Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 16
  • Keng e ka Thusang Batho ba Hlekefetswang ka Malapeng?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Keng e ka Thusang Batho ba Hlekefetswang ka Malapeng?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Ha se phoso ya hao hore e be wa hlekefetswa
  • O ka fumana thuso
  • Ha o mong
  • Tlhekefetso ka lapeng e tla fela
  • Lerato le Toka, ha re Tjamelane le Batho ba Kgopo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Tshedisa Mahlatsipa a Tlhekefetso
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 16
Mosadi ya utlwileng bohloko o phuthile matsoho.

Keng e ka Thusang Batho ba Hlekefetswang ka Malapeng?

World Health Organization e re: “Lefatsheng lohle batho ba hlekefetsa basadi mme sena se atile jwalo ka lefu la sewa. Ka hoo ke ha bohlokwa ho etsa ho hong ho thibela sena.” Mokgatlo oo o nahana hore hoo e ka bang 30% ya “basadi ba lenyalong ba hlekefetswa ka ho otlwa kapa ka thobalano” ke balekane ba bona. Tlaleho ya UN yona e nahana hore ka selemo basadi ba 137 lefatsheng lohle ba bolawa ke balekane ba bona, bahlankana ba bona kapa e mong wa lelapa.a

Dipalopalo di bontsha ka moo tlhekefetso ya basadi e atileng ka teng empa ha di re bolelle letho ka bohloko boo batho ba hlekefetswang ba bo utlwang maikutlong le mmeleng.

Na le wena o e mong wa batho ba hlekefetswang? Kapa na ho na le motho eo o mo tsebang ya hlekefetswang? Haeba ho jwalo, nahana ka dintlha tse latelang tse ka Bibeleng tse ka o thusang.

Ha se phoso ya hao hore e be wa hlekefetswa

O ka fumana thuso

Ha o mong

Tlhekefetso ka lapeng e tla fela

O ka thusa motho ya hlekefetswang jwang

Ha se phoso ya hao hore e be wa hlekefetswa

Seo Bibele e se buang: “E mong le e mong wa rona o tla ikarabella ho Modimo.”​—Baroma 14:12.

Hopola sena: Motho ya o hlekefetsang o tla ikarabella diketsong tsa hae.

Haeba motho ya o hlekefetsang a re ke wena ya etsang hore a o hlekefetse o fositse. Basadi ba lokela ho ratwa e seng ba hlekefetswe.​—Bakolose 3:19.

Ka dinako tse ding motho ya hlekefetsang molekane wa hae ho ka etsahala hore o na le bothata ba kelello, o nwa ho tlola kapa o holetse lelapeng leo ho neng ho na le motho ya neng a hlekefetsa ba bang. Ho ntse ho le jwalo, o tla ikarabella ho Modimo ka tsela eo a o tshwarang ka yona ebile ke boikarabelo ba hae ho etsa sohle seo a ka se kgonang ho fetola diketso tsa hae.

O ka fumana thuso

Seo Bibele e se buang: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyellwang.”​—Liproverbia 15:22.

Hopola sena: Haeba o utlwa o sa sireletseha mme o sa tsebe seo o ka se etsang batho ba bang ba ka o thusa.

Ke hobaneng ha o ka hloka thuso ho tswa ho ba bang? Hobane ho na le dintho tse ngata tseo o ka nahanang ka tsona. Ho ka ba boima hore o kgethe seo o lokelang ho se etsa hobane o sa tsebe hore na ke ntho e fe ho tse latelang e leng ya bohlokwa haholo:

  • Ho sireletseha ha hao

  • Se molemo bakeng sa bana ba hao

  • Maemo a hao a ditjhelete

  • Lerato leo o ratang molekane wa hao ka lona

  • O ka nna wa batla ho ba ha mmoho le molekane wa hao haeba a ka fetola diketso tsa hae

Ho tlwaelehile hore o iphumane o sa tsebe seo o lokelang ho se etsa mme o utlwe e ka boemo ba hao bo thata. Ke mang ya ka o thusang?

Motswalle kapa e mong wa lelapa a ka kgona ho o thusa ka dintho tseo o di hlokang le ho tshehetsa. Ho bua le motho ya o kgathallang ho ka o thusa haholo.

Ho ba le dinomoro tsa batho ba fanang ka thuso bakeng sa batho ba hlekefetswang ho ka o thusa hore o fumane thuso ya ka pele. Batho ba sebetsang moo ba ka o thusa hore o tsebe seo o ka se etsang e le hore o itshireletse. Haeba molekane wa hao a hlokomela bothata ba hae mme a batla ho fetoha, ba ka mo thusa ho etsa seo.

