LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w23 November maq. 26-30
  • Ke Ile ka Sireletseha Hobane ke Tshepile Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Ile ka Sireletseha Hobane ke Tshepile Jehova
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE ILE KA TSEBA JEHOVA LE HO MO TSHEPA
  • KE ILE KA TSHEPA JEHOVA HA KE LE TOROPONG E ANNGWENG HAMPE KE NTWA
  • RE ILE RA HANYETSWA HA RE LE NIGER
  • “HA RE TSEBE HANTLE HORE NA BAHWELETSI BA GUINEA BA NTSE BA YA JWANG”
  • NNA LE MOSADI WA KA RE ILE RA TSHEPA JEHOVA
  • JEHOVA KE MOSIRELETSI WA NNETE
  • Tsela eo ke Hodisitsweng ka Yona e Entse Hore ke Hatele Pele
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Ke Bone ha Batho ba Tshepahalang ba Atleha
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
w23 November maq. 26-30
Israel Itajobi.

PALE YA BOPHELO

Ke Ile ka Sireletseha Hobane ke Tshepile Jehova

JWALO KA HA HO BOLETSE ISRAEL ITAJOBI

HA BATHO ba mpotsa ka bophelo ba ka, hangata ke re ho bona: “Ke tshwana le thoto eo Jehova a e isang hohle moo a batlang.” Ke tjho jwalo hobane feela jwalo ka ha nka isa thoto ya ka hohle moo ke batlang, le nna ke batla hore Jehova le mokgatlo wa hae ba nkise hohle moo ba batlang ka nako eo ba e batlang. Ke ile ka dumela ho etsa mesebetsi e neng e le boima ebile ka dinako tse ding e beha bophelo ba ka kotsing. Empa ke ithutile hore ke tla sireletseha feela ha ke tshepile Jehova.

KE ILE KA TSEBA JEHOVA LE HO MO TSHEPA

Ke hlahetse motsaneng o ka borwabophirimela ho Nigeria ka 1948. Ka nako eo, abuti wa ka e moholo Wahabi le Rangwane Moustapha ya hlahlamang ntate wa ka, ba ile ba kolobetswa ya eba Dipaki Tsa Jehova. Ntate wa ka o ile a hlokahala ha ke le dilemo di robong. Ke ne ke utlwile bohloko haholo. Abuti Wahabi o ile a mpolella hore re na le tshepo ya ho bona Ntate hape tsohong ya bafu. Mantswe ao a tshedisang a ile a ntshusumeletsa ho ithuta Bibele. Ke ile ka kolobetswa ka 1963. Boabuti ba ka ba babedi le moenaka le bona ba ile ba kolobetswa.

Ka 1965, ke ile ka dula Lagos le abuti wa ka Wilson mme ra thabela ho ba mmoho le bopulamadiboho ba bang ba ka mehla phuthehong ya Igbobi. Ke ile ka utlwa ke rata tsela eo ba neng ba thabile ba bile ba tjheseha ka yona yaba le nna ke ba pulamadiboho ka January 1968.

Morabo rona Albert Olugbebi ya neng a sebetsa Bethele, o ile a tshwarela batjha seboka se kgethehileng a bua ka hore ho hlokahala bopulamadiboho ba kgethehileng ka leboya ho Nigeria. Ke ntse ke hopola mantswe a hae ao a ileng a a bua ka tjheseho, a reng: “Le sa le batjha mme le ka sebedisa nako ya lona le matla a lona ho sebeletsa Jehova. Monyetla ke ona o le bulehetse.” Ka ha ke ne ke labalabela ho etsisa moprofeta Esaia ka hore ke ye hohle moo Jehova a batlang hore ke ye teng, ke ile ka tlatsa kopo ya ho ba pulamadiboho e kgethehileng.—Esa. 6:8.

Ka May 1968, ke ile ka koptjwa ho ya toropong ya Kano e ka leboya ho Nigeria hore ke eo ba pulamadiboho e kgethehileng teng. E ne e le nakong ya Ntwa ya Biafran e ileng ya lwanwa ho tloha ka 1967 ho ya ho 1970. Ntwa eo e ile ya baka masisapelo a tshabehang ka leboya ho Nigeria yaba e fetela ka botjhabela ho Nigeria. Morabo rona e mong o ne a tshwenyehile yaba o nkeletsa ka moya o motle hore ke se ke ka ya. Empa ka re ho yena: “Ke a leboha ka ho tshwenyeha ka nna. Empa haeba Jehova o batla hore ke yo mo sebeletsa ke le moo, ke kgodisehile hore o tla ntlhokomela.”

Mmapa wa Afrika Bophirimela o bontshang tse ding tsa dibaka tseo Israel Itajobi a kileng a phela ho tsona le ho sebeletsa ho tsona: Conakry, Guinea; Sierra Leone; Niamey, Niger; Kano, Orisunbare le Lagos, Nigeria.

KE ILE KA TSHEPA JEHOVA HA KE LE TOROPONG E ANNGWENG HAMPE KE NTWA

Maemo a toropo ya Kano a ne a le mabe haholo. Ntwa ya lehae e ne e sentse toropo ena e kgolo. Ka dinako tse ding ha re le tshimong re ne re bona ditopo tsa batho ba neng ba bolailwe ntweng eo. Le hoja ho ne ho kile ha eba le diphutheho tse ngata Kano, boholo ba bara ba bo rona bo ne bo balehile. Ho ne ho setse bahweletsi ba ka tlase ho 15 mme ba ne ba tshohile ba bile ba nyahame. Bana bao ba bo rona ba ne ba thabile haholo ha re fihla moo re le bopulamadiboho ba kgethehileng ba tsheletseng. Ba ile ba tsoha molota ha re ba kgothatsa. Re ile ra ba thusa hore ba qalelle ho ya dibokeng le tshimong hape le hore ba romele ditlaleho tsa tshimo le dikopo tsa dingolwa ofising ya lekala.

Nna le bopulamadiboho ba bang ba kgethehileng re ile ra ithuta puo ya Sehausa. Batho ba bangata ba ile ba re mamela ha ba utlwa re ba bolella ditaba tse monate ka puo ya bona. Le ha ho le jwalo, ditho tsa kereke e kgolo ya moo di ne di sa rate mosebetsi oo re o etsang wa ho ruta batho Bibele, ka hoo re ne re lokela ho ba hlokolosi haholo. Ka le leng ha nna le morabo rona e mong re le tshimong, re ile ra lelekiswa ke monna e mong ya tshwereng thipa. Ka lehlohonolo re ile ra matha ra mo siya yaba ha a kgone ho re tshwara. Le hoja ho ne ho le kotsi hakaalo, Jehova o ile a etsa hore re ‘dule re sireletsehile’ mme palo ya bahweletsi e ile ya eketseha. (Pes. 4:8) Hona jwale toropo ya Kano e na le diphutheho tse 11 tse nang le bahweletsi ba fetang 500.

RE ILE RA HANYETSWA HA RE LE NIGER

Ha ke le pulamadiboho e kgethehileng Niamey e Niger

Ha morao ka August 1968, ka mora ho qeta dikgwedi tse seng kae re le Kano, nna le bopulamadiboho ba kgethehileng ba babedi re ile ra iswa Niamey, e leng motsemoholo wa Republic of Niger. Ho eso ye kae re ile ra ithuta hore naha ya Niger, e Afrika Bophirimela, e ho se seng sa dibaka tse tjhesang ka ho fetisisa lefatsheng. Re ile ra tlameha ho ithuta ho mamella motjheso oo re bile re tlameha ho ithuta puo e buuwang haholo moo, e leng Sefora. Le hoja ho ne ho le thata, re ile ra tshepa Jehova mme ra qala ho bolela ditaba tse monate motseng oo le bahweletsi ba seng bakae ba neng ba dula moo. Ka mora nako e kgutshwanyane, hoo e ka bang motho e mong le e mong wa Niamey ya tsebang ho bala o ne a se a ena le buka ya Nnete e Isang Bophelong bo sa Feleng e neng e sebediswa ho ithuta Bibele. Batho ba ne ba bile ba re batla e le hore re ba fe buka eo.

Ka mora nako e seng kae re ile ra hlokomela hore ba boholong pusong ha ba rate Dipaki Tsa Jehova. Ka July 1969, re ile ra ba le kopano ya rona ya pele ya potoloho mme ho ne ho ena le batho ba ka bang 20. Re ne re labalabela ho bona ha bahweletsi ba babedi ba kolobetswa. Le ha ho le jwalo, ka letsatsi la pele la kopano mapolesa a ile a fihla yaba a emisa kopano eo. A ile a isa bopulamadiboho ba kgethehileng le mopotolohi mapoleseng. Ka mora ho re hloma dipotso a ile a re re itlalehe ka la hosane. Ka ha re ile ra bona hore ho tlo nkga ho sa bola, re ile ra hlophisa hore puo ya kolobetso e fanwe lelapeng la motho e mong yaba re kolobetsa bahweletsi nokeng ka sekgukgu.

Dibeke tse seng kae ka mora moo, nna le bopulamadiboho ba bang ba kgethehileng ba bahlano, re ile ra lelekwa ke mmuso. O ile wa re fa dihora tse 48 hore re tswe naheng eo hape re ne re tlameha ho ipona hore na re tswa jwang. Re ile ra fela ra tsamaya yaba re ya ofising ya lekala e Nigeria, moo re ileng ra fuwa mesebetsi e metjha.

Ho ile ha thwe ke ye motseng wa Orisunbare o Nigeria, moo ke ileng ka thabela ho sebetsa tshimo le sehlopha se senyenyane sa bahweletsi ba neng ba dula moo. Empa ka mora dikgwedi tse tsheletseng, ofisi ya lekala e ile ya kopa hore ke kgutlele Niger ke le mong. Le hoja qalong ke ne ke maketse ke bile ke tshohile, ke ne ke labalabela ho boela ke kopana le bana ba bo rona ba Niger.

Ke ile ka kgutlela Niamey. Letsatsi ka mora hore ke fihle, rakgwebo e mong wa Nigeria o ile a hlokomela hore ke Paki yaba o qala ho mpotsa dipotso ka Bibele. Ke ile ka ithuta Bibele le yena mme o ile a tlohela ho tsuba le ho nwa jwala haholo yaba o a kolobetswa. Ke ne ke thabetse ho sebetsa tshimo le bara le baradi ba bo rona dibakeng tse fapaneng tsa Niger le ho bona ka moo Dipaki di ileng tsa eketseha ka teng hanyane ka hanyane. Ha ke qala ho fihla naheng eo, ho ne ho ena le Dipaki tse 31 empa ke ile ka tsamaya di se di le 69.

“HA RE TSEBE HANTLE HORE NA BAHWELETSI BA GUINEA BA NTSE BA YA JWANG”

Ka December 1977, ke ile ka kgutlela Nigeria ho ya kwetliswa. Ka mora ho fumana kwetliso eo ya dibeke tse tharo, mohokahanyi wa Komiti ya Lekala, Morabo rona Malcolm Vigo, o ile a mpontsha lengolo le tswang ofising ya lekala ya Sierra Leone a re ke le bale. Bara ba bo rona ba Sierra Leone ba ne ba batla morabo rona wa pulamadiboho ya phetseng hantle, wa lesoha ya kgonang ho bua Senyesemane le Sefora e le hore a yo potoloha naheng ya Guinea. Morabo rona Vigo o ile a mpolella hore ke ne ke kwetlisetswa mosebetsi oo. O ile a hatisa hore e ne e se mosebetsi o bonolo yaba o nkeletsa hore nke ke inahane hantle pele nka o amohela. Hanghang ka re: “Ka ha ke Jehova ya nthomang teng, ke tla ya.”

Ke ile ka ya Sierra Leone ka sefofane mme ka kopana le bara ba bo rona ba ofising ya lekala. Morabo rona e mong ya Komiting ya Lekala o ile a re ho nna: “Ha re tsebe hantle hore na bahweletsi ba Guinea ba ntse ba ya jwang.” Le hoja ofisi ya lekala e ne e ikarabella ka ho disa mosebetsi wa boboledi o etswang moo Guinea, e ne e sa kgone ho buisana le bahweletsi hobane maemo a dipolotiki a ne a tswile taolong. Hape bara ba bo rona ba ofising ya lekala ba ne ba lekile ka makgetlo ho romela morabo rona ho etela bahweletsi ba Guinea empa ba ne ba hlolehile. Ka hoo, ke ile ka koptjwa ho ya Conakry, e leng motsemoholo wa Guinea, e le ho kopa mmuso hore o ntumelle hore ke dule moo.

“Ka ha ke Jehova ya nthomang teng, ke tla ya”

Ha ke fihla Conakry, ke ile ka ya ofising ya boemedi ba Nigeria yaba ke kopana le moemedi wa Nigeria. Ke ile ka mo bolella hore ke batla ho bolella batho ba Guinea ditaba tse monate empa o ile a nkeletsa hore ke se ke ka dula moo hobane nka tshwarwa kapa ka lematswa. O ile a re ho nna: “Kgutlela Nigeria, o yo ruta batho ba teng ditaba tse monate.” Empa ka re ho yena: “Ke batla ho dula mona.” Ka hoo, o ile a ngolla letona lengolo a le kopa hore le nthuse mme letona la nthusa.

Nakwana ka mora moo, ke ile ka kgutlela ofising ya lekala Sierra Leone mme ka bolella bara ba bo rona hore na letona le entse qeto efe. Bara ba bo rona ba ile ba hweletsa ba thabile ha ba utlwa hore Jehova o atlehisitse leeto la ka. Mmuso o ne o ntumeletse hore ke dule Guinea.

Israel o nkile thoto ya hae a thabile.

Ha ke le mopotolohi Sierra Leone

Ho tloha ka 1978 ho ya ho 1989, ke ile ka ba mopotolohi Guinea le Sierra Leone yaba ke ba mothusi wa molebedi wa potoloho Liberia. Qalong ke ne ke kula hangata mme ka dinako tse ding e ne e le ha ke le dibakeng tse hole. Empa bara ba bo rona ba ne ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho nkisa sepetlele.

Ka le leng, ke ile ka kula haholo ke tshwerwe ke malaria ebile ke ena le manyowa. Ka mora hore ke fole, ke ile ka utlwa hore bara ba bo rona ba ne ba ntse ba buisana ka hore na ba tlo mpatela hokae. Le hoja bophelo ba ka bo ne bo le kotsing, ha ho mohla nkileng ka nahana ho tlohela mesebetsi eo ke neng ke e fuwe. Ke kgodisehile hore ke Modimo feela ya ka re sireletsang ka tsela e molemo ka ho fetisisa hobane le ha re ka shwa a ka re tsosa.

NNA LE MOSADI WA KA RE ILE RA TSHEPA JEHOVA

Israel le Dorcas ka letsatsi la bona la letjhato.

Ha re ne re tjhata ka 1988

Ka 1988, ke ile ka kopana le Dorcas. E ne e le moradi wa bo rona wa pulamadiboho ya ikokobeditseng le ya ratang Jehova haholo. Re ile ra nyalana yaba re sebetsa mmoho mosebetsing wa potoloho. Dorcas o ne a sebetsa ka thata a bile a itella Jehova ka hohlehohle. Re ne re tsamaya dikhilomithara tse 25 re tloha phuthehong e nngwe re ya ho e nngwe re nkile thoto ya rona. Ha re ya diphuthehong tse hole, re ne re sebedisa mokgwa ofe kapa ofe o teng wa ho tsamaya ditseleng tseo tse diretse le tse dikoti di ngata.

Dorcas ke mosadi ya sebete sa ho beha tau setswetse. Ka mohlala, ka dinako tse ding re ne re tlameha ho tshela dinoka tse tletseng dikwena. Ka le leng ha re nkile leeto la matsatsi a mahlano, re ile ra tlameha ho tshela noka re sebedisa diketswana hobane borokgo ba mapolanka bo ne bo senyehile. Ha Dorcas a ema a re o theoha seketswana, o ile a wela ka metsing moo ho tebileng. Ka bobedi re ne re sa tsebe ho sesa, le noka eo e ne e ena le dikwena. Ka lehlohonolo, bahlankana ba bang ba ile ba itahlela ka metsing ba mo pholosa. Re ile ra qeta nako e telele re phofa ka ketsahalo eo empa ra nna ra tswela pele ka mosebetsi wa potoloho.

Jahgift le Eric ha ba le banyenyane ba eme ka pela Holo ya Mmuso.

Bana ba rona Jahgift le Eric, e bile dimpho tseo Jehova a re fileng tsona

Maqalong a 1992, re ile ra makala haholo ha re fumana hore Dorcas o imme. Re ile ra ipotsa hore na ebe e se e le ha e le tshomo ka mathetho ka tshebeletso ya rona. Re ile ra re: “Jehova o re file mpho.” Ka hoo, ra reha moradi wa rona Jahgift. Ha Jahgift a le dilemo di nne, re ile ra hlahlamisa ra ba le mora ya bitswang Eric. Bana ba rona ka bobedi ba ipakile hore ke dimpho tse tswang ho Jehova. Jahgift o ile a sebetsa ofising ya phetolelo e Conakry ka nakwana, athe Eric yena ke mohlanka ya sebeletsang.

Israel le Dorcas le mora wa bona Eric le moradi wa bona Jahgift ka pela Holo ya Mmuso.

Le hoja ha morao Dorcas a ile a tlameha ho tlohela bopulamadiboho bo kgethehileng, o ile a tswela pele e le pulamadiboho ya ka mehla a ntse a hodisa bana ba rona. Jehova o ile a nthusa hore ke tswele pele ka tshebeletso e kgethehileng ya nako e tletseng. Ha bana ba rona ba se ba hodile, Dorcas o ile a kgona ho ba pulamadiboho e kgethehileng hape. Hona jwale re sebetsa re le baromuwa Conakry.

JEHOVA KE MOSIRELETSI WA NNETE

Haesale ke ya hohle moo Jehova a nkisang teng. Nna le mosadi wa ka re ile ra bona ka makgetlo ha a re sireletsa le ho re hlohonolofatsa. Ho tshepa Jehova ho ena le ho tshepa maruo ho re qobisitse mathata a mangata le ho tshwenyeha. Nna le Dorcas re bone dinthong tse re etsahaletseng hore Mohlodi wa tshireletseho ya nnete ke Jehova, “Modimo wa poloko ya rona.” (1 Dikron. 16:35) Ke kgodisehile hore bophelo ba batho bohle ba mo tshepileng “bo tla dula bo sireletsehile ka mokotleng wa bophelo o ho Jehova.”—1 Sam. 25:29.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share