Buka ya Bobedi ya Marena
15 Ha Morena Jeroboame* wa Iseraele a ena le dilemo tse 27 a busa, Azaria*+ mora wa Morena Amazia+ wa Juda ya eba morena.+ 2 O ne a le dilemo di 16 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 52. Mme wa hae e ne e le Jekolia wa Jerusalema. 3 O ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Amazia.+ 4 Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa+ mme batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 5 Jehova a otla morena ka lefu la lepera,+ o ile a ba le lona ho fihlela a shwa. O ne a dula ntlong ya hae a le mong.+ Mora wa hae Jothame+ e ne e le yena ya hlokometseng ntlo ya morena* a bile a ahlola setjhaba.+ 6 Histori yohle ya Azaria+ le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 7 Azaria a shwa*+ mme a patelwa Motseng wa Davida. Mora wa hae Jothame ya eba morena.
8 Ha Morena Azaria wa Juda a ena le dilemo tse 38 a busa,+ Zakaria+ mora wa Jeroboame ya eba morena wa Baiseraele Samaria mme a busa ka dikgwedi tse tsheletseng. 9 O ile a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka baholoholo ba hae. Ha a ka a tlohela ho etsa dibe tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ 10 Shalume mora wa Jabeshe a rera ho bolaya Zakaria.+ Qetellong a mo bolaela Ibleame+ mme Shalume ya eba yena morena. 11 Histori yohle ya Zakaria e ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 12 Ho ile ha phethahala seo Jehova a neng a se buile ho Jehu ha a ne a re: “Meloko ya hao e mene+ e tla dula teroneng ya Iseraele.”+
13 Ha Morena Uzia wa Juda a ena le dilemo tse 39 a busa,+ Shalume mora wa Jabeshe ya eba morena. O busitse Samaria kgwedi e le nngwe feela. 14 Menaheme mora wa Gadi a tloha Tirza+ a ya Samaria mme a bolaya Shalume+ mora wa Jabeshe. Menaheme ya eba morena. 15 Histori yohle ya Shalume le morero wa hae wa bolotsana, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 16 Menaheme a tloha Tirza mme a hlasela motse wa Tifsa le ho bolaya batho ba dulang ho wona hobane ha ba a ka ba mo bulela dikeiti. A o hlasela a ba a tabola dimpa tsa basadi ba immeng ba motse oo.
17 Ha Morena Azaria wa Juda a ena le dilemo tse 39 a busa, Menaheme mora wa Gadi ya eba morena wa Iseraele, a busa Samaria ka dilemo tse leshome. 18 O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Bophelong bohle ba hae ha a ka a tlohela ho etsa dibe tsohle tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ 19 Morena Pule+ wa Asiria a tla Iseraele mme Menaheme a mo fa silevera e boima ba dikhilokramo tse 34 200* e le ho mo leboha hobane a ile a mo thusa hore mmuso wa hae o be matla.+ 20 E le hore a fumane silevera eo a tla e fa morena wa Asiria, Menaheme o ile a batla silevera e etsang boima ba dikramo tse 570* ho monna e mong le e mong ya ruileng Iseraele.+ Ka hoo, morena wa Asiria a tsamaya mme a se ke a hlasela Iseraele. 21 Histori yohle ya Menaheme+ le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 22 Menaheme a shwa.* Mora wa hae Pekakia ya eba morena.
23 Ha Morena Azaria wa Juda a ena le dilemo tse 50 a busa, Pekakia mora wa Menaheme ya eba morena wa Baiseraele Samaria mme a busa ka dilemo tse pedi. 24 O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Ha a ka a tlohela ho etsa dibe tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ 25 Molaodi wa hae wa masole e leng Peka+ mora wa Remalia a rera ho mo bolaya. Qetellong a mo bolaela Samaria toreng e sireletsehileng ya ntlo ya morena* a ena le Argobe le Arie. O ne a tsamaya le banna ba 50 ba Gileade mme ka mora ho mo bolaya e ile ya eba morena. 26 Histori yohle ya Pekakia le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.
27 Ha Morena Azaria wa Juda a ena le dilemo tse 52 a busa, Peka+ mora wa Remalia ya eba morena wa Baiseraele Samaria mme a busa ka dilemo tse 20. 28 O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Ha a ka a tlohela ho etsa dibe tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ 29 Ha Morena Peka wa Iseraele a ntse a busa, Morena Tiglathe-pilesere+ wa Asiria a ya Iseraele mme a hapa Ijone, Abele-bethe-maaka,+ Janowa, Kedeshe,+ Hazore, Gileade+ le Galilea e leng naha yohle ya Nefthali.+ O ile a nka le baahi bohle ba yona a ba isa botlamuweng Asiria.+ 30 Hoshea+ mora wa Ela a rera ho bolaya Peka mora wa Remalia mme qetellong a mo bolaya. Hoshea e ile ya eba morena ha Jothame+ mora wa Uzia a ena le dilemo tse 20 a busa. 31 Histori yohle ya Peka le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.
32 Ha Peka mora wa Remalia morena wa Iseraele a ena le dilemo tse pedi a busa, Jothame+ mora wa Morena Uzia+ wa Juda ya eba morena. 33 O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jerusha moradi wa Tsadoke.+ 34 Jothame o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Uzia.+ 35 Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa mme batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ Ke yena ya ileng a haha keiti e hodimo ya ntlo ya Jehova.+ 36 Histori yohle ya Jothame le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 37 Mehleng eo, Jehova a romela Rezine morena wa Siria le Peka+ mora wa Remalia hore ba hlasele Juda.+ 38 Jothame a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida moholoholo wa hae. Mora wa hae Akaze ya eba morena.