Labobedi, la 28 October
[Jehova] o etsa hore bophelo ba lona bo tsitse.—Esa. 33:6.
Le hoja re le bahlanka ba Jehova, re hlahelwa ke mathata ebile re a kula jwalo ka motho e mong le e mong. Hape re ka hanyetswa kapa ra hloriswa ke batho ba hloileng bahlanka ba Modimo. Le hoja Jehova a sa etse hore mathata ana a re pote ka thoko, o tshepisa hore o tla re thusa. (Esa. 41:10) A ka re thusa hore re dule re thabile, re etse diqeto tse nepahetseng le hore re dule re mo tshepahalla le ha re hlahelwa ke mathata a boima ka ho fetisisa. Jehova o tshepisa hore o tla re fa “kgotso.” (Bafil. 4:6, 7) Ha re ena le kgotso eo, re kgona ho kgoba matshwafo ka lebaka la kamano e ntle eo re nang le yona le yena. Kgotso ena ke “eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.” Ke e hlollang ho feta ka moo re ka nahanang ka teng. Na o kile wa rapela Jehova ka matla yaba ka mora moo o utlwa o tlelwa ke kgotso eo o sa tsebeng hore na e tswa kae? Ke yona kgotso eo Modimo a re fang yona. w24.01 20 ¶2; 21 ¶4
Laboraro, la 29 October
Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ya ka yohle.—Pes. 103:1.
Bahlanka ba Modimo ba rorisa lebitso la hae ka dipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ne a utlwisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boyena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Ka hoo, le re hopotsa makgabane ohle a hae le dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate wa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa jwalo ‘ka pelo ya hae yohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba dumela hore ha ba na mantswe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tshwanelwang ho roriswa ka yona. (Neh. 9:5) Jwang kapa jwang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo yohle ebile ba ikokobeditse. w24.02 9 ¶6
Labone, la 30 October
A re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
Jehova a ke ke a nka hore o hlolehile haeba o sa kgona ho etsa ntho itseng e ka hodima matla a hao. (2 Bakor. 8:12) O se ke wa nyahama ha o sa kgone etsa ntho e itseng. Dula o nahana ka dintho tseo o di etseditseng Jehova. Bibele e re “Modimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi wa [hao].” (Baheb. 6:10) Ka hoo, le wena o se ke wa lebala dintho tseo o mo etseditseng tsona. Nahana ka dintho tseo o seng o di entse tse kang ho ba motswalle wa Jehova, ho bolella batho ba bang ka yena kapa ho kolobetswa. O ntse o ka kgona ho etsetsa Jehova dintho tse ding le hona jwale feela jwalo ka ha o ile wa kgona ho mo etsetsa dintho tse itseng nakong e fetileng. Jehova a ka o thusa ho finyella dintho tseo o rerileng ho di etsa. Ha o ntse o tswela pele ho sebetsa ka thata ho finyella dintho tseo o di rerileng, o se ke wa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a o thusa le ho o hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo haeba o sa tele.—Bagal. 6:9. w23.05 31 ¶16-18