LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 May maq. 2-7
  • Etsisa Mangeloi a Tshepahalang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Etsisa Mangeloi a Tshepahalang
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MANGELOI A IKOKOBEDITSE
  • MANGELOI A RATA BATHO
  • MANGELOI A NA LE MAMELLO
  • MANGELOI A THUSA HORE PHUTHEHO E DULE E HLWEKILE
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Mangeloi
    Fadimehang!—2017
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 May maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

PINA YA 6 Mahodimo a Bolela Kganya ya Modimo

Etsisa Mangeloi a Tshepahalang

“Rorisang Jehova, lona mangeloi ohle a hae.”—PES. 103:20.

NTLHAKGOLO

Seo re ka ithutang sona mohlaleng wa mangeloi a tshepahalang.

1, 2. (a) Re fapane jwang le mangeloi? (b) Re tshwana jwang le mangeloi?

HA JEHOVA a ne a o hulela nneteng, o ne a o mema hore o be karolo ya lelapa le lerato la barapedi ba hae lefatsheng lohle le akarelletsang le mangeloi a dimilione a tshepahalang. (Dan. 7:​9, 10) Ha re nahana ka mangeloi, re ka nna ra nahana ka moo a fapaneng le rona ka teng. Ka mohlala, ha se jwale mangeloi a le teng, le pele re ka ba teng. (Jobo 38:​4, 7) A matla haholo ho re feta. Hape a a halalela a bile a lokile ka tsela eo re ke keng ra kgona ho e finyella ka ha ha re a phethahala.—Luka 9:26.

2 Le hoja re fapane le mangeloi ka ditsela tsena, ho na le dintho tse ngata tseo re tshwanang le ona ka tsona. Ka mohlala, re tshwana le mangeloi ka hore le rona re ka kgona ho bontsha makgabane a Jehova. Re fuwe bolokolohi ba ho iketsetsa diqeto jwalo ka ona. Re boetse re na le mabitso a sa tshwaneng, botho bo sa tshwaneng le mesebetsi e fapaneng tshebeletsong ya Jehova jwalo ka mangeloi. Ho tshwana le mangeloi, le rona re hloka ho sebeletsa Mmopi wa rona.—1 Pet. 1:12.

3. Re ka ithuta eng ho mangeloi a tshepahalang?

3 Ka ha ho na le dintho tse ngata tseo re tshwanang le mangeloi ka tsona, mohlala wa ona o motle o ka re kgothatsa le ho re ruta dintho tse ngata tsa bohlokwa. Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na re ka etsisa mangeloi a tshepahalang jwang tabeng ya ho ikokobetsa, ho rata batho, ho mamella le ho sebetsa ka thata ho boloka phutheho e hlwekile.

MANGELOI A IKOKOBEDITSE

4. (a) Mangeloi a bontsha jwang hore a ikokobeditse? (b) Ke hobaneng ha mangeloi a ikokobeditse? (Pesaleme ya 89:7)

4 Mangeloi a tshepahalang a ikokobeditse. Le hoja a na le boiphihlelo, a le matla haholo a bile a le bohlale, a mamela ditaelo tsa Jehova. (Pes. 103:20) Ha a ntse a etsa mosebetsi oo Jehova a a fileng ona, ha ho mohla a ipoledisang ka dintho tseo a di etsang kapa hona ho sebedisa matla a ona ho ipitsetsa mahlo. A thabela ho etsa thato ya Modimo le hoja a sa bolelwe ka mabitso.a (Gen. 32:​24, 29; 2 Mar. 19:35) A hana ho amohela thoriso le ha e le efe e lokelang ho ya ho Jehova. Ke hobaneng ha mangeloi a ikokobeditse hakaale? Hobane a rata Jehova le ho mo hlompha ka ho tebileng.—Bala Pesaleme ya 89:7.

5. Lengeloi le leng le ile la bontsha boikokobetso jwang ha le kgalemela moapostola Johanne? (Sheba setshwantsho.)

5 Nahana ka ketsahalo e nngwe e bontshang hore mangeloi a ikokobeditse. Hoo e ka bang ka selemo sa 96, lengeloi le sa bolelwang ka lebitso le ile la bontsha moapostola Johanne pono e hlollang. (Tshen. 1:1) Johanne o ile a etsang ha a bona pono eo? O ile a kgumama yaba o leka ho le rapela. Le ha ho le jwalo, kapelepele lengeloi leo le tshepahalang le ile la mo thiba, la re: “Butle, o se ke wa etsa jwalo. Rapela Modimo. Ke mpa feela ke le mohlanka wa Modimo jwalo ka wena le bana beno.” (Tshen. 19:10) Boo e ne e le boikokobetso bo bokaakang! Lengeloi leo le ne le sa batle ho roriswa kapa ho hlomphuwa. Hanghang le ile la re Johanne a rapele Jehova Modimo. Empa ha le a ka la kgella Johanne fatshe. Le hoja le ne le se le ena le nako le sebeletsa Jehova le bile le le matla haholo ho feta Johanne, ka boikokobetso le ile la re moapostola eo ke mohlanka wa Modimo jwalo ka lona. Ke nnete hore lengeloi leo le ile la tlameha ho kgalemela Johanne empa ha le a ka la omanya moapostola eo ya hodileng. Ho ena le hoo, le ile la bua le yena ka mosa. E ka nna yaba lengeloi leo le ile la hlokomela hore Johanne o ne a mpa a hlolletswe ke seo a sa tswa se bona.

Lengeloi le thiba moapostola Johanne hore a se ke a le rapela.

Lengeloi le ile la bontsha boikokobetso ha le ne le bua le Johanne (Sheba serapa sa 5)


6. Re ka etsisa boikokobetso ba mangeloi jwang?

6 Re ka etsisa boikokobetso ba mangeloi jwang? Jwalo ka mangeloi, ha re batle ho ithorisa ha re sebeletsa Jehova kapa ho leka ho amohela thoriso ka lebaka la dintho tseo re di finyellang. (1 Bakor. 4:7) Ho ekelletsa moo, ha re a lokela ho inka re phahametse ba bang hobane feela re sebeleditse Jehova ka nako e telele ho ba feta kapa re ena le ditokelo tse itseng. Ha e le hantle, ha re ntse re fuwa boikarabelo bo eketsehileng, ke hona ha re lokela ho nka ba bang ba re phahametse le ho feta. (Luka 9:48) Jwalo ka mangeloi, re batla ho sebeletsa batho ba bang. Ha re batle ho etsa hore ba ikutlwe eka re ba bohlokwa ho ba feta.

7. Re ka bontsha boikokobetso jwang ha re lokela ho fana ka keletso kapa ho kgalemela motho e mong?

7 Re ka boela ra bontsha boikokobetso ha re lokela ho eletsa kapa ho kgalemela Mokrestemmoho kapa ngwana. Ka dinako tse ding, re lokela ho fana ka keletso re sa hlathe kwana le kwana. Empa jwalo ka lengeloi le ileng la kgalemela Johanne ka mosa, re ka fa motho keletso re sa hlathe kwana le kwana empa re sa etse hore a ikutlwe a le mosesaane. Haeba re nka ba bang ba re phahametse, re tla ba fa keletso e tswang ka Bibeleng ka tsela e tla ba siela seriti le e bontshang hore re ba utlwela bohloko.—Bakol. 4:6.

MANGELOI A RATA BATHO

8. (a) Ho ya ka Luka 15:​10, mangeloi a bontsha jwang hore a rata batho? (b) Mangeloi a re thusa jwang ha re ntse re bolela ditaba tse monate? (Sheba setshwantsho.)

8 Mangeloi ha a iphapanyetse dintho tse etsahallang batho kapa hona ho nahana hore ha ba bohlokwa. Ha e le hantle, a rata batho. A thaba haholo ha moetsadibe a baka, e leng ha nku e lahlehileng e kgutlela ho Jehova kapa ha motho a fetola ditsela tsa hae mme a sebeletsa Jehova. (Bala Luka 15:10.) Hape mangeloi a kenya letsoho mosebetsing wa ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso. (Tshen. 14:6) Le hoja mangeloi a sa bolelle batho ditaba tse monate ka ho toba, a ka tataisetsa mohweletsi ho motho ya batlang ho ithuta ka Jehova. Ke nnete hore re ke ke ra tiisa hore mangeloi a ile a re tataisetsa ho motho ya itseng ka ho toba, etswe Jehova o ntse a ka sebedisa mekgwa e meng e kang moya wa hae o halalelang, ho thusa batho ba batlang ho ithuta ka yena kapa ho re tataisetsa ho bona. (Dik. 16:​6, 7) Ho ntse ho le jwalo, o sebedisa mangeloi haholo. Ka hoo, re ka kgodiseha hore ha re ntse re bolela ditaba tse monate, re sebetsa mahetla a bapile le mangeloi.—Sheba lebokose le reng “Dithapelo Tsa Bona di Ile Tsa Arajwa.”b

Banyalani ba tsamaya toropong ka teroli ya ho paka phatlalatsa. Mangeloi a hlahile a le hodimo mme a susumetsa moradi wa bo rona hore a bone ausi ya dutseng bentjheng a le mong a hloname.

Banyalani ba qeta ho etsa bopaki ba phatlalatsa. Ha ba le tseleng e yang hae, moradi wa bo rona o bona ausi ya bonahalang a hloname. Moradi wa bo rona o a elellwa hore mangeloi a ka kgona ho re tataisetsa ho batho ba batlang ho tseba nnete. O ikutlwa a susumelletseha ho bua le ausi eo e le hore a mo tshedise (Sheba serapa sa 8)


Dithapelo Tsa Bona di Ile Tsa Arajwa

Na ho ka etsahala hore ebe diphihlelong tse latelang, Jehova o ile a sebedisa mangeloi ho arabela dithapelo?

  • Ha mohweletsi ya dilemo di 12 wa Peru a ntse a paka ka fono le mme wa hae, o ile a bua le mme e mong eo esale a ntse a kopa Modimo hore a romele motho ya tla mo thusa. Mme enwa o ile a re taba ya hore mohweletsi eo o ile a mo letsetsa, e ne e le karabo ya dithapelo tsa hae yaba o qala ho ithuta Bibele. Ka mora nakwana, o ile a qalella ho ya dibokeng.

  • Mme e mong wa Romania o ne a ithuta Bibele le Dipaki yaba o a kgaotsa. Ha morao ha a le Italy a sebetsa lelapeng le leng, o ile a batla ho ithuta hape empa o ne a sa tsebe Dipaki tsa moo. Ka hoo, o ile a rapela Jehova hore a mo thuse. Nakwana ka mora moo, batho bao a ba sebeletsang ba ile ba mo kopa hore a ba ele shopong mme ba mo kgothalletsa hore a se ke a qoqa le monga shopo. Ba ile ba re: “Ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova mme o bua le bareki ba hae ka Bibele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo. Monga shopo o ile a mo pakela yaba mme eo o nka seo e le karabo ya dithapelo tsa hae. O ile a qalella ho ithuta mme a etsa diphetoho bophelong e le hore a sebeletse Jehova. Ka lebaka la mohlala wa hae o motle, e mong wa bara ba hae o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ya dibokeng.

  • Banyalani ba bang ba Dipaki ba ile ba etsa qeto ya ho rekisa koloi ya bona. Ha lelapa le leng le tlile ho tla sheba koloi eo, Dipaki tseo di ile tsa le hlalosetsa hore na ke hobaneng ha di e rekisa. Di ile tsa bolella lelapa leo hore di batla ho fokotsa ditshenyehelo e le hore di ka fumana nako e eketsehileng ya ho ruta batho Bibele. Ntate wa lelapa leo le neng le batla ho reka koloi o ile a re: “Maobane ke rapetse, ka kopa Modimo hore a romele motho ya tla nthusa hobane ke utlwa ke se na tshepo mme ke hloka ho tseba nnete.” O ile a nka ho kopana le Dipaki tsena e le karabo ya dithapelo tsa hae. Yena, mosadi wa hae le baradi ba bona ba babedi ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Hona jwale, lelapa leo le ya dibokeng.

9. Re ka etsisa tsela eo mangeloi a ratang batho ka yona jwang?

9 Re ka etsisa tsela eo mangeloi a ratang batho ka yona jwang? Ha re utlwa tsebiso ya hore motho o kgutliseditswe ka phuthehong, re ka etsisa mangeloi ka hore le rona re thabe. Re ka etsa sohle ho mo amohela le ho mo kgodisa hore re a mo rata. (Luka 15:​4-7; 2 Bakor. 2:​6-8) Re ka boela ra etsisa mangeloi ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang mosebetsing wa boboledi. (Moek. 11:6) Feela jwalo ka ha mangeloi a re tshehetsa ha re bolela ditaba tse monate, le rona re ka batla ditsela tsa ho tshehetsa bara le baradi ba bo rona tshebeletsong ya bona. Ka mohlala, re ka rera ho sebetsa le motho eo e sa tswa ba mohweletsi kapa ra tshehetsa bara le baradi ba bo rona ba hodileng kapa ba kulang hore le bona ba kgone ho bolela ditaba tse monate.

10. Re ka ithuta eng phihlelong ya Sara?

10 Ho thweng haeba maemo a sa re dumelle ho sebeletsa Jehova ka tsela eo re e batlang? Re ntse re ka fumana ditsela tse ntjha tsa ho sebetsa mahetla a bapile le mangeloi mosebetsing wa boboledi. Nahana ka phihlelo ya moradi wa bo rona e mong wa India ya bitswang Sara.c Ka mora hore e be pulamadiboho ka dilemo tse ka bang 20, o ile a kula hoo a neng a se a sa kgone ho tloha betheng. Ho hlakile hore o ile a nyahama haholo. Empa qetellong Sara o ile a boela a thaba ka lebaka la tshehetso e tswang ho Bakrestemmoho le yena le ho bala Bibele ka mehla. Ke nnete hore o ne a lokela ho batla ditsela tse ntjha tsa ho bolela ditaba tse monate. Ka ha o ne a se a sa kgone ho dula fatshe hore a ngole mangolo, tsela feela eo a neng a ka bolela ditaba tse monate ka yona ke ka fono. Ka hoo, o ile a founela dipoelo tsa hae, yaba le tsona di mo tsebisa ka batho ba bang ba neng ba ka thabela ho ithuta Bibele. Keng se ileng sa etsahala ka mora moo? Ka dikgwedi tse seng kae feela, Sara o ne a se a ena le dithuto tse 70! Di ne di le ngata hoo a neng a sa kgone ho di kganna kaofela. Ka hoo, o ile a kopa ba bang ka phuthehong hore ba ithute le tse ding tsa diithuti tseo. Boholo ba diithuti tseo di se di ya dibokeng. E tlameha ebe mangeloi a thaba haholo ho sebetsa mahetla a bapile le bara le baradi ba bo rona ba etsang sohle seo ba ka se kgonang mosebetsing wa boboledi jwalo ka Sara.

MANGELOI A NA LE MAMELLO

11. Mangeloi a tshepahalang a bontshitse jwang hore a na le mamello e ikgethang?

11 Mangeloi a tshepahalang a beha mohlala o ikgethang wa ho mamella. E se e le dilemo tse dikete a mamelletse ho hloka toka le bokgopo. A ile a bona ha Satane le mangeloi a mang a mangata a neng a sebeletsa le ona, a fetohela Jehova. (Gen. 3:1; 6:​1, 2; Juda 6) Bibele e re bolella ka lengeloi le leng le ileng la thibellwa ka ho toba ke modemona ya matla. (Dan. 10:13) Ho ekelletsa moo, haesale mangeloi a bona e le batho ba fokolang feela ka palo ba kgethang ho sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe seo, mangeloi ana a tshepahalang a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka tjheseho a bile a thabile. A a tseba hore ka nako e loketseng, Modimo o tla fedisa ho hloka toka hohle ho teng.

12. Ke eng e ka re thusang ho mamella?

12 Re ka etsisa mamello ya mangeloi jwang? Le rona jwalo ka mangeloi, re ka nna ra bona dintho di etswa ka ho hloka toka. Empa re kgodisehile jwalo ka ona hore ka nako e loketseng, Modimo o tla fedisa bokgopo bohle. Ka hoo, le rona re ke ke ra “kgathala ho etsa dintho tse ntle” jwalo ka mangeloi a tshepahalang. (Bagal. 6:9) Hape Modimo o re tshepisa hore o tla re thusa ho mamella. (1 Bakor. 10:13) Re ka kopa Jehova hore a re fe moya wa hae o tla re thusa ho mamella le ho thaba. (Bagal. 5:22; Bakol. 1:11) Ho thweng haeba o hanyetswa? Tshepa Jehova ka ho feletseng mme o se ke wa tshoha. Jehova o tla dula a o thusa le ho o matlafatsa.—Baheb. 13:6.

MANGELOI A THUSA HORE PHUTHEHO E DULE E HLWEKILE

13. Ke mosebetsi ofe o kgethehileng oo mangeloi a o fuweng mehleng ee ya bofelo? (Matheu 13:​47-49)

13 Mehleng ena ya bofelo, Jehova o file mangeloi mosebetsi o kgethehileng. (Bala Matheu 13:​47-49.) Lefatsheng lohle batho ba dimilione ba thabela ho utlwa ditaba tse monate. Ba bang ba etsa diphetoho bophelong e le hore ba phele ka tsela e thabisang Jehova, ha ba bang bona ba sa itshwenye le ho itshwenya. Mangeloi a filwe mosebetsi wa ho “arola ba sa lokang ho ba lokileng.” Sena se bolela hore Modimo o a file mosebetsi wa ho boloka phutheho e hlwekile. Sena ha se bolele hore motho le ha e le ofe ya kgaotsang ho ba karolo ya phutheho ka lebaka le ha e le lefe, a ke ke a hlola a kgutlela ka phuthehong ebile ha se bolele hore ho ke ke ha eba le mathata ka phuthehong. Le ha ho le jwalo, re ka kgodiseha hore mangeloi a sebetsa ka thata ho boloka phutheho e hlwekile.

14, 15. Re ka etsisa mangeloi jwang ka hore le rona re amehe ka ho boloka phutheho e hlwekile? (Sheba ditshwantsho.)

14 Re ka etsisa mangeloi jwang ka hore le rona re amehe ka ho boloka phutheho e hlwekile? Re lokela ho sebetsa ka thata ho boloka setswalle sa rona le Jehova se le matla. Re etsa sena ka ho kgetha metswalle e ratang Jehova le ho qoba eng kapa eng e ka senyang setswalle sa rona le yena. Ha re etsa jwalo, re tla be re thusa hore phutheho e dule e hlwekile. (Pes. 101:3) Re ka boela ra thusa Bakrestemmoho le rona hore ba dule ba tshepahalla Jehova. Ka mohlala, re lokela ho etsang haeba re tseba hore Mokrestemmoho le rona o entse sebe se tebileng? Ka hobane re a mo rata, re tla mo phehella hore a bolelle baholo ka taba eo. Haeba a sa ba bolelle, re tla lokela ho tsebisa baholo se etsahetseng. Re batla hore Mokrestemmoho le rona ya sentseng kamano ya hae le Jehova a thuswe kapele ka moo ho ka kgonehang.—Jak. 5:​14, 15.

15 Ka maswabi, ba bang ba entseng dibe tse tebileng ba lokela ho tloswa ka phuthehong. Maemong a jwalo, re lokela ho ‘kgaotsa ho itswakanya’ le bona.d (1 Bakor. 5:​9-13) Tokisetso ena e thusa phutheho hore e dule e hlwekile. Ho feta moo, haeba re kgetha ho se itswakanye le batho ba tlositsweng ka phuthehong, ha e le hantle re ba bontsha mosa. Ho ema re tiile tabeng ena ho ka ba susumelletsa hore ba inahane hantle. Ha ba etsa jwalo, re thaba ha mmoho le Jehova le mangeloi.—Luka 15:7.

Ditshwantsho: 1. Baradi ba bo rona ba babedi ba dutse bentjheng e phakeng ba ntse ba nwa kofi. Ha e mong a ntse a bua, e mong o shebile kwana. 2. Ha morao moradi wa bo rona ya neng a ntse a bua o ya ho baholo ba babedi Holong ya Mmuso.

Re lokela ho etsang haeba re tseba hore Mokrestemmoho le rona o entse sebe se tebileng? (Sheba serapa sa 14)e


16. Ke ka ditsela dife re ka lwanelang ho etsisa mangeloi?

16 Ke tokelo e kaakang hore ebe Jehova o re dumelletse ho ithuta ka mangeloi le ho sebetsa mahetla a bapile le ona! A re etsiseng makgabane a ona e leng ho ikokobetsa, ho rata batho, ho mamella le ho ameha ka ho boloka phutheho e hlwekile. Haeba re etsisa mangeloi a tshepahalang, le rona re ka ba karolo ya lelapa la Jehova ka ho sa feleng.

RE KA ETSISA MANGELOI JWANG HA HO TLUWA TABENG YA . . .

  • boikokobetso?

  • ho rata batho?

  • ho lwanela ho boloka phutheho e hlwekile?

PINA YA 123 Ikokobelletse Taolo ya Modimo ka Botshepehi

a Ho mangeloi a dimilione tse makgolo, ke a mabedi feela a boletsweng ka mabitso ka Bibeleng e leng Mikaele le Gabriele.—Dan. 12:1; Luka 1:19.

b Shebella video ya Tlaleho ya Pele ya 2021 ya Sehlopha se Busang ho jw.org/st-za e le hore o utlwe diphihlelo tse ding.

c Lebitso le fetotswe.

d Jwalo ka ha ho hlalositswe Tlalehong ya Bobedi ya 2024 ya Sehlopha se Busang, haeba motho ya tlositsweng ka phuthehong a tla dibokeng, mohweletsi a ka sebedisa letswalo la hae le kwetlisitsweng ka Bibele ho etsa qeto ya hore na o tla dumedisa motho eo ka bokgutshwanyane mme a mo amohele.

e TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona o phehella motswalle wa hae hore a yo bua le baholo. Ha ho se ho fetile nako e itseng motswalle wa hae a sa bua le baholo, moradi wa bo rona o bolella baholo ka sebe seo motswalle wa hae a se entseng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share