Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • ijwyp sehlooho 105
  • Nka Sebetsana Jwang le ho ba Dihlong?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Jwang le ho ba Dihlong?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Tseba dintho tse o tshosang
  • Seo o ka se etsang
  • Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?
    Batjha ba a Botsa
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 105
Ngwanana o dutse a le mong mmokeng, ha a qoqe le batho ba bang.

BATJHA BA A BOTSA

Nka Sebetsana Jwang le ho ba Dihlong?

Ntho e bohloko ke hore: Dihlong di ka o sitisa ho ba le metswalle e molemo le ho etsa dintho tse o thabisang.

Ntho e thabisang ke hore: Ha se ka mehla ho ba dihlong e leng ntho e mpe. Ho ka o thusa hore o nahane pele o bua, o shebe le ho mamela ka hloko.

Ntho e nngwe e thabisang ke hore: Dihlong di ka fela, o ka kgona ho sebetsana le tsona e le hore di se ke tsa ama bophelo ba hao hampe. Sehlooho sena se tlo bontsha hore na o ka etsa seo jwang.

  • Tseba dintho tse o tshosang

  • Seo o ka se etsang

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Tseba dintho tse o tshosang

Dihlong di ka etsa hore o tshabe ho buisana le batho le shebane mahlong. Ka lebaka leo, o ka nna wa utlwa eka o hole le batho ba bang jwalo ka ha eka o kwalletswe o le mong ka kamoreng e lefifi. Eo ke ntho e tshosang. Empa ha o tseba dintho tse o tshosang, o tla bona hore o tshohile moru o se nang nkwe. Nahana ka mehlala ena e meraro.

  • Ntho ya pele e ka o tshosang: “Ha ke tsebe hore na ke bue ka eng.”

    Nnete: Batho ba hopola tsela eo o ileng wa etsa hore ba ikutlwe ka yona ho feta dintho tseo o ileng wa di bua. O ka hlola ho tshoha ka hore o be motho ya mamelang le ya bontshang thahasello ho dintho tseo batho ba bang ba di buang.

    Seo o ka nahanang ka sona: Na o ka rata ho ba le motswalle ya batlang hore e be yena feela ya dulang a bua kapa ya o mamelang ka hloko?

  • Ntho ya bobedi e ka o tshosang: “Batho ba ka nna ba nahana hore ke a bora.”

    Nnete: Batho ba tla dula ba ena le seo ba ka se buang ka wena ho sa tsotellehe hore na o dihlong kapa tjhe. O ka hlola ho tshoha ka hore o phutholohe, e le hore batho ba ka o tseba ha molemo.

    Seo o ka nahanang ka sona: Haeba o nahana hore batho bohle ba a o ahlola, na mohlomong e ka ba ke wena ya ba ahlolang ka ho nahana hore ha ba o rate?

  • Ntho ya boraro e ka o tshosang: “Ke tla swaba haeba nka bua ntho e fosahetseng.”

    Nnete: Seo se ka etsahalla motho e mong le e mong. O ka hlola tshabo ya hao ka hore o nke diphoso e le tsela ya ho bontsha ba bang hore ha o nke hore wena ha o etse diphoso.

    Seo o ka nahanang ka sona: Na ha o thabele ho ba hara batho ba dumelang hore le bona ba etsa diphoso?

Na o ne o tseba? Batho ba bang ba nahana hore ha ba dihlong hobane ba dula ba romela melaetsa ka fono. Empa ho bonolo ho etsa setswalle sa nnete haeba o bua le batho le shebane mahlong. Sherry Turkle eo e leng setsebi sa mafu a kelello le theknoloji o re: “Re kgona ho ba metswalle ya batho ba bang haeba re kgona ho ba bona le ho utlwa mantswe a bona.”a

Ngwanana eo o se a qoqa le banyalani ba bang hona mmokeng.

Ha o kgona ho sebetsana le dintho tse o tshosang, o tla hlokomela hore ho bua le batho le shebane mahlong ha ho sa tshosa jwalo ka pele

Seo o ka se etsang

  • Qoba ho ipapisa le ba bang. Ha ho hlokahale hore o be motho ya buang haholo. Le ha ho le jwalo, o ka ipehela pakane ya hore dihlong di se ke tsa o sitisa ho ba le metswalle e molemo le ho etsa dintho tse o thabisang.

    “Moqoqo ha o a lokela ho ba molelele haholo ebile ha ho bolele hore o lokela ho dula o o etella pele. O ka itsebisa motho eo o qalang ho kopana le yena mme wa mo botsa dipotso tse mmalwa tse bonolo.”​—⁠Alicia.

    Molaomotheo wa Bibele: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe dintho tseo a di etsang ka ha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”​—⁠Bagalata 6:⁠4.

  • Sheba batho. Sheba batho ba kgonang ho etsa metswalle ha bonolo hore na ba bua le batho ba bang jwang. Ke eng e ba sebeletsang? Ke eng e sa ba sebeletseng? Ke mekgwa efe e metle ya bona eo o ka e etsisang?

    “Sheba o be o ithute ho batho ba kgonang ho etsa metswalle ha bonolo. Sheba hore na ba etsang ebile ba reng ha ba kopana le motho ka lekgetlo la pele.”​—⁠Aaron.

    Molaomotheo wa Bibele: “Tshepe e leotswa ka tshepe. Ka ho tshwanang motho o leotsa motswalle wa hae.”​—⁠Diproverbia 27:⁠17.

  • Botsa dipotso. Hangata batho ba rata ho ntsha maikutlo a bona ka dintho tse itseng. Ka hoo, ho ba botsa dipotso ke tsela e ntle ya ho qadisa moqoqo le bona. Hape ho etsa hore ho se ke ha lebiswa tlhokomelo haholo ho wena.

    “Ho itokisa esale pele ho ka o thusa hore o se ke wa tshwenyeha haholo. E le ho fokotsa kgatello, nahana ka dintho tseo o tla bua ka tsona kapa dipotso tseo o tla di botsa batho bao o tla kopana le bona ka lekgetlo la pele.”​—⁠Alana.

    Molaomotheo wa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka dintho tse le tswelang molemo empa le amehe le ka dintho tse tla tswela batho ba bang molemo.”​—⁠Bafilipi 2:⁠4.

a Ho tswa bukeng ya Reclaiming Conversation.

Seo batjha ba bang ba se buang

Kelsey.

“Qala ka dintho tse nyenyane, jwalo ka ho bososela le ho dumedisa, o tla makala ha o bona ka moo batho ba bang ba arabelang ka teng. Seo se tla o fa sebete sa hore nakong e tlang o bue le motho e mong.”​—⁠Kelsey.

Robin.

“Motho e mong le e mong o na le dintho tse ikgethang ka yena hape ho na le dintho tsa bohlokwa tseo a ka di arolelanang le ba bang. Ha o sa ntshe maikutlo a hao, batho ba bang ba ke ke ba tseba makgabane a matle ao o nang le ona.”​—⁠Robin.

Veronica.

“Haeba o etsa hore batho ba phutholohe ha ba ena le wena, ba tla o rata le haeba o le dihlong. Hape ho bososela ho a thusa. E le hore o be motho ya ratehang, o lokela ho sheba dintho tse ntle ho batho ba bang.”​—⁠Veronica.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela