Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mrt sehlooho 91
  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Na Mmuso wa Modimo o Tla Rarolla Mathata a Ditjhelete?
    Dihlooho Tse Ding
  • Bibele e Reng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
    Dihlooho Tse Ding
  • Mmuso wa Modimo o Tla Etsang ka Boradipolotiki ba sa Tshepahaleng?
    Dihlooho Tse Ding
  • Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?
    Dihlooho Tse Ding
Bala Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 91
Bere e ditshila e dutse hodima leqhwa le lenyenyane ka hara lewatle le tletseng toti.

TheCrimsonMonkey/E+ via Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Na Mmuso wa Modimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

Ka la 25 July 2023, Inger Andersen eo e leng motlatsi wa mongodikakaretso wa Matjhaba a kopaneng le motsamaisi ya ka sehloohong wa UN Environment Programme o ile a re: “Tikoloho e ntse e senyeha haholo mme ntho eo e baka mathata a mangata bakeng sa batho, metse le dintho tsohle tse phelang. Ka lebaka la maemo a lehodimo a ntseng a fetoha, difefo di ntse di eba matla mme di senya matlo ebile di etsa hore bophelo bo be thata lefatsheng ka bophara. Metsi a lewatle a ntse a futhumala haholo, ka lebaka leo dintho tse ngata tse phelang lewatleng di ka nna tsa shwa.”

Na mebuso ya lefatshe e ka ikopanya e le hore e sebetsane le mathata a amang lefatshe kaofela? Na ba ka kgona ho fumana tharollo?

Bibele e re ho na le mmuso o ka kgonang ho fedisa mathata a tikoloho lefatsheng ebile o tla a fedisa. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso,” Mmuso oo o tla busa lefatshe lohle o be o lokise mathata a lona. (Daniele 2:​44) Tlasa mmuso oo batho ba ke ke ba lematsa ba bang kapa ba baka tshenyo lefatsheng.​—Esaia 11:9.

Mmuso wa Modimo Keng?

“Tora ya ho Lebela” e nang le sehlooho se reng “Mmuso wa Modimo ke Eng?”

Kgweding ya September 2023, Dipaki Tsa Jehova di tla tswa letsholo lefatsheng lohle e le hore di bolelle batho hore na Bibele e reng ka taba ena ya bohlokwa. Re o kgothaletsa hore o bale Tora ya ho Lebela e nang le sehlooho se reng: “Mmuso wa Modimo ke Eng?” O tla fumana dikarabo tsa dipotso tse kang:

  • Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Busa Lefatshe Neng?

  • Mmuso wa Modimo o Tla Finyella Eng?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela