Labone, la 30 October
A re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
Jehova a ke ke a nka hore o hlolehile haeba o sa kgona ho etsa ntho itseng e ka hodima matla a hao. (2 Bakor. 8:12) O se ke wa nyahama ha o sa kgone etsa ntho e itseng. Dula o nahana ka dintho tseo o di etseditseng Jehova. Bibele e re “Modimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi wa [hao].” (Baheb. 6:10) Ka hoo, le wena o se ke wa lebala dintho tseo o mo etseditseng tsona. Nahana ka dintho tseo o seng o di entse tse kang ho ba motswalle wa Jehova, ho bolella batho ba bang ka yena kapa ho kolobetswa. O ntse o ka kgona ho etsetsa Jehova dintho tse ding le hona jwale feela jwalo ka ha o ile wa kgona ho mo etsetsa dintho tse itseng nakong e fetileng. Jehova a ka o thusa ho finyella dintho tseo o rerileng ho di etsa. Ha o ntse o tswela pele ho sebetsa ka thata ho finyella dintho tseo o di rerileng, o se ke wa lebala ho thabela ho bona ha Jehova a o thusa le ho o hlohonolofatsa. (2 Bakor. 4:7) Jehova o tla o hlohonolofatsa haholo haeba o sa tele.—Bagal. 6:9. w23.05 31 ¶16-18
Labohlano, la 31 October
Ntate o a le rata hobane le a nthata ebile le a dumela hore ke moemedi wa hae.—Joh. 16:27.
Jehova o batla ditsela tseo a ka bontshang batho ba hae hore o a ba rata le hore ba a mo thabisa. Bibele e bua ka makgetlo a mabedi ao Jehova a ileng a jwetsa Jesu hore ke Mora wa hae eo a mo ratang ya mo kgahlisang.. (Mat. 3:17; 17:5) Na o ka rata ho utlwa Jehova a o bolella hore o a mo kgahlisa? Jehova ha a bue le rona a le lehodimong empa o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae Bibele. Ha re bala mantswe ao Jesu a a buileng ho barutuwa ba hae a bontshang hore o a ba rata, ho tshwana le ha re “utlwa” Jehova a bua mantswe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makgabane a Ntate wa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae ba tshepahalang empa ba sa phethahala hore o a ba rata. Ka hoo, ha re bala ditlaleho tse jwalo, re ka nka e le Jehova ya buang mantswe ao ho rona. (Joh. 15:9, 15) Ha re ena le mathata ha ho bolele hore Modimo ha a sa re amohela. Ho ena le hoo, re ba le monyetla wa ho bontsha Jehova hore re mo rata haholo le hore re a mo tshepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11
Moqebelo la 1 November
O etsa hore masea le bana ba banyenyane ba o rorise.—Mat. 21:16.
Haeba o motswadi, thusa bana ba hao hore ba lokisetse dikarabo ho latela dilemo tsa bona. Ka dinako tse ding ha re le dibokeng, re ka ithuta dintlha tse buang ka lenyalo kapa boitshwaro empa ho ka nna ha eba le dirapa tseo ngwana a ka kgonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utlwisisa hore ha se ka mehla ba ka kgethwang ha ba batla ho arabela. Ha ba utlwisisa taba ena ba ke ke ba utlwa bohloko haeba ba sa kgethwe. (1 Tim. 6:18) Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka dikarabo tse tla kgothatsa Bakrestemmoho le ho tlotlisa Jehova. (Diprov. 25:11) Ka dinako tse ding re ka nna ra bua ka dintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Diprov. 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho lwanela ho bua ka Jehova, Lentswe la hae le batho ba hae.—Tshen. 4:11. w23.04 24-25 ¶17-18