Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 100
  • Nka Etsang Haeba ke Robile Molao wa Lapeng?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsang Haeba ke Robile Molao wa Lapeng?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Seo o sa lokelang ho se etsa
  • Seo o ka se etsang
  • Ke Hobaneng ha Eka Batswadi ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?
    Batjha ba a Botsa
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 100
Batswadi ba tswenyehileng ba bua le moradi wa bona ya fihlang hae ka mora nako e behilweng.

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang Haeba ke Tlotse Molao wa Lapeng?

Hoo e ka bang malapa kaofela a na le melao, e kang hore na o lokela ho fihla hae ka nako efe, o lokela ho sebedisa sesebediswa sa elektronike nako e kae le hore na o lokela ho tshwara ba bang jwang.

O ka etsang haeba o tlotse molao wa lapeng? O ke ke wa kgona ho fetola seo o se entseng, empa o ka etsa hore dintho di se ke tsa mpefala. Sehlooho sena se ka o thusa hore o bone hore na o ka etsa seo jwang.

  • Seo o sa lokelang ho se etsa

  • Seo o ka se etsang

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Seo o sa lokelang ho se etsa

  • Haeba batswadi ba hao ba sa tsebe hore o tlotse molao, o ka nna wa batla ho pata taba eo.

  • Haeba ba tseba hore o tlotse molao, o ka nna wa batla ho ikemela kapa o behe motho e mong molato.

Ho etsa jwalo ha ho a nepahala. Hobaneng? Hobane ho pata dintho tseo o di entseng kapa ho ikemela ho bontsha hore ha o a hola. Sena se tla bontsha batswadi ba hao hore o sa le hole le moo ho uwang.

“Ho bua leshano ha se tharollo. Ha nako e ntse e ya, nnete e tla hlahella, mme kgalemelo e tla ba matla ho feta ha o ne o buile nnete ho tloha qalong.”​—Diana.

Seo o ka se etsang

  • Dumela hore o entse phoso. Bibele e re: “Motho ya patang diphoso tsa hae a ke ke a atleha.” (Diproverbia 28:​13) Batswadi ba hao ba a tseba hore ha o a phethahala. Empa ba batla hore o tshepahale.

    “Ho tla ba bonolo hore batswadi ba hao ba o tshwarele ha o bua nnete. Batswadi ba hao ba tla o tshepa ha o bua nnete.”​—Olivia.

  • Kopa tshwarelo. Bibele e re: “Kaofela ha lona le ikokobetse.” (1 Petrose 5:5) O lokela hore o be le boikokobetso e le hore o kope tshwarelo mme o se ke wa ikemela.

    “Ha batho ba tlwaetse ho ikemela, ha ba sa ikutlwa ba le molato ha ba entse phoso. Ha nako e ntse e ya, ha ba na ho ikwahlaya ho hang ha ba entse ntho e mpe.”​—Heather.

  • Amohela ditlamorao. Bibele e re: “Mamelang tayo.” (Diproverbia 8:​33) O se ke wa tletleba empa o amohele tayo eo batswadi ba hao ba o fang yona.

    “Ho tletleba ho mpefatsa dintho le ho feta. Amohela dithibelo tseo o di behetsweng, mme o se ke wa nahana ka seo o seng o sa kgone ho se etsa.”​—Jason.

  • Sebeletsa hore o tsheptjwe hape. Bibele e re: “Lahla botho ba kgale bo dumellanang le tsela eo le neng le itshwara ka yona pele.” (Baefese 4:​22) Tswela pele ho etsa dintho tse ntle e le hore batswadi ba hao ba ka o tshepa hape.

    “Ha o tswela pele ho etsa diqeto tse bohlale mme o bontsha batswadi ba hao hore o ke ke wa pheta phoso e tshwanang, ba tla o tshepa hape.”​—Karen.

KELETSO: Etsa sohle seo o ka se kgonang ho bontsha hore o a tshepahala. Ka mohlala, ha o tsamaile, jwetsa batswadi ba hao ha o le tseleng e kgutlang le haeba o sa tlo dieha ho fihla. Le haeba o sa bue, ba tla bona hore o batla ba o tshepe hape.

Seo batjha ba bang ba se buang

Darius.

“O bua leshano ha o patela batswadi ba hao dintho tse mpe tseo o di entseng. Ha nako e ntse e ya, dintho tse mpe tseo o di entseng di tla hlahella mme ha seo se etsahala, dintho di tla o tsamaela hampe ho feta ha o ne o ile wa bua nnete ho tloha qalong.”​—Darius.

Sierra.

“Ha re beha motho e mong molato ka diphoso tseo re di entseng, seo se bontsha hore ha re a hola ebile ha re batle ho ikarabella ka diphoso tsa rona. Batswadi ba rona ba ka tlohella ho re tshepa haeba re sa nke boikarabelo mme ra kopa tshwarelo ka seo re se entseng.”​—Sierra.

O ithutile eng? Nka etsang haeba ke tlotse molao wa lapeng?

  • Dumela hore o entse phoso. Batswadi ba hao ba a tseba hore ha o a phethahala. Empa ba batla hore o tshepahale.

  • Kopa tshwarelo. Ikokobetse mme o kope tshwarelo o sa ikemele.

  • Amohela ditlamorao. Amohela dithibelo tseo batswadi ba hao ba o behetseng tsona.

  • Sebeletsa hore o tsheptjwe hape. Etsa dintho tse bontshang hore o na le boikarabelo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela