SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11
PINA YA 129 Re Tla Mamella
O ka Tswela Pele o Sebeletsa Jehova le ha ho Ena le Dintho Tse o Nyahamisang
“O mameletse mathata ka lebaka la lebitso la ka.”—TSHEN. 2:3.
NTLHAKGOLO
Re ka tswela pele re sebeletsa Jehova le ha ho ena le dintho tse re nyahamisang.
1. Jehova o re hlohonolofaditse jwang hobane re le karolo ya mokgatlo wa hae?
JEHOVA o re hlohonolofaditse haholo ka hore ebe re karolo ya mokgatlo wa hae matsatsing ana a thata a ho qetela. Maemo a lefatshe lena a ntse a mpefala letsatsi le letsatsi empa Jehova o re file bara le baradi ba bo rona hore ba re thuse. (Pes. 133:1) O re thusa hore re be le malapa a thabileng. (Baef. 5:33–6:1) O boetse o re fa bohlale e le hore re kgone ho ba le kgotso ya kelello.
2. Re lokela ho etsang, hona hobaneng?
2 Le ha ho le jwalo, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tswele pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Hobaneng? Hobane ka dinako tse ding batho ba bang ba ka nna ba re utlwisa bohloko ka dintho tseo ba di buang kapa tseo ba di etsang. Hape re ka nyahamiswa ke diphoso tsa rona, haholoholo haeba re pheta diphoso tse tshwanang hangata. Re lokela ho tswela pele re sebeletsa Jehova (1) le ha Mokrestemmoho a re utlwisitse bohloko, (2) le ha molekane a re swetsitse le (3) ha re nyahamisitswe ke diphoso tsa rona. Sehloohong sena, re tlo bua ka maemo ana. Re tla boela re bone hore na re ka ithutang bathong ba bararo ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba dula ba tshepahala.
DULA O TSHEPAHALLA JEHOVA HA MOKRESTEMMOHO A O UTLWISITSE BOHLOKO
3. Ke mathata afe ao batho ba Jehova ba kopanang le ona?
3 Bothata. Bakrestemmoho le rona ba bang ba na le botho boo re sa bo rateng. Ba bang ba ka re swetsa kapa ba re etsa dintho tse bohloko. Baholo ba ka etsa diphoso. Mathata ana a ka etsa hore batho ba bang ba ipotse hore na ehlile mokgatlo ona ke wa Modimo na. Ba ka qetella ba se ba sa buise batho ba ba utlwisitseng bohloko kapa ba tlohetse ho tla dibokeng ka ho feletseng, ho ena le hore ba tswele pele ho sebeletsa Modimo “mahetla a bapile” le bara le baradi ba bo bona. (Sof. 3:9) Na ke bohlale ho etsa jwalo? A re boneng hore na re ka ithutang mohlaleng o ka Bibeleng wa motho ya ileng a kopana le mathata a tshwanang.
4. Moapostola Pauluse o ile a kopana le mathata afe?
4 Mohlala o ka Bibeleng. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore Bakrestemmoho le yena ba ne ba sa phethahala. Ka mohlala, batho ba bang phuthehong e Jerusalema ba ne ba mo tshaba hobane ba ne ba sa dumele hore e se e le Mokreste. (Dik. 9:26) Ha morao, ba bang ba ile ba bua dintho tse mpe ka yena e le hore ba mo senye lebitso. (2 Bakor. 10:10) Pauluse o ile a bona moholo e mong a etsa qeto e fosahetseng e neng e ka nna ya kgopisa batho ba bang. (Bagal. 2:11, 12) Mareka ya neng a le haufiufi le Pauluse, o ile a mo swetsa. (Dik. 15:37, 38) Pauluse o ne a ka nna a etsa qeto ya ho qoba ho kopana le batho bana ba neng ba mo utlwisitse bohloko. Le ha ho jwalo, o ile a tswela pele a nka bara le baradi babo e le ba bohlokwa mme a tswela pele a sebeletsa Jehova ka botshepehi. Pauluse o ile a thuswa ke eng?
5. Keng e ileng ya thusa Pauluse hore a se ke a fella bara le baradi babo pelo? (Bakolose 3:13, 14) (Sheba setshwantsho.)
5 Pauluse o ne a rata Bakrestemmoho le yena. O ne a sheba makgabane a batho ba bang eseng mefokolo ya bona hobane o ne a ba rata. Lerato le ile la mo thusa hore a tshwarele ba bang e leng seo a itseng re se etse ho Bakolose 3:13, 14. (E bale.) Bona ka moo Pauluse a ileng a tshwarela Mareka ka teng. Le hoja Mareka a ile a siya Pauluse ha a ne a le leetong la hae la pele la boromuwa, Pauluse ha a ka a dula a mo kwatetse. Ha morao ha Pauluse a ngolla phutheho ya Kolose lengolo, o ile a babatsa Mareka a re ke mosebetsimmoho wa bohlokwa, ya ileng a mo ‘tshedisa haholo.’ (Bakol. 4:10, 11) Ha Pauluse a ne a le teronkong Roma, o ile a kopa hore Mareka ka ho kgetheha a yo mo thusa. (2 Tim. 4:11) Ho hlakile hore Pauluse ha a ka a fella bara le baradi babo pelo. Re ka ithutang ho Pauluse?
Pauluse, Barnabase le Mareka ba ne ba sa utlwane ka taba e itseng. Ha morao Pauluse ha a ka a dula a halefile empa o ile a sebetsa le Mareka a thabile (Sheba serapa sa 5)
6, 7. Ke eng e tla re thusa ho tswela pele re rata bara le baradi ba bo rona ho sa tsotellehe diphoso tsa bona? (1 Johanne 4:7)
6 Seo re ithutang sona. Jehova o batla hore re tswele pele re bontsha bara le baradi ba bo rona hore re a ba rata. (Bala 1 Johanne 4:7.) Haeba Mokrestemmoho a sa re tshware hantle, re ka tshepa hore o ne a sa etse seo ka moya o mobe le hore o leka kahohle ho etsa seo Jehova a reng se nepahetse. (Diprov. 12:18) Modimo o rata bahlanka ba hae ba tshepahalang ho sa tsotellehe diphoso tseo ba di etsang. O tswela pele e le motswalle wa rona mme ha a dule a re halefetse. (Pes. 103:9) Ke ha bohlokwa hore re etsise Ntate wa rona ka hore re tshwarele ba bang.—Baef. 4:32–5:1.
7 O hopole hape hore ha bofelo ba lefatshe bo ntse bo atamela, re hloka ho dula re momahane le bara le baradi ba bo rona. Re ka lebella hore mahloriso a mpefale. Re ka nna ra iphumana re le teronkong ka lebaka la tumelo ya rona. Haeba seo se ka etsahala, re tla hloka bara le baradi ba bo rona ho feta le ha e le neng pele. (Diprov. 17:17) Nahana ka se ileng sa etsahalla moholo e mong ya bitswang Josep,a wa Spain. O ile a tshwarwa le bara ba bo rona ba bang ka lebaka la ho hana ho sebetsa sesoleng. O re: “Teronkong re ne re dula kaofela, mme sena se ne se ka nna sa etsa hore e mong a leke e mong. Re ne re lokela ho mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi. Sena se ile sa re thusa hore re hlokomelane le ho sireletsana. Re ne re potapotilwe ke batshwaruwa ba sa sebeletseng Jehova. Ka le leng, ke ile ka robeha letsoho mme la tlamiswa. Ka lebaka leo, ke ne ke sitwa ho iketsetsa dintho. Empa e mong wa bara ba bo rona o ile a ntlhatswetsa diaparo a ba a ntlhokomela ka ditsela tse ding. Ke ile ka bontshwa lerato haholo nakong eo ke neng ke le hloka.” Ana ke a mang a mabaka a bohlokwa a etsang hore re rarolle mathata ao re nang le ona le batho ba bang esale hona jwale.
DULA O TSHEPAHALLA JEHOVA HA MOLEKANE WA HAO A O SWETSA
8. Ke mathata afe ao banyalani ba kopanang le ona?
8 Bothata. Manyalo kaofela a na le mathata. Bibele e bolela ka ho toba hore batho ba nyalaneng ba tla ba le “mathata a mangata.” (1 Bakor. 7:28) Hobaneng? Hobane lenyalo le kopanya batho ba babedi ba sa phethahalang, ba nang le botho bo sa tshwaneng le ba ratang dintho tse sa tshwaneng. Ho ka etsahala hore ebe banyalani ba tswa ditsong tse fapaneng kapa ba hodisitswe ka ditsela tse sa tshwaneng. Ha nako e ntse e ya, banyalani ba ka nna ba bonahatsa mekgwa e neng e sa bonahale pele ba nyalana. Mekgwa eo e ka baka mathata. Ba ka nna ba behana molato ka bothata bo hlahang lenyalong, ho ena le hore e mong le e mong a hlokomele hore ho na le seo a se entseng hore ebe bothata bona bo teng le hore ba lokela ho sebetsa mmoho ho bo rarolla. Ba ka nna ba utlwa ho le molemo hore ba arohane kapa ba hlalane. Empa na ho arohana kapa ho hlalana ho tla rarolla mathata a bona?b Re tlo ithuta ho mosadi ya hlahang ka Bibeleng, ya ileng a tswela pele ho tshepahalla Jehova le ha monna wa hae a ne a mo sulafaletsa bophelo.
9. Abigaile o ile a kopana le bothata bofe?
9 Mohlala o ka Bibeleng. Abigaile o ne a nyetswe ke Nabale, eo Bibele e reng o ne a le bohale a bile a itshwere hampe. (1 Sam. 25:3) E tlameha ebe ho ne ho le boima ho dula le monna ya jwalo. Na Abigaile o ile a fumana monyetla wa hore a tswe lenyalong leo? Ho jwalo. O ile a fumana monyetla oo ha Davida, morena wa Iseraele wa nakong e tlang a ne a batla ho bolaya Nabale hobane a ne a mo rohakile le bahlanka ba hae. (1 Sam. 25:9-13) Abigaile a ka be a ile a baleha e le hore a fe Davida monyetla wa hore a bolaye Nabale. Empa ho ena le hoo, o ile a kopa Davida hore a se ke a mo bolaya. (1 Sam. 25:23-27) Ke hobaneng ha a ile a etsa jwalo?
10. E ka nna yaba ke hobaneng ha Abigaile a ile a dula lenyalong le bosula?
10 Abigaile o ne a rata Jehova a bile a hlompha lenyalo jwalo ka ha Jehova a le hlompha. E tlameha ebe o ne a tseba hore na Modimo o ile a reng ho Adama le Eva ha a ne a ba nyadisa. (Gen. 2:24) Abigaile o ne a tseba hore Jehova o nka lenyalo le halalela. O ne a batla ho thabisa Modimo mme taba ena e ile ya mo susumeletsa ho sebetsa ka thata ho sireletsa lelapa la hae ho akareletsa le monna wa hae. O ile a potlakela ho thiba Davida e le hore a se ke a bolaya Nabale. O ne a ikemiseditse ho kopa tshwarelo le hoja a ne a se na molato. Ho totobetse hore Jehova o ne a rata mosadi enwa ya sebete, ya se nang boithati. Banna le basadi ba ka ithuta eng mohlaleng wa Abigaile?
11. (a) Jehova o batla hore banyalani ba etseng? (Baefese 5:33) (b) O ithutileng ho Carmen tseleng eo a sireleditseng lenyalo la hae ka yona? (Sheba setshwantsho.)
11 Seo re ithutang sona. Jehova o batla hore banyalani ba dule mmoho le ha molekane e mong a etsa hore ho be thata lenyalong. Modimo o thaba haholo ha a bona banyalani ba sebetsa ka thata ho rarolla mathata a bona ba bile ba bontshana lerato le tlhompho. (Bala Baefese 5:33.) Nahana ka mohlala wa Carmen. O ile a ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova dilemo tse ka bang tshelela ka mora hore a nyalwe yaba ha morao o a kolobetswa. Carmen o re: “Monna wa ka o ne a sa rate qeto eo ke e entseng. O ne a monela Jehova. O ne a nthohaka hape a ntshosa ka hore o tla ntshiya.” Ho ntse ho le jwalo, Carmen o ile a mamella lenyalong. O ile a qeta dilemo tse 50 a sebetsa ka thata hore a rate monna wa hae le ho mo hlompha. O re: “Ha dilemo di ntse di ya, ke ile ka ithuta ho utlwisisa hore na monna wa ka o ikutlwa jwang le ho bua le yena ka mosa. Ka ha ke a tseba hore lenyalo le a halalela mahlong a Jehova, ke ile ka etsa sohle se matleng a ka ho le sireletsa. Ha ho le ka mohla nkileng ka leka ho siya monna wa ka hobane ke rata Jehova.”c Haeba lenyalo la hao le eba le mathata, eba le tshepo ya hore Jehova o tla o tshehetsa a be a o thuse ho mamella.
O ithutang mohlaleng wa Abigaile wa ho etsa sohle hore a sireletse lelapa la hae? (Sheba serapa sa 11)
DULA O TSHEPAHALLA JEHOVA HA O NYAHAMISITSWE KE DIPHOSO TSA HAO
12. Ke bothata bofe boo re ka nnang ra tobana le bona ha re entse sebe se tebileng?
12 Bothata. Re ka nyahama haholo ha re entse sebe se tebileng. Bibele e re dibe tsa rona di ka etsa hore re utlwe bohloko re be re sithabele. (Pes. 51:17) Morabo rona e mong ya bitswang Robert o ne a sebeditse ka thata ka dilemo tse ngata hore a tshwanelehe ho ba mohlanka ya sebeletsang. Le ha ho le jwalo, o ile a etsa sebe se tebileng mme a hlokomela hore o swetsitse Jehova. O re: “Ha ke hlokomela bobe ba phoso eo ke e entseng, letswalo la ka le ile la ntshetshetha. Ka mora moo, ke ile ka ikutlwa ke le molato hona hoo. Ke ile ka rapela Jehova ke lla. Ke hopola ke nahana hore Modimo a ke ke a hlola a itshwenya ka ho mmamela. Ho ne ho se na ntho e mo tlamang hore a mmamele. Ke ne ke mo utlwisitse bohloko.” Ha re entse sebe se tebileng, re ka utlwa bohloko hoo re ka nahanang hore Jehova o re lahlile le hore ha ho sa na lebaka la hore re mo sebeletse. (Pes. 38:4) Haeba o kile wa ikutlwa ka tsela ena, nahana ka mohlala wa motho ya hlahang ka Bibeleng ya ileng a tswela pele a sebeletsa Jehova le ka mora hore a etse sebe se tebileng.
13. Moapostola Petrose o ile a etsa sebe sefe se tebileng, hona ho tlile jwang hore a se etse?
13 Mohlala o ka Bibeleng. Bosiung ba pele Jesu a bolawa, moapostola Petrose o ile a etsa diphoso tse mmalwa tse ileng tsa qetella ka hore a etse sebe se tebileng. Petrose o ile a qala ka hore a itshepe ho tlola, a bolele ka moo yena a neng a tla tshepahala ka teng le haeba baapostola ba bang ba ne ba ka lahla Jesu. (Mar. 14:27-29) Ka mora moo, ha ba se ba le serapeng sa Gethesemane, Petrose o ile a sitwa ho dula a fadimehile ka makgetlo. (Mar. 14:32, 37-41) Eitse ha batho ba bangata ba neng ba tlo tshwara Jesu ba fihla, Petrose o ile a baleha a mo siya. (Mar. 14:50) Qetellong, Petrose o ile a latola ka makgetlo a mararo hore o tseba Jesu, a ba a ikana hore o bua nnete le hoja a ne a le leshano. (Mar. 14:66-71) Petrose o ile a etsang ha a hlokomela hore o entse sebe se tebileng? O ile a lla ha bohloko, mohlomong a imetswe ke ho ikutlwa a le molato. (Mar. 14:72) Nahana feela hore na Petrose o ile a utlwa bohloko hakae ha motswalle wa hae Jesu a ne a bolawa dihora tse seng kae ka mora moo. E tlameha ebe Petrose o ile a ikutlwa a se na thuso.
14. Keng e ileng ya thusa Petrose hore a tswele pele ho sebeletsa Jehova? (Sheba setshwantsho .)
14 Ho na le dintho tse mmalwa tse ileng tsa thusa Petrose hore a tswele pele a sebeletsa Jehova. Ha a ka a ikarola ho batho ba bang empa o ile a ya ho barutuwa ba bang mme e tlameha ebe ba ile ba mo tshedisa. (Luka 24:33) Hape ka mora hore Jesu a tsoswe, o ile a itlhahisa ho Petrose, mohlomong e le hore a mo kgothatse. (Luka 24:34; 1 Bakor. 15:5) Ha morao, Jesu ha a ka a kgalemella Petrose diphoso tsa hae empa o ile a mo bolella hore o ne a tla fuwa boikarabelo bo eketsehileng. (Joh. 21:15-17) Petrose o ne a tseba hore o entse sebe se tebileng empa o ile a tswela pele a leka ho etsa dintho tse nepahetseng. Hobaneng? Hobane o ne a kgodisehile hore Monga hae Jesu, o ntse a mo rata. Hape barutuwa ba bang ba ile ba tswela pele ba tshehetsa Petrose. Re ka ithutang mohlaleng wa Petrose?
Johanne 21:15-17 e bontsha hore Jesu o ile a dula a rata Petrose, e leng ntho e ileng ya kgothaletsa Petrose hore a tswele pele a sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 14)
15. Jehova o batla hore re kgodisehe ka eng? (Pesaleme ya 86:5; Baroma 8:38, 39) (Sheba setshwantsho.)
15 Seo re ithutang sona. Jehova o batla hore re kgodisehe hore o a re rata le hore o tla re tshwarela. (Bala Pesaleme ya 86:5; Baroma 8:38, 39.) Ha re entse sebe, re ikutlwa re le molato. Boikutlo boo bo tlwaelehile ebile bo loketse. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho nahana hore Jehova ha a re rate le hore a ke ke a re tshwarela. Ho ena le hoo, re lokela ho kopa thuso hanghang. Morabo rona Robert eo re buileng ka yena pejana, o re: “Ke ile ka etsa sebe hobane ke ne ke tshepile hore ke tla hlola teko eo ka matla a ka.” O ile a hlokomela hore o tlameha ho bua le baholo. O re: “Ka mora hore ke bue le baholo, ke ile ka utlwa hore Jehova o a nthata. Ke ile ka utlwa hore le baholo ba a nthata. Ba ile ba nthusa hore ke dumele hore Jehova ha a ntahla.” Le rona re ka kgodiseha hore Jehova o re rata haholo le hore o tla re tshwarela haeba re bakela dibe tsa rona, re kopa thuso ebile re leka kahohle hore re se ke ra pheta diphoso tsa rona. (1 Joh. 1:8, 9) Kgodiseho eo e tla etsa hore re se ke ra kgaotsa ho sebeletsa Jehova esita le ka mora ho etsa diphoso.
Ha o bona baholo ba sebetsa ka thata ho o thusa, o kgodiseha ka eng? (Sheba serapa sa 15)
16. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho tswela pele o sebeletsa Jehova?
16 Jehova o ananela haholo boiteko boo re bo etsang ho mo sebeletsa matsatsing ana a thata a ho qetela. Ka thuso ya hae, re ka kgona ho tswela pele re ntse re mo sebeletsa ho sa tsotellehe dintho tse re nyahamisang. Re ka kgona ho tswela pele re rata bara le baradi ba bo rona le ho ba tshwarela ha ba re foseditse. Re ka bontsha hore re rata Modimo wa rona haholo le hore re hlompha lenyalo ka hore re etse sohle ho rarolla mathata ha a le teng lenyalong. Hape ha re entse sebe, re ka kopa hore Jehova a re thuse, ra amohela lerato la hae le hore o re tshwaretse ra ba ra tswela pele ho mo sebeletsa. Re ka kgodiseha hore re tla fumana ditlhohonolofatso haeba re sa ‘kgathale ho etsa dintho tse ntle.’—Bagal. 6:9.
RE KA TSWELA PELE RE SEBELETSA JEHOVA JWANG . . .
ha Mokrestemmoho a re utlwisitse bohloko?
ha molekane a re swetsitse?
ha re nyahamisitswe ke diphoso tseo re di etsang?
PINA YA 139 Ipone o le Teng ha Tsohle di se di le Ntjha
a Mabitso a mang a fetotswe.
b Lentswe la Modimo ha le kgothaletse banyalani ho arohana mme le hlakisa taba ya hore ha banyalani ba arohane, ha ba a lokela ho kena lenyalong le batho ba bang. Le ha ho le jwalo, ho na le maemo a boima a entseng hore Bakreste ba bang ba arohane le balekane ba bona. Sheba tlhaloso ya 4 e reng “Ho Arohana ha Banyalani” bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng!
c Ka mohlala, shebella video e nang le sehlooho se reng Le se ke la Thetswa ke Batho ba Reng ba Finyeletse Kgotso!—Darrel le Deborah Freisinger ho jw.org/st-za.