetsi kapa ba lwantshwa. Nakong ya mahlomola a maholo, baholo ba tla lokela ho bontsha sebete ka hore ba mamele ditaelo tseo ba tla di fuwa le hoja ho ka ba kotsi. w23.06 5-6 ¶12-13
Labobedi la 6 May
Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.—1 Sam. 2:30.
Jehova o kenyelleditse pale ya Moprista ya Phahameng Jehojada ka Bibeleng e le hore re ka ithuta ho yona. (Bar. 15:4) Hape ha Jehojada a shwa, o ile a fuwa tlotla e ikgethang ya ho patwa “le marena Motseng wa Davida ka lebaka la dintho tse ntle tseo a neng a di etseditse batho ba Iseraele, Modimo wa nnete le ntlo ya Modimo.” (2 Dikron. 24:15, 16) Pale ya Jehojada e ka re thusa hore kaofela ha rona re ithute ho hlompha Modimo. Baholo ba ka etsisa Jehojada ka hore ba etse sohle seo ba ka se kgonang ho sireletsa phutheho. (Dik. 20:28) Mohlala wa Jehojada o ka ruta ba hodileng dilemong hore haeba ba dula ba hlompha Jehova ebile ba mo tshepahalla, a ka ba sebedisa ho phethahatsa merero ya hae. Batjha ba ka ela hloko tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Jehojada ka yona le ho mo etsisa ka hore ba hlomphe bara le baradi ba bo rona ba hodileng, haholoholo ba sebeleditseng Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata. (Diprov. 16:31) A re tshehetseng ba re “etellang pele” ka hore re ba mamele.—Baheb. 13:17. w23.06 17 ¶14-15
Laboraro la 7 May
Mantswe a ya lokileng a tataisa ba bangata.—Diprov. 10:21.
Eba le temoho ha o kgetha ho arabela dibokeng. Ha o phahamisa letsoho hangata sena se ka etsa hore morabo rona ya kgannang thuto a ikutlwe a tlamehile ho o kgetha le hoja ba bang ba eso ka ba eba le monyetla wa ho arabela. Hape sena se ka nyahamisa ba bang hore ba phahamise matsoho. (Moek. 3:7) Ha ho ena le batho ba bangata ba phahamisitseng matsoho nakong ya thuto, re ka nna ra se ke ra fumana monyetla wa ho arabela hangata ka moo re ka thabelang. Ka dinako tse ding thuto e ka fela re sa kgethwa. Ntho eo e ka re utlwisa bohloko empa ha re a lokela ho kwata haeba re sa kgethwa. (Moek. 7:9) Haeba ha o a kgona ho araba hangata jwalo ka ha o ne o lakaditse, sebedisa monyetla oo ho mamela dikarabo tsa ba bang e le hore o ka ba babatsa ka mora diboka. Bakrestemmoho le wena ba ka kgothatswa ke ha o ba babatsa jwalo ka ha ba ne ba ka kgothatswa ke dikarabo tsa hao. w23.04 23-24 ¶14-16
Labone la 8 May
Modimo, pelo ya ka e a tshepahala.—Pes. 57:7.
Bala Lentswe la Modimo o be o nahanisise ka lona. Sefate se ka ema se tiile haeba se ena le metso e tebileng. Ka ho tshwanang, re ka dula re tiile haeba re ena le tumelo Lentsweng la Modimo. Ha sefate se hola, metso ya sona e teba le ho feta ebile e a nama. Ha re bala Lentswe la Modimo le ho nahanisisa ka lona, tumelo ya rona e ba matla ebile re ba le kgodiseho ya hore ditsela tsa Modimo di molemo. (Bakol. 2:6, 7) Nahana ka ditaelo tseo Jehova a ileng a di fa bahlanka ba hae nakong e fetileng, tsela eo a ileng a ba tataisa ka yona le ho ba sireletsa le hore na dintho tsena di ile tsa ba thusa jwang. Ka mohlala, Ezekiele o ile a shebisisa ha lengeloi le ne le metha tempele eo a e boneng. Pono ena e ile ya matlafatsa Ezekiele ebile e re bontsha ditsela tseo re ka hlomphang melao ya Jehova ya hore na re mo rapele jwang. (Ezek. 40:1-4; 43:10-12) Ka ho tshwanang, ho bala le ho nahanisisa ka dintho tse tebileng tse ka Lentsweng la Modimo ho ka re thusa. Le rona re ka tshepahala mme ra dula re tshepile Jehova.—Pes. 112:7. w23.07 18 ¶15-16
Labohlano la 9 May
Sireletsa . . . kelello ya hao.—Diprov. 3:21.
Bibele e na le mehlala e mengata e metle eo bara ba bo rona ba batjha ba ka e etsisang. E na le mehlala ya banna ba neng ba rata Modimo ba bile ba hlokomela batho ba Modimo ka ditsela tse fapaneng. O ka boela wa fumana mehlala ya banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla lapeng leno le ka phuthehong. (Baheb. 13:7) O ka etsisa le mohlala wa Jesu Kreste. (1 Pet. 2:21) Ha o ntse o ithuta mehlala ya bona hantle, nahana ka makgabane a bona ao o a ratang. (Baheb. 12:1, 2) Ka mora moo, o shebe hore na o ka ba etsisa jwang. Monna ya nang le kelello o nahana hantle pele a etsa dintho. Ka hoo, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore o dule o etsa dintho tse nang le kelello. Qala ka ho ithuta ho tswa ka Bibeleng hore na Jehova o nahana le ho ikutlwa jwang e be o a nahana hore na ke hobaneng ha ho le molemo ho etsa seo a reng o se etse. Ka mora moo, sebedisa dintho tseo o ithutileng tsona e le hore o etse diqeto tse tla thabisa Jehova. (Pes. 119:9) Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore qetellong o be monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla.—Diprov. 2:11, 12; Baheb. 5:14. w23.12 24-25 ¶4-5
Moqebelo la 10 May
Le dule le itokiseditse ho ikarabella ho motho le ha e le ofe ya le botsang ka tshepo eo le nang le yona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo le ka tlhompho.—1 Pet. 3:15.
Batswadi ba ka ruta bana ba bona hore ba arabe ka tsela e bonolo ha ba botswa dipotso ka dintho tseo ba di dumelang. (Jak. 3:13) Batswadi ba bang ba lokisetsa ha mmoho le bana ba bona nakong ya borapedi ba lelapa. Ba nahana ka dihlooho tseo bana ba bona ba ka botswang ka tsona ha ba le sekolong ebe ba buisana ka tsona mme ba ba bontsha hore na ba ka araba jwang. Hape ba ruta bana ba bona hore ba bue ka tsela e bonolo le e tla etsa hore batho ba batle ho ba mamela. Ho lokisetsa esale pele ho ka thusa batjha hore ba fane ka mabaka a utlwahalang ha ba hlalosetsa batho ba bang ka dintho tseo ba di dumelang le hore ba kgodisehe ka tsona. Sehlooho se reng “Batjha Ba a Botsa” se hlahang dihloohong tse ho jw.org/st-za se na le karolo e nang le maqephe a ho ngolla a batjha. Karolo ena e etseditswe ho thusa batjha hore ba kgodisehe ka dintho tseo ba di dumelang le hore ba arabe ka mantswe a bona. Ho bala dihlooho tsena le le lelapa ho ka le thusa hore le buelle dintho tseo le di dumelang ka bonolo le ka tsela e tla etsa hore batho ba batle ho le mamela. w23.09 17 ¶10; 18 ¶15-16
Sontaha la 11 May
A re se keng ra kgathala ho etsa dintho tse ntle hobane re tla fumana moputso haeba re sa kgathale.—Bagal. 6:9.
Na o kile wa batla ho etsetsa Jehova ntho e itseng empa wa thatafallwa ke ho e finyella? Haeba ho jwalo, ha o mong. Ka mohlala, Morabo rona Philip o ne a batla ho ntlafatsa dithapelo tsa hae empa o ne a thatafallwa ke ho fumana nako ya ho rapela. Moradi wa bo rona Erika o ne a batla ho fihla sebokeng sa tshebeletso ya tshimo ka nako empa o ne a dula a fihla ka mora nako. Haeba o batla ho etsa ntho e itseng empa o eso ka o e finyella, o se ke wa nyahama. Re ntse re lokela ho sebetsa ka thata le ha re etsa dintho tse nyenyane tseo re batlang ho di finyella. Taba ya hore o batla ho finyella seo o se rerileng e a bontsha hore Jehova ke motswalle wa hao wa bohlokwa mme o batla ho mo fa se molemo. Jehova o ananela seo o mo etsetsang sona. Ha a lebella hore o etse dintho tseo o ke keng wa kgona ho di etsa. (Pes. 103:14; Mik. 6:8) Ka hoo, ha o batla ho etsa ntho e itseng, etsa bonnete ba hore o tla kgona ho e finyella. w23.05 26 ¶1-2
Mantaha la 12 May
Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?—Bar. 8:31.
Ho ka etsahala hore batho ba sebete ba tshohe empa ha ba dumelle hore seo se ba sitise ho etsa dintho tse nepahetseng. Daniele e ne e le motjha ya sebete. O ne a bala mangolo a baprofeta ba Modimo ho akareletsa le lengolo la moprofeta Jeremia. Ha Daniele a ntse a ithuta boprofeta boo, o ile a hlokomela hore Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona ka nako e telele ba haufi le ho lokollwa. (Dan. 9:2) Daniele o ile a bona ha boprofeta boo bo phethahala mme seo se ile sa mo thusa hore a tshepe Jehova. Ka hoo, batho ba tshepang Jehova ba ka kgona ho ba sebete. (Bapisa le Baroma 8:32, 37-39.) Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore Daniele o ne a dula a rapela Ntate wa hae ya lehodimong. (Dan. 6:10) O ne a bolella Jehova dibe tsa hae le ka moo a neng a ikutlwa ka teng. Daniele o ne a boetse a kopa thuso ho Jehova. (Dan. 9:4, 5, 19) Ha a hlaha a le sebete hobane e ne e le motho jwalo ka rona. Empa ho ithuta mangolo a baprofeta, ho rapela le ho tshepa Jehova ho ile ha mo thusa hore a be sebete. w23.08 3 ¶4; 4 ¶7
Labobedi la 13 May
Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo e le hore ba ka bona mesebetsi ya lona e metle mme ba tlotlisa Ntate wa lona ya mahodimong.—Mat. 5:16.
Ho mamela balaodi ba phahameng ho tla tswela rona le batho ba bang molemo. Jwang? Molemo o mong ke hore ha re mamela re ke ke ra fumana kotlo. (Bar. 13:1, 4) Ho mamela balaodi ba phahameng ho ka ama tsela eo ba shebang Dipaki Tsa Jehova ka yona. Ka mohlala, dilemo tse ngata tse fetileng naheng ya Nigeria, masole a ile a kena Holong e nngwe ya Mmuso nakong eo ho ntseng ho tshwerwe diboka, a ntse a batla batho ba hanang ho patala lekgetho. Empa lesole le neng le a okametse la re a tsamaye yaba le re: “Dipaki Tsa Jehova di patala lekgetho.” Ka mehla ha o mamela melao ya mmuso, o etsa hore batho ba Jehova ba be le lebitso le letle. Ka le leng taba eo e ka sireletsa bana beno. w23.10 9 ¶13
Laboraro la 14 May
Le hloka ho ba le mamello e le hore ha le se le entse thato ya Modimo le ka fumana seo Modimo a se tshepisitseng.—Baheb. 10:36.
Bahlanka ba bang ba Jehova ba na le nako e telele ba emetse hore bofelo bo fihle. Batho ba bangata ba bona eka bofelo bo nka nako e telele ho tla. Empa Jehova o tseba ka moo bahlanka ba hae ba ikutlwang ka teng, ke ka hoo a ileng a re ho moprofeta Habakuke: “Pono ena e sa emetse nako ya yona. E haufi le ho phethahala, e tla fela e phethahale. Le ha e ka bonahala eka e a dieha, o nne o e lebelle. Jwang kapa jwang e tla phethahala. E ke ke ya siuwa ke nako.” (Baheb. 2:3) Na mantswe aa a ne a ngoletswe Habakuke feela? Kapa na le rona a ka re thusa? Jehova o ile a laela moapostola Pauluse hore a bolelle Bakreste ba letetseng lefatshe le letjha mantswe a tshwanang le ana. (Baheb. 10:37) Ka hoo, le hoja re ka bona eka tshepiso ya Jehova ya ho re pholosa e nka nako e telele ho phethahala, “jwang kapa jwang e tla phethahala. E ke ke ya siuwa ke nako.” w23.04 30 ¶16
Labone la 15 May
Baiseraele bohle ba qala ho korotlela Moshe.—Num. 14:2.
Baiseraele ba ile ba hana bopaki ba hore Jehova o ne a sebedisa Moshe hore a bue le bona. (Num. 14:10, 11) Ka makgetlo a mangata ha ba a ka ba amohela hore Moshe o sebediswa ke Jehova hore a ba tataise. Ka hoo, Jehova ha a ka a dumella hore Baiseraele bao ba kene Naheng e Tshepisitsweng. (Num. 14:30) Baiseraele ba bang ba ile ba latela tataiso ya Jehova. Ka mohlala, Jehova o ile a re: “Kalebe . . . o ile a nna a ntatela ka pelo yohle.” (Num. 14:24) Modimo o ile a hlohonolofatsa Kalebe a ba a mo fa karolo ya naha eo a neng a ikgethetse yona Kanana. (Josh. 14:12-14) Baiseraele ba ileng ba kena Naheng e Tshepisitsweng le bona ba ile ba beha mohlala o motle ka hore ba mamele tataiso ya Jehova. Ha Joshua a kgethwa hore e be moetapele wa Baiseraele ka mora Moshe, ba ile “ba mo hlompha haholo bophelo bohle ba hae.” (Josh. 4:14) Ka hoo, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka hore a ba ise naheng eo a neng a ba tshepisitse yona.—Josh. 21:43, 44. w24.02 21 ¶6-7
Labohlano la 16 May
Ya ratang Modimo o lokela ho rata le ngwanabo.—1 Joh. 4:21.
Ngaka e kgona ho bona hore na pelo e phetse hantle ka hore e hlahlobe lebelo leo pelo e otlang ka lona. Le rona re ka bona hore na re rata Modimo hakae ka hore re hlahlobe tsela eo re ratang batho ba bang ka yona. Haeba re hlokomela hore ha re sa rata Bakrestemmoho le rona jwalo ka pele, e ka nna yaba taba eo ke letshwao la hore lerato leo re ratang Modimo ka lona le ntse le fokotseha. Empa haeba re dula re bontsha hore re rata Bakrestemmoho le rona, re a bontsha hore re rata Modimo haholo. Haeba lerato leo re ratang bana ba bo rona ka lona le ntse le fokotseha, boo ke bothata bo tebileng. Hobaneng? Hobane haeba ho jwalo, re kotsing ya ho senyehelwa ke kamano ya rona le Jehova. Moapostola Johanne o totobatsa taba ena ha a re: “Motho a ka rata Modimo eo a eso mo bone jwang empa a sa rate ngwanabo eo a mo bonang?” (1 Joh. 4:20) Taba ee e re rutang? Jehova o tla thaba haeba feela re “ratana.”—1 Joh. 4:7-9, 11. w23.11 8 ¶3; 9 ¶5-6
Moqebelo la 17 May
Ntate wa hao le mme wa hao ba tla thaba.—Diprov. 23:25.
Morena Joase o ile a etsa diqeto tse bohlale ha a sa le monyenyane. Ka ha o ne a se na ntate, o ile a latela tataiso ya monna ya tshepahalang e leng Moprista ya Phahameng Jehojada. Moprista eo o ile a ruta Joase jwalo ka ha eka ke mora wa hae. Ka lebaka leo, Joase o ile a etsa qeto e bohlale ka ho sebeletsa Jehova le ho thusa setjhaba sohle hore le sona se mo sebeletse. O ile a ba a qala mosebetsi wa ho lokisa tempele ya Jehova. (2 Dikron. 24:1, 2, 4, 13, 14) Haeba batswadi ba hao kapa motho e mong a o ruta ho rata Jehova le ho mamela melao le melaomotheo ya hae, tseba hore eo ke mpho ya bohlokwa. (Diprov. 2:1, 10-12) Batswadi ba hao ba ka sebedisa ditsela tse fapaneng ho o ruta. Batswadi ba hao ba tla thaba ha o mamela dikeletso tsa bona tse thehilweng Bibeleng. Ha bohlokwa le ho feta ke hore o tla thabisa Modimo mme kamano ya hao le yena e tla ba matla le ho feta. (Diprov. 22:6; 23:15, 24) Ao ke mabaka a utlwahalang a ho etsisa mohlala wa Joase ha a sa le monyenyane. w23.09 8-9 ¶3-5
Sontaha la 18 May
Ke tla le mamela.—Jer. 29:12.
Jehova o tshepisa hore o tla mamela dithapelo tsa rona. Modimo wa rona o a re rata hobane re mo sebeletsa ka botshepehi. Ka hoo, o tla dula a mamela dithapelo tsa rona. (Pes. 10:17; 37:28) Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore o tla re fa ntho e nngwe le e nngwe eo re e kopang. Re ka nna ra tlameha ho emela lefatshe le letjha pele re ka fumana tse ding tsa dintho tseo re mo kopileng tsona. Jehova o dula a nahana ka morero wa hae ha a mamela dithapelo tsa rona. (Esa. 55:8, 9) Morero wa hae o akareletsa hore batho bohle ba mo mamele le hore ba thabele ho buswa ke yena. Empa Satane o re batho ba ka thaba ha ba ipusa. (Gen. 3:1-5) Jehova o dumeletse hore batho ba ipuse e le ho bontsha hore ntho eo Diabolose a e buileng ke leshano. Ho ena le hoo, taba ya hore batho ba a ipusa e entse hore ho be le mathata a mangata lefatsheng. (Moek. 8:9) Re a tseba hore Jehova a ke ke a fedisa mathata ohle ao batho ba nang le ona hona jwale. w23.11 21 ¶4-5
Mantaha la 19 May
Ke tla o etsa ntate wa ditjhaba tse ngata.—Bar. 4:17.
Jehova o ile a tshepisa Abrahama hore ka yena ditjhaba tse ngata di ne di tla hlohonolofatswa. Le ha ho le jwalo, ha Abrahama a se a le dilemo di 100 mme Sara yena a le dilemo di 90, ba ne ba ntse ba eso be le mora. Ho ya ka pono ya motho, ho ne ho bonahala eka ho ke ke ha kgoneha hore Abrahama le Sara ba be le mora. Taba ena e ne e leka tumelo ya Abrahama. Empa “o ne a ena le tshepo le tumelo ya hore e tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata.” (Bar. 4:18, 19) Qetellong, ntho eo Abrahama a neng a ena le tshepo ya hore e tla etsahala, e ile ya etsahala. O ile a ba le mora ya bitswang Isaka. (Bar. 4:20-22) Re ka kgahlisa Modimo ra ba ra nkwa re lokile jwalo ka Abrahama. Ha e le hantle, Pauluse o ile a hatisa taba eo ha a ne a re: “Mantswe a reng ‘o ile a nkwa’ a ne a sa ngollwa [Abrahama] feela empa a ne a ngoletswe le rona. Le rona re tla nkwa re lokile hobane re dumela ho Modimo ya tsositseng Jesu.” (Bar. 4:23, 24) Le rona re lokela ho ba le tumelo e nang le mesebetsi, re be re be le tshepo jwalo ka Abrahama. w23.12 7 ¶16-17
Labobedi la 20 May
O bone mahlomola a ka. O a tseba hore ke tshwenyehile haholo.—Pes. 31:7.
Ha o hlahelwa ke mathata a etsang hore o tshohe, o lokela ho hopola hore Jehova o hlokomela mathata a o hlahelang ebile o a tseba hore na a etsa hore o ikutlwe jwang. Ka mohlala, Jehova ha a ka a hlokomela feela tsela e mpe eo Baiseraele ba neng ba tshwerwe ka yona Egepeta empa o ile a hlokomela le ‘bohloko boo ba neng ba bo utlwa.’ (Ex. 3:7) O ka nna wa ipotsa hore na Jehova o o thusa jwang ha o ena le bothata bo etsang hore o tshohe. Ka hoo, mo kope hore a o bontshe tsela eo a o thusang ka yona. (2 Mar. 6:15-17) Ka mora moo, nahana ka dipotso tsena: Na ho na le puo kapa karabo eo o ileng wa e utlwa dibokeng e ileng ya o matlafatsa? Na ho na le sengolwa, video kapa pina ya Broadcasting e o kgothaditseng? Na ho na le motho ya ileng a bua mantswe a o kgothatsang kapa a o balla lengolo le o kgothatsang? Re ka nna ra lebala ka moo Bakrestemmoho le rona ba re ratang ka teng le ka moo Lentswe la Modimo le re kgothatsang ka teng. Le ha ho le jwalo, dintho tsena ke dimpho tsa bohlokwa tse tswang ho Jehova. (Esa. 65:13; Mar. 10:29, 30) Di a re kgodisa hore Jehova o a re kgathalla. (Esa. 49:14-16) Hape di a re kgodisa hore re ka mo tshepa. w24.01 4-5 ¶9-10
Laboraro la 21 May
O thuse makgoba a hao hore a nne a bolele lentswe la hao ka sebete sohle.—Dik. 4:29.
Nakwana pele Jesu a kgutlela lehodimong, o ile a hopotsa barutuwa ba hae ka mosebetsi wa ho mo pakela “Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8; Luka 24:46-48) Ka mora moo, baetapele ba Bajuda ba ile ba tshwara moapostola Petrose le Johanne yaba ba ba isa Lekgotleng le Phahameng la Bajuda. Ba ile ba tshosa banna bao ba tshepahalang le ho ba laela hore ba kgaotse ho paka. (Dik. 4:18, 21) Petrose le Johanne ba ile ba re: “Lona iketsetseng qeto hore na ho nepahetse mahlong a Modimo hore re mamele lona ho ena le ho mamela yena. Empa rona re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.” (Dik. 4:19, 20) Ka mora hore Petrose le Johanne ba lokollwe, barutuwa ba ile ba rapela Jehova hore thato ya hae e etsahale. Jehova o ile a araba thapelo eo ya bona e tswang pelong.—Dik. 4:31. w23.05 5 ¶11-12
Labone la 22 May
Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang.—Mat. 17:5.
Jehova le Mora wa hae ba qetile nako e ngata ka ho fetisisa ba le mmoho. Ka dilemo tse ngata tseo ba di qetileng ba le mmoho lehodimong, ba ile ba utlwana le ho ratana haholo. Temaneng ya kajeno, Jehova o ile a bontsha ka ho hlaka hore o rata Jesu. Jehova a ka be a ile a re feela, ‘Enwa ke Mora wa ka ya nkgahlisang.’ Empa o ne a batla hore re tsebe hore na o rata Jesu hakae, ke ka hoo a ileng a mo bitsa “Mora wa ka eo ke mo ratang.” Jehova o ne a le motlotlo ka Jesu, haholoholo hobane a ne a ikemiseditse ho tela bophelo ba hae. (Baef. 1:7) Jesu le yena o ne a sa belaelle hore Ntate wa hae o a mo rata. O ne a kgodisehile ho tswa botebong ba pelo ya hae hore Jehova o a mo rata. O ile a bua ka makgetlo hore Ntate wa hae o a mo rata.—Joh. 3:35; 10:17; 17:24. w24.01 28 ¶8
Labohlano la 23 May
Kgetha botumo bo botle ho ena le maruo a mangata.—Diprov. 22:1.
Nahana ha motho eo o mo tsotellang a bua ntho e mpe ka wena. O a tseba hore ntho eo a e buang ha se nnete, ho ntse ho le jwalo, batho ba bang ba a mo kgolwa. O sa re o sa utlwile, ba hasa leshano leo mme batho ba bang ba bangata ba a ba kgolwa. O ne o ka ikutlwa jwang? E ka nna yaba ho senngwa lebitso ka tsela eo ho ne ho tla o utlwisa bohloko. Boemo bona bo ka re thusa ho utlwisisa hore na Jehova o ile a ikutlwa jwang ha botumo ba hae bo botle bo ne bo senngwa. Lengeloi la hae le leng le ile la bua leshano ka yena ho mosadi wa pele e leng Eva. Eva o ile a kgolwa leshano leo yaba yena le Adama ba fetohela Jehova ka lebaka la lona. Ka lebaka leo, batho bohle ba etsa sebe mme qetellong ba a shwa. (Gen. 3:1-6; Bar. 5:12) Mathata ohle a teng lefatsheng kajeno a akareletsang lefu, dintwa le dintho tse bohloko, a teng ka lebaka la mashano ao Satane a ileng a a jala. Na Jehova o utlwiswa bohloko ke ho senngwa lebitso le ditlamorao tse tliswang ke hona? E tlameha ebe ho jwalo. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a tlala lehloyo. Ho ena le hoo, e ntse e le “Modimo ya thabileng.”—1 Tim. 1:11. w24.02 8 ¶1-2
Moqebelo la 24 May
Nka etsa bobe boo bo boholo jwang mme ka fosetsa Modimo?—Gen. 39:9.
O ka etsisa Josefa jwang ka hore o etse se nepahetseng ha o tobana le teko e itseng? O ka etsa qeto hona jwale ya hore na o tla etsang ha o tobana le teko ya hore o etse dintho tse fosahetseng. Ithute ho hana hanghang ho etsa dintho tseo Jehova a di hloileng mme o qobe ho nahana ka tsona. (Pes. 97:10; 119:165) Ha o etsa jwalo, o ke ke wa etsa sebe ha o tobana le teko. Mohlomong o se o ithutile ka Jehova mme o batla ho mo sebeletsa ka pelo ya hao yohle empa ho ntse ho ena le ntho e etsang hore o se ke wa inehela le ho kolobetswa. O ka thuswa ke ho etsa seo Morena Davida a ileng a se etsa. O ka kopa Jehova wa re: “Ntlhahlobe Modimo mme o bone se ka pelong ya ka. Ntlhahlobe mme o tsebe dintho tse ntshwenyang tseo ke di nahanang. Sheba hore na ho na le ntho le ha e le efe e mpe ka pelong ya ka. O ntsamaise tseleng e tla dula e le teng ka ho sa feleng.” (Pes. 139:23, 24) Jehova o hlohonolofatsa batho bohle ba “mo batlang e le ka nnete.” Ha o ntse o sebetsa ka thata hore o inehele ho yena le ho kolobetswa, o a mo bontsha hore o mo batla e le ka nnete.—Baheb. 11:6. w24.03 6 ¶13-15
Sontaha la 25 May
Jesu yena ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng.—Baheb. 7:27.
Moprista ya phahameng o ne a emela batho ka pela Modimo. Moprista ya phahameng wa pele Iseraele e ne e le Arone mme Jehova o ile a mo kgetha ha tabernakele e ne e kgakolwa. Le ha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ile a re “baprista ba ile ba hloleha ho tswela pele ka mosebetsi wa bona wa boprista hobane ba ile ba shwa yaba ba nkelwa sebaka ke baprista ba bang.” (Baheb. 7:23-26) Ka ha baprista bao ba phahameng ba ne ba sa phethahala, ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo bakeng sa dibe tsa bona. Tabeng ena re bona phapang e kgolo pakeng tsa baprista ba phahameng ba Iseraele le Moprista ya Phahameng ka ho fetisisa e leng Jesu Kreste. Moprista wa rona ya Phahameng e leng Jesu Kreste ke “mohlanka ya sebeletsang setjhaba . . . tenteng ya nnete e hlonngweng ke Jehova eseng motho.” (Baheb. 8:1, 2) Pauluse o ile a re “ka ha Jesu o tla phela ka ho sa feleng, ha ho na motho ya tla mo hlahlama bopristeng.” Pauluse o ile a boela a re Jesu ke moprista “ya sa silafalang, ya fapaneng hole le baetsadibe” le hore ho fapana le baprista ba phahameng ba Iseraele, “ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng” bakeng sa dibe tsa hae. w23.10 26 ¶8-9
Mantaha la 26 May
Lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di se di fetile.—Tshen. 21:1.
