Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Mantaha, la 27 October

Banna le bona ba rate basadi ba bona jwalo ka ha ba rata mmele ya bona.—Baef. 5:28.

Jehova o lebeletse hore monna a rate mosadi wa hae le ho mo hlokomela ka dintho tseo a di hlokang, e be motswalle wa hae le ho mo thusa hore a dule a rata Jehova. Ho ba motho ya nang le kelello, ho hlompha basadi le ho ba motho ya ka tsheptjwang di tla o thusa hore o be monna ya molemo. Ka mora hore o nyale, o ka kgetha ho ba le bana. O ka ithuta ho ba ntate ya molemo jwang ho Jehova? (Baef. 6:4) Jehova o ile a bolella Mora wa hae Jesu hore o a mo rata le hore o a mo kgahlisa. (Mat. 3:17) Haeba o ba le bana, etsa bonnete ba hore ka mehla o a ba tiisetsa hore o a ba rata. Dula o ba babatsa ha ba etsa dintho tse ntle. Bontate ba etsisang mohlala wa Jehova ba thusa bana ba bona hore e be banna le basadi ba Bakreste ba nang le tumelo e matla. O ka itokisetsa boikarabelo bona hona jwale ka hore o hlokomele lelapa leno le ba bang ka phuthehong le ka hore o ithute ho ba bolella hore o a ba rata ebile o a ba ananela.—Joh. 15:9. w23.12 28-29 ¶17-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labobedi, la 28 October

[Jehova] o etsa hore bophelo ba lona bo tsitse.—Esa. 33:6.

Le hoja re le bahlanka ba Jehova, re hlahelwa ke mathata ebile re a kula jwalo ka motho e mong le e mong. Hape re ka hanyetswa kapa ra hloriswa ke batho ba hloileng bahlanka ba Modimo. Le hoja Jehova a sa etse hore mathata ana a re pote ka thoko, o tshepisa hore o tla re thusa. (Esa. 41:10) A ka re thusa hore re dule re thabile, re etse diqeto tse nepahetseng le hore re dule re mo tshepahalla le ha re hlahelwa ke mathata a boima ka ho fetisisa. Jehova o tshepisa hore o tla re fa “kgotso.” (Bafil. 4:​6, 7) Ha re ena le kgotso eo, re kgona ho kgoba matshwafo ka lebaka la kamano e ntle eo re nang le yona le yena. Kgotso ena ke “eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.” Ke e hlollang ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. Na o kile wa rapela Jehova ka matla yaba ka mora moo o utlwa o tlelwa ke kgotso eo o sa tsebeng hore na e tswa kae? Ke yona kgotso eo Modimo a re fang yona. w24.01 20 ¶2; 21 ¶4

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Laboraro, la 29 October

Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ya ka yohle.—Pes. 103:1.

Bahlanka ba Modimo ba rorisa lebitso la hae ka dipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ne a utlwisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boyena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Ka hoo, le re hopotsa makgabane ohle a hae le dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate wa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa jwalo ‘ka pelo ya hae yohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba dumela hore ha ba na mantswe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tshwanelwang ho roriswa ka yona. (Neh. 9:5) Jwang kapa jwang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo yohle ebile ba ikokobeditse. w24.02 9 ¶6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela