Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Labone, la 23 October

E se eka le ka ema le tiile hodima motheo wa tumelo jwalo ka sefate se metseng ka metso.—Baef. 3:17.

Ka ha re Bakreste, ha re a lokela ho ithuta feela dithuto tse bonolo tse ka Bibeleng. Moya wa Modimo o halalelang o re thusa hore re ithute “le dintho tse tebileng tsa Modimo.” (1 Bakor. 2:​9, 10) O ka boela wa etsa dipatlisiso ka dintho tse tla o thusa hore o dule o le motswalle wa Jehova. Ka mohlala, o ka ithuta ka hore na Modimo o ile a bontsha jwang hore o rata bahlanka ba hae ba nakong e fetileng le hore na seo se bontsha jwang hore le wena o a o rata. O ka nna wa hlahloba hore na Jehova o ne a batla hore Baiseraele ba mo rapele jwang mme wa bapisa seo le ka moo a batlang hore Bakreste ba mo rapele ka teng mehleng ena. Kapa o ka ithuta ka ho tebileng ka boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatsheng. Ha o etsa dipatlisiso, o ka thuswa ke Watch Tower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Ha o ithuta Bibele ka ho tebileng, o tla matlafatsa tumelo ya hao mme e tla o thusa hore o ‘tsebe Modimo.’—Diprov. 2:​4, 5. w23.10 18-19 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labohlano, la 24 October

Ka hodimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ya lerato o dula a itokiseditse ho tshwarela.—1 Pet. 4:8.

Temaneng ena, ka Segerike lentswe “haholo” leo moapostola Petrose a le sebedisitseng le bolela “ho saroloha.” Karolo ya bobedi ya temana ena e a bontsha hore na ho tla etsahalang ha re ratana haholo. Re tla dula re itokiseditse ho tshwarela kapa ho kwahela diphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengwapo e mengata. Motho a ka kgona ho nka lesela ebe o le ala hodima tafole eo ho kwahela mengwapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tshwanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho kwahela kapa ho tshwarela diphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tshwarelang ha ba re sitetswe, le haeba ho etsa jwalo ho ka ba thata haholo ka dinako tse ding. (Bakol. 3:13) Ha re tshwarela batho ba bang, re a bontsha hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Moqebelo, la 25 October

Shafane o e balla morena.—2 Dikron. 34:18.

Ha Morena Josiase a le dilemo di 26, o ile a qala ho ntjhafatsa tempele. Ha ho ntse ho etswa mosebetsi oo, ho ile ha fumanwa “buka ya Molao wa Jehova oo a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe.” Ha morena a utlwa mantswe ao, o ile a laela hore ho etswe dintho tse neng di ngotswe bukeng eo. (2 Dikron. 34:​14, 19-21) Na o batla ho bala Bibele ka mehla? Haeba o se o qadile, na ho a o natefela? Na o tshwaya ditemana tsa Bibele tse ka o thusang? Ha Josiase a le dilemo di ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ya etsa hore a bolawe. O ile a itshepa ho ena le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Dikron. 35:​20-25) Re ithutang? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tswela pele re batla tataiso ya Jehova. Sena se akareletsa hore ka mehla re rapelle tataiso ya hae, re ithute Lentswe la hae le ho mamela dikeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa diphoso tse kgolo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela