Sontaha, la 12 October
[Jehova] o tla le tiisa, a le thuse hore le dule le tshepahala a be a le matlafatse.—1 Pet. 5:10.
Hangata ha Lentswe la Modimo le bua ka banna ba neng ba rata Modimo, le re ba matla. Empa ha se ka dinako tsohle ba neng ba ikutlwa ba le matla. Mohlala, maemong a mang Morena Davida o ne a utlwa a le “matla jwalo ka thaba” empa ka dinako tse ding o ile a “tshoha haholo.” (Pes. 30:7) Le hoja Samsone a ne a ena le matla a sa tlwaelehang ka lebaka la moya wa Modimo, o ne a tseba hore o ‘tla fokola a be jwalo ka banna ba bang kaofela’ haeba a se na matla a tswang ho Modimo. (Baahl. 14:5, 6; 16:17) Banna bana ba ratang Modimo ba ne ba le matla hobane feela Jehova a ba file matla. Moapostola Pauluse o ile a elellwa hore le yena o hloka matla a tswang ho Jehova. (2 Bakor. 12:9, 10) O ne a kula. (Bagal. 4:13, 14) Ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho etsa dintho tse nepahetseng. (Bar. 7:18, 19) Hape ka dinako tse ding o ne a ikutlwa a tshwenyehile a bile a sa tsebe hore na ho tla etsahalang ka yena. (2 Bakor. 1:8, 9) Le ha ho le jwalo, o ile a ba matla a ntse a fokola jwalo. O kgonne jwang? Jehova o ile a fa Pauluse matla ao a neng a a hloka e le hore a mamelle mathata a hae. w23.10 12 ¶1-2
Mantaha, la 13 October
Jehova o bona se ka pelong.—1 Sam. 16:7.
Haeba ka dinako tse ding re utlwa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho yena. (Joh. 6:44) O bona makgabane a rona ao rona re ka nnang ra se ke ra a bona hape o tseba dipelo tsa rona. (2 Dikron. 6:30) Ka hoo, re ka mo tshepa ha a re re ba bohlokwa. (1 Joh. 3:19, 20) Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse dintho tse ka nnang tsa etsa hore re ikutlwe re le molato le hona jwale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tshepahalang ba lwantshana le mefokolo e itseng. Na ka dinako tse ding o utlwa eka Jehova a ke ke a o tshwarela? Haeba ho jwalo, o ka tshediswa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tshepahalang ba ile ba eba le maikutlo a tshwanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utlwa bohloko ha a nahana ka mefokolo ya hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse dibe tsa hae a bile a kolobeditswe. Ho ntse ho le jwalo, o ile a re ha se “wa bohlokwa ka ho fetisisa hara baapostola” le hore ke moetsadibe “ya ka pelepele.—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15. w24.03 27 ¶5-6
Labobedi, la 14 October
Batho ba tlohela ntlo ya Jehova.—2 Dikron. 24:18.
Ntho e nngwe eo re ithutang yona diqetong tse fosahetseng tseo Morena Joase a ileng a di etsa ke hore re lokela ho kgetha metswalle e ratang Jehova ebile e ikemiseditse ho mo thabisa. Metswalle e jwalo e tla re thusa ho etsa dintho tse nepahetseng. Re ka ba metswalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motswalle wa hae Jehojada. Ha o kgetha metswalle ipotse dipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e bua ka Jehova le ka dintho tsa bohlokwa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e mpolella dintho tseo nka thabelang ho di utlwa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kgeloha?’ (Diprov. 27:5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metswalle ya hao e sa rate Jehova, ha o e hloke. Empa haeba metswalle ya hao e rata Jehova, o se ke wa e tlohela hobane e tla ba le tshusumetso e ntle ho wena.—Diprov. 13:20. w23.09 9-10 ¶6-7