Batho ba ka o thusang hao hlaha boemo ba tshohanyetso ba ka kgona ho o thusa hanghang. Batho bana ba akarelletsa dingaka, manese le batho ba kwetliseditsweng ho thusa batho.

Ha o mong

Seo Bibele e se buang: “Jehovab o haufi le ba dipelo di robehileng; o pholosa ba sithabetseng moyeng.”​—Pesaleme ya 34:18.

Hopola sena: Modimo o tshepisa hore o tla o thusa.

Jehova oo tsotella haholo. (1 Petrose 5:7) O utlwisisa ka moo o nahanang le ho ikutlwa ka teng. A ka kgona ho o tshedisa a sebedisa Lentswe la Hae e leng Bibele mme o batla hore o mo rapele. Ha o rapela o ka kopa hore a o fe bohlale le matla ao o a hlokang e le hore o sebetsane le boemo ba hao.​—Esaia 41:10.

Tlhekefetso ka lapeng e tla fela

Seo Bibele e se buang: “Ka sebele e mong le e mong o tla dula tlasa sefate sa hae sa morara le tlasa sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e ba le ya etsang hore ba thothomele.”​—Mikea 4:4.

Hopola sena: Bibele e tshepisa nako eo ka yona lelapa e tla ba sebaka se sireletsehileng bakeng sa motho e mong le e mong.

Jehova Modimo ke yena feela ya nang le tharollo ya ka ho sa feleng bakeng sa mathata ohle a rona. Bibele e tshepisa hore “O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e ba teng, mme ho siama [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di e ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ka nako eo ha re sa tla hlola re e ba le menahano e mebe kaha e tla be e tlositswe ke e metle. (Esaia 65:17) Bona ke bokamoso bo nang le kgotso boo Bibele eo tshepisang bona.

a Sehlooho sena se bua ka basadi e le bona ba hlekefetswang empa bongata ba dintlha tseo ho buuwang ka tsona di a sebetsa le ho banna ba hlekefetswang.

b Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.

O ka thusa motho ya hlekefetswang jwang?

Na ho na le motho eo o mo tsebang ya hlekefetswang moo o dulang teng? Le hoja o se motho ya kwetliseditsweng ho thusa ba bang o ka kgona ho mo thusa.c

Mo bontshe hore o batla ho mo mamela. (Jakobo 1:19) Mo bolelle hore o ikemiseditse ho mo mamela empa o se ke wa mo qobella hore a bue. Mo kgodise hore o kgolwa seo a se buuwang.​—Liproverbia 20:5.

E mong wa batho ba thusang batho ba hlekefetswang o re: “E tlameha e be ho ne ho le boima hore a bue le wena. Hangata [batho ba hlekefetswang] ha ba bue dintlha kaofela. Ha se hangata ba buang dintho tseo e seng nnete kapa ba fetelletse boemo. Ho ka ba thata hore o nahane hore motho eo o mo tsebang a ka hlekefetsa motho e mong. Empa motho ya hlekefetsang a ka o tshwara ka tsela eo a sa tshwareng motho ya mo hlekefetsang ka yona.”

Bua ka tsela e kgothatsang. (1 Bathesalonika 5:11) Bua le yena ka tsela e tla etsa hore a ikutlwe e le wa bohlokwa. Mo hopotse ka makgabane a matle ao a nang le ona mme o mo kgothalletse ho fumana thuso.

Ithaopele ho mo thusa. (Liproverbia 17:17) Mo thuse ka dintho tse kang ho mo salla le bana kapa ho mo phehela. Etsa bo nnete ba hore wa tseba hore o tla etsang ha maemo a ba kotsi kapa ke hokae moo a tla ya e le hore a sireletsehe.

Etsa hore a tshepe bokgoni ba haeba ho iketsetsa diqeto. (Bagalata 6:5) Mo thuse ka ho mo batlela tlhahiso leseding mme le buisane ka dintho tse ka thusang. Empa o se ke wa mo etsetsa diqeto.

c Haeba o tshwenyehile ka motho wa bong bo fapaneng le ba hao ho ka molemo hore o fokotse tsela eo o mo thusang ka yona mme o mo kgothalletse ho kopa thuso ho motswalle wa bong ba hae eo a ka mo tshepang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela