Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb22 January leq. 11
  • Motjha Tshollela Pelo ya Hao ho Batswadi ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Motjha Tshollela Pelo ya Hao ho Batswadi ba Hao
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • “Hlompha Ntatao le Mmao”
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • O ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Batswadi, le ka Thusa Bana ba Lona Jwang Hore ba Rate Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Sebedisa Melaomotheo ya Bibele ho Thusa Bana ba Hao Hore ba Atlehe
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 January leq. 11

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Motjha Tshollela Pelo ya Hao ho Batswadi ba Hao

Ke hobaneng ha o lokela ho bolella batswadi ba hao ka moo o ikutlwang ka teng? (Lipr 23:26) Ke hobane Jehova o ba file boikarabelo ba hore ba o hlokomele le ho o tataisa. (Pes 127:3, 4) Ho ka ba thata hore ba o thuse ha o sa ba bolelle dintho tse o tshwenyang le tsela eo o ikutlwang ka yona. O ka fetwa ke monyetla wa ho ithuta dintho tseo bona ba ileng ba ithuta tsona bophelong. Na ho phoso ho se ba bolelle dintho tsohle? Eseng ka dinako tsohle, ha feela o etsa bonnete ba hore ha o ba thetse.​—Lipr 3:32.

O ka bua le batswadi ba hao jwang? Leka ho bua le bona ka nako e le loketseng kaofela ha lona. Haeba seo se o thatafalla o ka ngolla e mong wa bona lengolo ho mo bolella ka moo o ikutlwang ka teng. O tla etsang haeba ba batla ho bua ka ntho eo o sa thabeleng ho bua ka yona? Hopola hore ba batla ho o thusa. Nka batswadi ba hao e le metswalle ya hao eseng dira tsa hao. Boiteko ba hao ba hore o buisane le batswadi ba hao o phutholohile, bo tla o thusa bophelo bohle ba hao!​—Lipr 4:10-12.

SHEBELLANG VIDEO YA BOTJHA BA KA​—NKA BUISANA LE BATSWADI BA KA JWANG? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya “Botjha ba Ka​—⁠Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang?” Ngwanana ya motjha o sebedisa khompiyutha a kentse di headphone mme o iphapanyetsa mme wa hae ha a ntse a leka ho bua le yena.

    Esther le Partik ba ile ba hlokomela eng ka tsela eo ba neng ba etsa dintho ka yona?

  • Karolo ya video ya “Botjha ba Ka​—Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang? Ngwanana ya motjha o bua le mme wa hae mme o mo bontsha ntho e nngwe fonong ya hae.

    O ka ithutang mohlaleng wa Jesu?

  • Karolo ya video ya “Botjha ba Ka​—Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang?” Mme o tlohela ho etsa mesebetsi ya ka tlung e le hore a bapale le mora wa hae ya monyenyane.

    Batswadi ba hao ba bontshitse jwang hore ba a o rata?

  • Karolo ya video ya “Botjha ba Ka​—Nka Buisana le Batswadi ba ka Jwang?” Mokwetlisi wa basketball o ngolla pampiring ho bontsha dibapadi tsa hae hore na di lokela ho etsang.

    Batswadi ba hao ba batla hore o atlehe bophelong

    Ke melaomotheo efe ya Bibele e ka o thusang hore o kgone ho buisana le batswadi ba hao?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela