Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
2-8 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 39-40
“Moshe o ile a Etsa Seo Jehova a Neng a mo Laetse Sona”
(Exoda 39:32) Ka hoo mosebetsi oohle oa tabernakele ea tente ea pokano oa phethoa, ka hore bara ba Iseraele ba ile ba ’na ba etsa ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ba fela ba etsa joalo.
w11 9/15 27 ¶13
Na U Tsejoa ke Jehova?
13 Ho fapana le Kora, Moshe o ne a le “bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Num. 12:3) O ile a bontša bonolo le boikokobetso ka hore a ikemisetse ho latela litaelo tsa Jehova. (Ex. 7:6; 40:16) Ha ho na letho le bontšang hore Moshe o ne a lula a belaella tsela eo Jehova a neng a etsa lintho ka eona kapa hore o ile a teneha ha a lokela ho latela litaelo tseo Jehova a neng a fane ka tsona. Ka mohlala, Jehova o ile a fana ka litaelo tsa hore na tabernakele e ne e lokela ho hahoa joang, esita le linthong tse nyenyane tse kang hore na mebala ea litšoele e ne e lokela ho ba joang le hore na likhoketsane tse sebelisoang ho etsa masela a tente li ne li lokela ho ba kae ka palo. (Ex. 26:1-6) Haeba molebeli mokhatlong oa Molimo a u fa litaelo tse bonahalang li na le dintlha tse ngata, u ka ’na ua ikutloa u nyahame. Leha ho le joalo, Jehova ke molebeli ea phethahetseng ’me o fa bahlanka ba hae mosebetsi kaha oa ba tšepa. Ha Jehova a fana ka dintlha tse ngata, o etsa seo ka lebaka le utloahalang. Leha ho le joalo, hlokomela hore Moshe ha aa ka a tenehela Jehova ka hore ebe o ile a mo fa dintlha tseo tse ngata, joalokaha eka Jehova o ne a mo khella fatše kapa a khina bokhoni kapa bolokolohi ba hae. Ho e-na le hoo, Moshe o ile a tiisa hore basebetsi “ba fela ba etsa joalo” ka hore ba mamele litaelo tsa Molimo. (Ex. 39:32) Ruri ena e ne e le tsela e bontšang boikokobetso! Moshe o ile a hlokomela hore mosebetsi oo e ne e le oa Jehova ’me eena o ne a sebelisoa feela e le hore mosebetsi o ka phethoa.
(Exoda 39:43) Moshe a talima mosebetsi oohle, ’me, bonang! ba ne ba o entse feela joalo ka ha Jehova a ne a laetse. Ke tsela eo ba neng ba entse ka eona. Ka lebaka leo Moshe a ba hlohonolofatsa.
(Exoda 40:1, 2) Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Ka letsatsi la khoeli ea pele, ka la pele khoeling, u hlome tabernakele ea tente ea pokano.
(Exoda 40:16) Moshe a etsa sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona. A fela a etsa jwalo.
w05 7/15 27 ¶3
Na U Tšepahala Linthong Tsohle?
3 “Baheberu 3:5 e re: “Moshe e le mohlanka o ile a tšepahala.” Ke eng se ileng sa etsa hore moprofeta Moshe a tšepahale? Ha ho ne ho hahoa tabernakele leha e ne e hlongoa, “Moshe [o ile] a etsa ho ea ka sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona. A fela a etsa joalo.” (Exoda 40:16) Re barapeli ba Jehova, ’me re bontša botšepehi ka ho mo sebeletsa ka tlhompho. Ka sebele sena se akarelletsa hore kamehla re tšepahale ho Jehova ha re ntse re le litekong tse boima kapa tse matla haholo. Leha ho le joalo, ho hlōla liteko tse khōlō hase lona lebaka feela le bontšang hore rea tšepahala. Jesu o itse: “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo, ’me motho ea sa lokang ho se senyenyane ha aa loka le ho se seholo.” (Luka 16:10) Re lokela ho tšepahala kamehla le linthong tse bonahalang li le nyenyane.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Exoda 39:34) le sekoahelo sa eona sa matlalo a lipheleu a fetotsoeng ’mala hore a be mafubelu le sekoahelo sa eona sa matlalo a liqibi le lesira la tšireletso,
it-2-E 884 ¶3
Matlalo a Diqibi
Baiseraele ba ne ba a Fumana Jwang? Haeba lentswe taʹchash ka Bibeleng le bolela mofuta o itseng wa qibi, mohlomong re ka ipotsa hore na Baiseraele ba ne ba kgona ho fumana matlalo a diqibi jwang. Le hoja hangata diqibi di fumaneha karolong e ka leboya le e ka borwa ya lefatshe, diqibi tse ding di rata dibaka tse futhumetseng. Kajeno ho ntse ho na le mofuta wa diqibi tse mmalwa tse bitswang monk tse fumanehang karolong e nngwe ya Lewatle la Mediterranean, le dibakeng tse ding tse nang le metsi a futhumetseng. Mehleng ya Bibele, e ka nna ya ba diqibi di ne di fumaneha ka bongata Lewatleng le Lefubedu le la Mediterranean empa ka dilemo tse makgolo batho ba nnile ba bolaya diphoofolo tsena tse ngata haholo. Ka selemo sa 1832 buka ya Senyesemane ya Calmet’s Dictionary of the Holy Bible (leq. 139) e ile ya re: “Ho na le diqibi dihlekehlekeng tse nyane tse ngata tsa Sinai tse haufi le lewatle le Lefubedu.”—Sheba le The Tabernacle’s Typical Teaching, ya A. J. Pollock, London, leq. 47.
Mehleng ya kgale Baegepeta ba ne ba reka ebile ba rekisa Lewatleng le Lefubedu. Ho hlakile hore ba ne ba fumana dintho ho tswa dibakeng tse ngata tsa Mediterranean. Ka hoo, Baegepeta ba ne ba ka kgona ho fumana matlalo a diqibi. Ho ka etsahala hore ha Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta ba ile ba tsamaya le matlalo a diqibi ao ba neng ba se ba ntse ba na le ona ha mmoho le a mang ao Baegepeta ba ileng ba ba fa ona le dintho tse ding tse ngata tsa bohlokwa.—Ex 12:35, 36.
(Exoda 40:34) Eaba leru le qala ho koahela tente ea pokano, ’me khanya ea Jehova ea tlala tabernakele.
w13 9/15 9 ¶9
Likhopotso Tsa Jehova Lia Tšepahala
Ha Baiseraele ba ne ba kena leetong le ileng la nka lilemo tse 40 ‘lefeelleng le leholo le tšosang,’ Jehova ha aa ka a ba fa lintlha tse tobileng esale pele tsa hore na o ne a tla ba tataisa joang, a ba sireletse joang a be a ba hlokomele joang. Ho ntse ho le joalo, ka makhetlo o ile a bontša hore ba ne ba ka mo tšepa le ho tšepa tataiso ea hae. Jehova o ile a sebelisa topallo ea leru motšehare le mollo bosiu e le ho hopotsa Baiseraele hore o ne a ba tšehetsa ha a ntse a ba tataisa sebakeng seo, seo ho neng ho se bonolo ho tsamaea ho sona. (Deut. 1:19; Ex. 40:36-38) O ile a boela a ba fa litlhoko tsa bona tsa mantlha. “Liaparo tsa bona ha lia ka tsa tsofala, le maoto a bona ha aa ka a ruruha.” Ka sebele “ba ne ba sa haelloe ke letho.”—Neh. 9:19-21.
Mmalo wa Bibele
(Exoda 39:1-21) Ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase ba etsa liaparo tse lohiloeng bakeng sa ho sebeletsa sebakeng se halalelang. Ka hoo ba etsa liaparo tse halalelang bakeng sa Arone, feela joalo ka ha Jehova a laetse Moshe. 2 Ka lebaka leo a etsa efoda ea khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. 3 Joale ba tea makapa a khauta hore e be makapa a masesaane, eaba o seha likhoele ho sebetsa ka tsona har’a tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle, e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang. 4 Ba e etsetsa masela a mahetleng a kopantsoeng. Ea kopanngoa lintlheng tsa eona tse peli. 5 Senyepa, se neng se le ho eona bakeng sa ho e tlama ka thata, se ne se entsoe ka ntho e tšoanang ho ea ka moetso oa sona, ka khauta, tšoele e putsoa, le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 6 Joale ba etsa majoe a onyxe a hlomiloeng liluloaneng tsa khauta, a fatiloeng ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso ho ea ka mabitso a bara ba Iseraele. 7 Ka hoo a a beha holim ’a masela a efoda a mahetleng e le majoe a sehopotso bakeng sa bara ba Iseraele, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 8 Joale a etsa kotla ea sefuba e le mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang, joalo ka ha ho entsoe efoda, ka khauta, tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. 9 E ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang ha e mennoe. Ba etsa kotla ea sefuba, ha e mennoe, e le bolelele ba seatla ’me bophara ba eona e le bolelele ba seatla. 10 Ba e tlatsa ka majoe a entseng mela. Moleng oa pele ho ne ho e-na le rubi, topaze le emeralde. 11 Moleng oa bobeli ho ne ho e-na le thekoise, safire le jaspere. 12 Moleng oa boraro ho ne ho e-na le lejoe la leshem, agate le amethyste. 13 Moleng oa bone ho ne ho e-na le krysolite le onyxe le jade. A ne a hlomiloe liluloaneng tsa khauta moo a tšetsoeng teng. 14 Majoe a ne a le ho ea ka mabitso a bara ba Iseraele. A ne a le leshome le metso e ’meli ho ea ka mabitso a bona, ka mongolo o fatiloeng o kang oa tiiso, lejoe ka leng ho ea ka lebitso la lona melokong e leshome le metso e ’meli. 15 Holim ’a kotla ea sefuba ba etsa liketane tse lohiloeng, ka moloho oa liropo, ka khauta e hloekileng. 16 Joale ba etsa liluloana tse peli tsa khauta le mehele e ’meli ea khauta eaba ba beha mehele e ’meli holim ’a lintlha tse peli tsa kotla ea sefuba. 17 Ka mor’a moo ba kenya liropo tse peli tsa khauta ka har’a mehele e ’meli e lintlheng tsa kotla ea sefuba. 19 Ka mor’a moo ba etsa mehele e ’meli ea khauta ’me ba e hloma lintlheng tse peli tsa kotla ea sefuba mophethong oa eona lehlakoreng ho elella karolong e ka hare ea efoda. 20 Joale ba etsa mehele e ’meli ea khauta ’me ba e beha holim ’a masela a mabeli a mahetleng a efoda ka tlaase, karolong ea eona e ka pele, haufi le moo e kopanngoang teng, holim ’a senyepa sa efoda. 21 Qetellong ba tlamella kotla ea sefuba ka mehele ea eona meheleng ea efoda ka tšoele e putsoa, e le hore e be ka holima senyepa sa efoda ’me kotla ea sefuba e se ke ea tloha ka holim ’a efoda, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
9-15 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 1-3
“Ke Hobaneng ha Baiseraele ba ne ba Nyehela?”
(Levitike 1:3) “‘Haeba nyehelo ea hae e le nyehelo ea secheso e tsoang mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō, o lokela ho hlahisa e tona, e phetseng hantle. O lokela ho e hlahisa monyako oa tente ea pokano ka boithatelo ka pel’a Jehova.
(Levitike 2:1) “‘Joale haeba moea o itseng o ka hlahisa nyehelo ea lijo-thollo e le nyehelo ea Jehova, nyehelo ea oona e lokela ho ba phofo e thumisehileng; o tšele oli holima eona ’me o behe libano tse tšoeu holim ’a eona.
(Levitike 2:12) “‘Le tla li hlahisa ho Jehova e le nyehelo ea litholoana tsa pele, ’me li se ke tsa nyolohela aletareng hore e be monko o khathollang.
it-2-E 525
Nyehelo
Nyehelo ya setjheso. Nyehelo ya setjheso e ne e fuwa Modimo kaofela ha yona mme motho ya nyehelang o ne a sa lokela ho nka karolo ya phoofolo eo. (Bapisa le Bhl 11:30, 31, 39, 40.) Motho o ne a fana ka nyehelo ena ho kopa Jehova hore a amohele nyehelo ya sebe eo ka dinako tse ding e neng e fanwa le nyehelo ya setjheso. Jesu Kreste o ile a fana ka mmele wa hae e le “nyehelo ya setjheso” e felletseng.
it-2-E 528 ¶4
Nyehelo
Nyehelo ya dijothollo. Nyehelo ya dijothollo e ne e fanwa le mahlabelo a kopanetsweng, nyehelo ya setjheso le nyehelo ya sebe mme jwalo ka ditholwana tsa pele, ka dinako tse ding e ne e fanwa e le nngwe. (Ex 29:40-42; Le 23:10-13, 15-18; Nu 15:8, 9, 22-24; 28:9, 10, 20, 26-28; kgao 29) Batho ba ne ba fana ka yona ho leboha Modimo ka ho ba hlohonolofatsa le ho ba atlehisa. Hangata e ne e nyehelwa le oli le dibano tse tshweu. Nyehelo ya dijothollo e ne e ka ba phofo e thumisehileng, dijothollo tse hadikilweng, mahobe a nang le lesoba hare, diphaphatha tse apehilweng ontong, paneng kapa pitseng e tshelang mafura a mangata. Nyehelo e nngwe ya dijothollo e ne e tjhesetswa aletareng, e nngwe e ne e jewa ke baprista mme motho ya neng a nyehela o ne a ja karolo e itseng ya mahlabelo a kopanetsweng. (Le 6:14-23; 7:11-13; Nu 18:8-11) Nyehelo ya dijothollo e neng e tjhesetswa aletareng e ne e sa lokela ho ba le tomoso kapa “mahe a dinotshi” (mohlomong lero la feiga kapa la ditholwana) tse neng di ka etsa hore di bele.—Le 2:1-16.
(Levitike 3:1) “‘Haeba nyehelo ea hae e le sehlabelo se kopanetsoeng, haeba a se hlahisa se tsoa mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō, ebang ke e tona kapa ke e tšehali, o tla hlahisa e phetseng hantle ka pel’a Jehova.
it-2-E 526 ¶1
Nyehelo
Mahlabelo a kopanetsweng (kapa a kgotso). Ha motho a ne a fana ka mahlabelo a kopanetsweng mme Jehova a a amohela seo se ne se bontsha hore ba na le kgotso. Motho ya neng a fana ka sehlabelo o ne a se ja le lelapa la hae (ho ya ka tlwaelo, lebaleng la tabernakele ho ne ho behwa maphephe ka hara lebala le potolohilweng ke lesira. Ka hara temple, ho ne ho na le dikamore tsa ho jela). Moprista ya neng a etsa sehlabelo le ba neng ba sebetsa tempeleng ba ne ba ja karolo ya nama eo. Jehova o ne a nka mosi wa mafura a tjhesitsweng e le o kgathollang. Modimo o ne a fuwa madi a phoofolo a tshwantshetsang bophelo. Ka hoo e ne eka baprista, batho ba neng ba fane ka dinyehelo le Jehova ba ja ha mmoho e leng se neng se bontsha hore ba na le kgotso. Motho ya neng a ka ja nama eo a sa hlweka (a sa hlweka ho ya ka Molao) kapa a e ja ho se ho fetile nako eo e lokelang ho jewa ka yona (e ne e ka bola ha ho tjhesa) o ne a lokela ho bolawa. O ne a silafatsa nama eo ebile a ja ntho eo Jehova Modimo a neng a e nka e sa hlweka mme seo se ne se bontsha hore o ne a sa hlomphe dintho tse halalelang.—Le 7:16-21; 19:5-8.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Levitike 2:13) “‘Nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea nyehelo ea hao ea lijo-thollo u tla e nōka ka letsoai; ’me u se ke ua lumella hore letsoai la selekane sa Molimo oa hao le be sieo nyehelong ea hao ea lijo-thollo. U tla hlahisa letsoai hammoho le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea hao.
(Ezekiele 43:24) U tla li atametsa ka pel’a Jehova, ’me baprista ba tla akhela letsoai holim’a tsona le ho li nyehela e le nyehelo e feletseng ea secheso ea Jehova.
w04 5/15 22 ¶1
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike
2:13—Ke hobane’ng ha letsoai le ne le lokela ho hlahisoa “hammoho le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe”? Sena se ne se sa etsetsoe ho natefisa mahlabelo. Lefatšeng ka bophara, letsoai le ’nile la sebelisoa e le motsoako o thibelang lintho ho bola. Ho ka etsahala hore le ne le hlahisoa ’moho le linyehelo hobane le emela se ke keng sa bola kapa sa senyeha.
(Levitike 3:17) “‘Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea lōna, libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo: Ho hang le se ke la ja mafura leha e le afe kapa mali leha e le afe.’”
it-1-E 813
Mafura
Lebaka leo mafura a neng a sa lokela ho jewa ka lona. Tlasa selekane sa Molao, madi le mafura e ne e le tsa Jehova ka ho kgetheha. Ka ha ke Jehova feela ya fanang ka bophelo, o ne a lokela ho fuwa madi hobane madi ke bophelo. (Le 17:11, 14) Mafura a ne a nkuwa e le karolo e nonneng ka ho fetisisa phoofolong. Ha motho a ne a nyehela mafura a phoofolo seo se ne se bontsha hore o a hlokomela hore Jehova o tshwanelwa ke dikarolo tse ntlehadi hape se ne se bontsha hore o batla ho mo fa se molemohadi. Ka ha nyehelo eo e ne e bontsha hore Baiseraele ba inehetse ho Jehova ebile ba batla ho mo fa se molemohadi, e ne e lokela ho kubella e le “dijo” hodima aletare hore e be “monko o kgathollang” ho Jehova. (Le 3:11, 16) Ka hoo, e ne e le sebe hore motho a je mafura ao hobane e ne e le ntho e halalelang mme ha a ne a ka a ja seo se ne se tla bontsha hore ha a hlomphe Jehova ebile seo se ne se ka etsa hore a bolawe. Le ha ho le jwalo, ho fapana le madi, mafura a phoofolo e shweleng kapa e bolailweng ke phoofolo e nngwe a ne a ka sebedisetswa ntho le ha e le efe empa a ne a sa lokela ho jewa.—Le 7:23-25.
w04 5/15 22 ¶2
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike
3:17. Kaha mafura a ne a nkoa e le karolo ea bohlokoa haholo kapa e nonneng ka ho fetisisa, thibelo ea hore a se ke a jeoa e ne e bontša Baiseraele hore karolo ea bohlokoahali e ne e le ea Jehova. (Genese 45:18) Sena se re hopotsa hore re tšoanela ho fa Jehova se molemohali seo re nang le sona.—Liproverbia 3:9, 10; Bakolose 3:23, 24.
Mmalo wa Bibele
(Levitike 1:1-17) Eaba Jehova o bitsa Moshe ’me o bua le eena tenteng ea pokano, o re: 2 “Bua le bara ba Iseraele, u re ho bona, ‘Haeba motho e mong ho lōna a ka hlahisetsa Jehova nyehelo e tsoang liphoofolong tse ruuoang, le lokela ho hlahisa nyehelo ea lōna e tsoang mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō le mohlapeng oa likhutšoane. 3 “‘Haeba nyehelo ea hae e le nyehelo ea secheso e tsoang mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō, o lokela ho hlahisa e tona, e phetseng hantle. O lokela ho e hlahisa monyako oa tente ea pokano ka boithatelo ka pel’a Jehova. 4 O tla beha letsoho la hae holim’a hlooho ea nyehelo ea secheso, ’me e tla amoheloa ka mosa bakeng sa hore a koahele libe tsa hae. 5 “‘Joale pohoana e tla hlajoa ka pel’a Jehova; bara ba Arone, baprista, ba tla hlahisa mali ’me ba fafatse mali ho potoloha aletare, e monyako oa tente ea pokano. 6 Nyehelo ea secheso e tla buuoa ’me e khabeloe likotoana. 7 Bara ba Arone, baprista, ba tla beha mollo aletareng ’me ba behe patsi ka tlhophiso holim’a mollo. 8 Bara ba Arone, baprista, ba behe likotoana ka tlhophiso ’me hlooho le mohlehlo li be holim’a patsi e mollong o aletareng. 9 Mala a eona le litlhakoana tsa eona li tla hlatsuoa ka metsi; ’me moprista a etse hore kaofela ha eona e kubelle aletareng e le nyehelo ea secheso, nyehelo e entsoeng ka mollo e monko o khathollang ho Jehova. 10 “ ‘Haeba nyehelo ea hae bakeng sa nyehelo ea secheso e tsoa mohlapeng oa likhutšoane, lipheleung tse nyenyane kapa lipōling, o tla hlahisa e tona, e phetseng hantle. 11 E tla hlabeloa lehlakoreng la aletare ka leboea ka pel’a Jehova, ’me bara ba Arone, baprista, ba fafatse mali a eona ho potoloha aletare. 12 O tla e khabela likotoana le hlooho ea eona le mohlehlo oa eona, ’me moprista a li behe ka tlhophiso holim’a patsi e mollong o aletareng. 13 O tla hlatsoa mala le litlhakoana ka metsi; moprista a e hlahise kaofela ’me a etse hore e kubelle aletareng. Ke nyehelo ea secheso, nyehelo e entsoeng ka mollo e monko o khathollang ho Jehova. 14 “ ‘Leha ho le joalo, haeba nyehelo ea hae eo e leng nyehelo ea secheso ea Jehova e le ea linonyana, joale o tla hlahisa nyehelo ea hae ea maebana-khoroana kapa maebana. 15 Moprista a e hlahise aletareng ’me a e soenetse molala a etse hore e kubelle aletareng, empa mali a eona a fophisoe lehlakoreng la aletare. 16 O tla ntša kiila ea eona hammoho le masiba a eona ’me a li lahlele ka thōko ho aletare, ka bochabela, sebakeng sa molora o mafura. 17 A e ngamole mapheong. A se ke a e arola. Joale moprista a etse hore e kubelle aletareng holim’a patsi e mollong. Ke nyehelo ea secheso, nyehelo e entsoeng ka mollo e monko o khathollang ho Jehova.
16-22 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 4-5
“Fa Jehova Sohle Seo o ka se Kgonang”
(Levitike 5:5, 6) “‘Haeba o e-ba molato mabapi le e ’ngoe ea lintho tsena, joale o bolele hore na o entse sebe ka tsela efe. 6 O tlise nyehelo ea oona ea molato ho Jehova bakeng sa sebe seo o se entseng, e leng, e tšehali ho tsoa mohlapeng oa likhutšoane, konyana e tšehali kapa potsanyane e tšehali, bakeng sa nyehelo ea sebe; ’me moprista a koahele libe tsa oona bakeng sa sebe sa oona.
it-2-E 527 ¶9
Nyehelo
Nyehelo ya molato. Motho o ne a boetse a ka fana ka nyehelo ya molato haeba a entse sebe. Tlasa Molao, haeba motho a ne a entse sebe seo se ne se etsa hore a be molato. O ne a lokela ho fana ka nyehelo ya molato haeba a entse dibe tse itseng. Ho na le phapang e nyane pakeng tsa nyehelo ya molato le nyehelo ya sebe. Ho bonahala motho a ne a fana ka nyehelo ya molato haeba a ne a foseditse Jehova kapa a foseditse motho e mong. Nyehelo ya molato e ne e fanwa e le hore Jehova a ka tshwarela mofosi ya bakileng kapa hore a kgone ho tswela pele ka bophelo ba hae mme a se ke a hlola a utlwiswa bohloko ke ditlamorao tsa sebe seo a se entseng.—Bapisa le Esa 53:10.
(Levitike 5:7) “‘Leha ho le joalo, haeba o sa khone ho fana ka nku, joale o tlise ho Jehova maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe seo o se entseng, le leng bakeng sa nyehelo ea sebe ’me le leng bakeng sa nyehelo ea secheso.
w09 6/1 26 ¶3
O Utloisisa Moo re Haelloang Teng
E le ho bontša hore Jehova o nahanela batho ka tsela e lerato, Molao o ne o re: “Leha ho le joalo, haeba [a] sa khone ho fana ka nku, joale [a] tlise ho Jehova maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe seo [a] se entseng, le leng bakeng sa nyehelo ea sebe ’me le leng bakeng sa nyehelo ea secheso.” (Temana ea 7) Poleloana e reng “haeba [a] sa khone,” e bontša hore Molimo o ne a thabela ho amohela ho hong hoo motho ea nyehelang a neng a ka khona ho fana ka hona. Haeba Moiseraele a ne a futsanehile haholo hoo a neng a hlōleha ho fana ka nku, Molimo o ne a ananela ntho leha e le efe eo a neng a ka fana ka eona—ebang ke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.
(Levitike 5:11) “‘Joale haeba o se na matla a ho fumana maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, joale bakeng sa nyehelo ea oona ea sebe seo o se entseng o tlise karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng bakeng sa nyehelo ea sebe. O se ke oa tšela oli holim’a eona ’me o se ke oa beha libano tse tšoeu holim’a eona, etsoe ke nyehelo ea sebe.
w09 6/1 26 ¶4
O Utloisisa Moo re Haelloang Teng
Motho o ne a etsa joang haeba a ne a sitoa ho fana ka maebana-khoroana kapa maebana ao a mabeli? Molao o ne o re: “Joale bakeng sa nyehelo ea [hae] ea sebe seo [a] se entseng [a] tlise karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng [likopi tse robeli kapa tse robong] bakeng sa nyehelo ea sebe.” (Temana ea 11) Jehova o ile a etsetsa batho ba itšokolang haholo tokisetso e fapaneng, a ba lumella hore ba etse nyehelo ea sebe ntle ho mali. Iseraeleng, bofuma bo ne bo sa sitise motho hore a koahele sebe kapa ho mo tima monyetla oa ho lokisa kamano ea hae le Molimo.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Levitike 5:1) “‘Joale haeba moea o etsa sebe ka hore ebe o utloile thohako ea phatlalatsa ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe, joale o arabelle phoso ea oona.
w16.02 24 ¶14
Ithute Mohlaleng oa Bahlanka ba Jehova ba Tšepahalang
14 Le uena u ka qala ka ho tšepahala ho Jehova ’me ua ntan’o tšepahala ho batho ba bang ka ho ba mosa. Ka mohlala, a re nke hore u na le bopaki ba hore mor’abo rōna ea itseng o entse sebe se tebileng. U ka ’na ua batla ho lula u tšepahala ho eena, haholo-holo haeba e le motsoalle oa hao ea haufi-ufi kapa mong ka uena. Empa u boetse ua tseba hore ke habohlokoa le ho feta ho tšepahala ho Jehova. Kahoo etsisa Nathane ’me u mamele Jehova empa u be mosa ho mor’eno. Mo bolelle hore o lokela ho kōpa thuso ho baholo ’me a etse joalo kapele. Haeba a sa bue le bona, u lokela ho ba joetsa. Ha u etsa joalo, u bontša hore u tšepahala ho Jehova. Hape u bontša mor’eno mosa, kaha baholo ba ka mo thusa hore a boele a be le kamano e ntle le Jehova. Ba tla mo thusa ka tsela e loketseng.—Bala Levitike 5:1; Bagalata 6:1.
(Levitike 5:15, 16) “Haeba moea o itšoara ka ho se tšepahale ka hore o etse sebe ka phoso khahlanong le lintho tse halalelang tsa Jehova, joale o tlise ho Jehova pheleu e phetseng hantle e tsoang mohlapeng oa likhutšoane e le nyehelo ea oona ea molato, ho ea ka tefello e lekantsoeng ea lishekele tsa silevera, ka shekele ea sebaka se halalelang, e le nyehelo ea molato. 16 O tla etsa puseletso bakeng sa sebe seo o se entseng khahlanong le sebaka se halalelang ’me o tla e eketsa ka karolo ea eona ea bohlano, ’me o e fe moprista, hore moprista a koahele libe tsa oona ka pheleu ea nyehelo ea molato, ’me kahoo o tla se tšoareloa.
it-1-E 1130 ¶2
Kgalalelo
Diphoofolo le Dijo. Jehova o ne a nka matsibolo a diphoofolo tse kang poho, konyana le podi a halalela mme a ne a sa lokela ho lopollwa. A ne a lokela ho nyehelwa mme karolo e itseng ya ona e ne e fuwa baprista ba hlwekileng. (Nu 18:17-19) Ditholwana tsa pele le karolo ya leshome di ne di halalela ho akarelletsa le mahlabelo ohle le dimpho tsohle tse neng di fanwa bakeng sa tshebeletso e neng e etswa ka sehalalelong. (Ex 28:38) Jehova o ne a nka dintho tse halalelang e le tsa bohlokwa mme batho ba ne ba sa lokela ho di sebedisa bakeng sa merero ya bona kapa ka tsela e fosahetseng. Mohlala wa sena ke molao o mabapi le ho ntsha karolo ya leshome. Haeba motho a ne a batla ho ntsha koro e le karolo ya leshome ebe yena kapa e mong wa lelapa la hae o pheha koro eo a sa hlokomele, motho eo o ne a tla be a tlotse molao wa Modimo o mabapi le dintho tse halalelang. Molao o ne o bontsha hore o ne a lokela ho isa koro e lekanang le eo a e phehileng sehalalelong a be a e eketse mme a boele a fane ka pheleu e phetseng hantle e tswang mohlapeng wa dikgutshwane e le nyehelo. Ka hoo, batho ba ne ba lokela ho hlompha dintho tse halalelang tsa Jehova haholo.—Le 5:14-16.
Mmalo wa Bibele
(Levitike 4:27–5:4) “‘Haeba moea leha e le ofe bathong ba naha o etsa sebe e se ka morero ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laelang hore li se ke tsa etsoa ’me o e-ba molato, 28 kapa o tsebisoa sebe seo o se entseng, joale o tlise potsanyane e tšehali e le nyehelo ea oona, e phetseng hantle, bakeng sa sebe sa oona seo o se entseng. 29 O behe letsoho holim’a hlooho ea nyehelo ea sebe ’me o hlabele nyehelo ea sebe sebakeng se tšoanang le sa nyehelo ea secheso. 30 Moprista a qopetse mali a mang a eona ka monoana ’me a a tlotse manakeng a aletare ea nyehelo ea secheso, ’me o tla tšela mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlaase ea aletare. 31 O tla tlosa mafura ’ohle a eona, feela joalokaha mafura a ile a tlosoa sehlabelong se kopanetsoeng; ’me moprista a etse hore a kubelle aletareng e le monko o khathollang ho Jehova; moprista a koahele libe tsa oona, ’me kahoo o tla li tšoareloa. 32 “‘Empa haeba o ka tlisa konyana e le nyehelo ea oona bakeng sa nyehelo ea sebe, o lokela ho tlisa konyana e phetseng hantle e tšehali. 33 O behe letsoho holim’a hlooho ea nyehelo ea sebe ’me o e hlabe e le nyehelo ea sebe sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona kamehla. 34 Moprista a qopetse mali a mang a nyehelo ea sebe ka monoana ’me a a tlotse manakeng a aletare ea nyehelo ea secheso, ’me o tla tšela mali a mang a eona kaofela karolong e ka tlaase ea aletare. 35 O tla tlosa mafura ’ohle a eona ka mokhoa o tšoanang le oo mafura a pheleu e nyenyane ea sehlabelo se kopanetsoeng a tlosoang ka oona, ’me moprista a etse hore li kubelle aletareng holim’a linyehelo tsa Jehova tse entsoeng ka mollo; moprista a koahele libe tsa oona ka lebaka la sebe seo o se entseng, ’me kahoo o tla se tšoareloa.
5 “‘Joale haeba moea o etsa sebe ka hore ebe o utloile thohako ea phatlalatsa ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe, joale o arabelle phoso ea oona. 2 “‘Kapa haeba moea o ama ntho e sa hloekang, ebang ke setopo sa sebata kapa setopo sa phoofolo e ruuoang e sa hloekang kapa setopo sa sebōpuoa se nyekenyehang se sa hloekang, le hoja o patetsoe seo, ho ntse ho le joalo ha oa hloeka ’me o molato. 3 Kapa haeba o ama ho se hloeke ha motho mabapi le ho se hloeke leha e le hofe ha hae ho ka mo silafatsang, le hoja o ne o patetsoe seo, empa leha ho le joalo o tsebile ka seo, joale o molato. 4 “‘Kapa haeba moea o hlapanya ho isa bohōleng ba ho bua o sa nahane ka molomo oa oona ho etsa bobe kapa ho etsa se molemo mabapi le ntho leha e le efe eo motho a ka e buang a sa nahane polelong e hlapanyelitsoeng, le hoja o patetsoe seo, empa leha ho le joalo o tsebile ka seo, joale o molato mabapi le e ’ngoe ea lintho tsena.
23-29 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 6-7
“Tsela ya ho Leboha Jehova”
(Levitike 7:11, 12) “‘Joale ona ke molao oa sehlabelo se kopanetsoeng seo mang kapa mang a tla se hlahisa ho Jehova: 12 Haeba a se hlahisa e le pontšo ea liteboho, joale a hlahise hammoho le sehlabelo sa liteboho mahobe a sa lomosoang a lesoba hare a kolobisitsoeng ka oli le liphaphatha tse sa lomosoang tse tlotsitsoeng ka oli le phofo e thumisehileng e tsoakiloeng hantle e le mahobe a lesoba hare a kolobisitsoeng ka oli.
Lengolo la Levitike le re Rutang
9 Ntlha ya bobedi: Re sebeletsa Jehova hobane re ananela dintho tseo a re etseditseng tsona. E le hore re utlwisise sena hantle, a re hlahlobeng mahlabelo a kopanetsweng ao Baiseraele ba neng ba a etsa. Lengolong la Levitike, re ithuta hore Moiseraele o ne a etsa mahlabelo a kopanetsweng e le “pontsho ya diteboho.” (Lev. 7:11-13, 16-18) O ne a etsa sehlabelo sena hobane a batla, eseng a tlameha. Ka hoo, o ne a ithaopela ho etsa sehlabelo sena hobane a rata Modimo wa hae Jehova. Motho ya neng a etsa sehlabelo sena o ne a ja nama ya phoofolo eo ha mmoho le lelapa la hae le baprista. Empa dikarolo tse itseng tsa phoofolo ya sehlabelo di ne di fuwa Jehova ka ho kgetheha. Ke dikarolo dife?
(Levitike 7:13-15) Hammoho le mahobe a lesoba hare a lomositsoeng o tla hlahisa nyehelo ea hae le sehlabelo sa liteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsoeng. 14 Ho eona a hlahise e le ’ngoe nyehelong ka ’ngoe e le karolo e halalelang ho Jehova; ha e le moprista ea fafatsang mali a mahlabelo a kopanetsoeng, e tla ba ea hae. 15 Nama ea sehlabelo sa liteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsoeng e lokela ho jeoa letsatsing leo a etsang nyehelo ka lona. A se ke a boloka leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng.
w00 8/15 15 ¶15
Mahlabelo a Neng a Khahlisa Molimo
15 Nyehelo e ’ngoe ea boithatelo e ne e le sehlabelo se kopanetsoeng, se hlalosoang ho Levitike khaolo ea 3. Lebitso lena le ka boela la fetoleloa e le “sehlabelo sa linyehelo tsa khotso.” Ka Seheberu, lentsoe “khotso” hase feela ho lokoloha ntoeng kapa likhathatsong. Buka ea Studies in the Mosaic Institutions e re: “Ka Bibeleng, le bolela sena, le boetse le bolela boemo kapa kamano ea khotso le Molimo, katleho, nyakallo le thabo.” Kahoo, mahlabelo a kopanetsoeng a ne a sa nyeheloe bakeng sa ho boloka khotso le Molimo, joalokaha eka ke ho mo khutsisa, empa a ne a nyeheloa ho leboha kapa ho ketekela boemo bo hlohonolofetseng ba ho ba le khotso le Molimo, bo thabeloang ke bao a ba amohelang. Baprista le ea nyehelang ba ne ba e-ja sehlabelo ka mor’a hore mali le mafura li nyeheloe ho Jehova. (Levitike 3:17; 7:16-21; 19:5-8) Ka tsela e ntle le ea tšoantšetso, ea nyehelang, baprista le Jehova Molimo ba ne ba kopanela lijong, ba bontša hore ho na le khotso har’a bona.
(Levitike 7:20) “‘Moea o jang nama ea sehlabelo se kopanetsoeng, sa Jehova, ha o ntse o sa hloeka, moea oo o felisoe sechabeng sa habo oona.
w00 8/15 19 ¶8
Mahlabelo a Thoriso a Khahlisang Jehova
8 Ho thoe’ng ka motho ea etsang nyehelo? Molao o ne o bontša hore mang kapa mang ea tlang ka pel’a Jehova o ne a lokela ho hloeka le ho hloka litšila. Motho ea neng a silafetse ka lebaka leha e le lefe o ne a tlameha hore a qale ka ho nyehela nyehelo ea sebe kapa ea molato ho tsosolosa boemo ba hae bo hloekileng ka pel’a Jehova e le hore nyehelo ea hae ea secheso kapa sehlabelo se kopanetsoeng e ka amoheleha ho Eena. (Levitike 5:1-6, 15, 17) Ka lebaka leo, na re utloisisa bohlokoa ba hore kamehla re be le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova? Haeba re batla hore borapeli ba rōna bo amohelehe ho Molimo, re lokela ho potlakela ho lokisa litlōlo leha e le life tsa melao ea Molimo. Re lokela ho potlakela ho amohela mekhoa eo Molimo a faneng ka eona bakeng sa thuso—“banna ba baholo ba phutheho” le “sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna,” e leng Jesu Kreste.—Jakobo 5:14; 1 Johanne 2:1, 2.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Levitike 6:13) Mollo o tla lula o tuka aletareng. O se ke oa tima.
it-1-E 833 ¶1
Mollo
Mollo o neng o etswa tabernakeleng le tempeleng. Mollo o ne o etswa tabernakeleng mme ha morao o ile wa etswa le tempeleng. Hoseng ho hong le ho hong le pakeng tsa dishwalane tse pedi moprista ya phahameng o ne a tjhesa dibano aletareng ya dibano. (Ex 30:7, 8) Molao wa Modimo o ne o re mollo o aletareng ya nyehelo ya setjheso o ne o lokela ho dula o tuka. (Le 6:12, 13) Bajuda ba dumela hore mollo o neng o le aletareng o ne o beswa ke Modimo ka mohlolo, le hoja batho ba bangata ba dumela seo, ha se seo Mangolo a se rutang. Ho ya ka ditaelo tseo Jehova a neng a di file Moshe, bara ba Arone ba ne ba lokela ho “beha mollo aletareng mme ba behe patsi ka tlhophiso hodima mollo” pele ba beha sehlabelo hodima aletare. (Le 1:7, 8) Ka mora hore ho hlonngwe boprista ba Arone le ka mora hore ho nyehelwe mahlabelo, ho ka etsahala hore mollo o ileng wa tjhesa mahlabelo ao a neng a le aletareng o ne o tswa lerung le neng le le hodima tabernakele. Ka hoo, mollo oo o ileng wa hlaha ka mohlolo ha wa ka wa besa patsi e aletareng empa o ile wa “tjhesa nyehelo ya setjheso le dikarolo tse mafura hodima aletare.” Ho ka etsahala hore mollo o ileng wa tuka aletareng e ne e le mollo o tswang ho Modimo le mollo o neng o se o ntse o tuka aletareng. (Le 8:14–9:24) Ka ho tshwanang, ka mora hore Solomone a rapele mollo o tswang ho Jehova o ile wa tjhesa mahlabelo a neng a entswe ha ho ne ho nehelwa tempele.—2Likr 7:1; bakeng sa mehlala e meng e bontshang ka moo Jehova a ileng a sebedisa mollo ka mohlolo ha a ne a amohela mahlabelo a bahlanka ba hae sheba le Bhl 6:21; 1Ma 18:21-39; 1Likr 21:26.
(Levitike 6:25) “Bua le Arone le bara ba hae, o re, ‘Ona ke molao oa nyehelo ea sebe: Nyehelo ea sebe e tla hlabeloa sebakeng seo nyehelo ea secheso e hlabeloang ho sona kamehla ka pel’a Jehova. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.
si 27 ¶15
Buka ea Bibele ea 3—Levitike
15 (3) Nyehelo ea sebe e ne e etswa bakeng sa libe tseo e seng tsa ka boomo, kapa libe tse entsoeng ka phoso. Mofuta oa phoofolo e nyeheloang o itšetlehile ka hore na ke sebe sa mang se etsetsoang pheko—sa moprista, batho ka kakaretso, khosana, kapa motho feela. Ho fapana le linyehelo tsa boithatelo tsa secheso le tsa kopanelo bakeng sa batho ka bomong, nyehelo ea sebe ea tlama.—4:1-35; 6:24-30.
Mmalo wa Bibele
(Levitike 6:1-18) Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 2 “Haeba moea o etsa sebe ka hore o itšoare ka ho se tšepahale ho Jehova ’me o thetsa oa habo oona ka ntho e taolong ea oona kapa peheletso e seatleng sa oona kapa ka tlatlapo kapa o etsetsa oa habo oona bolotsana, 3 kapa o fumana ntho e lahlehileng ’me o bua leshano ka eona ’me o hlapanya ka bohata ka ntho leha e le efe ea tsohle tseo motho a ka li etsang ho etsa sebe ka tsona; 4 joale etlare haeba o etsa sebe ’me o le molato, o tla khutlisa ntho e tlatlapuoeng eo o e tlatlapileng kapa ntho e nkiloeng ka ho hanyapetsa eo o e nkileng ka bolotsana kapa ntho e taolong ea oona e behiloeng taolong ea oona kapa ntho e lahlehileng eo o e fumaneng, 5 kapa ntho leha e le efe eo o ka hlapanyang ka bohata ka eona, ’me o tla etsa puseletso e feletseng bakeng sa eona, ’me o tla e eketsa ka karolo ea eona ea bohlano. O tla e fa mong’a eona ka letsatsi leo ho pakoang hore o molato ka lona. 6 E le nyehelo ea oona ea molato o tla tlisa ho Jehova pheleu e phetseng hantle e tsoang mohlapeng oa likhutšoane ho ea ka tefello e lekantsoeng, bakeng sa nyehelo ea molato, ho moprista. 7 Moprista a koahele libe tsa oona ka pel’a Jehova, kahoo o li tšoareloe mabapi le ntho leha e le efe ea tsohle tseo o ka li etsang e fellang ka hore o be molato.” 8 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 9 “Laela Arone le bara ba hae, o re, ‘Ona ke molao oa nyehelo ea secheso: Nyehelo ea secheso e tla ba holim’a leifo holim’a aletare bosiu bohle ho fihlela hoseng, ’me mollo oa aletare o tla hoteletsoa ho eona. 10 Moprista a apare seaparo sa hae sa mosebetsi sa line, ’me o tla apara leqapa la line ’meleng oa hae. Joale a ntše molora o mafura oa nyehelo ea secheso eo mollo o e chesang kamehla holim’a aletare, ’me a o behe ka thōko ho aletare. 11 A hlobole liaparo tsa hae ’me a apare liaparo tse ling, ’me a ntšetse molora o mafura sebakeng se hloekileng ka ntle ho liahelo. 12 Mollo o aletareng o tla lula o tuka holim’a eona. O se ke oa tima. Moprista a bese patsi holim’a oona hoseng ho hong le ho hong ’me a behe nyehelo ea secheso holim’a oona ka tlhophiso, ’me a etse hore likarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsoeng li kubelle holim’a oona. 13 Mollo o tla lula o tuka aletareng. O se ke oa tima. 14 “‘Joale ona ke molao oa nyehelo ea lijo-thollo: Lōna bara ba Arone, le e hlahise ka pel’a Jehova ka pel’a aletare. 15 E mong oa bona a qotse lefupu la phofo e thumisehileng ea nyehelo ea lijo-thollo le oli e ’ngoe ea eona le libano tsohle tse tšoeu tse holim’a nyehelo ea lijo-thollo, ’me a etse hore e kubelle holim’a aletare e le monko o khathollang bakeng sa khopotso ea eona ho Jehova. 16 E setseng ho eona e tla jeoa ke Arone le bara ba hae. E tla jeoa e le mahobe a sa lomosoang sebakeng se halalelang. Ba tla e jella ka lebaleng la tente ea pokano. 17 Ha ea lokela ho apehoa le ntho leha e le efe e lomositsoeng. Ke nehelane ka eona e le karolo ea bona linyehelong tsa ka tse entsoeng ka mollo. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa, joaloka nyehelo ea sebe le joaloka nyehelo ea molato. 18 E mong le e mong e motona har’a bara ba Arone o tla e ja. Ke kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang melokong eohle ea lōna linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka li amang e tla halalela.’”
30 NOVEMBER–6 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 8-9
“Se Bontshang Hore Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Hae”
(Levitike 8:6-9) Kahoo Moshe a atametsa Arone le bara ba hae ’me a ba hlatsoa ka metsi. 7 Ka mor’a moo a mo apesa seaparo se selelele sa ka holimo ’me a mo tlama ka leqhama eaba o mo apesa seaparo se se nang matsoho ’me o mo apesa efoda eaba o mo tlama ka senyepa sa efoda ’me o e tlamella ho eena ka thata. 8 Ka mor’a moo a mo apesa kotla ea sefuba ’me a kenya Urime le Thumime ka har’a kotla ea sefuba. 9 Joale a mo roesa tuku hloohong ’me karolong e ka pele ea tuku a beha lekapa le benyang la khauta, pontšo e halalelang ea boinehelo, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
(Levitike 8:12) Qetellong a tšela Arone hloohong ka oli e tlotsang eaba oa mo tlotsa e le hore a mo halaletse.
it-1-E 1207
Ho hlomamisa
Moshe o ile a hlatswa Arone le bara ba hae e leng Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare (kapa o ile a ba laela hore ba itlhatswe) beisineng ya koporo e neng e le lebaleng mme a apesa Arone diaparo tsa moprista ya phahameng. (Nu 3:2, 3) Diaparo tseo Arone a neng a di apesitswe di ne di tshwantshetsa mosebetsi oo a neng a tla o etsa le makgabane ao a lokelang ho ba le ona. Moshe o ile a tlotsa tabernakele, dintho kaofela tse neng di le ka tabernakeleng, disebediswa, aletare ya nyehelo ya setjheso, beisine ha mmoho le dintho tse ding tse neng di sebediswa. O ile a di halaletsa mme di ne di tla sebediswa ka ho kgetheha tshebeletsong ya Modimo. Qetellong Moshe o ile a tlotsa Arone ka ho mo tshela ka oli hodima hlooho.—Le 8:6-12; Ex 30:22-33; Pes 133:2.
(Levitike 9:1-5) Ka letsatsi la borobeli Moshe a bitsa Arone le bara ba hae le banna ba baholo ba Iseraele. 2 Joale a re ho Arone: “Inkele namane e nyenyane bakeng sa nyehelo ea sebe le pheleu bakeng sa nyehelo ea secheso, tse phetseng hantle, ’me u li hlahise ka pel’a Jehova. 3 Empa u tla bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Nkang phooko bakeng sa nyehelo ea sebe le namane le pheleu e nyenyane, e ’ngoe le e ’ngoe e be e nang le selemo, e be tse phetseng hantle, bakeng sa nyehelo ea secheso, 4 le poho le pheleu bakeng sa mahlabelo a kopanetsoeng hore ho etsoe sehlabelo ka tsona ka pel’a Jehova, le nyehelo ea lijo-thollo e kolobisitsoeng ka oli, hobane ka sebele Jehova o tla bonahala ho lōna kajeno.’” 5 Tumellanong le hoo ba nka seo Moshe a laetseng hore se nkuoe ka pel’a tente ea pokano. Joale phutheho eohle ea atamela ’me ea ema ka pel’a Jehova.
it-1-E 1208 ¶8
Ho hlomamisa
Ka letsatsi la borobedi baprista ba sa tswa hlomamiswa ba ile ba qala ho sebetsa (ntle ho thuso ya Moshe) ka lekgetlo la pele. Ba ile ba etsa mosebetsi wa ho kwahela dibe tsa Baiseraele ka ha Baiseraele e ne e le ba etsa dibe ebile ba ne ba hloka ho hlwekiswa hobane ba ile ba etsa namane ya kgauta mme seo se ile sa halefisa Jehova. (Le 9:1-7; Ex 32:1-10) Ka mora hore ba etse tshebeletso eo ya bona ya pele Jehova o ile a bontsha hore o a ba amohela mme o ile a tiisa seo ka hore a hlahise mollo ka mohlolo. Ha ho pelaelo hore mollo oo o ne o tswa topallong ya leru e neng e le hodima tabernakele mme o ile wa tjhesa sehlabelo se neng se le aletareng.—Le 9:23, 24.
(Levitike 9:23, 24) Qetellong Moshe le Arone ba kena ka tenteng ea pokano eaba baa tsoa ’me ba hlohonolofatsa sechaba. Joale khanya ea Jehova ea bonahala ho sechaba sohle, 24 ’me mollo oa tsoa ka pel’a Jehova eaba o qala ho chesa nyehelo ea secheso le likarolo tse mafura holim’a aletare. Ha sechaba sohle se o bona, sa tlerola mohoo ’me sa qala ho itihela fatše ka lifahleho.
Lengolo la Levitike le re Rutang
13 Ntlha ya bone: Jehova o hlohonolofatsa mokgatlo wa hae o lefatsheng. Nahana ka se ileng sa etsahala ka selemo sa 1512 ha tabernakele e ne e hlongwa pela Thaba ya Sinai. (Ex. 40:17) Moshe o ile a tshwara mokete oo ho ona Arone le bara ba hae ba ileng ba kgethwa hore e be baprista. Setjhaba sa Iseraele se ile sa bokana ha mmoho ho bona ha baprista ba fana ka mahlabelo a diphoofolo ka lekgetlo la pele. (Lev. 9:1-5) Jehova o ile a bontsha jwang hore o amohela baprista ba kgethilweng? Ha Arone le Moshe ba ntse ba hlohonolofatsa setjhaba, Jehova o ile a romela mollo o tswang lehodimong hore o tjhese sehlabelo se neng se le aletareng.—Bala Levitike 9:23, 24.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Levitike 8:6) Kahoo Moshe a atametsa Arone le bara ba hae ’me a ba hlatsoa ka metsi.
w14 11/15 9 ¶6
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?
6 Bahlanka ba Jehova kajeno ba ithuta thuto ea bohlokoa tabeng ea hore baprista ba Iseraele ba ne ba lokela ho hloeka ’meleng. Batho bao re ithutang Bibele le bona ba atisa ho hlokomela kamoo libaka tsa rōna tsa borapeli li hloekileng kateng le kamoo re aparang ka makhethe kateng. Empa ho hloeka ha baprista ho re thusa ho lemoha hore motho leha e le ofe ea nyolohelang thabeng ea Jehova ea borapeli o lokela ho ba le ‘pelo e hloekileng.’ (Bala Pesaleme ea 24:3, 4; Esa. 2:2, 3.) Re lokela ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang ka likelello, lipelo le ’mele e hloekileng. Sena se bolela hore re lokela ho itlhahloba khafetsa, ’me ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba etse liphetoho tse itseng e le hore e be ba halalelang. (2 Bakor. 13:5) Ka mohlala motho ea kolobelitsoeng eo ka boomo a shebang litšoantšo tse litšila o lokela ho ipotsa, ‘Na ketso ee e bontša hore kea halalela?’ Joale o lokela ho kōpa thuso e le hore a khaotse tloaelo eo e mpe.—Jak. 5:14.
(Levitike 8:14-17) Joale a khanna poho ea nyehelo ea sebe ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho holim’a hlooho ea poho ea nyehelo ea sebe. 15 Moshe a e hlaba ’me a nka mali eaba o a tlotsa ka monoana manakeng a aletare ho e potoloha ’me o hloekisa aletare sebeng, empa mali a mang kaofela a a tšela karolong e ka tlaase ea aletare, hore a e halaletse e le hore a tle a koahele libe holim’a eona. 16 Ka mor’a moo a nka mafura ’ohle a holim’a mala, le karolo e leketlileng sebeteng le liphio tse peli le mafura a tsona eaba Moshe o etsa hore li kubelle aletareng. 17 A chesa ka mollo poho le letlalo la eona le nama ea eona le bolokoe ba eona ka ntle ho liahelo, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
it-2-E 437 ¶3
Moshe
Modimo o ile a kgetha Moshe hore e be mokenadipakeng wa selekane sa Molao le Iseraele. Ha ho na motho ya kileng a fumana boemo bona bo kgethehileng kantle ho Jesu Kreste e leng Mokenadipakeng wa selekane se setjha. Jwalo ka mokenadipakeng Moshe o ile a fafatsa madi a diphoofolo tse nyehetsweng bukeng ya selekane e emelang Jehova mme a a fafatsa le ho setjhaba (e leng banna ba baholo ba Iseraele). Ha a ne a balla batho buka ya molao ba ile ba araba ba re: “Mantswe ohle ao Jehova a a buileng re ikemiseditse ho a phetha.” (Ex 24:3-8; Heb 9:19) Mosebetsi wa Moshe wa ho ba mokenadipakeng o ne o akarelletsa ho etsa dintho tse kang ho haha tabernakele, ho etsa disebediswa tsa yona, ho latela ditaelo tsa Modimo tsa hore tabernakele e lokela ho hahwa jwang, ho hlomamisa baprista, ho tlotsa tabernakele le ho tlotsa Arone ka oli e kgethehileng hore ebe moprista ya phahameng. Ka mora moo o ile a etsa mosebetsi o neng o tla etswa ke baprista ha morao.—Ex kgao 25-29; Le kgao 8, 9.
Mmalo wa Bibele
(Levitike 8:31–9:7) Joale Moshe a re ho Arone le bara ba hae: “Phehang nama monyako oa tente ea pokano, ’me le tla e jella teng le bohobe bo ka basketeng ea tlhomamiso, feela joalokaha ke filoe taelo, e reng, ‘Arone le bara ba hae ba tla e ja.’ 32 Nama le bohobe bo setseng le tla li chesa ka mollo. 33 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano ka matsatsi a supileng, ho fihlela letsatsing la ho phethahala ha matsatsi a tlhomamiso ea lōna, hobane ho tla nka matsatsi a supileng ho tlatsa matsoho a lōna matla. 34 Feela joalokaha ho entsoe letsatsing lena, Jehova o laetse hore ho etsoe e le hore ho koaheloe libe tsa lōna. 35 Le tla lula monyako oa tente ea pokano bosiu le motšehare ka matsatsi a supileng, ’me le boloke tebelo e tlamang ea Jehova, hore le se ke la shoa; etsoe ke laetsoe joalo.” 36 Arone le bara ba hae ba etsa lintho tsohle tseo Jehova a neng a li laetse ka Moshe.
9 Ka letsatsi la borobeli Moshe a bitsa Arone le bara ba hae le banna ba baholo ba Iseraele. 2 Joale a re ho Arone: “Inkele namane e nyenyane bakeng sa nyehelo ea sebe le pheleu bakeng sa nyehelo ea secheso, tse phetseng hantle, ’me u li hlahise ka pel’a Jehova. 3 Empa u tla bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Nkang phooko bakeng sa nyehelo ea sebe le namane le pheleu e nyenyane, e ’ngoe le e ’ngoe e be e nang le selemo, e be tse phetseng hantle, bakeng sa nyehelo ea secheso, 4 le poho le pheleu bakeng sa mahlabelo a kopanetsoeng hore ho etsoe sehlabelo ka tsona ka pel’a Jehova, le nyehelo ea lijo-thollo e kolobisitsoeng ka oli, hobane ka sebele Jehova o tla bonahala ho lōna kajeno.’” 5 Tumellanong le hoo ba nka seo Moshe a laetseng hore se nkuoe ka pel’a tente ea pokano. Joale phutheho eohle ea atamela ’me ea ema ka pel’a Jehova. 6 Moshe a tsoela pele ho re: “Ena ke ntho eo Jehova a laetseng hore le lokela ho e etsa, hore khanya ea Jehova e bonahale ho lōna.” 7 Joale Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng ’me u fane ka nyehelo ea hao ea sebe le nyehelo ea hao ea secheso, ’me u koahele libe molemong oa hao le molemong oa ntlo ea hao; u fane ka nyehelo ea sechaba ’me u koahele libe molemong oa sona, feela joalokaha Jehova a laetse.”