Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 86
  • Bibele e Reng ka Dikgohola Tse Bakang Tshenyo?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Reng ka Dikgohola Tse Bakang Tshenyo?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Mehleng ya bofelo” ho tla etsahalang?
  • Bibele e fana ka tshepo
  • Bibele e Reng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e Reng ka Motjheso o sa Tlwaelehang Lefatsheng Lehlabuleng la 2023?
    Dihlooho Tse Ding
  • Ke Mang ya Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ya Ntwa? ​—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • O ka ba le Tshepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 86
Mme le ngwana ba ka hara metsi a mangata a phallang ka sekgahla.

Photo by Zhai Yujia/China News Service/VCG via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka Dikgohola Tse Bakang Tshenyo?

Ditlaleho tsa ditaba tse latelang di a bontsha hore lefatsheng lohle batho ba bangata ba hlahelwa ke dikgohola tse bakang tshenyo:

  • Ka la 2 August 2023, AP News, e ile ya tlaleha ya re: “China ho bile le pula e ngata haholo dipakeng tsa Moqebelo le Laboraro, eo esale ba e qetela dilemong tse ka bang 140 tse fetileng.”

  • Ka la 3 August 2023, tlaleho ya ditaba ya Jeremane, Deutsche Welle e ile ya re: “Labone e ne e le letsatsi la bobedi lehodiotswana le bitswang Khanun le bakile dipula tse matla tse nang ka moya o mongata Japane e borwa mme batho ba babedi ba hlokahetse. . . . Pula e nele haholo.”

  • Ka la 24 July 2023, BBC News e ile ya tlaleha ya re: “Dikgohola tse ileng tsa eba Nova Scotia mafelobeke, di bakilwe ke dipula tse matla tse ileng tsa na lebopong la lewatle la Atlantic Canada. Pula e jwalo e qetetswe dilemong tse ka bang tse 50 tse fetileng.”

Bibele e reng ka diketsahalo tse tshwanang le tsee?

“Mehleng ya bofelo” ho tla etsahalang?

Bibele e bontsha hore re phela “mehleng ya bofelo.” (2 Timothea 3:1) Jesu o ile a profeta hore mehleng ena re tla bona “dintho tse tshosang.” (Luka 21:​11) Maemo a fetofetohang a lehodimo ke ona a ka sehloohong a bakang diketsahalo tsena tse tshosang le tse sa lebellwang ka sekgahla.

Bibele e fana ka tshepo

Bibele e re bontsha hore dintho tse ngata tse tshosang tse etsahalang lefatsheng kajeno ha e le hantle di re fa tshepo. Hobaneng? Jesu o ile a re: “Ha le bona dintho tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi.”​—Luka 21:​31; Matheu 24:3.

Diketsahalo tsena di bontsha hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla lokisa lefatshe le be maemong a bolokehileng le a laolehileng.​—Jobo 36:​27, 28; Pesaleme ya 107:29.

Ho ithuta ho eketsehileng ka hore na Mmuso wa Modimo o tla lokisa lefatshe jwang, bala sehlooho se reng: “Who Will Save the Earth?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela