Labohlano, la 31 October
Ntate o a le rata hobane le a nthata ebile le a dumela hore ke moemedi wa hae.—Joh. 16:27.
Jehova o batla ditsela tseo a ka bontshang batho ba hae hore o a ba rata le hore ba a mo thabisa. Bibele e bua ka makgetlo a mabedi ao Jehova a ileng a jwetsa Jesu hore ke Mora wa hae eo a mo ratang ya mo kgahlisang.. (Mat. 3:17; 17:5) Na o ka rata ho utlwa Jehova a o bolella hore o a mo kgahlisa? Jehova ha a bue le rona a le lehodimong empa o bua le rona a sebedisa Lentswe la hae Bibele. Ha re bala mantswe ao Jesu a a buileng ho barutuwa ba hae a bontshang hore o a ba rata, ho tshwana le ha re “utlwa” Jehova a bua mantswe ao ho rona. Jesu o ne a etsisa makgabane a Ntate wa hae ka ho phethahetseng. Jesu o ile a bolella barutuwa ba hae ba tshepahalang empa ba sa phethahala hore o a ba rata. Ka hoo, ha re bala ditlaleho tse jwalo, re ka nka e le Jehova ya buang mantswe ao ho rona. (Joh. 15:9, 15) Ha re ena le mathata ha ho bolele hore Modimo ha a sa re amohela. Ho ena le hoo, re ba le monyetla wa ho bontsha Jehova hore re mo rata haholo le hore re a mo tshepa.—Jak. 1:12. w24.03 28 ¶10-11
Moqebelo la 1 November
O etsa hore masea le bana ba banyenyane ba o rorise.—Mat. 21:16.
Haeba o motswadi, thusa bana ba hao hore ba lokisetse dikarabo ho latela dilemo tsa bona. Ka dinako tse ding ha re le dibokeng, re ka ithuta dintlha tse buang ka lenyalo kapa boitshwaro empa ho ka nna ha eba le dirapa tseo ngwana a ka kgonang ho arabela ho tsona. Thusa bana ba hao ho utlwisisa hore ha se ka mehla ba ka kgethwang ha ba batla ho arabela. Ha ba utlwisisa taba ena ba ke ke ba utlwa bohloko haeba ba sa kgethwe. (1 Tim. 6:18) Kaofela ha rona re ka lokisetsa ho fana ka dikarabo tse tla kgothatsa Bakrestemmoho le ho tlotlisa Jehova. (Diprov. 25:11) Ka dinako tse ding re ka nna ra bua ka dintho tse re etsahalletseng bophelong ha re arabela empa re lokela ho qoba ho bua haholo ka rona. (Diprov. 27:2; 2 Bakor. 10:18) Re lokela ho lwanela ho bua ka Jehova, Lentswe la hae le batho ba hae.—Tshen. 4:11. w23.04 24-25 ¶17-18
Sontaha la 2 November
A re se keng ra robala jwalo ka ha ba bang ba robetse empa re dule re fadimehile ebile re ena le dikelello tse hlaphohetsweng.—1 Bathes. 5:6.
Ke ha bohlokwa hore re be le lerato e le hore re dule re fadimehile le ho hlaphohelwa kelellong. (Mat. 22:37-39) Ho rata Modimo ho re thusa hore re mamelle ha re ntse re etsa mosebetsi wa boboledi le hoja re ka hlahelwa ke mathata. (2 Tim. 1:7, 8) Ka ha re rata le batho ba sa sebeletseng Jehova, re dula re ba bolella ditaba tse monate ebile re a ba founela le ho ba ngolla mangolo ho ba bolella molaetsa oo. Re dula re ena le tshepo ya hore ka le leng batho bao ba tla fetoha, ba etse dintho tse nepahetseng. (Ezek. 18:27, 28) Re rata Bakrestemmoho le rona. Re bontsha hore re a ratana ka “ho kgothatsana le ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) Re a kgothatsana jwalo ka masole a lwanang ntweng. Re ke ke ra utlwisa bara le baradi ba bo rona bohloko ka boomo kapa ra iphetetsa ha ba re utlwisitse bohloko. (1 Bathes. 5:13, 15) Hape re bontsha hore re rata bara ba bo rona ba etellang pele phutheho ka ho ba hlompha.—1 Bathes. 5:12. w23.06 10 ¶6; 11 ¶10-11