Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 114
  • Haeba ha ke sa Batla ho Phela

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Haeba ha ke sa Batla ho Phela
  • Batjha ba a Botsa
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ke Batla ho Shwa, na Bibele e ka Nthusa ha ke e na le Maikutlo a ho Ipolaya?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • O ka Sebetsana le ho Kula ka Tshohanyetso Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • Ho Rapela ho ka o Thusa Jwang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Ha o Hlahelwa ke Mathata
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 114
Motjha ya nang le kgatello ya maikutlo o shebile pula e nang ka ntle festereng.

BATJHA BA A BOTSA

Haeba ha ke sa Batla ho Phela

Jonathan ya dilemo di 17 o re: “Dilemong tsa ho feta, ke ne ke tshwenyehile haholo hoo e neng eka ke lwantshana le ho tima mollo. Nakong eo, ke ne ke utlwa eka nka ipolaya empa bonneteng feela ke ne ke sa batle ho shwa. Ke ne ke mpa fela ke batla ho fedisa mathata a ka.”

Ha ho etswa dipatlisiso, ho ile ha fumanwa hore baneng ba 14 000 ba dikolong tse phahameng, a le mong ho ba bahlano o ile a dumela hore dikgweding tse 12 tse fetileng o ile a nahana ho ipolaya.a Ha o utlwa eka ha o sa batla ho phela, o lokela ho etsang?

  • Ema hanyane. Itjwetse hore o ke ke wa nkwa ke maikutlo. Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho sebetsana le mathata a hao, ho na le dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o rarolle mathata a hao.

Motjha o batla tsela ya ho rarolla mathata a hae.

O ka utlwa eka mathata a hao ha a kgone ho rarolleha. Empa taba ya hore o ikutlwa jwalo ha e bolele hore taba eo ke nnete. Ho na le dintho tse tla o thusa ho sebetsana le bothata ba hao, ha feela o ka fumana thuso e nepahetseng o tla kgona ho rarolla bothata ba hao.

  • Keletso ya Bibele: “Re peteditswe ka hohle empa ha re a petetswa hoo re ke keng ra sisinyeha, re tsielehile empa ha se hore ho hang ha re na tsela ya ho tswa.”​—2 Bakorinthe 4:8.

    Keletso: Haeba maikutlo a ho ipolaya a le matla haholo kapa o dula o nahana ka wona, leka ho fumana dintho tse tla o thusa. Mohlomong o ka founela sepetlele kapa batho ba thusang batho ba nang le maikutlo a ho ipolaya. Batho ba sebetsang moo, ba kwetliseditswe ho thusa batho mme ba batla ho o thusa.

  • Bua le motho e mong. Ho na le batho ba o kgathallang le ba batlang ho o thusa. Batho ba na ba ka akareletsa metswalle le ba lelapa mme ba ke ke ba tseba bothata ba hao ntle le haeba o ba bolella.

Motjha o rwala dikgalase tsa hae tsa mahlo.

Batho ba bang ba hloka dikgalase tsa mahlo hore ba kgone ho bona hantle. Ka tsela e tshwanang, motswalle a ka o thusa hore o sebetsane le mathata a hao hantle le hore o boele o thabele ho phela.

  • Keletso ya Bibele: “Motswalle wa nnete . . . ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:17.

    Keletso: E le hore o qale moqoqo o ka nna wa re: “E se e le nako ke tlelwa ke maikutlo a fosahetseng. Na nka bua le wena ka wona?” Kapa o ka nna wa re: “Ke na le mathata ao ke sa kgoneng ho a lokisa. Na o ka kgona ho nthusa?”

  • Eya ngakeng. Ho tshwenyeha haholo kapa ho ba le kgatello ya maikutlo ho ka etsa hore batho ba se ke ba thabela ho phela. Ditaba tse monate ke hore dintho tsena di le pedi di kgona ho fola.

Motjha ya kulang o nahanne ka thata mme ha a je dijo tse ka pela hae.

Feela jwalo ka ha ho tshwarwa ke sefuba ho ka etsa hore o se ke wa ba le takatso ya dijo, ho ba le kgatello ya maikutlo ho ka etsa hore o se ke wa batla ho phela. Le ha ho le jwalo, mafu ana a mabedi a kgona ho phekoleha.

  • Keletso ya Bibele: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.”​—Matheu 9:12.

    Keletso: Robala ka ho lekaneng, ikwetlise o be je dijo tse nang le phepo e ntle. Ho phela hantle mmeleng ho ka etsa hore o ikutlwe hantle.

  • Rapela. Bibele e re Mmopi wa rona “o moholo ho dipelo tsa rona ebile o tseba dintho tsohle.” (1 Johanne 3:20) Ke hobaneng ha o sa qale ho mo rapela kajeno? Sebedisa lebitso la hae e leng Jehova mme o mo bolelle hore na o ikutlwa jwang.

Motjha o sokola ho jara lebokose le leholo.

Mathata a mang ho ka ba thata hore o itjarele ona. Jehova Mmopi wa hao o ikemiseditse ho o thusa.

  • Keletso ya Bibele: “Le mo kope ka tiyo hore a le tataise dinthong tsohle . . . Ha le etsa jwalo, Modimo o tla lebela dipelo tsa lona le menahano ya lona ka ho le fa kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.”​—Bafilipi 4:6, 7.

    Keletso: Ntho e nngwe eo o ka e etsang ka ntle le ho bolella Jehova bothata ba hao, o ka leka ho nahana ka ntho e le nngwe e ntle ebe o mo leboha ka yona. (Bakolose 3:15) Ho bontsha kananelo ho ka o thusa hore o nahane haholo ka dintho tse ntle tse o etsahallang bophelong.

Haeba o nahana hore ha ho bohlokwa ho phela, batla thuso. Ke yona ntho eo Jonathan eo re buileng ka yena qalong a ileng a e etsa. O re: “Ke ne ke hloka ho bua le batswadi ba ka haholo ebile ke ne ke hloka thuso ya dingaka. Empa hona jwale ke ikutlwa ke le hantle. Le hoja ka dinako tse ding ke ikutlwa ke sa thaba, ha ke sa nahana ka ho ipolaya.”

a Dipatlisiso tsena di entswe ka 2019 ke U.S. Centers for Disease Control and Prevention.

Seo batjha ba se buang

Alexandra.

“Ho phela hantle maikutlong ho bohlokwa feela jwalo ka ha ho le bohlokwa ho phela hantle mmeleng. Phapang e teng feela ke hore o a kgona ho bona ha motho a lemetse mmeleng empa ha o kgone ho bona ha motho a utlwile bohloko maikutlong. Haeba o utlwile bohloko o se ke wa tshaba ho bua. Ha ho na bothata ka ho kopa thuso.”​—Alexandra ya dilemo di 19.

Ian.

“Ha ke ntse ke le monyenyane, batswadi ba ka ba ile ba nthusa ho hlokomela hore ha hona bothata bo sa rarolleheng kapa bo sa mamelleheng. Ho ba le motho eo nka buang le yena e leng batswadi ba ka, ho nthusitse hore ke kgone ho sebetsana le mathata a ka.”​—Ian ya dilemo di 18.

Ditemana tsa Bibele tse ka o thusang

Ke hobaneng ha o sa ingolle ditemana tsa Bibele tse ka o thusang ha o tshwenyehile? O ka qala ka tsena.

Pesaleme ya 34:18: “Jehova o haufi le bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko. O pholosa ba kgathetseng matla.”

Temana ee e bolelang?: Jehova o kgathalla haholo batho ba utlwang ho le thata hore ba rarolle mathata a bona. O batla ho ba thusa.

Pesaleme ya 46:1: “Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, o re thusa kapele ha re le matshwenyehong.”

Temana ee e bolelang?: O ka rapela Jehova nako e nngwe le e nngwe ha o utlwa o tshwenyehile. O ikemiseditse ho o thusa hore o mamelle bothata boo.

Pesaleme ya 94:18, 19: “Ha ke ne ke re: ‘Leoto la ka le a thella,’ Jehova, o ne o ntshehetsa ka lerato la hao. Ha ke tshwenyehile haholo, o ile wa ntshedisa wa ba wa etsa hore ke thabe.”

Temana ee e bolelang?: Modimo a ka kgona ho o kgothatsa a sebedisa Bibele. Letsatsi le se ke la feta o sa e bala.

Pesaleme ya 139:23, 24: “Ntlhahlobe Modimo mme . . . o tsebe dintho tse ntshwenyang tseo ke di nahanang. Sheba hore na ho na le ntho le ha e le efe e mpe ka pelong ya ka. O ntsamaise tseleng e tla dula e le teng ka ho sa feleng.”

Temana ee e bolelang?: Jehova oo tseba ho feta ka moo o itsebang ka teng. A ka o thusa hore o tlohele ho nahana ka dintho tse ka o utlwisang bohloko e le hore o tsebe ho thaba hape.

Esaia 41:10: “O se ke wa tshwenyeha hobane ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke tla o thusa.”

Temana ee e bolelang?: Ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona, Jehova o tla re fa matla a hore re a mamelle.

Seo re ithutileng sona: Haeba ha ke sa Batla ho Phela

  • Ema hanyane. Itjwetse hore o ke ke wa nkwa ke maikutlo. Ho na le dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o rarolle mathata a hao.

  • Bua le motho e mong. Metswalle le ba lelapa ba ke ke ba tseba bothata ba hao ntle le haeba o ba bolella.

  • Eya ngakeng. Ho ba le maikutlo a ho ipolaya, e ka ba letshwao la ho ba le kgatello ya maikutlo. Bolwetse bo na bo ka phekoleha.

  • Rapela. Jehova oo tseba ho feta ka moo o itsebang ka teng mme o batla ho o thusa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela