Labohlano, la 24 October
Ka hodimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ya lerato o dula a itokiseditse ho tshwarela.—1 Pet. 4:8.
Temaneng ena, ka Segerike lentswe “haholo” leo moapostola Petrose a le sebedisitseng le bolela “ho saroloha.” Karolo ya bobedi ya temana ena e a bontsha hore na ho tla etsahalang ha re ratana haholo. Re tla dula re itokiseditse ho tshwarela kapa ho kwahela diphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengwapo e mengata. Motho a ka kgona ho nka lesela ebe o le ala hodima tafole eo ho kwahela mengwapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tshwanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho kwahela kapa ho tshwarela diphoso tsa bona tse ngata. Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tshwarelang ha ba re sitetswe, le haeba ho etsa jwalo ho ka ba thata haholo ka dinako tse ding. (Bakol. 3:13) Ha re tshwarela batho ba bang, re a bontsha hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. w23.11 11-12 ¶13-15
Moqebelo, la 25 October
Shafane o e balla morena.—2 Dikron. 34:18.
Ha Morena Josiase a le dilemo di 26, o ile a qala ho ntjhafatsa tempele. Ha ho ntse ho etswa mosebetsi oo, ho ile ha fumanwa “buka ya Molao wa Jehova oo a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe.” Ha morena a utlwa mantswe ao, o ile a laela hore ho etswe dintho tse neng di ngotswe bukeng eo. (2 Dikron. 34:14, 19-21) Na o batla ho bala Bibele ka mehla? Haeba o se o qadile, na ho a o natefela? Na o tshwaya ditemana tsa Bibele tse ka o thusang? Ha Josiase a le dilemo di ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ya etsa hore a bolawe. O ile a itshepa ho ena le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Dikron. 35:20-25) Re ithutang? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tswela pele re batla tataiso ya Jehova. Sena se akareletsa hore ka mehla re rapelle tataiso ya hae, re ithute Lentswe la hae le ho mamela dikeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa diphoso tse kgolo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16
Sontaha, la 26 October
Modimo o hanyetsa ba ikgohomosang empa o mosa ho ba ikokobeditseng.—Jak. 4:6.
Bibele e bua ka makgabane a mangata a basadi ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba ena le “tekatekano dinthong tsohle” mme ba ‘tshepahala dinthong tsohle.’ (1 Tim. 3:11) Ho ekelletsa moo, baradi ba bo rona ba ka fumana mehlala ya baradi ba bo rona ba hodileng bao ba ka ba etsisang diphuthehong tsa habo bona. Baradi ba bo rona ba batjha, na ho na le baradi ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makgabane a matle ao ba nang le ona. Nahana ka hore na o ka bontsha makgabane ao jwang. Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba moradi wa bo rona a ikokobeditse, o tla ba le setswalle se setle le Jehova le batho ba bang. Ka mohlala, moradi wa bo rona ya ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ya bohlooho eo Ntate wa hae ya lehodimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. w23.12 18-19 ¶3-5