Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Laboraro, la 15 October

Ke nna Alfa le Omega.—Tshen. 1:8.

Ka Segerike tlhaku ya pele ke alfa, ya ho qetela ke omega. Ha Jehova a re “ke nna Alfa le Omega” o bontsha hore ntho e nngwe le e nngwe eo a e qalang o a e qeta. Ka mora hore Jehova a bope Adama le Eva, o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.” (Gen. 1:28) Ha Jehova a ne a ba bolella morero wa hae, ho ne ho tshwana le ha eka o ne a re “Alfa.” Ha morero wa Jehova o se o phethahetse mme bana ba Adama le Eva ba tletse lefatshe le ho le etsa paradeise, ho tla tshwana le ha eka Jehova o re “Omega.” Ha Jehova a qeta ho bopa “mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho tsona,” o ile a bua ntho e nngwe e neng e tla re kgodisa hore morero wa hae o tla phethahala. O ile a re kgodisa hore o tla phethahatsa morero wa hae ka lefatshe le ka batho mme morero oo wa hae o tla phethahala qetellong ya letsatsi la bosupa.—Gen. 2:​1-3. w23.11 5 ¶13-14

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labone, la 16 October

Hlekang tsela ya Jehova! Etsang tsela e kgolo e otlolohileng bakeng sa Modimo wa rona lehwatateng.—Esa. 40:3.

Leeto le boima leo Baiseraele ba neng ba tla le nka ho tloha Babilona ho ya Iseraele, le ne le ka nka dikgwedi tse nne. Empa Jehova o ile a ba tshepisa hore ditshitiso le ha e le dife tseo ba neng ba tla kopana le tsona di ne di tla suthiswa. Bajuda ba tshepahalang ba ne ba tseba hore melemo ya ho kgutlela Iseraele e mengata ho feta boitelo le ha e le bofe boo ba neng ba ka bo etsa. Tlhohonolofatso e kgolo ka ho fetisisa eo ba neng ba tla e fumana e ne e amana le borapedi ba bona. Ho ne ho se na tempele le ha e le nngwe feela ya Jehova Babilona. Ho ne ho se na aletare eo Baiseraele ba neng ba ka etsa mahlabelo ao ba neng ba lokela ho a etsa ho latela Molao wa Moshe hape ho ne ho se na baprista ba hlophisitsweng hore ba etse mahlabelo ao. Batho ba neng ba rapela medimo ya bohata motseng oo ba ne ba le bangata ho feta ba hlomphang Jehova le ho mamela melao ya hae. Ka hoo, Bajuda ba dikete ba ratang Jehova ba ne ba labalabela ho kgutlela habo bona moo ba neng ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e batlang. w23.05 14-15 ¶3-4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labohlano, la 17 October

Tswelang pele le phela jwalo ka bana ba lesedi.—Baef. 5:8.

Re hloka moya o halalelang wa Modimo e le hore re tswele pele re phela “jwalo ka bana ba lesedi.” Hobaneng? Hobane ha ho bonolo ho dula re hlwekile lefatsheng lena le tletseng boitshwaro bo bobe. (1 Bathes. 4:​3-5, 7, 8) Moya o halalelang o ka re thusa hore re se ke ra nahana jwalo ka batho ba lefatshe lena, ba sa shebeng dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona. O boetse o ka re thusa hore re hlahise “mefuta yohle ya dintho tse molemo le tse lokileng.” (Baef. 5:9) Tsela e nngwe ya ho fumana moya o halalelang ke ka hore re o rapelle. Jesu o ile a re Jehova “o tla fana ka moya o halalelang ho ba mo kopang.” (Luka 11:13) Re boetse re fumana moya o halalelang ha re rorisa Jehova ha mmoho dibokeng tsa Bokreste. (Baef. 5:​19, 20) Moya o halalelang wa Modimo o re susumeletsa hore re phele ka tsela e thabisang Modimo. w24.03 23-24 ¶13-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela