June
Sontaha la 1 June
Re tla hlahelwa ke mathata a mangata pele re kena Mmusong wa Modimo.—Dik. 14:22.
Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste ba mehleng ya baapostola ha ba ntse ba leka ho tlwaela maemo a bona a neng a ntse a fetoha. Ba ne ba hloriswa hangata mme ka dinako tse ding ba ne ba hloriswa ba sa lebella. Nahana ka se ileng sa etsahalla Barnabase le moapostola Pauluse ha ba ne ba etsa mosebetsi wa ho bolela Listra. Qalong batho ba ne ba ba amohela mme ba ba mamela. Ha morao, bahanyetsi ba ile “ba hlohlelletsa batho” mme ba bang ba bona ba ile ba tlepetsa Pauluse ka majwe mme ba mo tlohela ba nahana hore o shwele. (Dik. 14:19) Empa Barnabase le Pauluse ba ile ba tswela pele ba ntse ba bolela ditaba tse monate dibakeng tse ding. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Ba ile ba thusa “batho ba bangata hore e be barutuwa” mme ba ile ba matlafatsa Bakrestemmoho le bona ka seo ba ileng ba se bua le ho se etsa. (Dik. 14:21, 22) Batho ba bangata ba ile ba kgothatswa ke ho bona Barnabase le Pauluse ba tswela pele ho bolela ditaba tse monate le hoja ba hloriswa. Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re sa kgaotse ho etsa mosebetsi oo a re fileng wona. w23.04 16-17 ¶13-14
Mantaha la 2 June
Mamela thapelo ya ka hle Jehova. O nkutlwe ha ke kopa thuso. Ke llela ho wena ha ke le matshwenyehong hobane o tla nkaraba.—Pes. 86:6, 7.
Morena Davida o ile tobana le dira tse ngata tse kotsi bophelo bohle ba hae mme o ne a kopa thuso ho Jehova ka thapelo. Davida o ne a kgodisehile hore Jehova o utlwa dithapelo tsa hae ebile o a di araba. Le wena o ka kgodiseha jwalo ka yena. Bibele e a re tiisetsa hore Jehova a ka re fa bohlale le matla a ho mamella mathata. A ka sebedisa Bakrestemmoho le rona kapa batho ba sa mo sebeletseng ho re thusa. Le hoja Jehova a sa arabele dithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebeletseng, re a tseba hore o a di araba. O re fa dintho tseo re di hlokang ka nako eo re di hlokang ka yona. Ka hoo o dule o rapela Jehova o tshepile hore o tla o utlwa. O kgodisehe hore Jehova o tla o thusa hona jwale le hore o tla “kgotsofatsa dintho tsohle tse phelang” lefatsheng le letjha.—Pes. 145:16. w23.05 8 ¶4; 13 ¶17-18
Labobedi la 3 June
Ke tla patala jehova ka eng bakeng sa dintho tsohle tse molemo tseo a nketseditseng tsona?—Pes. 116:12.
Ho nahana ka melemo eo o tla e fumana ha o se o finyeletse seo o batlang ho se etsa ho tla o tswela molemo. Wena o ka nahana ka melemo efe? Haeba o batla ho ntlafatsa tsela eo o balang Bibele ka yona kapa dithapelo tsa hao, nahana ka moo ho etsa seo ho tla o thusa hore o dule o le motswalle wa Jehova. (Pes. 145:18, 19) Haeba ho na le makgabane ao o batlang ho ba le ona, nahana ka moo a ka o thusang ka teng hore o utlwane le batho ba bang. (Bakol. 3: 14) O ka ngola mabaka ao o nang le ona a ho batla ho finyella seo o batlang ho se etsa. Dula o sheba mabaka ao hape dula o ena le batho ba o kgothaletsang hore o finyelle dintho tseo o batlang ho di etsa. (Diprov. 13:20) Ho na le matsatsi ao kaofela ha rona re ikutlwang re se na tabatabelo ya ho etsa dintho tseo re di rerileng. Na see se bolela hore re ke ke ra finyella dintho tseo re batlang ho di etsa? Tjhe. Le rona re ka leka ho etsa ntho eo re e rerileng le hoja ka dinako tse ding re ka utlwa re sa batle ho e etsa. Ke nnete hore o tla lokela ho sebetsa ka thata empa o tla thaba ha o se o finyeletse seo o neng o se rerile. w23.05 27-28 ¶5-8
Laboraro la 4 June
Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.—Bagal. 6:7.
Ha re tseba hore re a ikarabella ka diqeto tseo re di entseng, seo se ka etsa hore re bolele dibe tsa rona, re lokise diphoso tseo re di entseng mme re qobe ho di pheta. Ho etsa jwalo ho ka re thusa hore re dule re le peisong ya bophelo. Haeba o sa kgone ho fetola qeto e mpe eo o e entseng, amohela seo. O se ke wa ikimetsa ka ho ipeha molato le ho beha batho ba bang molato kapa wa ipehela mabaka a hore na ke hobaneng ha o e entse. Amohela diphoso tseo o di entseng mme o leke ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng hona jwale. Haeba o ikutlwa o le molato ka ntho e mpe eo o e entseng, rapela Jehova, o dumele hore o entse phoso mme o mo kope hore a o tshwarele. (Pes. 25:11; 51:3, 4) Kopa tshwarelo ho batho bao o ba utlwisitseng bohloko mme haeba ho hlokahala, bua le baholo o kope hore ba o thuse. (Jak. 5:14, 15) Ithute diphosong tseo o di entseng mme o leke hore o se ke wa di pheta. Haeba o etsa jwalo o ka kgodiseha hore Jehova o tla o hauhela a be a o thuse.—Pes. 103:8-13. w23.08 28-29 ¶8-9
Labone la 5 June
Joase a etsa dintho tse thabisang Jehova nakong yohle eo moprista Jehojada e neng e le moeletsi wa hae.—2 Mar. 12:2.
