Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
Tsebiso
Puo e ntjha: Shan
  • Kajeno

Moqebelo, la 25 October

Shafane o e balla morena.—2 Dikron. 34:18.

Ha Morena Josiase a le dilemo di 26, o ile a qala ho ntjhafatsa tempele. Ha ho ntse ho etswa mosebetsi oo, ho ile ha fumanwa “buka ya Molao wa Jehova oo a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe.” Ha morena a utlwa mantswe ao, o ile a laela hore ho etswe dintho tse neng di ngotswe bukeng eo. (2 Dikron. 34:​14, 19-21) Na o batla ho bala Bibele ka mehla? Haeba o se o qadile, na ho a o natefela? Na o tshwaya ditemana tsa Bibele tse ka o thusang? Ha Josiase a le dilemo di ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ya etsa hore a bolawe. O ile a itshepa ho ena le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Dikron. 35:​20-25) Re ithutang? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tswela pele re batla tataiso ya Jehova. Sena se akareletsa hore ka mehla re rapelle tataiso ya hae, re ithute Lentswe la hae le ho mamela dikeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa diphoso tse kgolo.—Jak. 1:25. w23.09 12 ¶15-16

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Sontaha, la 26 October

Modimo o hanyetsa ba ikgohomosang empa o mosa ho ba ikokobeditseng.—Jak. 4:6.

Bibele e bua ka makgabane a mangata a basadi ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba ena le “tekatekano dinthong tsohle” mme ba ‘tshepahala dinthong tsohle.’ (1 Tim. 3:11) Ho ekelletsa moo, baradi ba bo rona ba ka fumana mehlala ya baradi ba bo rona ba hodileng bao ba ka ba etsisang diphuthehong tsa habo bona. Baradi ba bo rona ba batjha, na ho na le baradi ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makgabane a matle ao ba nang le ona. Nahana ka hore na o ka bontsha makgabane ao jwang. Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba moradi wa bo rona a ikokobeditse, o tla ba le setswalle se setle le Jehova le batho ba bang. Ka mohlala, moradi wa bo rona ya ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ya bohlooho eo Ntate wa hae ya lehodimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. w23.12 18-19 ¶3-5

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Mantaha, la 27 October

Banna le bona ba rate basadi ba bona jwalo ka ha ba rata mmele ya bona.—Baef. 5:28.

Jehova o lebeletse hore monna a rate mosadi wa hae le ho mo hlokomela ka dintho tseo a di hlokang, e be motswalle wa hae le ho mo thusa hore a dule a rata Jehova. Ho ba motho ya nang le kelello, ho hlompha basadi le ho ba motho ya ka tsheptjwang di tla o thusa hore o be monna ya molemo. Ka mora hore o nyale, o ka kgetha ho ba le bana. O ka ithuta ho ba ntate ya molemo jwang ho Jehova? (Baef. 6:4) Jehova o ile a bolella Mora wa hae Jesu hore o a mo rata le hore o a mo kgahlisa. (Mat. 3:17) Haeba o ba le bana, etsa bonnete ba hore ka mehla o a ba tiisetsa hore o a ba rata. Dula o ba babatsa ha ba etsa dintho tse ntle. Bontate ba etsisang mohlala wa Jehova ba thusa bana ba bona hore e be banna le basadi ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. O ka itokisetsa boikarabelo bona hona jwale ka hore o hlokomele lelapa leno le ba bang ka phuthehong le ka hore o ithute ho ba bolella hore o a ba rata ebile o a ba ananela.—Joh. 15:9. w23.12 28-29 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela