Hosea
Ho na le sera se tlang jwalo ka ntsu ho tla hlasela batho* ba Jehova+
Hobane ba fetohetse selekane sa ka+ ebile ba tlotse molao wa ka.+
2 Ba hweletsa ho nna ba re, ‘Modimo wa rona, rona Baiseraele re a o tseba.’+
3 Baiseraele ba lahlile se molemo.+
Sera se ke se ba lelekise.
4 Ba ipehetse marena ba sa mpotsa.
Ba ikgethela dikgosana ke sa ba dumella.
5 Samaria, ke lahlile setshwantsho sa namane seo o neng o se rapela.+
Ke o halefetse haholo.+
O tla hloleha ho itlhwekisa ho fihlela neng?
6 Namane ena e tswa Iseraele.
E entswe ke setsebi sa mosebetsi wa matsoho mme ha se Modimo.
Namane ya Samaria e tla silakanngwa.
7 Ba etsa dintho tse mpe e leng se tshwanang le ho jala moya.
Ba tla kotula moya wa sefefo.+
Ha ho na lehlaka le hlahisang koro e butswitseng.+
Ntho le ha e le e fe e melang ha e hlahise phofo.
Haeba e e hlahisa, baditjhaba ba tla e fedisa.+
Ba tla ba hara ditjhaba+
Jwalo ka sejana se sa batlweng.
9 Ba ile Asiria+ jwalo ka tonki e hlaha e itsamaelang e le nngwe.
Efraime o hirile matekatse.+
10 Le hoja ba a hira hara ditjhaba,
Ke tla ba phutha.
Ba tla sotleha+ ka lebaka la morwalo oo ba o filweng ke morena le dikgosana.
11 Baefraime ba ekeditse dialetare e le hore ba etse sebe.+
Di fetohile dialetare tseo ba di sebedisetsang ho etsa sebe.+
Ke tla hopola phoso ya bona mme ke ba fe kotlo ka lebaka la dibe tsa bona.+
14 Iseraele o lebetse Moetsi wa hae+ mme o hahile ditempele.+
Juda o ekeditse metse e sireleditsweng ka thata.+
Empa ke tla tlisa mollo metseng ya hae
Mme o tla tjhesa ditora tsa metse eo.”+