Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • wp19 No. 3 maq. 10-11
  • Na Lefu le Tla Fela?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na Lefu le Tla Fela?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • KE JWANG THEKOLLO E RE LOKOLLANG LEFUNG?
  • LEFU LE TLA FEDISWA NENG?
  • Thekollo ke Mpho e Tswang ho Modimo
    Bibele e re Rutang?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 3 maq. 10-11
Jesu; Jesu o kgokgothetswe thupeng pakeng tsa baetsadibe ba babedi

Na Lefu Le Tla Fela?

MODIMO o ntse a e so fetole maikutlo a hae ka dintho tseo a batlang ho di etsetsa batho le hoja batswadi ba rona ba pele e leng Adama le Eva, ba sa ka ba mamela mme ba tlisetsa batho sebe le lefu. Ka lentsweng la hae Bibele, Modimo o bontshitse ka makgetlo hore maikutlo a hae ha a e so fetohe.

  • “Ba lokileng ba tla rua lefatshe ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.

  • “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, mme ka sebele Mmusi Morena Jehova o tla hlakola meokgo difahlehong tsohle.”​—Esaia 25:8.

  • “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etswa lefeela.”​—1 Bakorinthe 15:26.

  • “Lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tšenolo 21:4.

Modimo o tla “metsa lefu” kapa o tla le fedisa jwang? Bibele e re ‘ba lokileng . . . ba tla dula [lefatsheng] ka ho sa feleng.’ Empa e boetse e re “ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya tswelang pele ho etsa se molemo.” (Moeklesia 7:20) Na see se bolela hore Modimo ha a sa tla hlola a sebedisa melao ya hae haeba ho thwe baetsadibe kapa batho ba sa phethahalang ba tla phela ka ho sa feleng? Tjhe ha ho jwalo, Bibele e re: ‘Modimo . . . a ke ke a bua leshano,’ ka hoo seo se ke ke sa etsahala. (Tite 1:2) Jwale keng eo Modimo a tla etsang e le hore batho ba phele ka ho sa feleng?

MODIMO “O TLA METSA LEFU KA HO SA FELENG.”​—ESAIA 25:8

KE JWANG THEKOLLO E RE LOKOLLANG LEFUNG?

Jehova o re bontshitse lerato ka ho fana ka thekollo e le hore a re lokolle lefung. Thekollo ke ho lefella ditshenyehelo tse itseng ka se lekanang le se senyehileng e le hore toka e phethahatswe. Ka ha re baetsadibe ebile re a shwa, Bibele e re: “Ha ho le ya mong wa bona eo ka mokgwa le ha e le ofe a ka lopollang esita le morabo, kapa a fa Modimo thekollo bakeng sa hae, (Tefo ya topollo ya moya wa bona ke ya bohlokwa haholo hoo e leng siyo ho isa nakong e sa lekanyetswang).”​—Pesaleme ya 49:7, 8.

Ha motho ya sa phethahalang a shwa, o patala dibe tsa hae, empa seo ha se bolele hore a ka kgona ho itopolla kapa hona ho lopolla motho e mong. (Baroma 6:7) Re ne re hloka motho ya phethahetseng le ya se nang sebe ho fana ka bophelo ba hae e le hore a kwahele dibe tsa rona.​—Baheberu 10:1-4.

Ena ke tokisetso eo Modimo a e entseng. O ile a romela mora wa hae Jesu hore a tlohe lehodimong mme a tswalwe lefatsheng a phethahetse ebile a sena sebe. (1 Petrose 2:22) Jesu o ile a re o tletse ho “fana ka moya wa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mareka 10:45) O shwetse dibe tsa rona e le hore re fumane bophelo bo sa feleng.​—Johanne 3:16.

LEFU LE TLA FEDISWA NENG?

Kajeno ho phethahala boprofeta ba Bibele, ka ha re phela ‘dinakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ tse bontshang hore re phela “matsatsing a ho qetela” a lefatshe lena le tletseng bokgopo. (2 Timothea 3:1) Dintho tsena tse bohloko di tla fela ka ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ya batho ba se nang bomodimo.’ (2 Petrose 3:3, 7) Empa batho ba ratang Modimo ba tla pholoha timetso eo mme ba fumane ‘bophelo bo sa feleng.’​—Matheu 25:46.

Batho ba merabe e fapaneng le ba dilemo tse sa lekaneng

Jesu o ile a “fana ka moya wa hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—Mareka 10:45

Batho ba dimillione ba tla tsoswa mme ba fumane bophelo bo sa feleng. Jesu o ile a bontsha hore tsoho ya bafu e ka kgoneha ha a ne a etetse motse wa Naine. Mora a le mong feela wa mohlolohadi o ne a shwele mme Jesu o ile “a mo hauhela” yaba o a mo tsosa. (Luka 7:11-15) Hape, moapostola Pauluse o ile a re: “Ke na le tshepo ho Modimo . . . ya hore ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang.” Tshepo ena e tiileng e bontsha ka ho hlaka hore Modimo o rata batho.​—Liketso 24:15.

Batho ba dibilione ‘ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.’ (Pesaleme ya 37:29) Ka nako eo, ba tla thaba le ho kgothatswa ke ho bona mantswe ao moapostola Pauluse a ileng a a ngola dilemo tse 2 000 tse fetileng a reng: “Lefu, tlholo ya hao e ho kae? Lefu, motsu wa hao o ho kae?” (1 Bakorinthe 15:55) Sera sa batho e leng lefu se tla be se fedisitswe!

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela