November
Moqebelo la 1 November
O etsa hore masea le bana ba banyenyane ba o rorise.—Mat. 21:16.
Haeba o motswadi, thusa bana ba hao hore ba lokisetse dikarabo ho latela dilemo tsa bona. Ka dinako tse ding ha re le dibokeng, re ka ithuta dintlha tse buang ka lenyalo kapa boitshwaro empa ho ka nna ha eba le dirapa tseo ngwana a ka kgonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utlwisisa hore ha se ka mehla ba ka kgethwang ha ba batla ho arabela. Ha ba utlwisisa taba ena ba ke ke ba utlwa bohloko haeba ba sa kgethwe. (1 Tim. 6:18) Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka dikarabo tse tla kgothatsa Bakrestemmoho le ho tlotlisa Jehova. (Diprov. 25:11) Ka dinako tse ding re ka nna ra bua ka dintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Diprov. 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho lwanela ho bua ka Jehova, Lentswe la hae le batho ba hae.—Tshen. 4:11. w23.04 24-25 ¶17-18
Sontaha la 2 November
A re se keng ra robala jwalo ka ha ba bang ba robetse empa re dule re fadimehile ebile re ena le dikelello tse hlaphohetsweng.—1 Bathes. 5:6.
Ke ha bohlokwa hore re be le lerato e le hore re dule re fadimehile le ho hlaphohelwa kelellong. (Mat. 22:37-39) Ho rata Modimo ho re thusa hore re mamelle ha re ntse re etsa mosebetsi wa boboledi le hoja re ka hlahelwa ke mathata. (2 Tim. 1:7, 8) Ka ha re rata le batho ba sa sebeletseng Jehova, re dula re ba bolella ditaba tse monate ebile re a ba founela le ho ba ngolla mangolo ho ba bolella molaetsa oo. Re dula re ena le tshepo ya hore ka le leng batho bao ba tla fetoha, ba etse dintho tse nepahetseng. (Ezek. 18:27, 28) Re rata Bakrestemmoho le rona. Re bontsha hore re a ratana ka “ho kgothatsana le ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) Re a kgothatsana jwalo ka masole a lwanang ntweng. Re ke ke ra utlwisa bara le baradi ba bo rona bohloko ka boomo kapa ra iphetetsa ha ba re utlwisitse bohloko. (1 Bathes. 5:13, 15) Hape re bontsha hore re rata bara ba bo rona ba etellang pele phutheho ka ho ba hlompha.—1 Bathes. 5:12. w23.06 10 ¶6; 11 ¶10-11
Mantaha la 3 November
Ha [Jehova] a buile ntho, na a ke ke a e etsa?—Num. 23:19.
Tsela ya pele ya ka moo re ka matlafatsang tumelo ya rona ke ho nahana ka sehlabelo sa Jesu. Sehlabelo sena se a re kgodisa hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala. Ha re nahana ka hore na ke hobaneng ha Jesu a ile a re shwela le hore na Jehova o tetseng, seo se matlafatsa tumelo ya rona le ho re kgodisa hore Jehova o tla phethahatsa tshepiso ya hae ya ho re fa bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Jehova o ile a telang? Jehova o ile a romela Mora wa hae wa letsibolo eo a mo ratang hore a tlohe lehodimong a tlo phela mona lefatsheng e le motho ya phethahetseng. Ha a le mona lefatsheng, o ile a mamella maemo a thata. O ile a hloriswa a ba a bolawa ka sehloho. Jehova o tetse ntho e kgolo e le ka nnete. Modimo wa rona ya lerato a ka be a sa fana ka Mora wa hae hore a hloriswe le ho bolawa ka sehloho hore feela re phele ka nakwana. (Joh. 3:16; 1 Pet. 1:18, 19) Ka ha Jehova o ile a fana ka Mora wa hae eo a mo ratang ho re thusa, o tla etsa bonnete ba hore re fumana bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha. w23.04 27 ¶8-9
Labobedi la 4 November
Lefu, metsu ya hao e hlabang e hokae?—Hos. 13:14.
Na Jehova o batla ho tsosa bafu? Ka nnete o batla ho ba tsosa. O ile a susumeletsa batho ba mmalwa hore ba ngole ka tshepiso ena ka Bibeleng. (Esa. 26:19; Tshen. 20:11-13) Jehova o dula a phethahatsa dintho tseo a di tshepisitseng. (Josh. 23:14) Ha e le hantle Jehova o labalabela ho tsosa bafu. Nahana ka seo Jobo a ileng a se bua. O ne a kgodisehile hore le haeba a ne a ka shwa, Jehova o ne a tla hlolohelwa ho mo bona hape. (Jobo 14:14, 15, nal.) Jehova o ikutlwa ka tsela e tshwanang ka bahlanka bohle ba hae ba hlokahetseng. O labalabela ho ba tsosa ba phetse hantle ebile ba thabile. Empa ho tla etsahalang ka batho ba dibilione ba hlokahetseng ba sa ka ba fumana monyetla wa ho ithuta ka Jehova? Le bona Modimo wa rona ya lerato o batla ho ba tsosa. (Dik. 24:15) O batla ho ba fa monyetla wa hore e be metswalle ya hae le wa hore ba phele ka ho sa feleng lefatsheng.—Joh. 3:16. w23.04 9 ¶5-6
Laboraro la 5 November
Modimo o tla re fa matla.—Pes. 108:13.
O ka etsang e le hore tshepo ya hao e be matla le ho feta? Haeba o na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng, bala ditemana tsa Bibele tse buang ka Paradeise mme o nahanisise ka tsona. (Esa. 25:8; 32:16-18) Nahana ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha. Ipone o le moo. Haeba re dula re nahanisisa ka tshepo eo re nang le yona ya lefatshe le letjha, mathata a rona e tla ba ‘a nakwana mme a be bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Tshepo eo Jehova a o fileng yona e tla o matlafatsa. O se a ntse a o file dintho tseo o di hlokang e le hore o fumane matla a tswang ho yena. Ka hoo, ha o hloka matla e le hore o etse mosebetsi o itseng, o mamelle mathata kapa o dule o thabile, rapela Jehova ho tswa pelong mme o ithute Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng e le hore o fumane tataiso ya hae. Amohela dikgothatso tseo Bakrestemmoho le wena ba o fang tsona. Dula o nahanisisa ka tshepo eo o nang le yona ka bokamoso. Ha o etsa jwalo, Modimo o tla o ‘matlafatsa ka matla a hae a maholo, e le hore o tle o mamelle dintho tsohle o tiiseditse ebile o thabile.’—Bakol. 1:11. w23.10 17 ¶19-20
Labone la 6 November
Le lebohele dintho tsohle.—1 Bathes. 5:18.
Re na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova ha re mo rapela. Re ka mo leboha bakeng sa eng kapa eng e molemo eo re nang le yona hobane mpho e nngwe le e nngwe e molemo e tswa ho yena. (Jak. 1:17) Ka mohlala, re ka mo leboha ka lefatshe le letle leo a le bopileng le dintho tse ding tse hlollang tseo a di entseng. Re ka boetse ra mo leboha bakeng sa bophelo, malapa a rona, metswalle ya rona le tshepo ya bokamoso eo re nang le yona. Hape re lokela ho leboha Jehova hore ebe o re dumeletse ho ba metswalle ya hae. Re ka nna ra lokela ho etsa boiteko bo kgethehileng ba ho nahana ka mabaka a ho leboha Jehova. Batho ba bangata mehleng ena ha ba na teboho. Ba nahana haholo ka hore na ba ka fumana dintho tseo ba di batlang jwang ho ena le ho nahana hore na ba ka etsang ho bontsha teboho bakeng sa dintho tseo ba nang le tsona. Haeba re tshwaetswa ke mokgwa ona, dithapelo tsa rona e tla dula e le dikopo feela. Ho qoba hore seo se re etsahalle, re lokela ho itlwaetsa ho dula re bontsha kananelo bakeng sa dintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona.—Luka 6:45. w23.05 4 ¶8-9
Labohlano la 7 November
A kope a ena le tumelo, a sa belaele ho hang.—Jak. 1:6.
Ka ha Jehova ke Ntate wa rona ya lerato, ha a batle ho bona re utlwa bohloko. (Esa. 63:9) Le ha ho le jwalo, ha a thibele hore re se ke ra hlahelwa ke mathata ohle a tshwanang le dinoka kapa malakabe. (Esa. 43:2) Empa o re tshepisa hore o tla re thusa hore re fete mathateng ao. Hape a ke ke a dumella hore mathata a re hlahelang a etse hore re se ke ra kgona ho mo sebeletsa. Jehova o boetse o re fa moya wa hae o halalelang ho re thusa hore re mamelle. (Luka 11:13; Bafil. 4:13) Ka hoo, re ka kgodiseha hore o tla dula a re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re mamelle le hore re dule re mo tshepahalla. Jehova o batla hore re mo tshepe. (Baheb. 11:6) Ka dinako tse ding, re ka bona eka mathata a re hlwele setha. Re ka nna ra belaella le hore Jehova o tla re thusa. Empa Bibele e a re tiisetsa hore Modimo a ka re fa matla a hore re kgone ho “tlola lerako.” (Pes. 18:29) Ka hoo, ho ena le hore re be le dipelaelo re lokela ho rapela Jehova mme re tshepe hore o tla araba dithapelo tsa rona.—Jak. 1:6, 7. w23.11 22 ¶8-9
Moqebelo la 8 November
Malakabe a lerato ke mollo o tjhesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, le dinoka di ke ke tsa le hohola.—Sefela 8:6, 7.
Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la nnete ka yona. Mantswe ana a kgothatsa banyalani hore ba ka kgona ho ratana le ho feta. Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba dule ba ratana ha feela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsweng o ka tuka ka nako e telele ha feela ho ntse ho kenngwa patsi. Haeba ho se na motho ya ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tshwanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka dula le le matla ha feela ba le matlafatsa. Ka dinako tse ding, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana jwalo ka pele, haholoholo ha ba ena le mathata a ditjhelete, ba kula kapa ba hodisa bana. Banyalani e lokela ho ba metswalle ya Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le dule le tuka. w23.05 20-21 ¶1-3
Sontaha la 9 November
O se ke wa tshoha.—Dan. 10:19.
Re lokela ho etsang e le hore re be sebete? Batswadi ba rona ba ka nna ba re kgothaletsa hore re be sebete empa ba ke ke ba etsa hore re be sebete jwalo ka bona. Ho ba sebete ho tshwana le ho ithuta ntho e ntjha. Tsela e nngwe eo o ka ithutang ntho e ntjha ke ka hore o shebe dintho tseo motho ya o rutang a di etsang mme o mo etsise. Ka ho tshwanang, le rona re ba sebete ka hore re ithute mohlaleng wa batho ba bontshang sebete. Le rona re lokela ho tseba Lentswe la Modimo hantle jwalo ka Daniele. Re lokela ho ba metswalle ya Jehova ka hore re dule re bua le yena mme re mo bolelle hore na re ikutlwa jwang. Hape re lokela ho tshepa Jehova le ho kgodiseha hore o tla dula a re thusa. Ha re etsa jwalo, re tla ba sebete ha re hlahelwa ke mathata. Batho ba hlompha batho ba sebete. Hape batho ba sebete ba ka thusa batho ba bang hore ba tsebe Jehova. Ka hoo, re na le mabaka a utlwahalang a hore re be sebete. w23.08 2 ¶2; 4 ¶8-9
Mantaha la 10 November
Etsang bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.—1 Bathes. 5:21.
Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “etsang bonnete” le ne le sebediswa ha ho hlahlojwa hore na dintho tsa bohlokwa tse kang kgauta le silevera ke tsa nnete. Ka hoo, re lokela ho dula re hlahloba hore na dintho tseo re di utlwang kapa tseo re di balang ke nnete. Ke ha bohlokwa le ho feta hore le rona re etse jwalo ka ha mahlomola a maholo a ntse a atamela. Ho ena le hore re dumele ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba bang ba e buang, re bapisa dintho tseo re di balang le tseo re di utlwang le seo Bibele le mokgatlo wa Jehova o se buang. Ha re etsa jwalo, re ke ke ra kgeloswa ke dipolelo tse susumetswang ke bademona. (Diprov. 14:15; 1 Tim. 4:1) Re a tseba hore bahlanka ba Modimo ba tla pholoha nakong ya mahlomola a maholo. Le ha ho le jwalo, ha re tsebe hore na ho tla etsahalang ka e mong le e mong wa rona nakong e tlang. (Jak. 4:14) Haeba re dula re tshepahala, re tla fumana bophelo bo sa feleng, ebang re tla phela ho fihlela mahlomola a maholo a fihla kapa re tla shwa pele ho ona. E se eka kaofela ha rona re ka dula re nahana ka tshepo eo re nang le yona le ho itokisetsa letsatsi la Jehova. w23.06 13 ¶15-16
Labobedi la 11 November
O bolella bahlanka ba hae lekunutu la hae.—Amose 3:7.
Ha re tsebe hore na boprofeta bo bong ba Bibele bo tlo phethahala jwang. (Dan. 12:8, 9) Taba ya hore ha re tsebe hantle hore na boprofeta bo itseng bo tla phethahala jwang ha e bolele hore bo ke ke ba phethahala. Re kgodisehile hore Jehova o tla re thusa ho utlwisisa dintho tseo re hlokang ho di tseba ka nako e loketseng feela jwalo ka ha a ile a etsa nakong e fetileng. Ho na le nako eo ho tla etswa phatlalatso ya “kgotso le tshireletseho.” (1 Bathes. 5:3) Ka mora moo, mebuso ya lefatshe e tla hlasela bodumedi ba bohata ebe e a bo fedisa. (Tshen. 17:16, 17) Mebuso ena e tla boela e hlasele batho ba Modimo. (Ezek. 38:18, 19) Diketsahalo tsena di tla etsa hore ntwa ya ho qetela e leng ya Armagedone e qale. (Tshen. 16:14, 16) Re kgodisehile hore diketsahalo tsena di tlo etsahala haufinyane. Hona jwale a re bontsheng hore re ananela boprofeta boo Ntate wa rona ya re ratang a re fileng bona ka hore re ithute bona le ho thusa batho ba bang hore ba bo tsebe. w23.08 13 ¶19-20
Laboraro la 12 November
A re duleng re ratana hobane lerato le tswa ho Modimo.—1 Joh. 4:7.
Ha moapostola Pauluse a bua ka tumelo, tshepo le lerato, o ile a re “ya bohlokwa ho di feta ke lerato.” (1 Bakor. 13:13) Ke hobaneng ha a ne a tjho jwalo? Nakong e tlang ho ke ke ha hlokahala hore re be le tumelo ditshepisong tsa Modimo tsa lefatshe le letjha kapa hore re be le tshepo ya hore di tla phethahala hobane di tla be di se di phethahetse. Empa re tla dula re tlameha ho rata Jehova le batho. Ha e le hantle, lerato leo re ba ratang ka lona le tla dula le eketseha ka ho sa feleng. Hape ha re ratana, re a bontsha hore re Bakreste ba nnete. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka.” (Joh. 13:35) Hape ho ratana ho etsa hore re dule re momahane. Pauluse o ile a re “lerato le etsa hore batho ba utlwane.” (Bakol. 3:14) Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakrestemmoho le yena a re: “Ya ratang Modimo o lokela ho rata le ngwanabo.” (1 Joh. 4:21) Ha re ratana, re a bontsha hore re rata Modimo. w23.11 8 ¶1, 3
Labone la 13 November
A re lahleng dintho tsohle tse re imelang.—Baheb. 12:1.
Bibele e tshwantsha bophelo ba Bakreste le peiso. Dimathi tse fihlang qetellong ya peiso di tla fumana bophelo bo sa feleng. (2 Tim. 4:7, 8) Re lokela ho sebetsa ka thata hore re nne re mathe peisong ena hobane re se re le haufi le ho e qeta. Moapostola Pauluse o ile a bua ka dintho tse ka re thusang hore re hlole peisong. O ile a re kgothaletsa hore ‘re lahle dintho tsohle tse ka re imelang mme . . . re mathe ka mamello peisong e ka pela rona.’ Na Pauluse o ne a bolela hore ha ho na dintho tseo Mokreste a lokelang ho di etsa? Tjhe empa o ne a bolela hore re lokela ho tlohela ho etsa dintho tse ka re imelang ho sa hlokahale. Dintho tsena di ka re sitisa mme tsa etsa hore re kgathale. E le hore re mamelle, re lokela ho sheba hore na ho na le dintho tseo re ikimetsang ka tsona ho sa hlokahale ebe re tlohela ho di etsa. Le ha ho le jwalo, ha re batle ho lebala dintho tseo re lokelang ho di etsa, ho seng jwalo re ke ke ra fihla qetellong ya peiso ena.—2 Tim. 2:5. w23.08 26 ¶1-2
Labohlano la 14 November
Botle ba lona e se ke ya eba ba dintho tseo batho ba di bonang.—1 Pet. 3:3.
Ho fetoha le maemo ho re thusa hore re hlomphe tsela eo batho ba bang ba etsang dintho ka yona. Ka mohlala, baradi ba bo rona ba bang ba rata ho itlotsa ka makeup, ha ba bang bona ba sa rate. Bakreste ba bang ba nwa jwala empa ba bang ba kgetha ho se nwe ho hang. Bakreste bohle ba batla ho phela hantle mmeleng empa ba kgetha mekgwa e sa tshwaneng ya ho ba le bophelo bo botle. Haeba re nahana hore re dula re nepile ebile re kgothaletsa bara le baradi ba bo rona ho etsa dintho tseo re di etsang, re ka qetella re ba kgopisa le ho etsa hore ho se ke ha eba le kgotso ka hare ho phutheho. (1 Bakor. 8:9; 10:23, 24) Ka mohlala, Jehova ha a re laele hore na re apareng empa o re file melaomotheo e re thusang hore re apare le ho itokisa hantle. Re lokela ho apara ka tsela e bontshang hore re bahlanka ba Modimo, re nahanela batho ba bang, re a itlhompha ebile ‘re na le kelello.’ (1 Tim. 2:9, 10) Ka hoo, ha re batle hore tsela eo re aparang ka yona e re bitsetse mahlo a batho ho sa hlokahale. Melaomotheo ya Bibele e boetse e thusa baholo hore ba qobe ho behela batho melao ya hore na ba apare le ho lokisa moriri jwang. w23.07 23-24 ¶13-14
Moqebelo la 15 November
Mmameleng ka hloko mme le je dijo tse nang le phepo. Le tla thaba haholo ka lebaka la dijo tse matlafatsang e le ka nnete.—Esa. 55:2.
Jehova o re bontsha hore na re ka etsang e le hore re be le bokamoso bo tjhabileng. Batho ba amohelang memo ya “mosadi ya se nang kelello” ba leka ho ithabisa ka ho etsa boitshwaro bo bobe. Dintho tseo ba di etsang di lebisa lefung.” (Diprov. 9:13, 17, 18) Batho ba amohelang memo ya mosadi ya tshwantshetsang “bohlale” bona ba tla ba le bokamoso bo tjhabileng. (Diprov. 9:1) Re ithuta ho rata dintho tseo Jehova a di ratang le ho hloya tseo a di hloileng. (Pes. 97:10) Re thabile hobane re mema batho ba bang hore ba rutwe ke Jehova. Re tshwana le basebetsi ‘ba hweletsang ba le qhoweng ya motse ba re: “Mang kapa mang ya se nang tsebo a ke a fapohele mona.”’ Melemo eo re tla e fumana ha mmoho le batho ba amohelang memo ena ha se ya hona jwale feela. Ke ya nako e telele e tla re thusa hore re “phele” ka ho sa feleng ha re “tswela pele ho tsamaya tseleng ya kutlwisiso.”—Diprov. 9:3, 4, 6. w23.06 24 ¶17-18
Sontaha la 16 November
Ya diehang ho halefa o molemo ho feta monna ya matla mme ya laolang bohale ba hae o molemo ho feta motho ya hapang motse.—Diprov. 16:32.
O ikutlwa jwang ha motho eo o sebetsang le yena kapa eo o kenang sekolo le yena a o botsa ka dintho tseo o di dumelang? Na o a tshoha? Bongata ba rona re a tshoha. Empa dipotso tse jwalo di re thusa ho utlwisisa hore na batho ba bang ba nahanang le hore na ba dumelang. Hape di re fa monyetla wa hore re ba bolelle ditaba tse monate tse tswang ka Bibeleng. Ka dinako tse ding, motho a ka re botsa potso hobane a batla ho ngangisana le rona. Ha re a lokela ho makala ha seo se etsahala hobane batho ba bang ba boleletswe dintho tseo e seng nnete ka dintho tseo re di dumelang. (Dik. 28:22) Taba e nngwe hape ke hore re phela “mehleng ya bofelo” eo batho “ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe” ebile ba le “bohale bo tshosang.” (2 Tim. 3:1, 3) O ka nna wa ipotsa: ‘Nka ba mosa le ho bontsha temoho jwang ha ke bua le motho ya ngangisanang le nna ka dintho tseo ke di dumelang?’ O ka thuswa ke hore o be bonolo. Motho ya bonolo ha a halefe kapele ebile o kgona ho laola maikutlo a hae haeba batho ba bang ba mo halefisa. w23.09 14 ¶1-2
Mantaha la 17 November
O tla ba beha hore e be dikgosana lefatsheng lohle.—Pes. 45:16.
Ka dinako tse ding, re fuwa keletso e re sireletsang dinthong tse kang ho rata tjhelete le ho etsa dintho tse ka etsang hore re tlole melao ya Modimo. Re fumana melemo haeba re mamela tataiso eo Jehova a re fang yona dinthong tsena. (Esa. 48:17, 18; 1 Tim. 6:9, 10) Ha ho pelaelo hore Jehova o tla tswela pele a ntse a sebedisa batho ho re fa tataiso nakong ya mahlomola a maholo ho fihlela nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete. Na re tla dula re latela tataiso eo re e fuwang? Re tla nolofallwa ke ho etsa jwalo haeba re latela tataiso ya Jehova hona jwale. Ka hoo, a re duleng re latela tataiso ya Jehova ho akareletsa le eo re e fuwang ke bara ba bo rona ba behilweng hore ba re hlokomele. (Esa. 32:1, 2; Baheb. 13:17) Ha re etsa jwalo, re ba le mabaka a mangata a ho tshepa Jehova ya re tataisang hobane o re thusa hore re se ke ra etsa dintho tse tla senya kamano ya rona le yena le ho re sitisa hore re fumane bophelo bo sa feleng lefatsheng le letjha. w24.02 25 ¶17-18
Labobedi la 18 November
O le pholositse hobane a le mosa.—Baef. 2:5.
Moapostola Pauluse o ne a thabela ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a kopana le mathata a mangata. Ka dinako tse ding Pauluse o ne a nka maeto a malelele mme ho ne ho se bonolo ho nka maeto ka nako eo. Ha a ntse a tsamaya, o ile a “tobana le dikotsi dinokeng” le “dikotsi tsa mashodu.” Ka dinako tse ding dira tsa hae di ne di mo otla. (2 Bakor. 11:23-27) Hape ka dinako tse ding Bakrestemmoho le Pauluse ba ne ba sa ananele dintho tseo a neng a ba etsetsa tsona. (2 Bakor. 10:10; Bafil. 4:15) Pauluse o ile a thuswa keng hore a tswele pele a sebeletsa Jehova? O ile a ithuta ka Jehova haholwanyane ha a bala Mangolo le ho bona ka moo Jehova a mo thusitseng ka teng tshebeletsong ya hae. Pauluse o ne a kgodisehile hore Jehova Modimo o a mo rata. (Bar. 8:38, 39; Baef. 2:4, 5) Sena se ile sa etsa hore a rate Jehova le ho feta. Pauluse o ile a bontsha hore o rata Jehova ka ho sebeletsa badumedimmoho le yena.—Baheb. 6:10. w23.07 9 ¶5-6
Laboraro la 19 November
Le hlomphe balaodi ba phahameng.—Bar. 13:1.
Batho ba bangata ba dumellana le taba ya hore re hloka mebuso le hore re lokela ho mamela e meng ya melao ya “balaodi ba phahameng.” Le ha ho le jwalo, bona batho bao ba ka nna ba eba leqe ho mamela molao oo ba sa o rateng kapa oo ba utlwang eka ha o na toka. Bibele e a bontsha hore mebuso ya lefatshe e sotla batho, e laolwa ke Satane le hore haufinyane e tla fediswa. (Pes. 110:5, 6; Moek. 8:9; Luka 4:5, 6) E boetse e re “ya hanyetsang bolaodi o hanyetsa seo Modimo a se thehileng.” Hona jwale Jehova o ntse a dumeletse balaodi ba phahameng hore ba buse e le hore dintho di nne di be taolong mme o lebelletse hore re ba mamele. Ka hona, re lokela ho ‘fa bohle tse ba lokelang.’ Dintho tseo di akareletsa lekgetho, tlhompho le ho mamela. (Bar. 13:1-7) Re ka nna ra utlwa ho le thata ho mamela molao o itseng, ra bona o se na toka kapa o re hloka tjhelete e ngata hore re o mamele. Empa re mamela Jehova mme ke yena ya reng re mamele balaodi bana ba phahameng ha feela ba sa re re tlole melao ya hae.—Dik. 5:29. w23.10 8 ¶9-10
Labone la 20 November
Moya o halalelang wa Jehova o mo fa matla.—Baahl. 15:14.
Samsone o hlahile nakong eo Bafilista ba neng ba busa Baiseraele ba bile ba ba hatella. (Baahl. 13:1) Baiseraele ba ne ba sotlehile haholo ka lebaka la kgatello eo. Jehova o ile a kgetha Samsone hore e be yena “ya etellang pele ho pholosa Baiseraele ho Bafilista.” (Baahl. 13:5) E le hore Samsone a kgone ho phetha mosebetsi oo, o ne a tla lokela ho tshepa Jehova. Ka le leng lebotho la Bafilista le ile la tla motseng wa Lehi ho tla tshwara Samsone. E ka nna yaba Lehi e ne e le motse wa Juda. Banna ba Juda ba ne ba tshohile yaba ba etsa qeto ya ho fana ka Samsone ho ba direng. Batho ba habo Samsone ba ile ba mo tlama ka diropo tse pedi tse ntjha yaba ba mo isa ho Bafilista. (Baahl. 15:9-13) Le ha ho le jwalo, ‘moya o halalelang wa Jehova wa mo fa matla’ yaba o kgaola diropo tseo. Ka mora moo, “a fumana lesapo la mohlahare wa tonki e tona e sa tswa shwa,” a le nka yaba o bolaya banna ba Bafilista ba 1000 ka lona.—Baahl. 15:14-16. w23.09 2 ¶3-4
Labohlano la 21 November
Taba ena e dumellana le morero wa hae o dulang o le teng ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa, o amanang le Kreste Jesu Morena wa rona.—Baef. 3:11.
Jehova o senotse “morero wa hae o dulang o le teng ka ho sa feleng” ka Bibeleng hanyane ka hanyane. Ka mehla merero ya Modimo e a phethahala hobane “o etsa hore ntho e nngwe le e nngwe e phethe morero wa hae.” (Diprov. 16:4) Dintho tseo Jehova a di etsang di tla dula di le teng ka ho sa feleng. Morero wa Jehova ke ofe mme o ile a etsa diphetoho dife hore a o phethahatse? Modimo o ile a bolella Adama le Eva morero wa hae. O ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse, le laole . . . diphoofolo” tse lefatsheng. (Gen. 1:28) Ha Adama le Eva ba fetohela Modimo mme ba etsa hore batho e be baetsadibe, morero wa Jehova ha o a ka wa sitiseha. Jehova o ile a fetola tsela eo a tla phethahatsa morero wa hae ka yona. Hanghang o ile a rera hore ho be le Mmuso o lehodimong o tla phethahatsa morero wa hae bakeng sa batho le lefatshe.—Mat. 25:34. w23.10 20 ¶6-7
Moqebelo la 22 November
Haeba Jehova a ne a sa nthusa, nkabe ke shwele.—Pes. 94:17.
Jehova a ka re thusa hore re tswele pele re mo sebeletsa. Ho ka ba thata hore re tswele pele re sebeletsa Jehova, haholo haeba re dula re etsa phoso e tshwanang. Ka dinako tse ding bothata boo re nang le bona bo ka bonahala bo le boima ho feta boo moapostola Petrose a neng a ena le bona. Empa Jehova a ka re thusa hore re se ke ra dula re nyahame. (Pes. 94:18, 19) Ka mohlala, morabo rona e mong o ne a ratana le banna ba bang ka dilemo tse ngata pele e eba Paki ya Jehova. Ka mora hore a hlokomele hore tsela eo a phelang ka yona e fosahetse, o ile a etsa qeto ya ho fetoha. Le ha ho le jwalo, o ntse a lwantshana le ditakatso tseo tse fosahetseng. Keng e ileng ya mo thusa hore a se ke a nyahama? O re: “Jehova ke yena ya re thusang. O sebedisa moya wa hae o halalelang ho nthusa hore ke phele ka tsela eo a e batlang. Jehova o ntse a mpha monyetla wa hore ke sebediswe ka phuthehong ebile o mpha matla a hore ke tswele pele ke mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata bona boo ke ntseng ke lwantshana le bona.” w23.09 23 ¶12
Sontaha la 23 November
Motho ya ikokobeditseng a bile a tshaba Jehova o tla fumana maruo, tlhompho le bophelo.—Diprov. 22:4.
Bara ba bo rona ba batjha, le tla lokela ho sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. Le lokela ho kgetha mehlala e metle eo le ka e etsisang, le be batho ba nang le kelello, ba ka tsheptjwang, le ithute ho etsa mesebetsi e itseng le be le itokisetse boikarabelo boo le tla ba le bona nakong e tlang. Ha le nahana ka dintho tsena le ka utlwa eka le na le mosebetsi o mongata empa le ka atleha. Hopolang hore Jehova o ikemiseditse ho le thusa. (Esa. 41:10, 13) Hape Bakrestemmoho le lona ba ikemiseditse ho le thusa. Ha o se o le monna wa Mokreste ya nang le tumelo e matla o tla thabela bophelo le Jehova o tla o hlohonolofatsa. Re le rata haholo lona bara ba bo rona ba batjha. E se e ka Jehova a ka le hlohonolofatsa ha le ntse le sebetsa ka thata hore le be banna ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. w23.12 29 ¶19-20
Mantaha la 24 November
Iphapanyetse phoso.—Diprov. 19:11.
A re re o na le bana beno moketeng mme ho monate. Le nka foto le le sehlopha. Ka mora moo, le nka difoto tse ding tse pedi e le hore le be le tse ding haeba ya pele e sa tswa hantle. O qetella o se o ena le difoto tse tharo empa ha o sheba e nngwe o a bona hore morabo rona e mong o sosobantse sefahleho. Ka hoo o a e hlakola hobane o ntse o ena le difoto tse ding tse pedi moo batho bohle ba bososetseng ha mmoho le morabo rona eo. Hangata re hopola dinako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e nngwe Mokrestemmoho le wena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ya o utlwisa bohloko. Re lokela ho etsang haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela jwalo ka ha re ne re tla hlakola foto e seng hantle? (Baef. 4:32) Re ka kgona hobane re hopola dinako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le yena. Ke tsona dintho tseo re lokelang ho di hopola le ho di ananela. w23.11 12-13 ¶16-17
Labobedi la 25 November
Basadi le bona ba ikgabise ka ho apara hantle, . . . ba ikgabise ka diketso tse lokileng e leng yona tsela ya ho ikgabisa e tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.—1 Tim. 2:9, 10.
Mantswe a Segerike a sebedisitsweng ditemaneng tsena a bontsha hore basadi ba Bakreste ba lokela ho apara ka tsela e hlomphehang le e bontshang hore ba nahanela maikutlo a batho ba bang. Ka nnete re motlotlo ka baradi ba bo rona ba aparang ka tsela e hlomphehang. Baradi ba bo rona kaofela ba boetse ba lokela ho bontsha hore ba na le tumelo e matla ka hore ba be le temoho. Temoho keng? Ke bokgoni ba ho tseba hore na ntho e nepahetseng le e fosahetseng ke efe ebe o kgetha ho etsa ntho e nepahetseng. Nahana ka mohlala wa Abigaile. Monna wa hae o ile a etsa qeto e fosahetseng e neng e tla tlisetsa yena le ba lelapa la hae mathata. Ho na le ntho eo Abigaile a ileng a e etsa hanghang ho lokisa boemo boo. Ka ha o ne a ena le temoho, o ile a etsa ntho e nepahetseng yaba o pholosa ba lelapa la hae. (1 Sam. 25:14-23, 32-35) Temoho e ka boela ya re thusa ho tseba nako e loketseng ya ho bua le ya ho thola. E re thusa ho bontsha hore re kgathalla batho ba bang ntle le ho etsa hore ba se ke ba phutholoha.—1 Bathes. 4:11. w23.12 20 ¶8-9
Laboraro la 26 November
A re thabeng hobane re na le tshepo ya hore re tla tlotliswa ke Modimo.—Bar. 5:2.
Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ya Roma mantswe ao. Bara le baradi ba bo rona ba Roma ba ile ba ithuta ka Jehova le Jesu, ba ba le tumelo yaba e eba Bakreste. Ka lebaka leo, Modimo o ile a ba ‘nka ba lokile ka lebaka la tumelo’ yaba o ba tlotsa ka moya o halalelang. (Bar. 5:1) Ba ile ba eba le tshepo e tiileng ya hore ba tla fumana moputso o thabisang oo ba neng ba tla o fuwa. Ha morao Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsweng ba Efese ka tshepo eo Modimo a ba kgethetseng yona. Ba ne ba tla fumana “ditlhohonolofatso . . . tseo [Modimo] a di tshepisitseng badumedi.” (Baef. 1:18) Pauluse o ile a boela a bolella Bakolose hore na ba tla fumana ditlhohonolofatso tseo ba le hokae. O ile a re ditlhohonolofatso tseo ke “moputso oo le o behetsweng lehodimong.” (Bakol. 1:4, 5) Ka hona, batlotsuwa ba na le tshepo ya hore ba tla tsoswa mme ba yo phela ka ho sa feleng lehodimong moo ba tla busa le Kreste.—1 Bathes. 4:13-17; Tshen. 20:6. w23.12 9 ¶4-5
Labone la 27 November
Modimo o tla lebela dipelo tsa lona le menahano ya lona ka ho le fa kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.—Bafil. 4:7.
Ka Segerike, lentswe “lebela” e ne e le lentswe le sebediswang ditabeng tsa sesole ha ho ne ho buuwa ka masole a neng a lebela motse e le hore o se ke wa hlaselwa. Baahi ba motse o neng o ena le masole a katileng motse ba ne ba robala ka kgotso jwalo ka masea hobane ba tseba hore masole a ba sireleditse. Ka tsela e tshwanang, ha kgotso eo Modimo a re fang yona e lebela dipelo le menahano ya rona, re kgoba matshwafo hobane re tseba hore re sireletsehile. (Pes. 4:8) Jwalo ka Anna, re ka ikutlwa re ena le kgotso le haeba maemo a rona a sa fetohe hanghang. (1 Sam. 1:16-18) Ha re kgobile matshwafo, hangata ho ba bonolo hore re nahane hantle le ho etsa diqeto tse nepahetseng. Re ka etsang? Ha o ena le mathata, balehela ho molebedi wa rona. Jwang? Ka hore o rapele ho fihlela o utlwa Modimo a o fa kgotso. (Luka 11:9; 1 Bathes. 5:17) Ha o ena le bothata, o se ke wa kgaotsa ho rapela mme o tla utlwa ha Jehova a o fa kgotso e tla lebela pelo le kelello ya hao.—Bar. 12:12. w24.01 21 ¶5-6
Labohlano la 28 November
Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe.—Mat. 6:9.
Jesu o ile a mamella ho hlokofatswa, ho rohakwa le ho senngwa lebitso e le hore a halaletse lebitso la Ntate wa hae. O ne a tseba hore o ne a mametse Ntate wa hae dinthong tsohle mme ho se na letho le neng le ka mo hlabisa dihlong. (Baheb. 12:2) O ne a bile a tseba hore Satane o ne a mo hlasela ka ho toba nakong eo e thata. (Luka 22:2-4; 23:33, 34) Satane o ne a nahanne hore o tla etsa hore Jesu a se ke a tshepahala empa o ile a hloleha ka ho feletseng. Jesu o ile a paka ka ho feletseng hore Satane ke raleshano ya sehloho le hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba mo tshepahallang le tlasa diteko tse boima ka ho fetisisa. Na o batla ho thabisa Morena wa hao ya busang? Dula o rorisa lebitso la Jehova le ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe hore na ke Modimo ya jwang. Ha o etsa jwalo, o tla be o etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Jwalo ka Jesu, o thabisa Jehova mme o paka hore sera sa hae Satane ke raleshano ya se nang dihlong. w24.02 11-12 ¶11-13
Moqebelo la 29 November
Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa dintho tsohle tse molemo tseo a nketseditseng tsona?—Pes. 116:12.
Dilemong tse hlano tse fetileng, batho ba ka hodimo ho milione ba ile ba kolobetswa mme ya eba Dipaki Tsa Jehova. Ha o inehela ho Jehova, o kgetha ho ba e mong wa barutuwa ba Jesu Kreste ebile o kgetha hore ho etsa thato ya Modimo e be ntho ya bohlokwa bophelong ba hao. O lokela ho etsang ha o se o inehetse ho Jehova? Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela.” (Mat. 16:24) Ha o se o inehetse ho Jehova, o lokela ho qoba ntho le ha e le efe e sa dumellaneng le thato ya hae. (2 Bakor. 5:14, 15) Seo se akareletsa ho qoba ho etsa “diketso tse mpe” jwalo ka “boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Bagal. 5:19-21; 1 Bakor. 6:18) Na ho mamela melao ya Jehova ho tla etsa hore o phele ka thata? Haeba o rata Jehova ebile o mamela melao ya hae, o tla hlokomela hore e o tswela molemo.—Pes. 119:97; Esa. 48:17, 18. w24.03 2 ¶1; 3 ¶4
Sontaha la 30 November
Ya nkgahlisang.—Luka 3:22.
Jehova o fana ka moya o halalelang wa hae ho batho ba mo thabisang. (Mat. 12:18) Re ka ipotsa: ‘Na ke kgona ho bontsha tse ding tsa ditholwana tse behwang ke moya o halalelang bophelong ba ka?’ Na o bona eka o se o ena le mamello haholwanyane ha o sebetsana le batho ba bang ho feta pele o ithuta ka Jehova? Ha o ntse o bontsha ditholwana tse behwang ke moya o halalelang haholwanyane, o lokela ho kgodiseha le ho feta hore Jehova o a o amohela. Batho bao Jehova a ba amohelang ba fumana melemo ya sehlabelo sa Jesu seo Jehova a faneng ka sona. (1 Tim. 2:5, 6) Empa ho thweng haeba re ntse re utlwa eka Jehova ha a re amohele le hoja re dumela sehlabelong sa Jesu re bile re kolobeditswe? Re lokela ho hopola hore ha se ka mehla re lokelang ho tshepa tsela eo re ikutlwang ka yona empa re ka tshepa Jehova. O nka batho ba nang le tumelo sehlabelong sa Jesu ba lokile ebile o tshepisa ho ba hlohonolofatsa.—Pes. 5:12; Bar. 3:26. w24.03 30 ¶15; 31 ¶17