Laboraro, la 22 October
Tumelo, ha e sa bontshwe ka diketso e shwele.—Jak. 2:17.
Jakobo o ile a bontsha hore motho a ka nna a re o na le tumelo empa diketso tsa hae di hanana le seo. (Jak. 2:1-5, 9) Jakobo o boetse o bua ka motho ya bonang ngwana wabo ‘a se na diaparo kapa dijo tse lekaneng’ empa jwale a sa mo thuse. Le haeba motho eo a ne a ka re o na le tumelo, e ne e tla be e se na thuso hobane e se na mesebetsi. (Jak. 2:14-16) Jakobo o ile a re Rahaba ke mohlala wa motho ya ileng a bontsha ka diketso tsa hae hore o na le tumelo. (Jak. 2:25, 26) Rahaba o ne a ile a utlwela ka Jehova a ba a hlokomela hore o ne a thusa Baiseraele. (Josh. 2:9-11) O ile a bontsha tumelo ya hae ka diketso ka hore a sireletse dihlwela tse pedi tsa Baiseraele ha di ne di le kotsing ya ho bolawa. Ka lebaka leo, jwalo ka Abrahama, mosadi enwa ya neng a sa phethahala ebile e se Moiseraele o ile a nkwa a lokile. Mohlala wa Rahaba o re ruta bohlokwa ba hore tumelo ya rona e bontshwe ka diketso. w23.12 5-6 ¶12-13
Labone, la 23 October
E se eka le ka ema le tiile hodima motheo wa tumelo jwalo ka sefate se metseng ka metso.—Baef. 3:17.
Ka ha re Bakreste, ha re a lokela ho ithuta feela dithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moya wa Modimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le dintho tse tebileng tsa Modimo.” (1 Bakor. 2:9, 10) O ka boela wa etsa dipatlisiso ka dintho tse tla o thusa hore o dule o le motswalle wa Jehova. Ka mohlala, o ka ithuta ka hore na Modimo o ile a bontsha jwang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontsha jwang hore le wena o a o rata. O ka nna wa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele jwang mme wa bapisa seo le ka moo a batlang hore Bakreste ba mo rapele ka teng mehleng ena. Kapa o ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatsheng. Ha o etsa dipatlisiso, o ka thuswa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha o ithuta Bibele ka ho tebileng, o tla matlafatsa tumelo ya hao mme e tla o thusa hore o ‘tsebe Modimo.’—Diprov. 2:4, 5. w23.10 18-19 ¶3-5
Labohlano, la 24 October
Ka hodimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ya lerato o dula a itokiseditse ho tshwarela.—1 Pet. 4:8.
Temaneng ena, ka Segerike lentswe “haholo” leo moapostola Petrose a le sebedisitseng le bolela “ho saroloha.” Karolo ya bobedi ya temana ena e a bontsha hore na ho tla etsahalang ha re ratana haholo. Re tla dula re itokiseditse ho tshwarela kapa ho kwahela diphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengwapo e mengata. Motho a ka kgona ho nka lesela ebe o le ala hodima tafole eo ho kwahela mengwapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tshwanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho kwahela kapa ho tshwarela diphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tshwarelang ha ba re sitetswe, le haeba ho etsa jwalo ho ka ba thata haholo ka dinako tse ding. (Bakol. 3:13) Ha re tshwarela batho ba bang, re a bontsha hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15