December
Mantaha la 1 December
Bafu ba a tsoswa.—Luka 20:37.
Na Jehova o na le matla a ho tsosa bafu? O na le ona hobane o “Matla Ohle.” (Tshen. 1:8) O na le matla a ho hlola sera le ha e le sefe, ho akareletsa le lefu. (1 Bakor. 15:26) Hape re a tseba hore Modimo a ka tsosa bafu hobane o hopola ntho e nngwe le e nngwe. O bitsa naledi e nngwe le e nngwe ka lebitso. (Esa. 40:26) O boetse o hopola batho ba hlokahetseng. (Jobo 14:13; Luke 20:38) O hopola ntho e nngwe le e nngwe ka batho bao a tla ba tsosa. O hopola botho ba bona, hore na ba ne ba shebahala jwang, dintho tse ba etsahaletseng bophelong le dintho tseo ba neng ba di tseba. Ho hlakile hore re ka dumela hore Jehova o tla tsosa bafu nakong e tlang hobane re a tseba hore o batla ho ba tsosa ebile o na le matla a ho etsa jwalo. Nahana ka lebaka le leng la ho dumela hore tshepiso ena e tla phethahala. Jehova o se a ile a tsosa batho ba bang. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, o ile a fa banna ba mmalwa ba tshepahalang ho akareletsa le Jesu matla a ho tsosa bafu. w23.04 9-10 ¶7-9
Labobedi la 2 December
Mantswe ao le a buang e ke e be a mosa ka mehla, a nokilweng ka letswai.—Bakol. 4:6.
Ha re sebedisa temoho le ho bua le batho ka tsela e bonolo, ba ka thabela ho re mamela le ho tswela pele ba qoqa le rona. Ha motho a batla ho ngangisana le rona le ho bua dintho tse mpe ka dintho tseo re di dumelang, ha re a lokela ho tswela pele re bua le yena. (Diprov. 26:4) Empa batho ba bangata ha ba jwalo. Mohlomong ba bang ba ka re mamela. Re se re ithutile hore ho ba bonolo ho re tswela molemo. Ka hoo, rapela Jehova o mo kope hore a o fe matla ao o a hlokang e le hore o ka ba bonolo ha batho ba o botsa dipotso tse thata kapa ba o tshwaya diphoso. Hopola hore ho ba bonolo ho ka o thusa hore o qobe ho ngangisana le batho ha ba ena le maikutlo a fapaneng ka taba e itseng. Hape ho araba ka tsela e bonolo ho ka etsa hore batho ba bang ba fetole maikutlo a bona ka rona le ka seo Bibele e se rutang. ‘Dula o itokiseditse ho ikarabella ho motho le ha e le ofe’ ya o botsang ka dintho tseo o di dumelang mme o etse jwalo “ka bonolo le ka tlhompho.” (1 Pet. 3:15) Eba motho ya bonolo. w23.09 19 ¶18-19
Laboraro la 3 December
Ebang le . . . mamello.—Bakol. 3:12.
A re bueng ka dintho tse nne tseo re ka di etsang ho bontsha hore re na le mamello. Ya pele, motho ya nang le mamello o dieha ho halefa. O leka ho dula a kgobile matshwafo ebile ha a iphetetse ha batho ba mo utlwisitse bohloko. (Ex. 34:6) Ya bobedi, motho ya nang le mamello ha a fele pelo. Haeba ntho e nka nako e telele ho feta ka moo a lebeletseng, o leka hore a se ke a dubeha kapa a teneha. (Mat. 18:26, 27) Ya boraro, motho ya nang le mamello ha a etse dintho a sa nahana. Ha motho ya nang le mamello a ena le mosebetsi wa bohlokwa oo a lokelang ho o etsa, ha a o potlakele kapa hona ho o etsa a tatile. Ho ena le hoo, o ipha nako e lekaneng ya ho rera hore na o tla o etsa jwang ebe o nka nako ya hae e le hore a o etse hantle. Ya bone, motho ya nang le mamello o lwanela ho mamella mathata a sa tletlebe. O lwanela ho dula a sebeletsa Jehova a thabile le hoja a ena le mathata. (Bakol. 1:11) Bahlanka ba Jehova ba lokela ho bontsha hore ba na le mamello ka ditsela tsena tsohle tseo re buileng ka tsona. w23.08 20-21 ¶3-6
Labone la 4 December
Jehova ke yena ya hlahlobang dipelo.—Diprov. 17:3.
Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho sireletsa dipelo tsa rona ke hobane Jehova o hlahloba dipelo. Taba ena e bolela hore o tseba dintho tseo batho ba bang ba sa di tsebeng ka rona ebile o tseba hantle hore na re batho ba mofuta ofe. O tla re rata haeba re dula re nahana ka dikeletso tsa hae tse tla re thusa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 4:14) Re ke ke ra lematswa ke mekgwa e mebe le mashano a Satane le batho ba kgopo. (1 Joh. 5:18, 19) Ha setswalle sa rona le Jehova se ntse se hola, re tla mo rata re be re mo hlomphe le ho feta. Haeba re sa batle ho utlwisa Ntate wa rona bohloko, re ke ke ra batla le ho nahana ka ho etsa sebe. Moradi wa bo rona Marta ya dulang Croatia ya ileng a lekeha ho etsa boitshwaro bo bobe o re: “Ke ne ke thatafallwa ke ho nahana dintho hantle le ho hlola takatso ya ho etsa sebe seo. Empa ho hlompha Jehova ho ile ha ntshireletsa.” Ho hlompha Modimo ho ile ha mo sireletsa jwang? Moradi wa bo rona Marta o re o ile a nahanisisa ka hore na diphello e ne e tla ba dife ha a ne a ka etsa qeto e fosahetseng. Le rona re ka mo etsisa. w23.06 20-21 ¶3-4
Labohlano la 5 December
Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘. . . Ditjhaba di tla tseba hore ke nna Jehova ha ke halaletswa hara lona di ntse di shebile.’—Ezek. 36:23.
Jesu o ne a tseba hore morero wa Jehova ke ho halaletsa lebitso la hae, e leng ho shanofatsa dintho tsohle tse buuweng ka yena tseo e seng nnete. Ke ka lebaka leo Monga rona a ileng a ruta balatedi ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe.” (Mat. 6:9) Jesu o ne a tseba hore ho halaletswa ha lebitso la Modimo ke taba ya bohlokwa ka ho fetisisa e amang popo yohle. Ha ho na mang kapa mang ya kileng a halaletsa lebitso la Jehova ho feta Jesu. Empa ha Jesu a ne a tshwerwe, dira tsa hae di ile tsa mo qosa ka hore o hlompholotse lebitso la Modimo. E tlameha ebe Jesu o ne a utlwa ho senya lebitso le halalelang la Ntate wa hae e le sebe se seholo ka ho fetisisa. O ne a tshwenyehile haholo ka hore ebe o ne a tlo qoswa ka sebe sena a be a fumanwe a le molato. E ka nna yaba leo e ne e le lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ebe Jesu o ile a “sarelwa ha bohloko” dihora pele a tshwarwa.—Luka 22:41-44. w24.02 11 ¶11
Moqebelo la 6 December
Ntlo e hahwa ka bohlale.—Diprov. 24:3.
Ha re ntse re matha peisong ya bophelo, re lokela ho rata Jehova le Jesu ho feta ba malapa a rona. (Mat. 10:37) Empa sena ha se bolele hore re ha re a lokela ho hlokomela ba malapa a rona hobane e le hore re amohelwe ke Modimo le Kreste, re tlameha ho phetha boikarabelo ba rona ka lapeng. (1 Tim. 5:4, 8) Ha re etsa jwalo re tla thaba. Jehova o a tseba hore lelapa le tla thaba haeba monna le mosadi ba ratana ebile ba hlomphana, ha batswadi ba rata bana ba bona ebile ba ba ruta le ha bana ba mamela batswadi ba bona. (Baef. 5:33; 6:1, 4) Sebedisa keletso eo Bibele e fanang ka yona ho sa tsotellehe boikarabelo boo o nang le bona ka lapeng. O se ke wa etsa dintho ho latela maikutlo a hao, ho latela seo ditsebi di se buang kapa ho ya ka tlwaelo ya sebaka seo o dulang ho sona. Bala dingolwa tsa rona tse thehilweng Bibeleng. Dingolwa tsena di na le dikeletso tse tswang ka Bibeleng tse ka o thusang. w23.08 28 ¶6-7
Sontaha la 7 December
O e bale ka lentswe le tlase bosiu le motshehare e le hore o ka etsa dintho tsohle tse ngotsweng ho yona. Ha o etsa jwalo, seo o se etsang se tla atleha mme o tla etsa dintho ka bohlale.—Josh. 1:8.
Ho na le dintho tseo baradi ba bo rona ba lokelang ho di tseba tse tla ba thusa bophelong. Dintho tse ding tseo ngwana wa ngwanana a ithutang tsona a sa le monyenyane di ka mo thusa bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, ithute ho bala le ho ngola hantle. Ditsong tse ding batho ha ba nke hore ho bohlokwa hore basadi ba ithute ho bala le ho ngola. Le ha ho le jwalo, ke ha bohlokwa hore Bakreste bohle ba ithute ho bala le ho ngola. (1 Tim. 4:13) Tswela pele o leka ho ithuta ho bala le ho ngola hantle le hoja ho ka ba thata. Ho etsa jwalo ho tla o thusa jwang? Ho ka o thusa hore o fumane mosebetsi. O tla kgona ho ithuta Lentswe la Modimo le ho ruta batho ba bang. Hape o tla ba motswalle wa Jehova ha o ntse o bala Bibele mme o nahanisisa ka dintho tseo o di balang.—1 Tim. 4:15. w23.12 20 ¶10-11
Mantaha la 8 December
Jehova o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botshepehi mathateng.—2 Pet. 2:9.
Kopa Jehova hore a o thuse ho hlola diteko. Ka ha ha re a phethahala, re lokela ho dula re lwantsha teko ya ho etsa se fosahetseng. Satane o etsa matsapa ohle ho re thatafaletsa ntwa ena. Tsela e nngwe eo a lekang ho silafatsa dikelello tsa rona ka yona ke ka ho sebedisa boithabiso bo sa hlwekang. Boithabiso bo jwalo bo ka tlatsa dikelello tsa rona ka menahano e ditshila e ka etsang hore Jehova a re nke re sa hlweka le e ka etsang hore re etse dibe tse tebileng. (Mar. 7:21-23; Jak. 1:14, 15) Re hloka thuso ya Jehova haeba re batla ho hlola teko ya ho etsa dintho tse fosahetseng. Jesu o ile a kenyeletsa mantswe a latelang thapelong ya mohlala: “O se ke wa re dumella hore re hlolwe ke moleko empa o re lopolle ho ya kgopo.” (Mat. 6:13) Jehova o batla ho re thusa empa re lokela ho mo kopa thuso. Ha re se re rapeletse thuso re lokela ho qoba ka hohle dintho tse ka re behang tekong. w23.05 6-7 ¶15-17
Labobedi la 9 December
Thapo e meloho e meraro e ke ke ya kgaolwa ha bonolo.—Moek. 4:12.
