Labobedi, la 14 October
Batho ba tlohela ntlo ya Jehova.—2 Dikron. 24:18.
Ntho e nngwe eo re ithutang yona diqetong tse fosahetseng tseo Morena Joase a ileng a di etsa ke hore re lokela ho kgetha metswalle e ratang Jehova ebile e ikemiseditse ho mo thabisa. Metswalle e jwalo e tla re thusa ho etsa dintho tse nepahetseng. Re ka ba metswalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motswalle wa hae Jehojada. Ha o kgetha metswalle ipotse dipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e bua ka Jehova le ka dintho tsa bohlokwa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e mpolella dintho tseo nka thabelang ho di utlwa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kgeloha?’ (Diprov. 27:5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metswalle ya hao e sa rate Jehova, ha o e hloke. Empa haeba metswalle ya hao e rata Jehova, o se ke wa e tlohela hobane e tla ba le tshusumetso e ntle ho wena.—Diprov. 13:20. w23.09 9-10 ¶6-7
Laboraro, la 15 October
Ke nna Alfa le Omega.—Tshen. 1:8.
Ka Segerike tlhaku ya pele ke alfa, ya ho qetela ke omega. Ha Jehova a re “ke nna Alfa le Omega” o bontsha hore ntho e nngwe le e nngwe eo a e qalang o a e qeta. Ka mora hore Jehova a bope Adama le Eva, o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.” (Gen. 1:28) Ha Jehova a ne a ba bolella morero wa hae, ho ne ho tshwana le ha eka o ne a re “Alfa.” Ha morero wa Jehova o se o phethahetse mme bana ba Adama le Eva ba tletse lefatshe le ho le etsa paradeise, ho tla tshwana le ha eka Jehova o re “Omega.” Ha Jehova a qeta ho bopa “mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho tsona,” o ile a bua ntho e nngwe e neng e tla re kgodisa hore morero wa hae o tla phethahala. O ile a re kgodisa hore o tla phethahatsa morero wa hae ka lefatshe le ka batho mme morero oo wa hae o tla phethahala qetellong ya letsatsi la bosupa.—Gen. 2:1-3. w23.11 5 ¶13-14
Labone, la 16 October
Hlekang tsela ya Jehova! Etsang tsela e kgolo e otlolohileng bakeng sa Modimo wa rona lehwatateng.—Esa. 40:3.
Leeto le boima leo Baiseraele ba neng ba tla le nka ho tloha Babilona ho ya Iseraele, le ne le ka nka dikgwedi tse nne. Empa Jehova o ile a ba tshepisa hore ditshitiso le ha e le dife tseo ba neng ba tla kopana le tsona di ne di tla suthiswa. Bajuda ba tshepahalang ba ne ba tseba hore melemo ya ho kgutlela Iseraele e mengata ho feta boitelo le ha e le bofe boo ba neng ba ka bo etsa. Tlhohonolofatso e kgolo ka ho fetisisa eo ba neng ba tla e fumana e ne e amana le borapedi ba bona. Ho ne ho se na tempele le ha e le nngwe feela ya Jehova Babilona. Ho ne ho se na aletare eo Baiseraele ba neng ba ka etsa mahlabelo ao ba neng ba lokela ho a etsa ho latela Molao wa Moshe hape ho ne ho se na baprista ba hlophisitsweng hore ba etse mahlabelo ao. Batho ba neng ba rapela medimo ya bohata motseng oo ba ne ba le bangata ho feta ba hlomphang Jehova le ho mamela melao ya hae. Ka hoo, Bajuda ba dikete ba ratang Jehova ba ne ba labalabela ho kgutlela habo bona moo ba neng ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e batlang. w23.05 14-15 ¶3-4