LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lff thuto 7
  • Jehova ke Modimo ya Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova ke Modimo ya Jwang?
  • O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ITHUTE DINTLHA TSE DING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Jesu ke Motho ya Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tswela Pele o Apara “Botho bo Botjha” le ka Mora Hore o Kolobetswe
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Modimo ke Mang?
    Bibele e re Rutang?
O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 7
Kgaolo ya 7. Ntate ya emeng lebopong la lewatle le majwe o shebile ha letsatsi le dikela.

KGAOLO YA 7

Jehova ke Modimo ya Jwang?

Printed Edition
Printed Edition
Printed Edition

Ha o nahana ka Jehova Modimo, ho tla eng ka hloohong ya hao? Na ho tla Modimo ya hlollang, empa a le marung hole le batho? Kapa na ho tla Modimo ya matla empa a sa kgathalle batho? Ha e le hantle Jehova ke Modimo ya jwang? Bibele e re hlalosetsa hantle makgabane a hae mme e boetse e re o a re tsotella re le batho ka bomong.

1. Ke hobaneng ha re sa kgone ho bona Modimo?

“Modimo ke Moya.” (Johanne 4:24) Jehova ha se motho wa nama le madi. Ke Moya o phelang lehodimong, e leng sebaka seo re sa se boneng.

2. A mang a makgabane a Jehova ke afe?

Le hoja Jehova a sa bonahale, o teng mme o na le makgabane ao batho ba mo tsebang ba a ratang. Bibele e re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tshepahalang ba hae.” (Pesaleme ya 37:28) E boetse e re “o na le lerato le mofuthu haholo mme o mohau,” haholoholo ho batho ba hloriswang. (Jakobo 5:11) “Jehova o haufi le ba dipelo di robehileng, o pholosa ba sithabetseng moyeng.” (Pesaleme ya 34:18) Na o ne o tseba hore dintho tseo re di etsang di ka thabisa Jehova kapa tsa mo utlwisa bohloko? Motho ya kgethang ho etsa dintho tse fosahetseng o swabisa Jehova ebile o mo utlwisa bohloko. (Pesaleme ya 78:40, 41) Empa motho ya kgethang ho etsa dintho tse nepahetseng o thabisa Jehova.​—Bala Liproverbia 27:11.

3. Jehova o bontsha jwang hore o a re rata?

Hara makgabane a Jehova, lerato ke lona le ka sehloohong. Ha e le hantle, “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova ha a ka a bonahatsa lerato la hae ka Bibeleng feela, empa re le bona le dinthong tseo a di bopileng. (Bala Liketso 14:17.) Ka mohlala, nahana ka tsela eo a re bopileng ka yona. O re file bokgoni ba ho bona mebala e metle, ho utlwa mmino o monate le ho latswa dijo tse monate. Jehova o batla hore re thabele bophelo.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na Jehova o sebedisang ho etsa dintho tsohle tse hlollang, le hore na o re bontsha makgabane a hae jwang.

4. Moya o halalelang ke matla ao Modimo a a sebedisang

Ditshwantsho: Dintho tseo Modimo a di entseng ka moya wa hae o halalelang. 1. Dipolanete le sepakapaka. 2. Mongodi wa Bibele o ngola mehopolo ya Modimo moqolong.

Feela jwalo ka ha re sebedisa matsoho ha re sebetsa, Jehova le yena o sebedisa moya o halalelang. Bibele e ruta hore moya o halalelang ha se motho empa ke matla ao Modimo a a sebedisang ho etsa dintho. Bala Luka 11:13 le Liketso 2:17 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Modimo o tla re fa moya wa hae o halalelang haeba re o kopa. Jwale, o nahana hore moya o halalelang ke motho kapa ke matla ao Modimo a a sebedisang? Ke hobaneng ha o nahana jwalo?

Jehova o sebedisa moya wa hae o halalelang ho etsa dintho tse hlollang. Bala Pesaleme ya 33:6 le 2 Petrose 1:20, 21 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o sebedisitse moya o halalelang ka ditsela dife hape?

Ditshwantsho: Dintho tseo Modimo a di entseng ka moya wa hae o halalelang. 1. Dipolanete le sepakapaka. 2. Mongodi wa Bibele o ngola mehopolo ya Modimo moqolong.

5. Jehova o na le makgabane a kgahlehang

Moshe e ne e le mohlanka ya tshepahalang wa Modimo mme o ne a batla ho ithuta haholwanyane ka Modimo. Ka hoo Moshe o ile a re ho Modimo: “Ntsebise ditsela tsa hao, hore ke o tsebe.” (Exoda 33:13) Jehova o ile a mo araba ka ho mo bolella hore na ke Modimo ya jwang. Bala Exoda 34:4-6 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Jehova o ile a bontsha Moshe makgabane afe a hae?

  • Wena o rata makgabane afe a Jehova?

6. Jehova o kgathalla batho

Mme ya rapelang.

Baheberu bao e neng e le setjhaba sa Modimo, e ne e le makgoba Egepeta. Jehova o ile a ikutlwa jwang ha ba hloriswa? Bapala AUDIO ebe o tsamaisana le yona, kapa o bale Exoda 3:1-10 ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

AUDIO: Jehova o ne a ba Utlwela Bohloko (2:45)

  • O ithutileng tlalehong ee mabapi le hore na Jehova o ikutlwa jwang ha batho ba utlwiswa bohloko? (Sheba temana ya 7 le ya 8.)

  • Na o nahana hore Jehova o batla ho thusa batho, hona na o na le matla a ho etsa jwalo? Ebang karabo ya hao ke e kapa tjhe, hlalosa.

7. Re ka ithuta makgabane a Jehova dinthong tseo a di bopileng

Ditshwantsho: Leruarua le ledinyane la lona, dipalesa le nonyana ya hummingbird.

Re bona makgabane a Jehova dinthong tseo a di bopileng. Bapala VIDEO ebe o bala Baroma 1:20. Ka mora moo le buisane ka potso e latelang.

VIDEO: Popo e re Bontsha Lerato la Jehova​—Mmele wa Motho (1:57)

  • Ke makgabane afe a Jehova ao o a hlokomelang ha o sheba dintho tseo a di bopileng?

BATHO BA BANG BA RE: “Modimo ha se motho, ke moya feela o matla o teng hohle mona.”

  • Wena o reng?

  • Ke hobaneng ha o tjho jwalo?

KAKARETSO

Jehova ke Moya mme o na le makgabane a mangata a kgahlehang, haholoholo lerato.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha re sa kgone ho bona Jehova?

  • Moya o halalelang ke eng?

  • A mang a makgabane a Jehova ke afe?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute ho eketsehileng ka makgabane a Jehova a mane a ka sehloohong.

“Modimo o Jwang?” (Tora ya ho Lebela, No. 1 2019)

Ithute dintlha tse bontshang hore Modimo ha a hohle.

“Na Modimo o Hohle?” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na ke hobaneng ha Bibele e bitsa moya o halalelang matsoho a Modimo.

“Moya o Halalelang Keng?” (Sehlooho se websaeteng)

Ntate e mong ya sa boneng o ne a thatafallwa ho dumela hore Modimo o a mo tsotella. Utlwa hore na keng e ileng ya mo kgodisa.

“Jwale ke Kgodisehile Hore Nka Kgona ho Thusa ba Bang” (Molula-Qhooa, October 1, 2015)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share