Ha banyalani e le metswalle ya Jehova, ba sebedisa keletso ya hae mme seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. Batho bao e leng metswalle ya Jehova ba a mo etsisa ka hore ba be le makgabane a tshwanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tshwarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontsha makgabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Moradi wa bo rona Lena ya nang le dilemo tse fetang 25 a nyetswe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motswalle wa Jehova le ho mo hlompha.” Nahana ka mohlala wa banyalani bao Bibele e buang ka bona. Ha Jehova a ne a tlameha ho kgetha banyalani bao e neng e tla ba batswadi ba Mesia, o ile a kgetha Josefa le Maria ho ditloholo tse ngata tsa Davida. Hobaneng? Ka bobedi e ne e le metswalle ya Jehova. Jehova o ne a tseba hore ba ne ba tla etsa hore a tle pele lenyalong la bona. w23.05 21 ¶3-4
Laboraro la 10 December
Mamelang ba le etellang pele.—Baheb. 13:17.
Moetapele wa rona Jesu o phethahetse empa batho bao a ba kgethileng hore ba etelle bahlanka ba hae pele mona lefatsheng ha ba a phethahala. Ho ka ba thata ho ba mamela, haholo ha ba re kopa ho etsa ntho eo re sa batleng ho e etsa. Ka nako e nngwe moapostola Petrose le yena o ile a thatafallwa ke ho mamela. Ha lengeloi le ne le mo laela hore a je diphoofolo tse neng di sa hlweka ho ya ka Molao wa Moshe, o ile a hana ka makgetlo a mararo kaofela. (Dik. 10:9-16) Hobaneng? O ne a utlwa taelo ena e ntjha e sa utlwahale. Le ha ho le jwalo, moapostola Pauluse o ne a ile a mamela ha banna ba baholo ba Jerusalema ba re a ye tempeleng le banna ba bane, ba itlhwekise ho ya ka molao e le hore a bontshe hore o a o mamela. Pauluse o ne a tseba hore Bakreste ha ba a tlameha ho mamela Molao ebile o ne a sa etsa letho le phoso. Ho ntse ho le jwalo, o ile “a tsamaya le banna bao ka le hlahlamang mme a itlhwekisa le bona ho ya ka molao.” (Dik. 21:23, 24, 26) Ho mamela ha Pauluse ho ile ha etsa hore Bakreste ba momahane.—Bar. 14:19, 21. w23.10 10 ¶15-16
Labone la 11 December
Jehova ke motswalle wa ba mo tshabang.—Pes. 25:14.
E ka nna yaba ha o nahane hore ho tshaba motswalle wa hao ho ka etsa hore setswalle sa lona se tiye. Le ha ho le jwalo, batho ba batlang ho ba metswalle ya Jehova ba lokela ho mo tshaba kapa ho mo hlompha. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re dule re hlompha Jehova haholo ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re mo sebeletsa. Ha e le hantle ho hlompha Modimo ho bolelang? Motho ya ratang Jehova o mo hlompha haholo ebile a ke ke a etsa letho le ka senyang setswalle sa hae le yena. Jesu “o ne a hlompha Modimo.” (Baheb. 5:7) O ne a sa tshabe Jehova ka tsela e feteletseng. (Esa. 11:2, 3) Ho ena le hoo, o ne a mo rata haholo a bile a batla ho mo mamela. (Joh. 14:21, 31) Le rona re batla ho tshwana le Jesu ka hore re hlomphe Jehova haholo hobane o lerato, o bohlale, o na le toka ebile o matla. Jehova o a re rata ebile tsela eo re itshwarang ka yona ha a re ruta e a mo ama. Ha re mamela Jehova, o a thaba empa ha re sa mo mamele o utlwa bohloko.—Pes. 78:41; Diprov. 27:11. w23.06 14 ¶1-2; 15 ¶5
Labohlano la 12 December
A ikgohomosa mme sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha a ka a tshepahalla Jehova.—2 Dikron. 26:16.
Ha Morena Uzia a se a le matla, o ile a kgaotsa ho bontsha hore o ananela dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a mo etseditse tsona. Re ithutang? Ka mehla re lokela ho hopola hore ke Jehova ya re fang dintho tsohle tse molemo tseo re di thabelang bophelong le tshebeletsong ya hae. Ho ena le ho ithorisa ka dintho tseo re di entseng, re lokela ho dula re leboha Jehova ka dintho tsohle tseo a re thusang ho di etsa. (1 Bakor. 4:7) Ka ha ha re a phethahala, re lokela ho ikokobetsa mme re amohele kgalemelo. Morabo rona ya dilemo di ka bang 60 o ile a re: “Ke ithutile hore ha ke a lokela ho nyahama kapa ho kwata ha batho ba bang ba hlokomela diphoso tsa ka. Ha ke kgalemellwa diphoso tse nyenyane tseo ke di entseng, ke leka kahohle ho ntlafatsa le ho tswela pele ke sebeletsa Jehova ka pelo yohle.” Ke nnete hore ha re mamela Jehova ebile re dula re ikokobeditse, dintho di tla re tsamaela hantle bophelong.—Diprov. 22:4. w23.09 10 ¶10-11
Moqebelo la 13 December
Le hloka ho ba le mamello e le hore ha le se le entse thato ya Modimo le ka fumana seo Modimo a se tshepisitseng.—Baheb. 10:36.
Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba hloka ho ba le mamello. Ba ne ba hlahelwa ke mathata a tshwanang le a hlahelang batho bohle empa ka hodima ona ho ne ho boetse ho ena le a mang. Boholo ba bona ba ne ba hloriswa ke baetapele ba bodumedi ba Bajuda, ba boholong pusong ya Roma ebile ba hloriswa ke ba malapa a bona. (Mat. 10:21) Hape ka dinako tse ding ba ne ba lokela ho itshireletsa kgahlanong le tshusumetso e mpe ya bakwenehi le dithuto tsa bona tse neng di arola phutheho. (Dik. 20:29, 30) Ho ntse ho le jwalo, ba ile ba kgona ho mamella mathata ao. (Tshen. 2:3) Ba thusitswe keng? Ba ile ba nahanisisa ka mehlala e hlahang ka Mangolong ya batho ba ileng ba mamella ba kang Jobo. (Jak. 5:10, 11) Ba ile ba kopa Jehova hore a ba fe matla. (Dik. 4:29-31) Hape ba ile ba dula ba hopola ditholwana tse ntle tse tliswang ke ho mamella. (Dik. 5:41) Le rona re ka kgona ho mamella haeba re itlwaetsa ho bala le ho nahanisisa ka mehlala ya batho ba ileng ba mamella ba hlahang ka Lentsweng la Modimo le dingolweng tsa rona tse thehilweng Bibeleng. w23.07 3 ¶5-6
Sontaha la 14 December
Ka hoo, etsang hore Mmuso wa Modimo le ho mamela Modimo e be dintho tse tlang pele bophelong ba lona mme o tla le ekeletsa dintho tse ding tsohle.—Mat. 6:33.
Jehova le Jesu ba ke ke ba re qhalla matsoho empa ba tla dula ba re thusa. Moapostola Petrose o ne a lokela ho etsa qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hae ka mora hore a latole hore o tseba Kreste. Na o ne a tla tswela pele e le morutuwa wa Kreste kapa o ne a tla tlohela? Jesu o ne a ile a rapella Petrose hore Jehova a mo thuse hore a dule a ena le tumelo. Jesu o ile a bolella Petrose hore o mo rapeletse mme a mo kgodisa hore o a mo tshepa le hore ha morao o ne a tla kgona ho matlafatsa le ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena. (Luka 22:31, 32) E tlameha ebe Petrose o ile a kgothala haholo ha a hopola mantswe ao a Jesu. Le rona ha re tlameha ho etsa diqeto tsa bohlokwa bophelong ba rona, Jehova a ka sebedisa baholo hore ba re kgothatse le ho re thusa ho bona hore re ka kgona ho dula re tshepahala. (Baef. 4:8, 11) Jehova o ile a fa Petrose le baapostola ba bang dintho tseo ba neng ba di hloka. Re ka kgodiseha hore le rona haeba re etsa hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba rona, o tla re fa dintho tseo re di hlokang. w23.09 24-25 ¶14-15
Mantaha la 15 December
Ya hauhelang mofutsana o adima Jehova mme o tla mo putsa ka lebaka la seo a se entseng.—Diprov. 19:17.
Jehova o bona dintho tse ntle tseo re di etsetsang batho ba bang le hoja di ka bonahala di le nyenyane. Jehova o a bona ha re itella ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo mme o tla re putsa. Haeba o kile wa ba moholo kapa mohlanka ya sebeletsang, Jehova o hopola mosebetsi oo o ileng wa mo etsetsa wona nakong e fetileng le lerato le ileng la o susumeletsa hore o o etse. (1 Bakor. 15:58) O boetse o ela hloko lerato leo o tswelang pele ho le bontsha. Jehova o batla hore re mo rate le ho feta re be re rate batho ba bang haholwanyane. Ho bala Lentswe la Modimo, ho nahanisisa ka lona le ho mo rapela kgafetsa ho ka re thusa hore re mo rate haholwanyane. Hape re tla rata bara le baradi ba bo rona haholwanyane haeba re ba thusa. Ha lerato la rona le ntse le eketseha, re tla ba metswalle e haufiufi ya Jehova le ya bara le baradi ba bo rona ka ho sa feleng. w23.07 10 ¶11; 11 ¶13; 13 ¶18
Labobedi la 16 December
Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka dintho tseo a di etsang.—Bagal. 6:5.
Mokreste e mong le e mong o lokela ho ikgethela hore na o tla itlhokomela jwang. Ha Bakreste ba kgetha hore na ba tla phekolwa jwang, ba lokela ho mamela melao ya Bibele e buang ka ho qoba madi le ho qoba ho buisana le badimo. (Dik. 15:20; Bagal. 5:19, 20) Maemong a mang ba ka ikgethela hore na ba tla phekolwa ka tsela efe. Ho sa tsotellehe hore na re kgodisehile hakae hore mofuta o itseng wa phekolo ke wona o nepahetseng, re lokela ho hlompha tokelo eo bara le baradi ba bo rona ba nang le yona ya ho kgetha hore na ba tla phekolwa ka tsela efe. Ka hoo, re lokela ho hopola dintlha tsena tse nne: (1) Ke Mmuso wa Modimo feela o tla etsa hore batho ba se ke ba hlola ba kula. (Esa. 33:24) (2) Mokreste e mong le e mong o lokela ho ‘kgodiseha ka botlalo’ ha a etsa qeto ya hore na ke phekolo efe e mo tshwanetseng. (Bar. 14:5) (3) Ha re ahlole ba bang ka diqeto tseo ba di etsang ebile ha re batle ho ba kgopisa. (Bar. 14:13) (4) Bakreste ba bontsha lerato ebile ba nka hore kgotso ya phutheho e bohlokwa ho feta maikutlo a bona.—Bar. 14:15, 19, 20. w23.07 24 ¶15
Laboraro la 17 December
O a halalela ho Jehova ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae.—Num. 6:8.
Na o nka setswalle sa hao le Jehova e le sa bohlokwa? Re kgodisehile hore o se nka e le sa bohlokwa. Ho tloha kgale, esale batho ba bangata ba ikutlwa ka tsela ena. (Pes. 104:33, 34) Batho ba bangata ba tetse dintho tse ngata e le hore ba sebeletse Jehova. Ke yona ntho eo Baiseraele ba kgale ba neng ba tsebahala e le Banazari kapa batho ba kgethetsweng ho etsa mosebetsi o kgethehileng ba ileng ba e etsa. Baiseraele bao e neng e le Banazari e ne e le batho ba ileng ba tela dintho tse ngata e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka tsela e kgethehileng. Molao wa Moshe o ne o dumella banna le basadi hore ba etse boitlamo bo kgethehileng ho Jehova ka hore ba kgethe ho phela e le Banazari ka nako e itseng. (Num. 6:1, 2) Ha Moiseraele a ne a itlama hore e tla ba Monazari, o ne a tlameha ho latela ditaelo tse neng di fanwa tseo Baiseraele ba bang ba neng ba sa di latele. Ka hoo, ke hobaneng ha Moiseraele a ne a ka kgetha ho ba Monazari? Ke hobane a ne a rata Jehova haholo a bile a ananela ditlhohonolofatso tseo a mo fang tsona.—Deut. 6:5; 16:17. w24.02 14 ¶1-2
Labone la 18 December
Jehova . . . o rata batho ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae.—Dan. 9:4.
Ka Bibeleng, lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “tshepahala” kapa “lerato le tshepahalang,” le bolela tsela eo Modimo a ratang batho ba hae ka yona. Le boetse le hlalosa tsela eo batho ba Modimo ba ratanang ka yona. (2 Sam. 9:6, 7) Lerato lena le ba matla le ho feta ha nako e ntse e eya. A re boneng hore na Daniele o ile a bontsha jwang hore o a tshepahala. Daniele o ile a tlameha ho bontsha hore o tshepa Jehova ka makgetlo a mangata bophelong ba hae. O ile a hlahelwa ke bothata bo boholo ha a le dilemo tse ka hodimo ho 90. Banna ba neng ba sebeletsa Dariuse ba ne ba hloile Daniele ba bile ba sa hlomphe Modimo wa hae. Ka hoo, ba ile ba rera ho bolaya Daniele. Ba ile ba etsa hore morena a saene molao o neng o tla bontsha hore na Daniele o tshepahalla Modimo kapa morena. Ntho eo Daniele a neng a lokela ho e etsa ho bontsha hore o tshepahalla morena ke hore a kgaotse ho rapela Jehova ka matsatsi a 30. Empa Daniele o ile a kgetha ho tshepahalla Jehova.—Dan. 6:12-15, 20-22. w23.08 5 ¶10-12
Labohlano la 19 December
A re duleng re ratana.—1 Joh. 4:7.
Jehova o batla hore re tswele pele re bontsha bara le baradi ba bo rona hore re a ba rata. Haeba Mokrestemmoho a sa re tshware hantle, re ka tshepa hore o ne a sa etse seo ka moya o mobe le hore o leka kahohle ho etsa seo Jehova a reng se nepahetse. (Diprov. 12:18) Modimo o rata bahlanka ba hae ba tshepahalang ho sa tsotellehe diphoso tseo ba di etsang. O tswela pele e le motswalle wa rona mme ha a dule a re halefetse. (Pes. 103:9) Ke ha bohlokwa hore re etsise Ntate wa rona ka hore re tshwarele ba bang. (Baef. 4:32–5:1) O hopole hape hore ha bofelo ba lefatshe bo ntse bo atamela, re hloka ho dula re momahane le bara le baradi ba bo rona. Re ka lebella hore mahloriso a mpefale. Re ka nna ra iphumana re le teronkong ka lebaka la tumelo ya rona. Haeba seo se ka etsahala, re tla hloka bara le baradi ba bo rona ho feta le ha e le neng pele.—Diprov. 17:17. w24.03 15-16 ¶6-7
Moqebelo la 20 December
Mehato ya motho e laolwa ke Jehova.—Diprov. 20:24.
Mangolo a na le mehlala ya batjha ba ileng ba atamela ho Jehova mme a ba amohela yaba dintho di ba tsamaela hantle bophelong. Davida ke e mong wa bona. Ha a sa le motjha, o ile a kgetha ho ba motswalle wa Modimo mme ha morao ya eba morena ya tshepahalang. (1 Mar. 3:6; 9:4, 5; 14:8) Ho ithuta ka Davida ho ka re susumeletsa ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Hape o ka ithuta haholwanyane ka Mareka kapa Timothea. Ba ile ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ho tloha ha ba sa le banyenyane. Ba ile ba thabisa Modimo ka ho etsa qeto ya ho mo sebeletsa. Tsela eo o phelang ka yona hona jwale e tla ama tsela eo bophelo ba hao bo tla ba ka yona nakong e tlang. Ho tshepa Jehova ho ena le ho itshepa ho tla o thusa hore o etse diqeto tse bohlale. O tla phela bophelo bo monate le bo molemo. Hopola hore Jehova o ananela seo o mo etsetsang sona. Na ho na le tsela e molemo ho feta ho sebedisa bophelo ba rona ho sebeletsa Ntate wa rona ya lehodimong, Jehova? w23.09 13 ¶18-19
Sontaha la 21 December
Le tswele pele . . . ho tshwarelana.—Bakol. 3:13.
Moapostola Pauluse o ne a tseba hore Bakrestemmoho le yena ba ne ba sa phethahala. Ka mohlala, batho ba bang phuthehong e Jerusalema ba ne ba mo tshaba hobane ba ne ba sa dumele hore e se e le Mokreste. (Dik. 9:26) Ha morao, ba bang ba ile ba bua dintho tse mpe ka yena e le hore ba mo senye lebitso. (2 Bakor. 10:10) Pauluse o ile a bona moholo e mong a etsa qeto e fosahetseng e neng e ka nna ya kgopisa batho ba bang. (Bagal. 2:11, 12) Mareka ya neng a le haufiufi le Pauluse, o ile a mo swetsa. (Dik. 15:37, 38) Pauluse o ne a ka nna a etsa qeto ya ho qoba ho kopana le batho bana ba neng ba mo utlwisitse bohloko. Le ha ho jwalo, o ile a tswela pele a nka bara le baradi babo e le ba bohlokwa mme a tswela pele a sebeletsa Jehova ka botshepehi. Pauluse o ile a thuswa ke eng? Pauluse o ne a rata Bakrestemmoho le yena. O ne a sheba makgabane a batho ba bang eseng mefokolo ya bona hobane o ne a ba rata. Lerato le ile la mo thusa hore a etse se boletsweng temaneng ya kajeno. w24.03 15 ¶4-5
Mantaha la 22 December
Mohlanka wa Morena ha a lokela ho lwana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle.—2 Tim. 2:24.
Bibele e na le ditlaleho tse ngata tse bontshang hore ho ba bonolo ho bohlokwa. Nahana ka mohlala wa Isaka. Ha a ne a dula Gerare, naheng ya Bafilista, baahisani ba hae ba neng ba mo monela ba ile ba nka mobu, ba kata didiba tseo bahlanka ba ntate wa hae ba neng ba di tjhekile. Ho ena le hore Isaka a lwanele didiba tseo, o ile a tloha sebakeng seo le lelapa la hae mme a tjheka didiba tse ding. (Gen. 26:12-18) Empa Bafilista ba ile ba re metsi a didibeng tseo le ona ke a bona. Le lekgetlong lena Isaka ha a ka a ba lwantsha. (Gen. 26:19-25) Keng e ileng ya mo thusa hore a dule a le bonolo ha batho ba bang ba ne ba mo halefisa? O ile a thuswa ke ho sheba tsela eo batswadi ba hae ba neng ba etsa dintho ka yona mme a ithuta ho ba le kgotso jwalo ka ntate wa hae Abrahama le ho ba bonolo le ho ba mosa jwalo ka mme wa hae Sara.—1 Pet. 3:4-6; Gen. 21:22-34. w23.09 15 ¶4
Labobedi la 23 December
Ke e boletse mme ke tla e phethahatsa.—Esa. 46:11.
Jehova o ile a romela Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng e le hore a rute batho ka Mmuso wa hae mme a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla sebeng le lefung. Ka mora moo, Jesu o ile a tsosetswa lehodimong hore a yo busa e le Morena wa Mmuso wa Modimo. Molaetsa o ka sehloohong o ka Bibeleng ke hore lebitso la Jehova le tla halaletswa le hore morero wa Jehova ka lefatshe o tla phethahala a sebedisa Mmuso wa hae o tlasa puso ya Kreste. Morero wa Jehova o ke ke wa fetoha. O ile a tshepisa hore o tla o phethahatsa. (Esa. 46:10, nal.; Baheb. 6:17, 18) Ha nako e ntse e ya, lefatshe e tla ba paradeise mme batho ba phethahetseng e leng ditloholo tsa Adama le Eva ba tla “thabela bophelo ka ho sa feleng.” (Pes. 22:26) Ho ekelletsa moo, Jehova o na le ntho e kgolo eo a batlang ho e etsa e leng ho etsa hore bahlanka ba hae ba lehodimong le ba lefatsheng ba mo sebeletse ba momahane. Ka nako eo, bahlanka bohle ba Modimo ba tshepahalang ba tla ikokobeletsa yena e le Mmusi. (Baef. 1:8-11) Re a hlollwa ha re bona tsela eo Jehova a phethahatsang morero wa hae ka yona. w23.10 20 ¶7-8
Laboraro la 24 December
“Le be sebete, . . . hobane ke na le lona,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.—Hag. 2:4.
Ha Bajuda ba tswileng Babilona ba fihla Jerusalema, ba ile ba angwa ke mathata a moruo, maemo a dipolotiki a sa tsitsang hape ba hanyetswa ke dira tsa bona. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba thatafallwa ke ho etsa hore mosebetsi wa ho tsosolosa tempele ya Jehova e be wona wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ka hona, Jehova o ile a roma moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria hore ba tsose Bajuda molota e le hore ba sebetse mme setjhaba se ile sa fela sa tsoha molota ha se utlwa kgothatso ya baprofeta bana. (Hag. 1:1; Zak. 1:1) Le ha ho le jwalo, dilemo tse ka bang 50 ha morao, Bajuda ba ile ba wa moya hape. Esdrase, mokopitsi ya hlwahlwa wa Molao o ile a tloha Babilona a ya Jerusalema e le hore a kgothaletse batho ba Modimo hore ba etse hore borapedi ba nnete e be ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. (Esdr. 7:1, 6) Boprofeta ba Hagai le Zakaria bo ile ba thusa batho ba Modimo mehleng ya kgale hore ba dule ba tshepile Jehova ha ba hanyetswa. Le rona bo ka re thusa hore re dule re tshepile hore Jehova o tla re thusa le ha re ena le mathata.—Diprov. 22:19. w23.11 14-15 ¶2-3
Labone la 25 December
Le ratane ka ha lerato le etsa hore batho ba utlwane.—Bakol. 3:14.
Ke hobaneng ha re lokela ho dula re ratana haholo? Jwalo ka ha re se re ithutile, ha re rata bana ba bo rona re a bontsha hore re rata Jehova. (1 Bathes. 4:18) Re ka bontsha jwang hore re a ba rata? Ntho e nngwe eo re ka e etsang ke ho ba tshedisa. Re tla kgona hore ‘re nne re tshedisane’ haeba re utlwelana bohloko. Re ka etsang e le hore re dule re ratana haholo? Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho tshwarela bana ba bo rona ha ba entse diphoso. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa le ho feta hona jwale hore re ratane? Ha Petrose a fana ka karabo, o re: “Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ka hoo, . . . le ratane haholo.” (1 Pet. 4:7, 8) Re ka lebella hore ho etsahale eng ha bofelo ba lefatshe lee bo ntse bo atamela? Jesu o ile a re ka barutuwa ba hae: “Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Re lokela ho dula re momahane e le hore re kgone ho mamella lehloyo leo. Haeba re etsa jwalo, le ha Satane a ka leka ho re arohanya, a ke ke a o besa wa tuka.—Bafil. 2:1, 2. w23.11 13 ¶18-19
Labohlano la 26 December
Re basebetsimmoho le Modimo.—1 Bakor. 3:9.
Nnete e ka Lentsweng la Modimo e na le matla a maholo. Ha re ruta batho ka Jehova le hore na ke Modimo ya jwang, re bona dintho tse hlollang. Batho bao pele ba neng ba foufaditswe ke mashano a Satane, ba qala ho bona makgabane a Ntate wa rona. Ba a hlollwa ha ba bona matla a hae a maholo. (Esa. 40:26) Ba a mo tshepa ha ba ithuta hore toka ya hae e phethahetse. (Deut. 32:4) Ba ithuta dintho tse ngata bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngwa. (Esa. 55:9; Bar. 11:33) Hape ba ikutlwa ba tshedisehile ha ba ithuta hore yena ka boyena ke lerato. (1 Joh. 4:8) Ha ba ntse ba atamela haufi le Jehova, tshepo ya bona ya hore ba tla phela ka ho sa feleng e le bana ba hae, e tiya le ho feta. Ka nnete ke tlotla e kgolo ho thusa batho hore ba atamele haufi le Ntate wa bona. Ho etsa jwalo ho etsa hore Jehova a re nke re le “basebetsimmoho” le yena.—1 Bakor. 3:5. w24.02 12 ¶15
Moqebelo la 27 December
Ho molemo hore o se ke wa etsa boitlamo ho ena le hore o etse boitlamo ebe ha o bo phethe.—Moek. 5:5.
Haeba o ithuta Bibele kapa o hodiswa ke batswadi bao e leng Dipaki Tsa Jehova, na o ntse o nahana ka ho kolobetswa? Ke ntho e ntle haeba o batla ho kolobetswa. Le ha ho le jwalo, o lokela ho inehela ho Jehova pele o ka kolobetswa. O ka inehela ho Jehova jwang? Ka ho mo rapela mme o mo tshepise hore o tla sebeletsa yena feela le ho etsa hore thato ya hae e be yona ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ha o etsa jwalo, o tshepisa Jehova hore o tla dula o mo rata “ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao wohle, ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.” (Mar. 12:30) Ho inehela ke ntho eo o e etsang moo o leng mong, e pakeng tsa hao le Jehova. Empa ho kolobetswa ke ntho eo o e etsang phatlalatsa moo batho ba bang ba bonang hore o inehetse ho Jehova. Ho inehela ke boitlamo boo o bo etsang ho Jehova mme o lebeletse hore o bo phethe. Ka hoo, o lokela ho ikemisetsa ho phetha boitlamo boo.—Moek. 5:4. w24.03 2 ¶2; 3 ¶5
Sontaha la 28 December
E mong le e mong wa lona o lokela ho rata mosadi wa hae jwalo ka ha a ithata. Mosadi le yena o lokela ho hlompha monna wa hae haholo.—Baef. 5:33.
Manyalo kaofela a na le mathata. Bibele e bolela ka ho toba hore batho ba nyalaneng ba tla ba le “mathata a mangata.” (1 Bakor. 7:28) Hobaneng? Hobane lenyalo le kopanya batho ba babedi ba sa phethahalang, ba nang le botho bo sa tshwaneng le ba ratang dintho tse sa tshwaneng. Ho ka etsahala hore ebe banyalani ba tswa ditsong tse fapaneng kapa ba hodisitswe ka ditsela tse sa tshwaneng. Ha nako e ntse e ya, banyalani ba ka nna ba bonahatsa mekgwa e neng e sa bonahale pele ba nyalana. Mekgwa eo e ka baka mathata. Ba ka nna ba behana molato ka bothata bo hlahang lenyalong, ho ena le hore e mong le e mong a hlokomele hore ho na le seo a se entseng hore ebe bothata bona bo teng le hore ba lokela ho sebetsa mmoho ho bo rarolla. Ba ka nna ba utlwa ho le molemo hore ba arohane kapa ba hlalane. Empa na ho arohana kapa ho hlalana ho tla rarolla mathata a bona? Ho hang. Jehova o batla hore banyalani ba dule mmoho le ha molekane e mong a etsa hore ho be thata lenyalong. w24.03 16 ¶8; 17 ¶11
Mantaha la 29 December
Tshepo ha e swetse.—Bar. 5:5.
Ka mora hore o inehele ho Jehova le ho kolobetswa, o ile wa tseba Jehova le ho mo rata le ho feta. Ka lebaka leo, tshepo ya hao ya hore o tla phela ka ho sa feleng paradeiseng e ile ya eba matla le ho feta. (Baheb. 5:13–6:1) E ka nna yaba seo Baroma 5:2-4 e se buang se ile sa o etsahalla. O ile wa ba le mathata a fapaneng empa wa a mamella kaofela mme wa bona hore Jehova o a o amohela. Ka ha o a tseba hore Jehova o a o rata hape o a o amohela, o se o ena le mabaka a eketsehileng a ho lebella hore o tla phethahatsa ditshepiso tsa hae. Tshepo ya hao e matlafetse ho feta pele. Ke ya sebele ho wena mme o kgodisehile ka yona. E o ama ka botebo. E susumetsa dikarolo tsohle tsa bophelo ba hao mme e ama tsela eo o tshwarang ba lelapa la hao ka yona, eo o etsang diqeto ka yona le eo o sebedisang nako ya hao ka yona. Moapostola Pauluse o ile a bua taba e nngwe ya bohlokwa ka tshepo eo o bang le yona ka mora hore o tsebe hore Modimo o a o amohela. O a o kgodisa hore dintho tseo o nang le tshepo ya tsona di tla phethahala.—Bar. 15:13. w23.12 12-13 ¶16-19
Labobedi la 30 December
[Jehova] o etsa hore bophelo ba lona bo tsitse.—Esa. 33:6.
Ha re ena le bothata bo boima, re ka ikutlwa kapa ra nahana le ho itshwara ka tsela e sa tlwaelehang. Feela jwalo ka ha sekepe se ka tsukutlwa kapa sa sisinngwa ke maqhubu a lewatle nakong ya sefefo, le rona re ka tsukutlwa ke maikutlo a matla a fapaneng. Jehova o re thusa jwang ha re imetswe ke maikutlo a tjee? O tshepisa hore o tla re thusa hore re dule re tsitsitse le ha re ena le mathata. Ha lewatle le befile ka lebaka la sefefo se matla, sekepe se ka tsukutleha yaba se beha bophelo ba batho kotsing. Dikepe tse ngata di na le dintho ka mahlakoreng karolong e ka tlase ya sekepe tse di thusang hore di tsitse boemong bo jwalo. Dintho tsena tse tsitsisang sekepe di se thusa hore se se ke sa tsukutleha haholo. Ha se sa tsukutlehe haholo, batho ba se palameng ba ka kgona ho mamella boemo bona ebile ba tla bolokeha. Le ha ho le jwalo, dintho tsena tse thusang sekepe hore se tsitse di sebetsa hantle haholo ha sekepe se ntse se tsamaya. Ka tsela e tshwanang, Jehova o tla re thusa hore re dule re tsitsitse haeba re tswela pele ho mo sebeletsa ka botshepehi le dinakong tse thata. w24.01 22 ¶7-8
Laboraro la 31 December
Ke tshepa Modimo. Ke ka hoo ke sa tshabeng letho.—Pes. 56:4.
Ha o utlwa o tshohile, ipotse: ‘Keng eo Jehova a seng a e entse?’ Nahana ka dintho tseo a di entseng. Ka mohlala, ha o ‘sheba’ tsela eo Jehova a hlokomelang dinonyana le dipalesa tseo a di bopileng ka yona, le hoja di sa boptjwa ka setshwantsho sa hae ebile di sa kgone ho mo rapela, o ka ba le kgodiseho ya hore le wena o tla o hlokomela. (Mat. 6:25-32) Nahana hape ka hore na Jehova o se a etseditse barapedi ba hae eng. O ka bala ka motho ya hlahang ka Bibeleng ya ileng a bontsha tumelo e matla kapa wa bala ka tlaleho ya mohlanka wa Jehova wa mehleng ena. Hape nahana ka hore na Jehova o se a entseng ho bontsha hore o a o hlokomela. O ile a o thusa jwang hore o ithute ka yena? (Joh. 6:44) O ile a araba dithapelo tsa hao jwang? (1 Joh. 5:14) Ke melemo efe eo o e fumanang letsatsi le letsatsi ka lebaka la sehlabelo sa Mora wa hae eo a mo ratang?—Baef. 1:7; Baheb. 4:14-16. w24.01 4 ¶6; 7 ¶17