Sontaha, la 26 October
Modimo o hanyetsa ba ikgohomosang empa o mosa ho ba ikokobeditseng.—Jak. 4:6.
Bibele e bua ka makgabane a mangata a basadi ba neng ba rata Jehova le ho mo sebeletsa. Ba ne ba ena le “tekatekano dinthong tsohle” mme ba ‘tshepahala dinthong tsohle.’ (1 Tim. 3:11) Ho ekelletsa moo, baradi ba bo rona ba ka fumana mehlala ya baradi ba bo rona ba hodileng bao ba ka ba etsisang diphuthehong tsa habo bona. Baradi ba bo rona ba batjha, na ho na le baradi ba bo rona ba behang mohlala o motle oo le ka o etsisang? Sheba makgabane a matle ao ba nang le ona. Nahana ka hore na o ka bontsha makgabane ao jwang. Re lokela ho ikokobetsa e le hore re be le tumelo e matla. Haeba moradi wa bo rona a ikokobeditse, o tla ba le setswalle se setle le Jehova le batho ba bang. Ka mohlala, moradi wa bo rona ya ratang Jehova o ikokobeletsa tokisetso ya bohlooho eo Ntate wa hae ya lehodimong a e thehileng. (1 Bakor. 11:3) Jehova o boetse o entse hore ho be le bohlooho ka phuthehong le ka lapeng. w23.12 18-19 ¶3-5
Mantaha, la 27 October
Banna le bona ba rate basadi ba bona jwalo ka ha ba rata mmele ya bona.—Baef. 5:28.
Jehova o lebeletse hore monna a rate mosadi wa hae le ho mo hlokomela ka dintho tseo a di hlokang, e be motswalle wa hae le ho mo thusa hore a dule a rata Jehova. Ho ba motho ya nang le kelello, ho hlompha basadi le ho ba motho ya ka tsheptjwang di tla o thusa hore o be monna ya molemo. Ka mora hore o nyale, o ka kgetha ho ba le bana. O ka ithuta ho ba ntate ya molemo jwang ho Jehova? (Baef. 6:4) Jehova o ile a bolella Mora wa hae Jesu hore o a mo rata le hore o a mo kgahlisa. (Mat. 3:17) Haeba o ba le bana, etsa bonnete ba hore ka mehla o a ba tiisetsa hore o a ba rata. Dula o ba babatsa ha ba etsa dintho tse ntle. Bontate ba etsisang mohlala wa Jehova ba thusa bana ba bona hore e be banna le basadi ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. O ka itokisetsa boikarabelo bona hona jwale ka hore o hlokomele lelapa leno le ba bang ka phuthehong le ka hore o ithute ho ba bolella hore o a ba rata ebile o a ba ananela.—Joh. 15:9. w23.12 28-29 ¶17-18
Labobedi, la 28 October
[Jehova] o etsa hore bophelo ba lona bo tsitse.—Esa. 33:6.
Le hoja re le bahlanka ba Jehova, re hlahelwa ke mathata ebile re a kula jwalo ka motho e mong le e mong. Hape re ka hanyetswa kapa ra hloriswa ke batho ba hloileng bahlanka ba Modimo. Le hoja Jehova a sa etse hore mathata ana a re pote ka thoko, o tshepisa hore o tla re thusa. (Esa. 41:10) A ka re thusa hore re dule re thabile, re etse diqeto tse nepahetseng le hore re dule re mo tshepahalla le ha re hlahelwa ke mathata a boima ka ho fetisisa. Jehova o tshepisa hore o tla re fa “kgotso.” (Bafil. 4:6, 7) Ha re ena le kgotso eo, re kgona ho kgoba matshwafo ka lebaka la kamano e ntle eo re nang le yona le yena. Kgotso ena ke “eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.” Ke e hlollang ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. Na o kile wa rapela Jehova ka matla yaba ka mora moo o utlwa o tlelwa ke kgotso eo o sa tsebeng hore na e tswa kae? Ke yona kgotso eo Modimo a re fang yona. w24.01 20 ¶2; 21 ¶4