Jehojada o ile a thusa Morena Joase hore e be motho ya molemo. Ka hoo, ha morena enwa a sa le monyenyane, o ne a batla ho thabisa Jehova. Empa ka mora hore Jehojada a shwe, Joase o ile a mamela dikgosana tsa bakwenehi. (2 Dikron. 24:4, 17, 18) Jehova o ile a utlwa bohloko haholo mme “a nna a romela baprofeta ho bona hore ba kgutlele ho yena . . . , empa ha ba a ka ba mamela.” Ba ile ba boela ba hana ho mamela mora wa Jehojada e leng Zakaria eo e neng e le moprofeta wa Jehova le moprista hape e le motswala wa Joase. Morena Joase o ile a ba a bolaya Zakaria. (2 Dikron. 22:11; 24:19-22) Joase ha a ka a dula a hlompha Jehova. Jehova o ne a ile a re: “Ba nnyatsang ba tla nyatsuwa.” (1 Sam. 2:30) Masole a fokolang ka palo a Siria a ile a hlola “masole a mangata” a Joase mme a mo ‘lematsa haholo.’ (2 Dikron. 24:24, 25) Ka mora hore masole a Siria a tsamaye, Joase o ile a bolawa ke bahlanka ba hae hobane a ile a bolaya Zakaria. w23.06 18-19 ¶16-17
Labohlano la 6 June
Pele le ne le le lefifing empa hona jwale le leseding.—Baef. 5:8.
Moapostola Pauluse o ne a ile a qeta nako a le Efese, a bolela a bile a ruta ditaba tse monate. (Dik. 19:1, 8-10; 20:20, 21) O ne a rata bara babo haholo a bile a batla ho ba thusa hore ba dule ba tshepahalla Jehova. Baefese ba ne ba le bodumeding ba bohata ba bile ba dumela boselamose. Batho ba Efese ba ne ba itshwere hampe haholo ba bile ba sa swabele boitshwaro ba bona bo bobe. Hangata dipapading tsa kalaneng le meketeng ya bodumedi ho ne ho buuwa puo e ditshila. (Baef. 5:3) Batho ba bangata Efese ba ne “ba se na mekgwa ho hang,” e leng polelo eo ka Segerike e bolelang hore ba ne ba “kgaotsa ho utlwa bohloko.” (Baef. 4:17-19) Pele ba ithuta ka melao ya Jehova ya se nepahetseng le se fosahetseng, letswalo la bona le ne le sa ba tshwenye ha ba entse ntho e fosahetseng. Ke ka hoo Pauluse a neng a ka re ka bona: “Dikelello tsa bona di lefifing, ba suthetse hole le bophelo bo tswang ho Modimo.” Le ha ho le jwalo, ba bang ba Baefese ha ba a ka ba dula ba le lefifing. w24.03 20 ¶2, 4; 21 ¶5-6
Moqebelo la 7 June
Ba tshepileng Jehova ba tla fumana matla hape. . . . Ba ke ke ba kgathala.—Esa. 40:31.
Mosebetsi wa Gideone wa ho ba moahlodi o ne o hloka hore a sebetse ka thata. Ha Gideone a ne a lwantsha Bamidiane bosiu, ba ile ba baleha yaba o a ba lelekisa ho tloha Kgohlong ya Jezriele ho ya fihla Nokeng ya Jordane. (Baahl. 7:22) Na Gideone o ile a tlohela ho ba lelekisa ha a fihla Nokeng ya Jordane? Tjhe, le hoja a ne a kgathetse, yena le banna bao a neng a ena le bona ba 300 ba ile ba tshela mme ba tswela pele ho ba lelekisa. Qetellong ba ile ba tshwara Bamidiane mme ba ba hlola. (Baahl. 8:4-12) Gideone o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo fa matla mme ha a ka a swetseha. (Baahl. 6:14, 34) Ho na le nako eo ka yona Gideone le banna bao a neng a ena le bona ba neng ba lelekisa marena a mabedi a Bamidiane, ao ho ka etsahalang hore ebe a ne a baleha a palame dikamele. (Baahl 8:12, 21) Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a ba thusa hore ba a tshware mme ba a hlole. Baholo le bona ba ka tshepa Jehova eo ho seng “mohla a kgathalang kapa hona ho tepella.” O tla ba fa matla ao ba a hlokang.—Esa. 40:28, 29. w23.06 6 ¶14, 16
Sontaha la 8 June
[Jehova] a ke ke a le lahla kapa a le tlohela.—Deut. 31:6.
Re ka dula re tshepahala ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang. Ka hoo, tshepa Jehova. Nahana ka moo Barake a ileng a atleha ka teng hobane a ile a tshepa tataiso ya Jehova. Le hoja ho ne ho se na thebe kapa lerumo naheng, Jehova o ile a mo laela hore a yo lwantsha masole a Bakanana a neng a ena le dibetsa, a neng a etellwa pele ke Sisera. (Baahl. 5:8) Moprofeta Debora o ile a bolella Barake hore a theohe e le hore a yo lwantsha Sisera le masole a hae a palameng dikariki tsa ntwa tse 900. Barake o ile a mamela taelo eo le hoja a ne a tseba hore ho tla ba thata ho lwantsha masole ao a palameng dikariki sebakeng seo se tlase. Ha masole a theoha Thabeng ya Tabore, Jehova o ile a etsa hore pula e ne haholo. Dikariki tsa ntwa tsa Sisera di ile tsa tshwarwa ke seretse mme Jehova o ile a etsa hore Barake a hlole. (Baahl. 4:1-7, 10, 13-16) Ka ho tshwanang, Jehova o tla re thusa hore re hlole mathata haeba re mo tshepa ebile re tshepa le mokgatlo wa hae. w23.07 19 ¶17-18
Mantaha la 9 June
Ya mameletseng ho fihlela qetellong ke yena ya tla pholoha.—Mat. 24:13.
Re hloka ho ba le mamello e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Re lokela ho ba le mamello jwalo ka bahlanka ba Modimo ba mehleng ya kgale mme re emele hore Modimo a phethahatse ditshepiso tsa hae. (Baheb. 6:11, 12) Bibele e bapisa boemo ba rona le ba motho ya lemang. (Jak. 5:7, 8) Motho ya lemang o sebetsa ka thata ho lema le ho nosetsa dijalo tsa hae empa ha a tsebe hantle hore na di tla mela neng. Ka hoo, o leta a sa fele pelo, a tshepile hore o tla kotula. Ka tsela e tshwanang, le rona re dula re phathahane ka mosebetsi wa Morena le hoja re sa “tsebe hore na Morena wa [rona] o tla ka letsatsi lefe.” (Mat. 24:42) Re leta ka mamello re kgodisehile hore ka nako e nepahetseng Jehova o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae kaofela. Haeba re fellwa ke mamello, re ka qetella re kgathetse ke ho leta yaba re tlohela ho sebeletsa Jehova butlebutle. Re ka boetse ra lelekisa dintho tseo re nahanang hore di tla re kgotsofatsa hona jwale. Empa haeba re sa fele pelo, re ka mamella ho fihlela qetellong yaba re a pholoha.—Mik. 7:7. w23.08 22 ¶7
Labobedi la 10 June
Menwana ya maoto e le ya tshepe e kopaneng le letsopa.—Dan. 2:42.
Ha re bapisa boprofeta bo ho Daniele 2:41-43 le bo bukeng ya Daniele le ya Tshenolo, re ka re maoto a emela Mmuso wa Manyesemane le Maamerika e leng mmuso o matla ka ho fetisisa lefatsheng mehleng ena. Daniele o re “mmuso oo o tla ba le dikarolo tse matla le tse fokolang.” Ke hobaneng ha o na le dikarolo tse fokolang? Ke hobane batho ba tshwantshetswang ke letsopa le bonolo ba sitisa mmuso ona hore o bonahatse matla a wona a kang tshepe. Re ithuta dintlha tsa bohlokwa tlhalosong ya setshwantsho se seholo seo Daniele a se boneng torong. Ntlha ya pele, re ka ithuta tsela eo Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika o ileng wa bontsha matla a wona ka teng. Ka mohlala, ke wona o ka sehloohong o ileng wa hlola Ntweng ya Pele le ya Bobedi ya Lefatshe. Le ha ho le jwalo, mmuso ona wa Manyesemane le Maamerika haesale o ntse o fokola mme o tla tswela pele o fokola. O fokodiswa ke hobane batho ba buswang ke wona ba a lwantshana ebile ba lwantsha mmuso ona. Ntlha ya bobedi eo re ka ithutang yona ke hore Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika e tla ba mmuso wa ho qetela o busang pele Mmuso wa Modimo o busa lefatsheng. w23.08 10-11 ¶12-13
Laboraro la 11 June
Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova, Ka nna ka llela ho Modimo wa ka ho kopa thuso.—Pes. 18:6.
Ka dinako tse ding Davida o ne a ikutlwa a imetswe ke mathata le diteko tseo a neng a kopana le tsona. (Pes. 18:4, 5) Empa lerato leo Jehova a mo ratang ka lona le tlhokomelo ya hae di ile tsa mo kgatholla. Jehova o ile a isa motswalle wa hae ya kgathetseng “makgulong a tletseng jwang” le “dibakeng tse nang le metsi a mangata moo [a] tla phomola teng.” Ka lebaka leo, Davida o ile a boela a ba matla hape mme a tswela pele a sebeletsa Jehova a thabile. (Pes. 18:28-32; 23:2) Ka tsela e tshwanang, mehleng ena “ha re eso timele hobane Jehova o lerato” ha re kopana le diteko le mathata bophelong. (Dillo. 3:22; Bakol. 1:11) Hangata bophelo ba Davida bo ne bo dula bo le kotsing a bile a ena le dira tse ngata tse matla. Le ha ho le jwalo, lerato leo Jehova a mo ratang ka lona le ile la etsa hore a ikutlwe a bolokehile a bile a sireletsehile. Davida o ne a utlwa hore Jehova o na le yena maemong ohle mme seo se ne se etsa hore a kgaotse ho tshwenyeha. Ke ka hoo a ileng a bina a re: “[Jehova] o ile a mpholosa dinthong tsohle tseo ke di tshabang.” (Pes. 34:4) Le hoja ka dinako tse ding Davida a ne a ikutlwa a tshohile haholo, o ne a kgona ho hlola tshabo eo hobane a tseba hore Jehova o a mo rata. w24.01 30 ¶15-17
Labone la 12 June
Haeba baetsadibe ba leka ho o hohela, o se ke wa dumela.—Diprov. 1:10.
Ithute diqetong tse fosahetseng tseo Joase a ileng a di etsa. Ka mora hore Moprista Phahameng Jehojada a shwe, metswalle ya Joase e ile ya mo susumeletsa ho etsa dintho tse fosahetseng. (2 Dikron. 24:17, 18) O ile a mamela dikgosana tsa Juda tse neng di sa sebeletse Jehova. O ka nna wa dumela hore Joase o ne a lokela hore ebe o ile a qoba dikgosana tseo hobane di ne di etsa dintho tse fosahetseng. Ho ena le hoo, o ile a mamela dikeletso tsa tsona tse bowatla. Ho hobe le ho feta ke hore ha motswala wa hae Zakaria a leka ho mo eletsa, Joase o ile a laela hore a bolawe. (2 Dikron. 24:20, 21; Mat. 23:35) Eo e bile ketso e mpe le e bowatla hakaakang! Joase o ile a qala a etsa dintho hantle empa ka maswabi o ile a fetoha mokwenehi le mmolai. Qetellong bahlanka ba hae ba ile ba mo bolaya. (2 Dikron. 24:22-25) Dintho di ka be di ile tsa mo tsamaela hantle hoja a ile a tswela pele a mamela Jehova le batho ba mo ratang. w23.09 9 ¶6
Labohlano la 13 June
O se ke wa tshoha.—Luka 5:10.
Jesu o ne a tseba hore moapostola Petrose a ka kgona ho dula a tshepahala. Ke ka hoo Jesu a ileng a re ho yena: “O se ke wa tshoha.” Petrose o ile a kgothatswa ke ho hlokomela hore Jesu o a mo tshepa. Petrose le ngwanabo Andrease ba ile ba qetella ba tlohetse kgwebo ya bona ya ho tshwasa ditlhapi mme ya eba balatedi ba Mesia e leng qeto e ileng ya etsa hore Jehova a ba hlohonolofatse haholo. (Mar. 1:16-18) Petrose o ile a ba le monyetla wa ho bona dintho tse ngata tseo Jesu a ileng a di etsa ka ha e ne e se e le molatedi wa hae. O ile a bona ha a fodisa batho, a leleka bademona le ha a ne a tsosa bafu. (Mat. 8:14-17; Mar. 5:37, 41, 42) Petrose o ile a boela a bona pono ya se neng se tla etsahala nakong e tlang ha Jesu e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. (Mar. 9:1-8; 2 Pet. 1:16-18) Petrose o ile a bona dintho tseo ho hang a neng a sa nahana hore o tla ke a di bone. E tlameha ebe Petrose o ile a thaba haholo hore ebe ha a ka a dumella hore maikutlo ao a neng a ena le ona ka diphoso tsa hae a etse hore a fetwe ke ditlhohonolofatso tsena. w23.09 21 ¶4-5
Moqebelo la 14 June
Jesu a re: “Eseng ka makgetlo a supileng empa ka makgetlo a 77.”—Mat. 18:22.
Lengolong la hae la pele, moapostola Petrose o ile a re ha re ‘ratana haholo’ re ke ke ra tshwarelana ka makgetlo a mmalwa feela empa re tla dula re “itokiseditse ho tshwarela.” (1 Pet. 4:8) Mohlomong Petrose o ile a hopola tsela eo Jesu a ileng a mo ruta hore a tshwarele batho ba bang ka yona dilemo tse mmalwa pele ho moo. Ka nako eo, ho ka etsahala hore Petrose o ne a nahana hore o mosa ha a ne a re o ne a ka tshwarela ngwanabo ka “makgetlo a supileng.” Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a mo ruta hore a tshwarele ka “makgetlo a 77” mme le rona re lokela ho etsa jwalo. (Mat. 18:21) Taba ena e bolela hore re lokela ho dula re tshwarela batho ba bang. O se ke wa nyahama haeba o utlwa ho le thata hore o mamele taelo ena. Bahlanka ba Jehova ha ba a phethahala mme ka dinako tse ding ba thatafallwa ke ho tshwarela batho ba bang. Ntho ya bohlokwa hona jwale ke hore o tshwarele batho ba bang le hore o etse kgotso le bona. w23.09 29 ¶12
Sontaha la 15 June
Ke ile ka hweletsa ho wena Jehova ke le mahlomoleng mme wa nkaraba.—Jon. 2:2.
Ha Jonase a ne a le ka mpeng ya tlhapi o ile a baka mme a kgodiseha hore Jehova o tla mamela thapelo ya hae le hore Jehova o tla mo thusa. Ha morao Jehova o ile a kgutlisetsa Jonase lebopong la lewatle yaba ka mora moo o se a le malalaalaotswe ho etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng wona. (Jon. 2:10–3:4) Ha o ena le mathata, na o tshwenyeha haholo hoo o sitwang ho rapela Jehova? Kapa na o ye o utlwe o kgathetse hoo o sitwang le ho ithuta? Hopola hore Jehova o utlwisisa boemo ba hao hantle. Ka hoo, esita le ha o etsa thapelo e kgutshwanyane, o ka kgodiseha hore o tla o fa ntho eo o e hlokang hantle. (Baef. 3:20) Haeba o utlwa ho le thata ho bala le ho ithuta hobane o kula, o kgathetse kapa o utlwile bohloko, o ka leka ho mamela Bibele kapa dingolwa tse rekotilweng. O ka boela wa thuswa ke ho mamela pina kapa wa shebella video e hlahang ho jw.org. Ha o rapela Jehova ebile o batla dikarabo tsa dithapelo tsa hao ka Bibeleng le dingolweng tse thehilweng ho yona tseo a fanang ka tsona, o tla ba matla. w23.10 13 ¶6; 14 ¶9
Mantaha la 16 June
Moya o halalelang o bontsha hore ha ho na motho ya ileng a bontshwa tsela e yang ka Sehalaledisisong ha tente ya pele e ne e ntse e eme.—Baheb. 9:8.
Tabernakele le ditempele tse ileng tsa hahwa Jerusalema di ne di tshwana ka hare. Di ne di ena le dikamore tse pedi tse neng di arotswe ke kgaretene. Kamore e nngwe e ne e bitswa “Sehalalelo” mme e nngwe e bitswa “Sehalaledisiso.” (Baheb. 9:2-5; Ex. 26:31-33) Ka hara Sehalalelo ho ne ho ena le sedulwana sa lebone sa kgauta, aletare eo ho neng ho tjhesetswa dibano ho yona le tafole ya bohobe ba pontsho. Ke “baprista ba tlotsitsweng” feela ba neng ba dumeletswe hore ba kene ka Sehalalelong e le hore ba etse mesebetsi ya bona e halalelang. (Num. 3:3, 7, 10) Ka Sehalaledisisong ho ne ho ena le areka ya selekane ya kgauta e neng e bontsha hore Jehova o teng sebakeng seo. (Ex. 25:21, 22) Ke moprista ya phahameng feela ya neng a dumeletswe hore a fete kgareteneng mme a kene ka Sehalaledisisong hanngwe ka selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe. (Lev. 16:2, 17) O ne a kena sebakeng seo ka madi a diphoofolo e le hore a tshwarelwe dibe le hore setjhaba sohle se tshwarelwe dibe. Ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a hlalosa hore na dintho tse tabernakeleng di bolelang.—Baheb. 9:6, 7. w23.10 27 ¶12
Labobedi la 17 June
Le ratane.—Joh. 15:17.
Lentswe la Modimo le re laela ka makgetlo a mangata hore re ratane. (Joh. 15:12; Bar. 13:8; 1 Bathes. 4:9; 1 Pet. 1:22; 1 Joh. 4:11) Le ha ho le jwalo, lerato ke boikutlo bo ka pelong mme ha ho na motho ya ka bonang se ka pelong ya rona. Jwale re ka etsang e le hore Bakrestemmoho le rona ba bone hore re a ba rata? Re ka bontsha lerato leo ka mantswe le ka diketso. Re ka bontsha ka ditsela tse ngata hore re rata Bakrestemmoho le rona. Tse ding tsa tsona ke tsena: “Le bolellane nnete.” (Zak. 8:16) “Le boloke kgotso dipakeng tsa lona.” (Mar. 9:50) “Eba wa pele wa ho bontsha hore o hlompha batho ba bang.” (Bar. 12:10) “Amohelanang.” (Bar. 15:7) “Le tswele pele . . . ho tshwarelana.” (Bakol. 3:13) “Tswelang pele ho thusana ha le ena le mathata.” (Bagal. 6:2) “Le nne le tshedisane.” (1 Bathes. 4:18) “Le tswele pele. . . ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) “Le rapellane.”—Jak. 5:16. w23.11 9 ¶7-8
Laboraro la 18 June
Thabang ka lebaka la tshepo eo le nang le yona.—Bar. 12:12.
Letsatsi le letsatsi re etsa diqeto tse hlokang hore re be le tumelo e matla. Ka mohlala, re lokela ho etsa diqeto mabapi le ho kgetha metswalle, boithabiso, thuto, molekane wa lenyalo, mosebetsi le ho ba le bana. Ho bohlokwa hore re ipotse: ‘Na diqeto tseo ke di etsang di bontsha hore ke kgodisehile hore lefatshe lena le tla fediswa le hore haufinyane Modimo o tla etsa hore ho be le lefatshe le letjha? Na diqeto tseo ke di etsang di tshwana le tsa batho ba sa dumeleng hore ba ka phela ka ho sa feleng?’ (Mat. 6:19, 20; Luka 12:16-21) Re tla etsa diqeto tse nepahetseng haeba re matlafatsa tumelo ya rona ya hore lefatshe le letjha le haufi. Re boetse re na le mathata a hlokang hore re be le tumelo e matla. Re ka hloriswa, ra kula kapa ra etsahallwa ke dintho tse ding tse ka re nyahamisang. Qalong, re ka nna ra bona eka re tla kgona ho mamella mathata ao re nang le ona. Empa mathata a kang ana a ka nka nako e telele. Ka hoo, re hloka ho ba le tumelo e matla e le hore re mamelle le ho tswela pele re sebeletsa Jehova re thabile.—1 Pet. 1:6, 7. w23.04 27 ¶4-5
Labone la 19 June
Dulang le rapela.—1 Bathes. 5:17.
Jehova o batla hore re etse dintho tse dumellanang le dithapelo tsa rona. Ka mohlala, morabo rona a ka kopa hore Jehova a mo thuse hore a se ke a theohela ka letsatsi le itseng e le hore a ka kgona ho ya kopanong. Jehova a ka araba thapelo ya hae jwang? A ka nna a fa morabo rona eo sebete e le hore a bue le mohiri wa hae. Le ha ho le jwalo, morabo rona o ntse a hloka ho bua le mohiri wa hae mme a ka hloka ho bua le yena ka makgetlo a mmalwa. A ka boela a kopa hore a sebetse ka nako e nngwe kapa a ka kopa hore a se ke a patallwa letsatsi leo a sa theohelang ka lona. Jehova o batla hore re dule re mo bolella dintho tse re tshwenyang. Jesu o ile a bontsha hore dintho tse ding tseo re di rapellang re ke ke ra di fumana hanghang. (Luka 11:9) Ka hoo, o se ke wa kgaotsa ho rapela. Rapela ka tiyo mme o rapele ka makgetlo a mangata. (Luka 18:1-7) Ha re etsa jwalo, re bontsha Jehova hore ntho eo re e rapellang ke ya bohlokwa ho rona. Hape re bontsha hore re na le tumelo ya hore o tla re thusa. w23.11 22 ¶10-11
Labohlano la 20 June
Tshepo ha e swetse.—Bar. 5:5.
Jehova o ile a tshepisa motswalle wa hae Abrahama hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka lebaka la ngwana wa hae. (Gen. 15:5; 22:18) Abrahama o ne a kgodisehile hore tshepiso eo ya Modimo e tla phethahala hobane o ne a ena le tumelo e matla ho Modimo. Ho ntse ho le jwalo, ha Abrahama a le dilemo di 100 le mosadi wa hae a le dilemo di 90, ba ne ba ntse ba se na mora. (Gen. 21:1-7) Le ha ho le jwalo, Bibele e re: “Abrahama o ne a ena le tshepo le tumelo ya hore e tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata” jwalo ka ha ho ne ho boletswe.” (Bar. 4:18) O a tseba hore ntho eo Abrahama a neng a e tshepisitswe e ile ya phethahala. O ile a ba le mora ya bitswang Isaka eo e leng kgale a mo lebeletse. Ke hobaneng ha Abrahama a ne a kgodisehile hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae? Ka ha Abrahama e ne e le motswalle wa Jehova, “o ne a kgodisehile ka ho feletseng hore Modimo o tla phethahatsa tshepiso ya hae.” (Bar. 4:21) Jehova o ile a amohela Abrahama a ba a mo nka a lokile ka lebaka la tumelo ya hae.—Jak. 2:23. w23.12 8 ¶1-2
Moqebelo la 21 June
Motho ya tshepahalang dinthong tse nyenyane o tshepahala le ho tse kgolo mme motho ya sa tshepahaleng dinthong tse nyenyane ha a tshepahale le ho tse kgolo.—Luka 16:10.
Morabo rona e motjha ya ka tsheptjwang ke ya phethang mosebetsi wohle oo a o fuweng hantle. Nahana ka mohlala oo Jesu a re behetseng wona. E ne e le motho ya tsotellang a bile a ena le boikarabelo. O ile a phetha mosebetsi oo Jehova a neng a mo file wona, le hoja ka dinako tse ding ho ne ho le thata. O ne a rata batho, haholoholo barutuwa ba hae hoo a ileng a fana ka bophelo ba hae bakeng sa bona. (Joh. 13:1) Etsisa Jesu ka hore le wena o sebetse ka thata ho phetha mosebetsi oo o o fuweng. Haeba ha o tsebe ho etsa mosebetsi oo o o fuweng, eba motho ya ikokobeditseng ka hore o kope thuso ho bara ba bo rona ba tsebang mosebetsi oo. O se ke wa kgotsofalla feela ho etsa ho honyenyane. (Bar. 12:11) Ho ena le hoo, phetha mosebetsi oo o o fuweng “jwalo ka ha eka o o etsetsa Jehova eseng batho.” (Bakol. 3:23) O ka nna wa etsa diphoso hobane ha o a phethahala, ka hoo ikokobetse mme o amohele diphoso tsa hao.—Diprov. 11:2. w23.12 26 ¶8
Sontaha la 22 June
Ho hlohonolofatswe motho ya tshepang Jehova.—Jer. 17:7.
Ho a thabisa ho kolobetswa le ho ba karolo ya lelapa la Jehova. Ke tlotla e kgolo ho ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba nang le yona ba ka dumellana le mopesaleme Davida ya ileng a re: “Ho thaba motho eo o [Jehova] mo kgethang ebile o mo atametsa hore a dule mabaleng a hao.” (Pes. 65:4) Ha se batho bohle bao e ka bang metswalle ya Jehova. O kgetha batho ba bontshang hore ba batla ho ba metswalle ya hae. (Jak. 4:8) Ha o inehela ho Jehova mme o kolobetswa, o ka kgodiseha hore ka mora hore o kolobetswe, o tla o ‘tshollela ditlhohonolofatso ho fihlela o se o sa hloke letho.’ (Mal. 3:10; Jer. 17:8) Kolobetso ke qalo feela. O tla leka ka hohle hore o phethe boitlamo boo o bo entseng le hore o dule o tshepahala le ha o ka lekeha ho etsa ntho e fosahetseng kapa wa hlahelwa ke mathata. (Moek. 5:4, 5) Ka ha o morutuwa wa Jesu, o tla etsisa mohlala wa hae mme o leke ka hohle ho latela ditaelo tsa hae.—Mat. 28:19, 20; 1 Pet. 2:21. w24.03 8 ¶1-3
Mantaha la 23 June
Monna a tla siya ntate wa hae le mme wa hae mme a kgomarele mosadi wa hae.—Gen. 2:24.
O ka etsang haeba wena le molekane wa hao le sa thabele ho ba ha mmoho? Hopola mohlala wa mollo o besitsweng. Ha o besa mollo ha o qale o se o le mongata. O lokela ho kenya patsi e le hore o dule o le mongata. Ka ho tshwanang, ho ka ba jwang ha le ka qeta nako e itseng le le ha mmoho letsatsi le letsatsi? Etsang bonnete ba hore le etsa ntho eo le e thabelang le le babedi. (Jak. 3:18) Ha le etsa dintho tsena hanyane hanyane, le tla ratana le ho feta. Ke ha bohlokwa hore banyalani ba hlomphane. Tlhompho e tshwana le moya o etsang hore mollo o nne o tuke. Ha ho se na moya, mollo o ka tima. Ka ho tshwanang, ha banyalani ba sa hlomphane ba ka iphumana ba se ba sa ratane jwalo ka pele. Empa ha banyalani ba leka ka hohle hore ba hlomphane seo se etsa hore lerato la bona le nne le tuke. Hopola hore ntho ya bohlokwa ha se hore na wena o nahana hore o hlompha molekane wa hao empa ke hore na yena o bona o mo hlompha. w23.05 22 ¶9; 24 ¶14-15
Labobedi la 24 June
Ha ke tshwenyehile haholo, o ile wa ntshedisa wa ba wa etsa hore ke thabe.—Pes. 94:19.
Ka Bibeleng ho na le bahlanka ba Modimo bao ka dinako tse ding ba neng ba tshoha le ho thothometswa ke dira tsa bona kapa mathata a mang. (Pes. 18:4; 55:1, 5) Le rona re ka nna ra hanyetswa sekolong, mosebetsing, lapeng kapa ra hanyetswa ke mmuso. Re ka ba ra tshoha hore re tla shwa hobane re kula. Dinakong tse jwalo, re ka utlwa re sa tsebe hore na re lokela ho etsang. Maemong aa Jehova o re thusa jwang? O a re tshedisa hape o kokobetsa bohloko ba rona. Ka hoo, itlwaetse ho qeta nako le Jehova ka hore o mo rapele le ho bala Lentswe la hae. (Pes. 77:1, 12-14) Haeba o etsa jwalo, etlare ha o ena le mathata, motho wa pele eo o tla kopa thuso ho yena ke Ntate wa hao ya lehodimong. Bolella Jehova dintho tse o tshosang le tseo o tshwenyehileng ka tsona. Mo mamele ka hore o bale Lentswe la hae mme o tla bona hore na o o tshedisa jwang.—Pes. 119:28. w24.01 24-25 ¶14-16
Laboraro la 25 June
Modimo ke yena ya le matlafatsang. O etsa hore le be le tabatabelo ebile o le fa matla a hore le etse dintho tse mo kgahlisang.—Bafil. 2:13.
Ke ha bohlokwa ho ba le tabatabelo ya ho finyella seo o se rerileng. Ha o ena le tabatabelo ya ho finyella seo o se rerileng, o tla sebetsa ka thata hore o se finyelle. Haeba re ena le tabatabelo ya ho etsa ntho eo re e rerileng, re tla kgona ho e finyella. O ka etsang e le hore o be le tabatabelo ya ho finyella dintho tseo o di rerileng? Kopa Jehova hore a o thuse ho ba le tabatabelo ya ho finyella dintho tseo o di rerileng. Jehova a ka sebedisa moya wa hae o halalelang ho o thusa hore o finyelle seo o batlang ho se etsa. Re ipehela dintho tseo re batlang ho di etsa hobane re a tseba hore ho molemo ho etsa jwalo. Empa ka dinako tse ding re ka utlwa re se na tabatabelo ya ho etsa dintho tseo. Nahanisisa ka dintho tseo Jehova a o etseditseng tsona. (Pes. 143:5) Moapostola Pauluse o ile a nahanisisa ka mosa o moholo oo Jehova a ileng a mo bontsha wona mme seo se ile sa mo thusa hore a sebeletse Jehova ka hohle ka moo a ka kgonang ka teng. (1 Bakor. 15:9, 10; 1 Tim. 1:12-14) Ka ho tshwanang, haeba o nahanisisa ka dintho tseo Jehova a o etseditseng tsona, o tla ba le tabatabelo ya ho finyella dintho tseo o batlang ho di etsa.—Pes. 116:12. w23.05 27 ¶3-5
Labone la 26 June
Rorisang lebitso la Jehova.—Pes. 113:1.
Re thabisa Ntate wa rona ya lehodimong ha re rorisa lebitso la hae. (Pes. 119:108) Na taba ee e bolela hore Modimo wa rona ya matla ohle o tshwana le rona baetsadibe ba batlang ho roriswa hobane ba sa itshepe kapa hobane ba batla ho kgothatswa? Tjhe. Ha re rorisa Ntate wa rona ya lehodimong, re paka hore ntho eo Satane a e buileng ka rona ke leshano. Satane o re ha ho na motho ya tla sireletsa lebitso la Modimo ka botshepehi. Ho ya ka yena, kaofela ha rona ha re tshepahale. O re kaofela ha rona re ka lahla Modimo haeba re nahana hore ho ka re tswela molemo. (Jobo 1:9-11; 2:4) Empa Jobo o ile a tshepahala mme a bontsha hore Satane o leshano. Na le wena o tla etsisa Jobo? Kaofela ha rona re na le tlotla ya ho sireletsa lebitso la Ntate wa rona le ho mo thabisa ka ho mo sebeletsa ka botshepehi. (Diprov. 27:11) Ka nnete ke tlotla e kgolo ho etsa jwalo. w24.02 8-9 ¶3-5
Labohlano la 27 June
Tshepang baprofeta ba hae mme le tla atleha.—2 Dikron. 20:20.
Ka mora hore Moshe le Joshua ba shwe, Jehova o ile a kgetha baahlodi hore ba tataise batho ba hae. Ha ho se ho ena le marena Iseraele, Jehova o ile a kgetha baprofeta hore ba tataise batho ba hae. Marena a neng a tshepahala a ile a kopa keletso ho baprofeta. Ka mohlala, Morena Davida o ile a amohela kgalemelo ya moprofeta Nathane ka boikokobetso. (2 Sam. 12:7, 13; 1 Dikron. 17:3, 4) Morena Josafate o ile a mamela tataiso ya moprofeta Jahaziele mme a kgothaletsa batho ba Juda hore ba ‘tshepe baprofeta ba [Modimo].’ (2 Dikron. 20:14, 15) Ha Morena Ezekiase a ne a tshohile o ile a kopa thuso ya moprofeta Esaia. (Esa. 37:1-6) Ka mehla ha marena a ne a mamela tataiso ya Jehova, a ne a hlohonolofatswa ebile setjhaba se ne se sireletseha. (2 Dikron. 20:29, 30; 32:22) Ho ne ho hlakile hore Jehova o ne a sebedisa baprofeta ho tataisa batho ba hae. w24.02 21 ¶8
Moqebelo la 28 June
Le se ke la itswakanya le bona.—Baef. 5:7.
Satane o batla hore re tlwaelane le batho ba etsang hore ho be thata ho mamela melao ya Jehova. Re lokela ho hopola hore ha re qete nako le batho ka seqo feela empa re boetse re qeta nako le bona metjheng ya puisano. Re lokela ho lwantsha boikutlo boo batho ba bangata lefatsheng lena ba nang le bona ba ho nahana hore boitshwaro bo bobe bo a amoheleha. Re a tseba hore bo fosahetse. (Baef. 4:19, 20) Le ha ho le jwalo, ke hantle hore re ipotse: ‘Na ke qeta nako ho sa hlokahale le basebetsimmoho le nna, bana bao ke kenang ka tlelaseng le bona kapa batho ba bang ba sa hlompheng melao ya Jehova e lokileng? Na ka sebete ke mamela melao ya Jehova le haeba batho ba bang ba ka re ha ke amohele batho ba bang le tsela eo ba phelang ka yona?’ Jwalo ka ha 2 Timothea 2:20-22 e bontsha, re ka nna ra tlameha ho ba hlokolosi ha re kgetha metswalle le ka phuthehong. Re a hopola hore ba bang ba ka nna ba se ke ba re thusa ho dula re tshepahalla Jehova. w24.03 22-23 ¶11-12
Sontaha la 29 June
Jehova o lerato.—Jak. 5:11.
Na o kile wa ipotsa hore na Jehova o jwang? Le hoja Jehova a sa bonahale, Bibele e mo hlalosa ka ditsela tse fapaneng. Jehova o bitswa “letsatsi le thebe” le “mollo o fedisang.” (Pes. 84:11; Baheb. 12:29) Ezekiele o ile a ba le pono eo ho yona Jehova a neng a tshwana le lejwe la safire, tshepe e kganyang le mookodi. (Ezek. 1:26-28) Re ka nna ra fumana ho le thata ho dumela hore Jehova o a re rata hobane ha re mo bone. Batho ba bang ba nahana hore Jehova a ke ke a ba rata le ka mohla ka lebaka la dintho tse bohloko tse ba etsahaletseng nakong e fetileng. Jehova o a utlwisisa ha re ikutlwa ka tsela eo ebile o a utlwisisa hore na ke hobaneng ha ho ka ba thata ho atamela haufi le yena. O re thusa ka hore a re hlalosetse ka Lentsweng la hae hore na ke Modimo ya jwang. Lentswe le hlalosang Jehova hantle ke lerato. Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Le susumetsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang. Lerato leo Modimo a nang le lona le mofuthu ebile le matla hoo a le bontshang le batho ba sa mo rateng.—Mat. 5:44, 45. w24.01 26 ¶1-3
Mantaha la 30 June
O ne a bua le bona a le lerung.—Pes. 99:7.
Jehova o ile a kgetha Moshe hore a ntshe Baiseraele Egepeta a ba a ba fa bopaki bo bontshang hore o ne a ba tataisa a sebedisa Moshe. Motshehare o ne a ba etella pele ka leru le kang pilara mme bosiu a ba etella pele ka mollo o kang pilara. (Ex. 13:21) Moshe o ne a latela pilara eo e neng e lebisa yena le Baiseraele Lewatleng le Lefubedu. Baiseraele ba ile ba tshoha hobane ba ne ba nahana hore Baegepeta ba tla ba bolaya. Empa o ne a sa etsa phoso. Jehova o ile a sebedisa Moshe hore a ise batho ba hae moo. (Ex. 14:2) Modimo o ile a ba pholosa ka mohlolo. (Ex. 14:26-28) Dilemo tse 40 ka mora moo, Moshe o ile a dula a latela leru leo Modimo a neng a le sebedisa ho tataisa batho ba hae ha ba ne ba le lefeelleng. (Ex. 33:7, 9, 10) Jehova o ne a sebedisa leru leo ho bua le Moshe ebe Moshe o bolella Baiseraele ditaelo tse tswang ho Jehova. Ka hoo, Baiseraele ba ne ba ena le bopaki ba hore Jehova o ba tataisa a sebedisa Moshe. w24.02 21 ¶4-5