Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 15
  • O ka Thabela ho Dula o le Mong Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • O ka Thabela ho Dula o le Mong Jwang?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Atamela ho Modimo
  • Bala ditemana tsa Bibele tse kgothatsang
  • Ithute hore na ke hobaneng ha dintho tse bohloko di etsahala
  • Qoba ho tshwenyeha ho sa hlokahale
  • Etsa metswalle
  • Dula o ikwetlisa
  • Kgetha Metswalle Hantle
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • O ka Etsang Hore o Dule o Thabile le Dinakong Tse Thata?—Bibele e Reng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e ka o Thusa Hore o se ke wa Hlora
    Dihlooho Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 15
Motho wa mme ya shebileng ka ntle ka fenstere.

O ka Thabela ho Dula o le Mong Jwang?

Na o jewa ke bodutu? Haeba ho jwalo, o ka nna wa ikutlwa jwalo ka mopesaleme ya ileng a re: “Ke fetohile ya jwalo ka nonyana e nnotshi hodima marulelo.” (Pesaleme ya 102:7) Bibele e na le dikeletso tse ka o thusang ho sebetsana le mathata a tliswang ke ho dula o le mong.

  • Atamela ho Modimo

  • Bala ditemana tsa Bibele tse kgothatsang

  • Ithute hore na ke hobaneng ha dintho tse bohloko di etsahala

  • Qoba ho tshwenyeha ho sa hlokahale

  • Etsa metswalle

  • Dula o ikwetlisa

Atamela ho Modimo

Le haeba o dula o le mong, o ka kgona ho thaba ka hore o hlokomele hore o hloka ho tseba ka Modimo. (Matheu 5:3, 6) Dintlha tsena tse latelang di ka o thusa.

  • Divideo tse kgutshwane tse buang ka dithuto tsa bohlokwa tsa Bibele

  • “Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa”​—Karolo ena e araba dipotso tseo batho ba bangata ba ipotsang tsona

  • “Na e Entswe?”​—Karolo ena e bua ka tsela e ntle le e rarahaneng eo dintho di bopilweng ka yona

Bala ditemana tsa Bibele tse kgothatsang

Ditemana tsena di tshedisitse batho ba bangata. Ho e na le hore o bale ditemana tse ngata ka nako e le nngwe, leka ho sebedisa nako ena ho nahanisisa ka temana ka nngwe mme o rapele.​—Mareka 1:35.

  • Pesaleme ya 23:1-6

  • Pesaleme ya 34:1-22

  • Pesaleme ya 46:1-11

  • Pesaleme ya 63:6-8

  • Pesaleme ya 91:1-6

  • Matheu 6:25-34

  • 2 Bakorinthe 1:3, 4

  • Bafilipi 4:6, 7

  • 1 Petrose 5:6, 7

Ithute hore na ke hobaneng ha dintho tse bohloko di etsahala

O ka kgona ho sebetsana le boemo bofe kapa bofe bo tshwenyang haeba o tseba hore na ke hobaneng ha dintho tse bohloko di etsahala, le hore na Modimo o tla di fedisa jwang.​—Esaia 65:17.

  • Ke hobaneng ha Modimo a dumella mathata?

  • Bibele e reng ka ho kula le ka bophelo?

  • Bapalami ba bane ba dipere ba hlahang bukeng ya Tshenolo ke bomang

  • Mmuso wa Modimo o tla etsang?

Qoba ho tshwenyeha ho sa hlokahale

Dihlooho tse latelang di ka o thusa ho sebetsana le ho tshwenyeha ho tliswang ke ho dula o le mong, hape di ka o thusa hore o ‘kgaotse ho tshwenyeha.’​—Matheu 6:25.

  • O ka etsang hore o kgaotse ho tshwenyeha?

  • O ka thaba ha o e na le maikutlo a nepahetseng

  • Ho tshwenyeha ka dikotsi

  • Ho tshwenyeha ka tjhelete

Etsa metswalle

Ho ba le metswalle ho ka o thusa hore o nahane hantle le hore o thabe, hape metswalle e ya hlokahala haholo nakong ena eo ho leng thata ho kopana le batho. Haeba ha o kgone ho tswa ka tlung, o ka sebedisa nako ena ho buisana le metswalle kapa wa etsa e metjha o sebedisa divideo kapa mekgwa e meng ya metjha ya puisano. Dihlooho tse latelang di ka o thusa hore o fumane metswalle ya nnete le hore o be “motswalle wa nnete.”​—Liproverbia 17:17.

  • Motswalle wa sebele ke ya jwang?

  • Ke hobaneng ha ke se na metswalle?

  • Eba motswalle ka hore o be motho ya fanang

  • Eba motswalle ka hore o be motho ya lebohang

Dula o ikwetlisa

Bibele e a dumela hore “kwetliso ya mmele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) Ho ikwetlisa ho ka o thusa hore o nahane hantle hape o be o thabe, haholoholo haeba o dula o le mong. Esita le haeba o sa kgone ho tswa ka tlung, ho na le dintho tseo o ka dulang o di etsa.

  • Ikwetlise ka mehla

  • Eba le boikutlo bo nepahetseng ka bophelo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela