SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10
PINA YA 13 Kreste, Mohlala wa Rona
Dula o Latela Jesu ka Mora Hore o Kolobetswe
“Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso letsatsi le letsatsi mme a nne a ntatele.”—LUKA 9:23.
NTLHAKGOLO
Sehlooho sena se tlo re thusa ho bona hore na ke jwang ho inehela ho Jehova ho ka amang tsela eo re phelang ka yona. Ka ho kgetheha se ka thusa batho ba sa tswa kolobetswa hore ba dule ba tshepahala.
1, 2. Ke ditlhohonolofatso dife tseo motho a di fumanang ka mora hore a kolobetswe?
HO A thabisa ho kolobetswa le ho ba karolo ya lelapa la Jehova. Ke tlotla e kgolo ho ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba nang le yona ba ka dumellana le mantswe a mopesaleme Davida ya ileng a re: “Ho thaba motho eo o [Jehova] mo kgethang ebile o mo atametsa hore a dule mabaleng a hao.”—Pes. 65:4.
2 Ha se batho bohle bao e ka bang metswalle ya Jehova. Jwalo ka ha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova o kgetha ho atamela haufi le batho ba bontshang hore ba batla ho ba metswalle ya hae. (Jak. 4:8) Ha o inehela ho Jehova mme o kolobetswa, o atamela haufi le Jehova ka tsela e ikgethang. O ka kgodiseha hore ka mora hore o kolobetswe, o tla o ‘tshollela ditlhohonolofatso ho fihlela o se o sa hloke letho.’—Mal. 3:10; Jer. 17:7, 8.
3. Ke boikarabelo bofe boo Bakreste ba inehetseng ho Jehova le ba kolobeditsweng ba nang le bona? (Moeklesia 5:4, 5)
3 Ha e le hantle kolobetso ke qalo feela. Ka mora hore o kolobetswe, o tla leka ka hohle hore o phethe boitlamo boo o bo entseng le hore o dule o tshepahala le ha o ka lekeha ho etsa ntho e fosahetseng kapa wa hlahelwa ke mathata. (Bala Moeklesia 5:4, 5.) Ka ha o morutuwa wa Jesu, o tla etsisa mohlala wa hae mme o leke ka hohle ho latela ditaelo tsa hae. (Mat. 28:19, 20; 1 Pet. 2:21) Sehlooho sena se tlo o thusa ho etsa sona seo.
DULA O LATELA JESU LE HA O HLAHELWA KE MATHATA EBILE O LEKWA
4. Jesu o ne a bolelang ha a ne a re barutuwa ba hae ba ne ba tla “mamella mahloriso”? (Luka 9:23)
4 Ka mora hore o kolobetswe ha ho bolele hore bophelo ba hao bo ke ke ba eba le mathata. Ha e le hantle, Jesu o ile a re barutuwa ba hae ba tla “mamella mahloriso.” Ba ne ba tla a mamella “letsatsi le letsatsi.” (Bala Luka 9:23.) Na Jesu o ne a bolela hore balatedi ba hae ba tla dula ba utlwile bohloko? Ha ho jwalo. Empa o ne a hlakisa hore le hoja balatedi ba hae ba ne ba tla fumana ditlhohonolofatso, ba ne ba tla boela ba hlahelwe ke mathata. A mang a mathata ao a ne a tla ba boima.—2 Tim. 3:12.
5. Jesu o tshepisitse batho ba telang dintho tse itseng ditlhohonolofatso dife?
5 Mohlomong o kile wa hanyetswa ke ba lelapa kapa o kgethile ho etsa hore Mmuso wa Modimo e be yona ntho ya bohlokwa bophelong ba hao ho ena le hore o be le tjhelete e ngata le dintho tse ngata. (Mat. 6:33) Haeba ho jwalo, Jehova o tseba dintho tsohle tseo o mo etseditseng tsona. (Baheb. 6:10) E ka nna yaba o utlwisisa hantle mantswe a Jesu a reng: “E mong le e mong ya siileng ntlo, bana babo, mme, ntate, bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo o tla fumana matlo, bana babo, bomme, bana le masimo halekgolo hona jwale, a boele a fumane mahloriso. Lefatsheng le letjha le tlang, o tla fumana bophelo bo sa feleng.” (Mar. 10:29, 30) Ditlhohonolofatso tseo o seng o di fumane di ngata ho feta dintho tseo o di tetseng.—Pes. 37:4.
6. Ke hobaneng ha o lokela ho dula o lwantsha “ditakatso tse fosahetseng” le ka mora hore o kolobetswe?
6 Ka mora hore o kolobetswe, o ntse o tla lokela ho lwantsha “ditakatso tse fosahetseng.” (1 Joh. 2:16) Lebaka ke hobane o ntse o le motho ya etsang diphoso. Ka dinako tse ding o ka ikutlwa jwalo ka moapostola Pauluse. O ile a re: “Ke rata molao wa Modimo ho tloha botebong ba pelo ya ka. Empa mmeleng wa ka ke bona molao o mong o lwantshang molao wa kelello ya ka ebile o nketsa motshwaruwa wa molao wa sebe o mmeleng wa ka.” (Bar. 7:22, 23) O ka nna wa ikutlwa o nyahame ha o ntse o leka ho qoba ho etsa dintho tse fosahetseng. Le ha ho le jwalo, ho nahana ka tshepiso eo o e etseditseng Jehova ha o ne o inehela ho yena ho tla o thusa hore o kgone ho qoba ho etsa ntho e fosahetseng. Nnete ke hore boitlamo boo o bo entseng ha o ne o inehela bo tla o thusa hore o kgone ho hlola diteko tseo o kopanang le tsona. Bo tla o thusa jwang?
7. Ho inehela ho Jehova ho tla o thusa jwang hore o dule o mo tshepahalla?
7 Ha o inehela ho Jehova ha o sa iphelela. Taba ena e bolela hore o tla qoba ho etsa dintho tse batlwang ke wena le tseo o batlang ho di finyella. (Mat. 16:24) Ka hoo, ha o hlahelwa ke bothata bo itseng o ke ke wa ipotsa hore na o etseng boemong boo hobane o tla be o entse qeto ya hore o tla tshepahalla Jehova. O tla dula o ikemiseditse ho thabisa Jehova. Haeba o etsa jwalo o tla be o etsisa Jobo. Le hoja a ile a hlahelwa ke mathata a boima, o ile a bua ka kgodiseho a re: “Ke tla dula ke tshepahala.”—Jobo 27:5.
8. Ho nahana ka thapelo eo o ileng wa e etsa ha o ne o inehela ho Jehova, ho tla o thusa jwang hore o hlole boemo bo ka etsang hore o lekehe?
8 Haeba o nahana ka thapelo eo o ileng wa e etsa ha o ne o inehela ho Jehova, o tla kgona ho hlola boemo le ha e le bofe bo ka etsang hore o lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ka mohlala, na o ka bontsha hore o rata molekane wa motho e mong? Tjhe! Lebaka ke hobane ha o ne o inehela ho Jehova o ile wa mo tshepisa hore o ke ke wa etsa dintho tse sa mo thabiseng. Haeba o sa itumelle ho ba le maikutlo a fosahetseng o ke ke wa eba le bothata ba ho a fedisa. O tla “tsamaella hole” le ‘tsela ya batho ba kgopo.’—Diprov. 4:14, 15.
9. Ho nahana ka thapelo eo o e entseng ha o ne o inehela ho ka o thusa jwang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e tlang pele bophelong ba hao?
9 O ka etsang haeba o fuwa mosebetsi o ka etsang hore o se ke wa eba teng dibokeng ka mehla? Ho hlakile hore o tla tseba seo o lokelang hore o se etse. Pele o ka fuwa mosebetsi oo, o ile wa etsa qeto ya hore o ke ke wa amohela mosebetsi o jwalo. Ka hoo, o ke ke wa lekeha hore o amohele mosebetsi oo ebe ka nako e tshwanang o leka ho fumana tsela ya hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho e tlang pele bophelong ba hao. Ho nahanisisa ka mohlala o motle oo Jesu a re behetseng wona wa ho thabisa Ntate wa hae, ho tla o thusa hore hanghang o qobe ho etsa dintho tse sa thabiseng Modimo eo o inehetseng ho yena.—Mat. 4:10; Joh. 8:29.
10. Jehova o tla o thusa jwang ka mora hore o kolobetswe e le hore o dule o latela Jesu?
10 Diqeto tseo o di etsang ha o hlahelwa ke mathata kapa o lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, di tla bontsha hore o ikemiseditse ho dula o latela Jesu. Hape o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa hore o etse jwalo. Bibele e re: “Modimo o a tshepahala mme a ke ke a dumella hore le hlahelwe ke diteko tseo le ke keng la kgona ho di mamella. Ha le lekwa, o tla le thusa e le hore le kgone ho mamella.”—1 Bakor. 10:13.
O KA ETSANG E LE HORE O NNE O LATELE JESU?
11. O ka etsang ho bontsha hore o ntse o latela Jesu? (Sheba setshwantsho.)
11 Jesu o ne a dula a rapela Jehova le ho mo sebeletsa ka pelo yohle. (Luka 6:12) Ha e le hantle, tsela eo o ka dulang o latela Jesu ka yona ka mora hore o kolobetswe, ke hore o dule o etsa dintho tse tla o atametsa ho Jehova. Bibele e re: “A re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.” (Bafil. 3:16) Nako le nako o tla utlwa dipale tsa Bakrestemmoho le rona ba entseng qeto ya ho eketsa tshebeletso ya bona ho Jehova. Mohlomong ba ile Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso kapa ba ile moo ho hlokehang bahweletsi ba bangata. O etsa hantle haeba le wena o batla ho etsa e nngwe ya dintho tsena. Batho ba Jehova ba dula ba ikemiseditse ho eketsa tshebeletso ya bona. (Dik. 16:9) Empa o ka etsang hona jwale haeba o sa kgone ho etsa e nngwe ya dintho tsena? O se ke wa nahana hore ha o motho wa bohlokwa ha o bapiswa le batho ba kgonang ho di etsa. Ntho ya bohlokwa ke hore o dule o mameletse. (Mat. 10:22) O se ke wa lebala hore o thabisa Jehova haholo ha o mo sebeletsa ho latela bokgoni ba hao le maemo a hao. Eo ke tsela ya bohlokwa eo ka yona o bontshang hore o ntse o latela Jesu le ka mora hore o kolobetswe.—Pes. 26:1.
Ka mora hore o kolobetswe o ka rera ho etsa dintho tse tla o thusa hore o dule o le motswalle wa Jehova (Sheba serapa sa 11)
12, 13. O ka etsang haeba o se o sa thabele ho sebeletsa Jehova jwalo ka pele? (1 Bakorinthe 9:16, 17) (Sheba lebokose le reng “O se ke wa Kgaotsa ho Matha.”)
12 O ka etsang haeba o hlokomela hore ha o sa rapela ho tswa pelong le hore ha o sa sebeletsa Jehova jwalo ka pele? Hape o ka etsang haeba o se o sa thabele ho bala Bibele jwalo ka pele? Haeba o ikutlwa ka tsela ena, o se ke wa nahana hore Jehova ha a sa o fa moya wa hae o halalelang. O motho ya etsang diphoso ka dinako tse ding, ka hoo o ka nna wa ikutlwa ka tsela ena. Haeba o hlokomela hore ha o sa etsa dintho jwalo ka pele, nahana ka mohlala wa moapostola Pauluse. O ne a leka ho etsisa Jesu empa o ne a tseba hore ka dinako tse ding o ne a ke ke a eba le matla a ho etsa dintho tseo a neng a lokela ho di etsa. (Bala 1 Bakorinthe 9:16, 17.) O ile a re: “Le haeba ke di bolela ke sa batle, ke ntse ke fuwe boikarabelo ba ho di bolela.” Ha e le hantle Pauluse o ne a ikemiseditse ho etsa tshebeletso ya hae ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na o ne a ikutlwa jwang.
13 Ka ho tshwanang o se ke wa etsa diqeto ho ya feela ka hore na o ikutlwa jwang. Ikemisetse ho etsa dintho tse nepahetseng ho sa tsotellehe tsela eo o ikutlwang ka yona. Haeba o itlwaetsa ho etsa dintho tse nepahetseng, tsela eo o ikutlwang ka yona e tla fetoha. Ho tlwaela ho ithuta Bibele o le mong, ho rapela, ho ya dibokeng le ho bolela ditaba tse monate, ho tla o thusa hore o nne o latele Jesu le ka mora hore o kolobetswe. Haeba o dula o etsa dintho tsena o tla kgothatsa Bakrestemmoho le wena.—1 Bathes. 5:11.
“LE NNE LE ITLHAHLOBE”
14. O ka etsang ho bona hore na o ntse o etsa dintho hantle, hona hobaneng? (2 Bakorinthe 13:5)
14 Ka mora hore o kolobetswe ke ha bohlokwa hore o dule o itlhahloba. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) O lokela ho dula o sheba tsela eo o phelang ka yona le eo o etsang dintho ka yona e le hore o ka bona hore na o ntse o rapela letsatsi le letsatsi, o bala le ho ithuta Bibele, o ya dibokeng le ho ya tshimong. Leka ho fumana ditsela tse ka o thusang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho ya bohlokwa bophelong ba hao. Ka mohlala, o ka ipotsa dipotso tse kang: ‘Na ke kgona ho bolella batho ba bang dintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng? Nka etsang hore ke thabele tshimo? Na dintho tseo ke di rapellang di bontsha hore ke tshepile Jehova? Na ke dula ke le teng dibokeng? Na nka ntlafatsa tsela eo ke mamelang ka yona le ho nka karolo ka yona ha ke le dibokeng?’
15, 16. O ithutileng mohlaleng wa morabo rona e mong tabeng ya ho qoba ho etsa ntho e fosahetseng?
15 Ke ntho ya bohlokwa hore o tsebe hore na ke dintho dife tseo o sa kgoneng ho di etsa. Pale ya Morabo rona Robert e hlalosa ntlha ena hantle, o re: “Ha ke ne ke le dilemo tse ka bang 20, ke ne ke sebetsa mosebetsi wa matsatsi. Ka letsatsi le leng ka mora mosebetsi, ngwanana e mong eo ke neng ke sebetsa le yena o ile a mmema hore ke ye le yena moo a dulang teng. O ile a re ho nna o tla be a le mong mme ‘re tla ba le nako e monate.’ Qalong ke ile ka fana ka mabaka a sa utlwahaleng empa qetellong ke ile ka mo hlalosetsa hore na ke hobaneng ha ke sa ka ka amohela memo ya hae.” Morabo rona Robert o ile a hlola teko ena mme ke ntho e babatsehang hore ebe o ile a etsa jwalo. Ho ntse ho le jwalo, o re ha a sheba morao o ile a hlokomela hore a ka be a entse dintho ka tsela e fapaneng. O re: “Ha ke a ka ka hana memo eo ka tsela e neng e bontsha hore ke tiisitse ebile ha ke a ka ka e hana hanghang jwalo ka Josefa ha a ne a hana memo ya mosadi wa Potifaro. (Gen. 39:7-9) Ha e le hantle, ke ne ke makatswa ke taba ya hore ho ne ho le thata hore ke hane. Ntho ena e nketsahaletseng e nthusitse ho bona hore ke hloka ho matlafatsa kamano ya ka le Jehova.”
16 Le wena o ka fumana molemo ka hore o itlhahlobe jwalo ka Morabo rona Robert. Haeba o ile wa kgona ho qoba ho etsa ntho e fosahetseng, ipotse: ‘Ke ile ka nka nako e kae pele ke hana?’ Haeba o hlokomela hore ho na le moo o hlokang ho ntlafatsa teng, o se ke wa nyahama. Thabela taba ya hore o a tseba hore o lokela ho ntlafatsa hokae. Rapela Jehova ka bothata boo o nang le bona mme o etse dintho tse tla o thusa hore o batle ho mo mamela.—Pes. 139:23, 24.
17. Pale ya Morabo rona Robert e bontsha jwang hore ho dula re tshepahalla Jehova ho ama lebitso la hae?
17 Ho na le ntho e nngwe hape eo re ithutang yona mohlaleng wa Morabo rona Robert. O re: “Ka mora hore ke hane memo ya mosebetsimmoho le nna, o ile a re ho nna: ‘O pasitse.’ Ke ile ka mo botsa hore na o bolelang. O ile a ntlhalosetsa hore motswalle wa hae e mong eo e neng e le Paki ya Jehova o mo boleletse hore batjha bohle ba Dipaki ba etsa dintho tse fosahetseng moo ba sa bonweng, ha feela ba fumana monyetla wa ho etsa jwalo. Ka hoo, o ile a bolella motswalle wa hae hore o tla bona hore na nna ke tla etsang. Ke ile ka thaba ha ke hlokomela hore seo ke se entseng se rorisitse lebitso la Jehova.”
18. O ikemiseditse ho etsang ka mora hore o kolobetswe? (Sheba lebokose le reng “Dihlooho Tseo o ka di Thabelang.”)
18 Ha o inehela ho Jehova ebile o kolobetswa o bontsha hore o batla ho rorisa lebitso la hae ho sa tsotellehe hore na o hlahelwa ke eng. O ka boela wa kgodiseha hore Jehova o tseba mathata a o hlahelang le diteko tseo o di lwantshang. O tla o hlohonolofatsa hobane o leka kahohle ho dula o tshepahala. O ka kgodiseha hore o tla o fa moya wa hae o halalelang e le hore o kgone ho dula o tshepahala. (Luka 11:11-13) Jehova o tla o thusa hore o dule o latela Jesu le ka mora hore o kolobetswe.
O KA RENG?
Ke ka tsela efe Bakreste ba “mamellang mahloriso letsatsi le letsatsi”?
O ka etsang e le hore o dule o latela Jesu le ka mora hore o kolobetswe?
Ho nahana ka thapelo eo o e entseng ha o ne o inehela ho ka o thusa jwang hore o dule o tshepahala?
PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe