Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Kajeno

Laboraro, la 29 October

Ke tla rorisa Jehova, ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ya ka yohle.—Pes. 103:1.

Bahlanka ba Modimo ba rorisa lebitso la hae ka dipelo tsohle hobane ba mo rata. Morena Davida o ne a utlwisisa hore ho rorisa lebitso la Jehova ke ho rorisa Jehova ka boyena. Lebitso la Jehova le akareletsa botumo ba hae. Ka hoo, le re hopotsa makgabane ohle a hae le dintho tsohle tse ntle tseo a di entseng. Davida o ne a batla ho nka lebitso la Ntate wa hae le halalela le ho le rorisa. O ne a batla ho etsa jwalo ‘ka pelo ya hae yohle.’ Balevi le bona ba ile ba etella pele ho roriseng Jehova. Ka boikokobetso ba ile ba dumela hore ha ba na mantswe a lekaneng a ho rorisa lebitso la Jehova le halalelang ka tsela eo le tshwanelwang ho roriswa ka yona. (Neh. 9:5) Jwang kapa jwang Jehova o ile a thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba mo rorisa ka pelo yohle ebile ba ikokobeditse. w24.02 9 ¶6

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labone, la 30 October

A re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.

Jehova a ke ke a nka hore o hlolehile haeba o sa kgona ho etsa ntho itseng e ka hodima matla a hao. (2 Bakor. 8:12) O se ke wa nyahama ha o sa kgone etsa ntho e itseng. Dula o nahana ka dintho tseo o di etseditseng Jehova. Bibele e re “Modimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi wa [hao].” (Baheb. 6:10) Ka hoo, le wena o se ke wa lebala dintho tseo o mo etseditseng tsona. Nahana ka dintho tseo o seng o di entse tse kang ho ba motswalle wa Jehova, ho bolella batho ba bang ka yena kapa ho kolobetswa. O ntse o ka kgona ho etsetsa Jehova dintho tse ding le hona jwale feela jwalo ka ha o ile wa kgona ho mo etsetsa dintho tse itseng nakong e fetileng. Jehova a ka o thusa ho finyella dintho tseo o rerileng ho di etsa. Ha o ntse o tswela pele ho sebetsa ka thata ho finyella dintho tseo o di rerileng, o se ke wa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a o thusa le ho o hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo haeba o sa tele.—Bagal. 6:9. w23.05 31 ¶16-18

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025

Labohlano, la 31 October

Ntate o a le rata hobane le a nthata ebile le a dumela hore ke moemedi wa hae.—Joh. 16:27.

Jehova o batla ditsela tseo a ka bontshang batho ba hae hore o a ba rata le hore ba a mo thabisa. Bibele e bua ka makgetlo a mabedi ao Jehova a ileng a jwetsa Jesu hore ke Mora wa hae eo a mo ratang ya mo kgahlisang.. (Mat. 3:17; 17:5) Na o ka rata ho utlwa Jehova a o bolella hore o a mo kgahlisa? Jehova ha a bue le rona a le lehodimong empa o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae Bibele. Ha re bala mantswe ao Jesu a a buileng ho barutuwa ba hae a bontshang hore o a ba rata, ho tshwana le ha re “utlwa” Jehova a bua mantswe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makgabane a Ntate wa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae ba tshepahalang empa ba sa phethahala hore o a ba rata. Ka hoo, ha re bala ditlaleho tse jwalo, re ka nka e le Jehova ya buang mantswe ao ho rona. (Joh. 15:​9, 15) Ha re ena le mathata ha ho bolele hore Modimo ha a sa re amohela. Ho ena le hoo, re ba le monyetla wa ho bontsha Jehova hore re mo rata haholo le hore re a mo tshepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11

Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla—2025
O a Amohelwa
Ena ke thulusi ya ho etsa dipatlisiso dikgatisong tsa Dipaki Tsa Jehova ka dipuo tse sa tshwaneng.
Bakeng sa ho daonlouda, kena ho jw.org.
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela