Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 115
  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa Jwang?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Na ke utlwile bohloko ho feta tekano?
  • O ka sebetsana le bohloko ba ho hlokahallwa jwang?
  • Ho Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa—Seo o ka se Etsang
    Fadimehang!—2018
  • Seo o ka se Lebellang
    Fadimehang!—2018
  • Ha Motswadi a Hlokahala
    Fadimehang!—2017
  • Makasine Ena: Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?
    Fadimehang!—2018
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 115
Motjha o paqame betheng ya hae, o a lla. O shebile foto ya hae le ntatemoholo wa hae.

BATJHA BA A BOTSA

Nka Sebetsana le Bohloko ba ho Hlokahallwa Jwang?

Na o hlokahalletswe ke wa lelapa kapa motswalle haufinyane? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se ka o thusa hore o sebetsane le bohloko boo o bo utlwang.

Sehloohong sena

  • Na ke utlwile bohloko ho feta tekano?

  • O ka sebetsana le bohloko ba ho hlokahallwa jwang?

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Na ke utlwile bohloko ho feta tekano?

Batho ba bangata ba utlwa bohloko haholo ka nako e telele.

Olivia ya dilemo di 15 o re: “Ha hona letsatsi le fetang ke sa nahane ka ntatemoholo wa ka. Le hoja ho se ho fetile dilemo tse pedi a se a hlokahetse, ho thata hore ke bue ka yena ke sa lle.”

Alison ya dilemo di 22 o re: “Nkgono wa ka o ne a dula a ntshehetsa haeba ho ne ho ena le dintho tseo ke batlang ho di finyella empa ha a bona ha ke di finyella. Ka mehla ha ke atleha ke utlwa bohloko hobane ha a sa phela.”

Bohloko ba ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang bo etsa hore o be le maikutlo a mangata. Ka mohlala:

Nadine ya dilemo di 24 o re: “Ha malome wa ka a ne a hlokahala ke ne ke sa kgolwe mme ke ile ka dula ke ntse ke sa kgolwe ka nako e telele. Leo e ne e le lekgetlo la pele motho eo ke mo tlwaetseng haholo a hlokahala. Dintho di ile tsa etsahala ka ho panya ha leihlo mme di ile tsa nkama ha bohloko.”

Carlos ya dilemo di 21 o re: “Ke ile ka halefela ntatemoholo wa ka haholo ha a ne a hlokahala hobane o ne a sa itlhokomele le hoja re mo kopile hore a itlhokomele.”

Adriana ya dilemo di 21 o re: “Nna le ausi wa ka re ne re le siyo ha ntatemoholo wa rona a hlokahala. Ntho ena e ile ya etsa hore ke ikutlwe ke le molato.”

Jared ya dilemo di 17 o re: “Banyalani bao e neng e le metswalle ya lelapa leso ba ile ba hlokahalla kotsing ya koloi. Nako le nako ha emong wa lelapa a ne a tsamaya, ke ne ke tshoha ke nahana hore le yena a ka hlokahala.”

Julianna ya dilemo di 19 o re: “Ha nkgono wa ka a ne a hlokahala dilemong tse tharo tse fetileng, ke ile ka ikwahlaela hore e be ha ke a ba le nako e ngata ke ena le yena ha a ntse a phela.”

Ho kwata, ho se kgolwe, ho ikutlwa o le molato, ho tshoha le ho ikwahlaya ke maikutlo a tlwaelehileng ao motho ya utlwileng bohloko a ka bang le ona. Haeba o ena le maikutlo a tshwanang le ao, kgodiseha hore ha nako e ntse e ya o tla ba hantle. Empa hona jwale keng e ka o thusang hore o sebetsane le bohloko ba ho hlokahallwa?

O ka sebetsana le bohloko ba ho hlokahallwa jwang?

Bua le motswalle. Bibele e re motswalle wa nnete ke “ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.” (Diproverbia 17:17) Ho bolella motho e mong hore na o ikutlwa jwang ho ka o thusa hore o fumane thuso eo o e hlokang.

Yvette ya dilemo di 21 o re: “Ho utlwa bohloko ha se mohlolo. Ka dinako tse ding o ka tshaba ho bontsha batho hore o utlwile bohloko empa sena se ka etsa hore o tetebele le ho feta. Ke ka hoo ho leng bohlokwa ho bua le motho e mong.”

Hopola moratuwa wa hao ya hlokahetseng. Bibele e re “motho ya lokileng o bua dintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka letlotlong la pelo ya hae.” (Luka 6:45) O ka ngola dintho tse ntle tseo o di hopolang ka yena kapa wa etsa albamo.

Jeffrey ya dilemo di 24 o re: “Ka mora hore motswalle wa ka a hlokahale, ke ile ka ngola dintho tsohle tseo a ileng a nthuta tsona. Ho etsa jwalo ho ile ha nthusa hore ke ithute mohlaleng wa hae le ho sebetsana le bohloko boo ke neng ke bo utlwile.”

Ngwana o ngola bukeng ya hae.

Itlhokomele. Bibele e re ho ikwetlisa ho na le molemo. (1 Timothea 4:8) Etsa bonnete ba hore o ja hantle, o a ikwetlisa le hore o robala dihora tse lekaneng.

Maria ya dilemo di 27 o re: “Ha o utlwile bohloko ha o nahane hantle, jwale ke ha bohlokwa hore o dule o phetse hantle mmeleng. Etsa bonnete ba hore o robala dihora tse lekaneng ebile o ja hantle.”

Moshanyana o a matha.

Thusa batho ba bang. Bibele e re: “Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuwa.”​—Diketso 20:35.

Carlos o re: “Leka ho thusa batho ba bang haholoholo batho ba hlokahalletsweng ke batho bao ba ba ratang. Ho etsa jwalo ho tla o thusa ho hopola hore ho na le batho ba bang ba ntseng ba utlwa bohloko jwalo ka wena.”

Ngwanana o thusa mme ho sebedisa thablet.

Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. Bibele e re Jehova o ‘utlwa thapelo.’ (Pesaleme ya 65:2) Hape e re Jehova “o fodisa bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko. O tlamisa maqeba a bona.”​—Pesaleme ya 147:3.

Jeanette ya dilemo di 22 o re: “Kopa Jehova hore a o tshehetse a be a o kgothatse. Matsatsi a mang a thata ho feta a mang empa Jehova o dula a ena le rona.”

O se ke wa lebella mohlolo. Hopola hore re utlwa bohloko ka ditsela tse fapaneng. Bibele e re Jakobo “o ile a hana ho tshediseha” ha a ne a nahana hore mora wa hae o hlokahetse. (Genese 37:35) O se ke wa makala ha o bona o nka nako e telele ho fola.

Taylor ya dilemo di 23 o re: “Le hoja ho se ho fetile dilemo tse 15 nkgono wa ka a se a hlokahetse, ho na le dintho tse ngata tse nkgopotsang yena.”

Nahana o se o robehile lesapo. Ho bohloko ebile ho ka nka nako hore o fole. Ngaka e tlo o jwetsa fela dintho tseo o lokelang ho di etsa ho fihlela o fola.

Moshanyana ya robehileng leoto o shebile bapalami ba dibaesekele ba fetang tseleng ka fensetere.

Ho a tshwana le haeba o utlwile bohloko ka lebaka la ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang. Ho nka nako hore bohloko boo bo fole. Ka hoo, o be le mamello. Sheba dikeletso tse hlahang sehloohong sena mme o shebe hore na ke dife tse tla o thusa.

Seo batjha ba se buang

Isabelle.

“Ho sebetsana le bohloko ba ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang, ha ho bolele hore o a mo lebala hoo o seng o sa batle ho nahana ka yena. Ke ntho e ntle ho hopola dintho tse ntle ka motho eo le hore na e ne e le wa bohlokwa hakaakang ho wena.”​—⁠Isabelle

Jordan.

“O se ke wa ikutlwa o le molato haeba o se o sa utlwe bohloko jwalo ka pele. Ho thabela bophelo hape ha ho bolele hore ha o hlomphe moratuwa wa hao ya hlokahetseng. Ho bolela hore o a fola mme ke sona seo moratuwa wa hao a neng a ka thabela ho bona o se etsa.”​—Jordan

Seo re ithutileng sona: Nka sebetsana le bohloko ba ho hlokahallwa jwang?

  • Bua le motswalle. Ho bolella motho emong hore na o ikutlwa jwang ho ka o thusa hore o fumane thuso eo o e hlokang.

  • Hopola moratuwa wa hao ya hlokahetseng. O ka ngola dintho tse ntle tseo o di hopolang ka yena kapa wa etsa albamo.

  • Itlhokomele. Etsa bonnete ba hore o ja hantle, o a ikwetlisa le hore o robala dihora tse lekaneng.

  • Thusa batho ba bang. Leka ho thusa batho ba bang, haholoholo batho ba hlokahalletsweng ke batho bao ba ba ratang.

  • Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. Kopa Jehova hore a o tshehetse a be a o kgothatse.

  • O se ke wa lebella mohlolo. Hopola hore re utlwa bohloko ka ditsela tse fapaneng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela