DULANG LE FADIMEHILE!
O ka Etsang Hore o Dule o Thabile le Dinakong Tse Thata?—Bibele e Reng?
Dinakong tsena tse thata re ka hlahelwa ke mathata afe kapa afe. Le ha ho le jwalo, thabo ya rona ha e a itshetleha ka mathata a re hlahelang empa e itshetlehile ka hore na re sebetsana le wona jwang. Ho sa tsotellehe mathata a mo hlahelang, “motho ya pelo e thabileng o dula a e na le kgotso.” (Diproverbia 15:15) Re ka etsang e le hore re thabe haholwanyane? Hlokomela ka moo dikeletso tsa Bibele di ka o thusang ka teng.
O ka sebetsana le ho tshwenyeha jwang?
Bibele e re: “Matshwenyeho a tetebetsa pelo ya motho empa lentswe le nepahetseng le a e hlabolla.”—Diproverbia 12:25.
Bibele e ka o thusa ho sebetsana le ho tshwenyeha. Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Ho Tshwenyeha.”
O ka sebetsana le ho hlora jwang?
Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”—Diproverbia 17:17.
Bibele e na le dikeletso tse ka o thusang hore o se ke wa hlora ka hore o matlafatse setswalle seo o nang le sona le batho ba bang. Bala sehloooho se reng “Bibele e ka o Thusa Hore o se ke wa Hlora.”
Rata Modimo le moahelani
Bibele e re: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao oohle le ka kelello ya hao yohle. . . . O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.”a—Matheu 22:37-39.
Thapelo e ka re atametsa haholwanyane ho Modimo. Ho ithuta haholwanyane, bala sehlooho se reng “Na Modimo o Utlwa Dithapelo Tsa Rona?”
Re ka bontsha hore re rata batho ka hore re ba tshware ka tsela eo Jesu a itseng re ba tshware ka yona. Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “What Is the Golden Rule?”
Mohlomong o ka rata ho ithuta haholwanyane ka hore na Bibele e ka o thusa jwang hore o thabe dinakong tsena tse thata. O ka etsa jwalo ka hore o ithute Bibele mahala.
a Jehova ke lebitso la Modimo. Pesaleme ya 83:18.