Mantaha, la 13 October
Jehova o bona se ka pelong.—1 Sam. 16:7.
Haeba ka dinako tse ding re utlwa eka ha re na thuso, re lokela ho hopola hore Jehova o re huletse ho yena. (Joh. 6:44) O bona makgabane a rona ao rona re ka nnang ra se ke ra a bona hape o tseba dipelo tsa rona. (2 Dikron. 6:30) Ka hoo, re ka mo tshepa ha a re re ba bohlokwa. (1 Joh. 3:19, 20) Ba bang ba rona pele re ithuta Bibele re entse dintho tse ka nnang tsa etsa hore re ikutlwe re le molato le hona jwale. (1 Pet. 4:3) Esita le Bakreste ba tshepahalang ba lwantshana le mefokolo e itseng. Na ka dinako tse ding o utlwa eka Jehova a ke ke a o tshwarela? Haeba ho jwalo, o ka tshediswa ke ho tseba hore bahlanka ba bang ba Jehova ba tshepahalang ba ile ba eba le maikutlo a tshwanang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a utlwa bohloko ha a nahana ka mefokolo ya hae. (Bar. 7:24) Pauluse o ne a baketse dibe tsa hae a bile a kolobeditswe. Ho ntse ho le jwalo, o ile a re ha se “wa bohlokwa ka ho fetisisa hara baapostola” le hore ke moetsadibe “ya ka pelepele.—1 Bakor. 15:9; 1 Tim. 1:15. w24.03 27 ¶5-6
Labobedi, la 14 October
Batho ba tlohela ntlo ya Jehova.—2 Dikron. 24:18.
Ntho e nngwe eo re ithutang yona diqetong tse fosahetseng tseo Morena Joase a ileng a di etsa ke hore re lokela ho kgetha metswalle e ratang Jehova ebile e ikemiseditse ho mo thabisa. Metswalle e jwalo e tla re thusa ho etsa dintho tse nepahetseng. Re ka ba metswalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motswalle wa hae Jehojada. Ha o kgetha metswalle ipotse dipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e bua ka Jehova le ka dintho tsa bohlokwa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e mpolella dintho tseo nka thabelang ho di utlwa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kgeloha?’ (Diprov. 27:5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metswalle ya hao e sa rate Jehova, ha o e hloke. Empa haeba metswalle ya hao e rata Jehova, o se ke wa e tlohela hobane e tla ba le tshusumetso e ntle ho wena.—Diprov. 13:20. w23.09 9-10 ¶6-7
Laboraro, la 15 October
Ke nna Alfa le Omega.—Tshen. 1:8.
Ka Segerike tlhaku ya pele ke alfa, ya ho qetela ke omega. Ha Jehova a re “ke nna Alfa le Omega” o bontsha hore ntho e nngwe le e nngwe eo a e qalang o a e qeta. Ka mora hore Jehova a bope Adama le Eva, o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.” (Gen. 1:28) Ha Jehova a ne a ba bolella morero wa hae, ho ne ho tshwana le ha eka o ne a re “Alfa.” Ha morero wa Jehova o se o phethahetse mme bana ba Adama le Eva ba tletse lefatshe le ho le etsa paradeise, ho tla tshwana le ha eka Jehova o re “Omega.” Ha Jehova a qeta ho bopa “mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho tsona,” o ile a bua ntho e nngwe e neng e tla re kgodisa hore morero wa hae o tla phethahala. O ile a re kgodisa hore o tla phethahatsa morero wa hae ka lefatshe le ka batho mme morero oo wa hae o tla phethahala qetellong ya letsatsi la bosupa.—Gen. 2:1-3. w23.11 5 ¶13-14