Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwbr20 December maq. 1-11
  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
  • Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
  • Dihloohwana
  • 7-13 DECEMBER
  • Mmalo wa Bibele
  • 14-20 DECEMBER
  • 21-27 DECEMBER
  • 28 DECEMBER–3 JANUARY
Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona—2020
mwbr20 December maq. 1-11

Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona

7-13 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 10-⁠11

“Re Lokela ho Rata Jehova ho Feta ba Malapa a Rona”

(Levitike 10:1, 2) Hamorao bara ba Arone Nadabe le Abihu ba nka ’me ba tlisa e mong le e mong pane ea hae ea mollo eaba ba beha mollo ka har’a eona ’me ba beha libano holim’a oona, eaba ba qala ho nyehela ka pel’a Jehova mollo oo e seng oa molao, oo a neng a sa ba laela hore ba o etse. 2 Mollo oa tsoa ka pel’a Jehova oa ba chesa, hoo ba ileng ba shoela ka pel’a Jehova.

it-1-E 1174

Ntho e Seng Molaong

Mollo o Seng Molaong le Dibano. Ho Levitike 10:⁠1 lentswe la Seheberu e leng zar le sebedisitswe bakeng sa “mollo oo e seng wa molao, oo [Modimo] a neng a sa laela Nadabe le Abihu hore ba o etse.” Le ha ho le jwalo, bara bao ba Arone ba ile ba hlahisa mollo oo ka pela Jehova mme Jehova o ile a ba tjhesa ka mollo. (Le 10:⁠2; Nu 3:⁠4; 26:​61) Ka hoo, Jehova o ile a re ho Arone: “O se ke wa nwa veine kapa jwala bo tahang, wena ha mmoho le bara ba hao, ha le kena ka tenteng ya pokano, hore le se ke la shwa. Ke taelo e hlomamisitsweng ho isa nakong e sa lekanyetswang bakeng sa meloko ya lona, e le hore ho kgethollwe pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng le pakeng tsa ntho e sa hlwekang le e hlwekileng, le hore ho rutwe bara ba Iseraele melao yohle ya tsamaiso eo Jehova a ba boleletseng yona ka Moshe.” (Le 10:8-11) Ho bonahala sena se bolela hore Nadabe le Abihu ba ne ba tahilwe, e leng se ileng sa ba fa sebete sa hore ba nyehele mollo oo Jehova a neng a sa laela hore ba o nyehele. E ka nna yaba mollo oo e ne e se o molaong ka lebaka la nako eo o ileng wa fanwa ka yona, sebaka seo o ileng wa etsetswa ho sona le tsela eo o ileng wa nyehelwa ka yona kapa e ka nna yaba e ne e le dibano tse neng di tswakilwe ka tsela e fapaneng le e boletsweng ho Exoda 30:34, 35. Taba ya hore ba ne ba tahilwe, ha ya ka ya fetola ntlha ya hore seo ba neng ba se entse ke sebe.

(Levitike 10:4, 5) Kahoo Moshe a bitsa Mishaele le Elzafane, bara ba Uziele, mor’abo ntat’a Arone, ’me a re ho bona: “Atamelang, tlosang barab’abo lōna ka pel’a sebaka se halalelang le ba ise ka ntle ho liahelo.” 5 Tumellanong le hoo ba atamela eaba ba ba nka ka liaparo tsa bona ho ba isa ka ntle ho liahelo, feela joalokaha Moshe a ne a buile.

(Levitike 10:6, 7) Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone le ho bara ba bang ba hae Eleazare le Ithamare: “Le se ke la tlohela lihlooho tsa lōna li le mahlantholla, ’me le se ke la tabola liaparo tsa lōna, hore le se ke la shoa ’me a se ke a halefela phutheho eohle; empa barab’abo lōna ba ntlo eohle ea Iseraele ba tla lla ka lebaka la ho chesoa, hoo Jehova a ho chesitseng. 7 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano esere la shoa, hobane oli e tlotsang ea Jehova e holim’a lōna.” Kahoo ba etsa ho ea ka taelo ea Moshe.

w11 7/15 31 ¶16

Na U Kene Phomolong ea Molimo?

16 Arone, ngoan’abo Moshe o ile a talimana le boemo bo thata mabapi le bara ba hae ba babeli. Nahana hore na e tlameha ebe o ile a ikutloa joang ha bara ba hae ba babeli, e leng Nadabe le Abihu ba nyehela ka pel’a Jehova mollo oo e seng oa molao ’me Jehova a ba bolaea. Ha e le hantle, ka mor’a moo banna bana ha baa ka ba hlola ba kopana le batsoali ba bona. Empa ha hoa ka ha fella moo. Jehova o ile a laela Arone le bara ba hae ba tšepahalang a re: “Le se ke la tlohela lihlooho tsa lōna li le mahlantholla, ’me le se ke la tabola liaparo tsa lōna [ka morero oa ho siama], hore le se ke la shoa ’me [Jehova] a se ke a halefela phutheho eohle.” (Lev. 10:1-6) Taba ena e hlakile. Lerato leo re ratang Jehova ka lona le tlameha ho ba matla ho feta lerato leo ka lona re ratang litho tsa malapa a rōna tse sa tšepahaleng.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Levitike 10:8-11) Jehova a bua le Arone, a re: 9 “U se ke ua noa veine kapa joala bo tahang, uena hammoho le bara ba hao, ha le kena ka tenteng ea pokano, hore le se ke la shoa. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea lōna, 10 e le hore ho khetholloe pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng le pakeng tsa ntho e sa hloekang le e hloekileng, 11 le hore ho rutoe bara ba Iseraele melao eohle ea tsamaiso eo Jehova a ba boleletseng eona ka Moshe.”

w14 11/15 17 ¶18

Re Lokela ho Halalela Boitšoarong Bohle ba Rōna

18 E le hore re be ba halalelang, re lokela ho hlahloba Mangolo ka hloko ’me re etse seo Molimo a re laelang sona. Nahana ka bara ba Arone, e leng Nadabe le Abihu, ba ileng ba bolaoa ka lebaka la ho nyehela “mollo oo e seng oa molao,” mohlomong hobane ba tahiloe. (Lev. 10:1, 2) Hlokomela seo Molimo a ileng a se bolella Arone ka mor’a moo. (Bala Levitike 10:8-11.) Na litemana tsee li bolela hore ha rea lokela ho noa lino tse tahang pele re ea libokeng tsa Bokreste? Nahana ka lintlha tsena: Ha re tlas’a Molao. (Bar. 10:4) Linaheng tse ling, balumeli-’moho le rōna ba noa ka tsela e itekanetseng nakong ea lijo, pele ba ea libokeng. Ho ne ho e-na le linoelo tse ’nè tsa veine ka Paseka. Ha Jesu a theha Sehopotso, o ile a fa baapostola ba hae veine e emelang mali a hae. (Mat. 26:27) Bibele e nyatsa ho noa haholo le botahoa. (1 Bakor. 6:10; 1 Tim. 3:8) Matsoalo a Bakreste ba bangata a ba susumelletsa hore ba se ke ba noa ho hang pele ba kopanela mofuteng leha e le ofe oa tšebeletso. Empa maemo a fapana ho ea ka libaka, ’me ntho ea bohlokoa ke hore Bakreste ‘ba khetholle pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng’ e le hore ba itšoare ka khalalelo ’me ba khahlise Molimo.

(Levitike 11:8) Le se ke la ja nama leha e le efe ea tsona, ’me le se ke la ama litopo tsa tsona. Ha lia hloeka bakeng sa lōna.

it-1-E 111 ¶5

Diphoofolo

Ke Baiseraele feela ba neng ba sa lokela ho ja diphoofolo tse itseng hobane ba ne ba le tlasa Molao wa Moshe mme lengolo la Levitike 11:8 le re: ‘Ha di a hlweka bakeng sa bona.’ Ka ha lefu la Kreste Jesu la sehlabelo le ile la fedisa Molao, seo se ile sa fedisa dithibelo tsohle tse neng di le tlasa Molao mme batho ba ne ba kgona ho ja diphoofolo tsohle jwalo ka ha Modimo a ile a laela Noe ka mora morwallo.—Kol 2:13-17; Ge 9:3, 4.

Mmalo wa Bibele

(Levitike 10:1-15) Hamorao bara ba Arone Nadabe le Abihu ba nka ’me ba tlisa e mong le e mong pane ea hae ea mollo eaba ba beha mollo ka har’a eona ’me ba beha libano holim ’a oona, eaba ba qala ho nyehela ka pel’a Jehova mollo oo e seng oa molao, oo a neng a sa ba laela hore ba o etse. 2 Mollo oa tsoa ka pel’a Jehova oa ba chesa, hoo ba ileng ba shoela ka pel’a Jehova. 3 Joale Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Jehova a se buileng, a re, ‘E-re ke halaletsoe har’a ba haufi le ’na, ’me ke tlotlisoe ka pel’a lifahleho tsa sechaba sohle.’” Arone a khutsa. 4 Kahoo Moshe a bitsa Mishaele le Elzafane, bara ba Uziele, mor’abo ntat’a Arone, ’me a re ho bona: “Atamelang, tlosang barab’abo lōna ka pel’a sebaka se halalelang le ba ise ka ntle ho liahelo.”5 Tumellanong le hoo ba atamela eaba ba ba nka ka liaparo tsa bona ho ba isa ka ntle ho liahelo, feela joalokaha Moshe a ne a buile. 6 Ka mor’a moo Moshe a re ho Arone le ho bara ba bang ba hae Eleazare le Ithamare: “Le se ke la tlohela lihlooho tsa lōna li le mahlantholla, ’me le se ke la tabola liaparo tsa lōna, hore le se ke la shoa ’me a se ke a halefela phutheho eohle; empa barab’abo lōna ba ntlo eohle ea Iseraele ba tla lla ka lebaka la ho chesoa, hoo Jehova a ho chesitseng. 7 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano esere la shoa, hobane oli e tlotsang ea Jehova e holim’a lōna.” Kahoo ba etsa ho ea ka taelo ea Moshe. 8 Jehova a bua le Arone, a re: 9 “U se ke ua noa veine kapa joala bo tahang, uena hammoho le bara ba hao, ha le kena ka tenteng ea pokano, hore le se ke la shoa. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea lōna, 10 e le hore ho khetholloe pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng le pakeng tsa ntho e sa hloekang le e hloekileng, 11 le hore ho rutoe bara ba Iseraele melao eohle ea tsamaiso eo Jehova a ba boleletseng eona ka Moshe.” 12 Joale Moshe a bua le Arone le Eleazare le Ithamare, bara ba hae ba neng ba setse: “Nkang nyehelo ea lijo-thollo e setseng linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo ’me le e jelle haufi le aletare e sa lomosoa, hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 13 Le e jelle sebakeng se halalelang, hobane ke kabelo ea lōna le kabelo ea bara ba lōna linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo; etsoe ke kamoo ke laetsoeng kateng. 14 Le tla jella sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto la karolo e halalelang sebakeng se hloekileng, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna, hobane li fanoe e le kabelo ea lōna le kabelo ea bara ba lōna mahlabelong a kopanetsoeng a bara ba Iseraele. 15 Ba tla tlisa leoto la karolo e halalelang le sefuba sa nyehelo e tsokoang hammoho le linyehelo tse entsoeng ka mollo, tsa likarolo tse mafura, e le hore ba tsokele koana le koana nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova; ’me e tla ba kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa lōna le bara ba lōna, feela joalokaha Jehova a laetse.”

14-20 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 12-13

“Re ka Ithutang Melaong e Mabapi le Lepera?”

(Levitike 13:4, 5) Empa haeba sebato se le sesoeu letlalong la ’mele oa hae ’me se bonahala se phobetse letlalong ’me mohoete oo se leng ho oona o se mosoeu, joale moprista a behelle ea nang le lefu leo ka thōko ka matsatsi a supileng. 5 Moprista a mo talime letsatsing la bosupa, ’me haeba kamoo ho shebahalang kateng lefu le khaolitse, lefu ha lea namela letlalong, hape moprista a mo behelle ka thōko ka matsatsi a mang a supileng.

wp18.1 7

E Siilwe ke Nako Kapa e Ntse e le Nakong?

• Batho ba kulang ha ba a lokela ho kopanngwa le ba bang.

Molaong oo Modimo a neng a o file Moshe, ho ne ho thwe batho ba nang le lepera ba arolwe ho ba bang. Dingaka di ile tsa lemoha sena dilemo tse ngata ka mora moo ha mafu a ntse a ata. Ka lebaka leo, tsa kenya tshebetsong molaomotheo oo mme wa feela wa atleha.—Levitike, kgaolo 13 le 14.

(Levitike 13:45, 46) Ha e le ea nang le lepera eo lefu le leng ho eena, liaparo tsa hae li lokela ho taboloa, le hlooho ea hae e lokela ho ba mahlantholla, ’me a koahele litelu tse holim’a molomo ’me a hoeletse, ‘Ha kea hloeka, ha kea hloeka!’ 46 E tla ba ea sa hloekang ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona lefu le leng ho eena. Ha aa hloeka. O lokela ho lula a ikarotse. Sebaka sa hae sa bolulo se ka ntle ho liahelo.

wp16.4 9 ¶1

Re U Lome Tsebe?

Mehleng ea Jesu, Bajuda ba ne ba tšaba lepera. Lepera le ne le senya motho litšobotsi ’me le senya le methapo ea kutlo hoo a neng a ka qetella a sa utloe. Le ne le se na pheko. Motho ea tšoeroeng ke lepera o ne a sa lokela ho lula le batho ba bang hape o ne a lokela ho ba hlokomelisa hore o tšoeroe ke lefu lena.—Levitike 13:45, 46.

(Levitike 13:52) A chese seaparo kapa litšoele tse theosang kapa litšoele tse tšekaletseng tsa boea kapa line, kapa ntho leha e le efe ea letlalo eo lefu le ka hlahang ho eona, hobane ke lepera le bolaeang. Se lokela ho chesoa ka mollo.

(Levitike 13:57) Leha ho le joalo, haeba le ntse le bonahala seaparong kapa litšoeleng tse theosang kapa litšoeleng tse tšekaletseng kapa nthong leha e le efe ea letlalo, lea siphoha. U lokela ho chesa mollong eng kapa eng eo lefu le leng ho eona.

it-2-E 238 ¶3

Lepera

Lepera le diaparong le le ka tlung. Lepera le ne le ka fumaneha seaparong se entsweng ka boya, ka line kapa nthong e entsweng ka letlalo. Le ne le ka tloha dinthong tseo haeba di ne di ka hlatsuwa mme ho ne ho entswe tokisetso ya hore dintho tseo di behelwe ka thoko. Le ha ho le jwalo, haeba ho ne ho ka hlaha lefu le botala bo bosehla kapa le lefubedunyana e ne e tla ba lepera le bolayang mme ntho eo e ne e lokela ho tjheswa. (Le 13:47-59) Haeba mabota a ntlo a ne a na le matheba a botala bo bosehla kapa a makgubedunyana, moprista o ne a laela hore ho se ke ha kenwa ntlong eo. Ho ne ho ka nna ha hlokahala hore majwe a leboteng a ntshwe mme ho tloswe letsopa le seretse tse ommeng tse ditsweng ka hare leboteng mme di lahlelwe ka ntle ho motse sebakeng se sa hlwekang. Haeba lefu leo le kgutla, ntlo eo e ne e tla ba e sa hlwekang mme e ne e tla heletswa ebe dintho tse ileng tsa sebediswa ha e ne e hahwa di lahlelwa sebakeng se sa hlwekang. (Le 14:33-57) Le ha ho le jwalo, haeba moprista a ne a laetse hore ntlo e hlwekile ho ne ho na le tokisetso ya hore e hlwekiswe. Batho ba bang ba re lepera le neng le le diaparong kapa ka tlung e ne e le mofuta o mong wa hlobo le ha ho le jwalo ha hona bopaki ba seo.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Levitike 12:2) “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Haeba mosali a emola peō ’me a tsoala ngoana e motona, e tla ba ea sa hloekang ka matsatsi a supileng; e tla ba ea sa hloekang joaloka matsatsing a ho se hloeke nakong ea ha a ilela khoeli.

(Levitike 12:5) “‘Joale haeba a tsoala ngoana e motšehali, joale e tla ba ea sa hloekang ka matsatsi a leshome le metso e mene, joaloka nakong ea ha a ilela khoeli. O tla lula maling a tlhoekiso ka matsatsi a eketsehileng a mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.

w04 5/15 23 ¶2

Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Levitike

12:2, 5—Ke hobane’ng ha ho belehoa ha ngoana ho ne ho etsa hore mosali e be “ea sa hloekang”? Litho tsa pelehi li ne li etselitsoe ho hlahisa bophelo bo phethahetseng ba motho. Leha ho le joalo, ka lebaka la litlamorao tse futsitsoeng tsa sebe, bophelo bo sa phethahalang le bo nang le sebe bo ile ba fetisetsoa baneng. Linako tse khutšoanyane tsa ‘ho se hloeke’ ho amanang le ho beleha ngoana, hammoho le lintho tse ling, tse kang ho ilela khoeli le ho tsoa ha peō, li ne li hopotsa Baiseraele hore ba ne ba e-na le sebe se futsitsoeng. (Levitike 15:16-24; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Litaelo tsa ho itlhoekisa tseo ho neng ho hlokahala hore li lateloe li ne li tla thusa Baiseraele ho utloisisa hore ho ne ho hlokahala sehlabelo sa thekollo bakeng sa ho koahela sebe sa moloko oa batho le ho khutlisetsa batho phethehong. Kahoo Molao o ile oa fetoha “motataisi . . . ea isang ho Kreste.”—Bagalata 3:24.

(Levitike 12:3) Ka letsatsi la borobeli nama ea ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona e tla bolotsoa.

wp18.1 7

E Siilwe ke Nako Kapa e Ntse e le Nakong?

• Nako e loketseng ya ho bolla.

Molao wa Modimo o ne o re ngwana wa moshanyana o lokela ho bolotswa ha a na le matsatsi a 8 a hlahile. (Levitike 12:3) Beke e le nngwe ka mora hore ngwana ya sa tswa hlaha a bolotswe, madi a hae a phalla hantle jwalo ka ka mehla. Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, le pele ho ka ba le ditsela tse tswetseng pele tsa bongaka, ho bolotsa ngwana ka mora beke, e ne e le tsela e bohlale ya ho mo sireletsa.

Mmalo wa Bibele

(Levitike 13:9-28) “Haeba lefu la lepera le hlaha ho motho, joale a tlisoe ho moprista, 10 Moprista a shebe; haeba ho e-na le lekhopho le lesoeu letlalong ’me le soeufalitse mohoete ’me karolo e sa folang ea nama e phelang e le lekhophong, 11 ke lepera le sa foleng letlalong la ’mele oa hae; moprista a bolele hore ha aa hloeka. Ha aa lokela ho mo behella ka thōko, etsoe ha aa hloeka. 12 Joale haeba ntle ho pelaelo lepera le siphoha letlalong, ’me lepera le koahela letlalo la ea nang le lefu ho tloha hloohong ho ea maotong moo mahlo a moprista a bonang ka ho feletseng, 13 moprista a talimile ’me lepera le koahetse ’mele oohle oa hae, joale o tla phatlalatsa hore lefu le hloekile. Kaofela ha lona le fetohile le lesoeu. O hloekile. 14 Empa letsatsing leo ka lona nama e phelang e hlahang holim’a lona, e tla ba ea sa hloekang. 15 Moprista a shebe nama e phelang, ’me a bolele hore ha aa hloeka. Nama e phelang ha ea hloeka. Ke lepera. 16 Kapa haeba nama e phelang e khutla ’me e soeufala, joale a tle ho moprista. 17 Moprista a mo talime, ’me haeba lefu le soeufetse, joale moprista a phatlalatse hore lefu le hloekile. O hloekile. 18 “Ha e le ’mele, haeba lethopa le hlaha letlalong la oona ’me o fola, 19 ’me sebakeng sa lethopa ho hlaha lekhopho le lesoeu kapa sebato se bosoeu bo bofubelu, joale a iponahatse ho moprista. 20 Moprista a talime, ’me haeba le bonahala le phobetse letlalong ’me mohoete oa lona o soeufetse, joale moprista a bolele hore ha aa hloeka. Ke lefu la lepera. Le siphohile lethopeng. 21 Empa haeba moprista a le talima, ’me joale ho se mohoete o mosoeu ho lona ’me le sa phobela letlalong ’me le le lerootho, joale moprista a mo behelle ka thōko ka matsatsi a supileng. 22 Haeba ntle ho pelaelo le namela letlalong, joale moprista a bolele hore ha aa hloeka. Ke lefu. 23 Empa haeba sebakeng sa lona ho hlaha sebato, ha lea nama, ke ho ruruha ho bohloko ha lethopa; ’me moprista a phatlalatse hore o hloekile. 24 “Kapa haeba ho hlaha lebali letlalong la ’mele ka lebaka la mollo, ’me nama e ka hare ea lebali e e-ba sebato se bosoeu bo bofubelu kapa se sesoeu, 25 joale moprista a le talime; haeba mohoete o soeufetse sebatong ’me se bonahala se phobetse letlalong, ke lepera. Le siphohile lebaling, ’me moprista a bolele hore ha aa hloeka. Ke lefu la lepera. 26 Empa haeba moprista a le talima, ’me, joale ho se mohoete o mosoeu sebatong ’me le sa phobela ’me le le lerootho, joale moprista a mo behelle ka thōko ka matsatsi a supileng. 27 Moprista a mo talime ka letsatsi la bosupa. Haeba ntle ho pelaelo le nametse letlalong, joale moprista a bolele hore ha aa hloeka. Ke lefu la lepera. 28 Empa haeba ho e-ba le sebato sebakeng sa lona, ha le sa namela letlalong ’me le le lerootho, ke lekhopho la lebali; moprista a phatlalatse hore o hloekile, hobane ke ho ruruha ho bohloko ha lebali.

21-27 DECEMBER

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 14-15

“Bahlanka ba Jehova ba Lokela ho Hlweka ha ba mo Sebeletsa”

(Levitike 15:13-15) “‘Joale haeba ea nang le mohlapo o lutlang a ka hloeka mohlapong oa hae o lutlang, joale a ipalle matsatsi a supileng bakeng sa tlhoekiso ea hae, ’me a hlatsoe liaparo tsa hae le ho hlatsoa ’mele oa hae metsing a phallang; ’me o tla hloeka. 14 Letsatsing la borobeli o lokela ho inkela maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, ’me a tle ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano ’me a a fe moprista. 15 Moprista a a nyehele, le leng e le nyehelo ea sebe ’me le leng e le nyehelo ea secheso; ’me moprista a koahele libe tsa hae ka pel’a Jehova malebana le mohlapo oa hae o lutlang.

it-1-E 263

Ho itlhatswa

Baiseraele ba ne ba lokela ho itlhatswa ka mabaka a mangata a fapaneng. Ka mohlala, motho ya neng a fodile lepera, ya neng a tshwere dintho tse tshwerweng ke motho ya nang le “mohlapo o dutlang,” monna ya ileng a tswa peo, mosadi ya neng a sa tswa ilela kgwedi kapa ya neng a tswile madi haholo kapa motho ya entseng thobalano o ne a sa “hlweka” mme o ne a lokela ho itlhatswa. (Le 14:8, 9; 15:4-27) Haeba motho a ne a ka ba ka tenteng le motho ya shweleng kapa a mo tshwara e ne e tla ba ya sa hlwekang mme o ne a lokela ho itlhatswa ka metsi a tlhwekiso. Haeba motho a ne a hana ho mamela molao ona, o ne a lokela ho ‘fediswa hara phutheho, hobane o silafaditse sehalalelo sa Jehova.’ (Nu 19:20) Ke ka hoo ho itlhatswa ho sebedisitsweng ka tsela ya tshwantshetso ka Bibeleng ho bontsha hore motho o na le kamano e ntle le Jehova. (Pes 26:6; 73:13; Esa 1:16; Eze 16:9) Metsi a tshwantshetsa lentswe la Jehova la nnete le nang le matla a ho hlwekisa.—Ef 5:26.

(Levitike 15:28-30) “‘Leha ho le joalo, haeba a hloekile mohlapong oa hae o lutlang, a boele a ipalle matsatsi a supileng, ’me ka mor’a moo o tla hloeka. 29 Letsatsing la borobeli o lokela ho inkela maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, ’me a a tlise ho moprista monyako oa tente ea pokano. 30 Moprista a etse le leng nyehelo ea sebe ’me le leng e be nyehelo ea secheso; moprista a koahele libe tsa hae ka pel’a Jehova malebana le mohlapo oa hae o lutlang o sa hloekang.

it-2-E 372 ¶2

Ho ilela Kgwedi

Mosadi o ne a nkwa a sa hlweka nakong eo a neng a eba le phallo ya mohlapo o dutlang wa madi kapa “phallo e telele ho feta ya ho se hlweke ha hae ha ho ilela kgwedi.” Bethe eo a neng a robala ho yona le ntho eo a neng a ka dula ho yona di ne di sa hlweka, ho akarelletsa le batho ba neng ba tshwara dintho tsena. Ka mora ho ilela kgwedi o ne a bala matsatsi a supileng ebe ka mora moo o a hlweka. Ka letsatsi la borobedi o ne a lokela ho fa moprista maebanakgorwana a mabedi le maebana a mabedi e le hore moprista a ka kwahela dibe tsa hae ka ho hlahisa dinonyana tsena ka pela Jehova e le nyehelo ya sebe le nyehelo ya setjheso.—Le 15:19-30; sheba CLEAN, CLEANNESS.