“Lehodimo la pele” ke mebuso ya dipolotiki e susumetswang ke Satane le bademona ba hae. (Mat. 4:8, 9; 1 Joh. 5:19) Ka Bibeleng lentswe “lefatshe” le ka bolela batho ba dulang lefatsheng. (Gen. 11:1; Pes. 96:1) Ka hoo, “lefatshe la pele” ke batho ba kgopo ba phelang mehleng ena. Jehova a ke ke a lokisa “lehodimo” le “lefatshe” tse teng hona jwale feela empa o tla di fedisa ka ho feletseng. O tla fedisa lehodimo le lefatshe tsa hona jwale mme a etse hore ho be le “lehodimo le letjha le lefatshe le letjha” e leng mmuso o motjha o tla busa batho ba lokileng. Jehova o tla lokisa lefatshe a be a etse hore batho ba phethahale. Jwalo ka ha Esaia a ile a bua nakong e fetileng, lefatshe lohle e tla ba serapa se setle sa Edene. Hape o tla etsa hore batho ba fole ka ho feletseng. Batho ba holofetseng, ba foufetseng le ba sa utlweng ditsebeng ba tla fola mme le bafu ba tla tsoswa.—Esa. 25:8; 35:1-7. w23.11 4 ¶9-10
Labobedi la 27 May
Le itokise.—Mat. 24:44.
“Mahlomola a maholo” a tla fihla ka tshohanyetso. (Mat. 24:21) Empa a fapana le dikoduwa tse ding ka hore a ke ke a tsometsa motho e mong le e mong. Dilemo tse ka bang 2000 tse fetileng, Jesu o ile a eletsa barutuwa ba hae hore ba itokisetse nako eo. Haeba re itokisitse, ho tla ba bonolo hore re mamelle nako eo e boima le hore re thuse batho ba bang hore ba mamelle. (Luka 21:36) Re tla hloka ho ba le mamello e le hore re mamele Jehova mme re tshepe hore o tla re sireletsa. Re tla etsang ha bana ba bo rona ba lahlehelwa ke tse ding tsa dintho tsa bona kapa ba lahlehelwa ke thepa ya bona kaofela? (Baheb. 3:17, 18) Ho ba le qenehelo ho tla re susumeletsa ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. Nakong eo ditjhaba tse ikopantseng di re hlaselang, re tla etsang haeba re ka tlameha ho qeta nako re dula sebakeng se le seng le bana ba bo rona? (Ezek. 38:10-12) Haeba re ba rata haholo, re tla kgona ho mamella nakong eo e boima. w23.07 2 ¶2-3
Laboraro la 28 May
Le itjhebe hore na le itshwere jwang. Le se ke la itshwara jwalo ka batho ba se nang kelello empa le itshware jwalo ka ba bohlale. Le sebedise nako ya lona hantle.—Baef. 5:15, 16.
Banyalani ba ka ithuta mohlaleng wa Akuila le Prisilla e leng banyalani ba neng ba ratwa ke Bakreste ba bangata mehleng ya bona. (Bar. 16:3, 4) Ba ne ba sebetsa ha mmoho, ba etsa mosebetsi wa boboledi le ho thusa batho ba bang ha mmoho. (Dik. 18:2, 3, 24-26) Ha e le hantle ha Bibele e bua ka Akuila le Prisilla, e dula e bua ka bona ba le ha mmoho. Banyalani ba ka ba etsisa jwang? Nahana ka dintho tse ngata tseo wena le molekane wa hao le lokelang ho di etsa. Na le ka etsa mesebetsi e meng ha mmoho ho ena le ho e etsa le le bang? Ka mohlala, Akuila le Prisilla ba ne ba etsa mosebetsi wa boboledi ha mmoho. Na le lona le ka etsa se tshwanang ka mehla? Akuila le Prisilla ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi wa boiphediso ha mmoho. Ho ka etsahala hore wena le molekane wa hao ha le etse mosebetsi wa boiphediso o tshwanang empa na le ka etsa mesebetsi ya ka tlung ha mmoho? (Moek. 4:9) Ho sebetsa ha mmoho ho tla le thusa hore le be thimi le hore le be le monyetla wa ho qoqa. w23.05 22-23 ¶10-12
Labone la 29 May
Ha ke tshohile, ke tshepa wena.—Pes. 56:3.
Kaofela ha rona re a tshoha ka dinako tse ding. Ka mohlala, ha Morena Saule a ne a lelekisa Davida ebile a batla ho mo bolaya, Davida o ile a balehela motseng wa Bafilista wa Gathe. Morena wa Gathe e leng Akishe o ile a tseba hore Davida ke mohlabani ya ileng a bolaya Bafilista ba “dikete tse mashome.” Davida o ile a tshoha haholo. (1 Sam. 21:10-12) O ne a tshwenyehile ka hore na Akishe o tla mo etsang. Keng e ileng ya thusa Davida hore a be sebete? Ho Pesaleme ya 56, Davida o hlalosa ka moo a neng a ikutlwa ka teng ha a ne a le Gathe. Pesaleme ena e fana ka mabaka a hore na ke hobaneng ha Davida a ne a tshohile le hore na keng e ileng ya mo thusa hore a se ke a tshoha. Davida o ile a tshepa Jehova ha a ne a tshohile. (Pes. 56:1-3, 11) O ne a ena le mabaka a utlwahalang a hore a mo tshepe. Jehova o ile a thusa Davida hore a etse ntho e neng e sa tlwaeleha. Davida o ile a etsa eka o a hlanya mme ho etsa jwalo ho ile ha mo sebeletsa. Akishe o ne a se a sa batle ho bolaya Davida empa o ne a batla hore a tsamaye motseng wa hae. Ka hoo, Davida o ile a kgona ho baleha.—1 Sam. 21:13–22:1. w24.01 2 ¶1-3
Labohlano la 30 May
Bao Modimo a ba bitsitseng le bao a ba kgethileng ba mo tshepahallang le bona ba tla hlola.—Tshen. 17:14.
Ke bomang bao ho buuwang ka bona temaneng ya kajeno ya letsatsi? Ke batlotsuwa ba tsositsweng. Ka hoo, ha batlotsuwa kaofela ba se ba ile lehodimong ho elella qetellong ya mahlomola a maholo, o mong wa mesebetsi ya pele oo ba tla o fuwa ke ho lwana. Ka mora hore ba tsosetswe lehodimong, ba tla sebetsa le Kreste le mangeloi a hae a halalelang ba lwantshe dira tsa Modimo ntweng ya ho qetela. Nahana ka taba ena. Bakreste ba bang ba tlotsitsweng ba ntseng ba le lefatsheng mona, ba hodile ebile ba fokollwa ke bophelo. Empa ka mora hore ba tsosetswe ho ya phela lehodimong, e tla ba dibopuwa tsa moya tse matla le tse ke keng tsa shwa mme ba tla fuwa mosebetsi wa ho lwana ha mmoho le Morena wa Mohlabani, e leng Jesu Kreste. Ka mora ntwa ya Armagedone, ba tla sebetsa le Jesu ho etsa hore batho ba phethahale. Ho hlakile hore ba tla tswela bara le baradi ba bo rona ba lefatsheng mona molemo o moholo ha ba le lehodimong ho feta ha ba ne ba le mona lefatsheng ba sa phethahala. w24.02 6-7 ¶15-16
Moqebelo la 31 May
Le tswele pele le tataiswa ke moya o halalelang mme ho hang le ke ke la batla ho etsa dintho tse mpe.—Bagal. 5:16.
Batho ba bang ba se ba loketse hore ba ka inehela ho Jehova le hore ba kolobetswe empa ba a tshaba. Mohlomong ke hobane ba tshohile hore ka mora hore ba kolobetswe ba ka nna ba etsa sebe se tebileng ebe ba a kgaolwa. Haeba o tshaba ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa, kgodiseha hore Jehova o tla o thusa hore ‘tsela eo o phelang ka yona e mo thabise.’ (Bakol. 1:10) O tla boela a o fe matla a hore o kgone ho etsa se nepahetseng. Jehova o se a thusitse batho ba bangata hore ba etse dintho tse nepahetseng, ka hoo le wena o tla o thusa. (1 Bakor. 10:13) Ka ha Jehova o a re thusa, ke batho ba mmalwa feela ba kgaolwang ka phuthehong. Jehova o thusa batho ba hae hore ba dule ba tshepahala. Motho e mong le e mong o tobana le teko ya hore a etse ntho e mpe. (Jak. 1:14) ) Le ha ho le jwalo, o ka kgetha hore na o tla etsang haeba o tobana le teko ya hore o etse ntho e fosahetseng. Ha e le hantle, ke wena ya kgonang ho laola tsela eo o batlang ho phela ka yona. Empa batho ba bang ba re ho ke ke ha kgoneha hore o laole tsela eo o ikutlwang ka yona le tsela eo o etsang dintho ka yona. Le ha ho le jwalo, seo ha se nnete. O ka kgona ho ithuta ho laola maikutlo a ho batla ho etsa dintho tse fosahetseng. w24.03 5 ¶11-12