(Levitike 15:31) “‘Le boloke bara ba Iseraele ba arohile ho se hloekeng ha bona, e le hore ba se ke ba shoela ho se hloekeng ha bona ka lebaka la ho silafatsa tabernakele ea ka, e har’a bona.

it-1-E 1133

Sebaka se Halalelang

2. Tente ya pokano le tempele ha morao. Tabernakele le tempele ha mmoho le mabala a tsona e ne e le dibaka tse halaleng. (Ex 38:24; 2Likr 29:5; Lik 21:28) Dintho tse ka sehloohong tse neng di le lebaleng e ne e le aletare ya mahlabelo le beisine ya koporo mme di ne di halalela. Ke batho ba hlwekileng feela ba neng ba ka kena lebaleng la tabernakele neng kapa neng. Ka ho tshwanang, ha ho na motho ya neng a lokela ho kena lebaleng la tempele a sa hlweka. Ka mohlala, mosadi ya sa hlwekang o ne a sa lokela ho tshwara ntho le ha e le efe e halalelang kapa ho kena sebakeng se halalelang. (Le 12:2-4) Esita le boemo ba Baiseraele ba ho se hlweke bo ne bo silafatsa tabernakele. (Le 15:31) Batho ba neng ba fana ka nyehelo e le hore ba hlwekiswe lepera ba ne ba fa moprista sehlabelo sa bona ba le hekeng ya lebala. (Le 14:11) Motho ya sa hlwekang o ne a sa lokela ho ja mahlabelo a kopanetsweng tabernakeleng kapa tempeleng, haeba a ne a ka a ja o ne a tla bolawa.—Le 7:20, 21.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Levitike 14:14) “Moprista a nke mali a mang a nyehelo ea molato, ’me moprista a a tlotse ntlheng ea tsebe e tona ea ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto la hae le letona.

(Levitike 14:17) Ha e le oli e ’ngoe kaofela e seatleng sa hae moprista o tla tlotsa e ’ngoe ea eona ntlheng ea tsebe e tona ea ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto le letona holim’a mali a nyehelo ea molato.

(Levitike 14:25) A hlabe pheleu e nyenyane ea nyehelo ea molato, ’me moprista a nke mali a mang a nyehelo ea molato ’me a a tlotse ntlheng ea tsebe e tona ea ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng oa hae o motona oa leoto le letona.

(Levitike 14:28) Moprista a tlotse oli e ’ngoe seatleng sa hae ntlheng ea tsebe e tona ea ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto le letona sebakeng sa mali a nyehelo ea molato.

it-1-E 665 ¶5

Tsebe

Ha baprista ba ne ba hlomamiswa Iseraele, Moshe o ile a laelwa hore a nke madi a mang a pheleu ya tlhomamiso mme a a tlotse ntlheng ya tsebe e tona ya Arone le ya bara ba hae ha mmoho le letsoho la hae le letona le leoto la hae le letona. Sena se ne se bolela hore ho hlomamiswa ha bona jwalo ka baprista ho lokela ho ama tsela eo ba mamelang, ba sebetsang le ho etsa dintho ka yona. (Le 8:22-24) Ka ho tshwanang, Molao o ne o re moprista o lokela ho tlotsa a mang a madi a pheleu e nyehetsweng e le nyehelo ya molato ntlheng ya tsebe e tona ya molepera ya itlhwekisitseng ha mmoho le e nngwe ya oli e nyehetsweng. (Le 14:14, 17, 25, 28) Sena se ne se tshwana le tokisetso e neng e entswe bakeng sa monna ya neng a batla ho tswela pele e le lekgoba la monga hae ka ho sa feleng. Boemong boo, monga lona o ne a le emisa ka pela kosene ya monyako ebe o phunya tsebe ya lona ka elese. Letshwao lena le neng le entswe tsebeng le ne le bontsha hore lekgoba le batla ho tswela pele le mamela monga lona.—Ex 21:5, 6.

(Levitike 14:43-45) “Leha ho le joalo, haeba lefu le khutla ’me le siphoha ka tlung ka mor’a hore majoe a ntšoe le ka mor’a hore ntlo e qhebolloe ’me e liloe, 44 joale moprista a kene ’me a shebe; haeba lefu le namme ka tlung, ke lepera le bolaeang ka tlung. Ha ea hloeka. 45 A heletse ntlo hammoho le majoe a eona le lifate tsa eona le seretse sohle sa letsopa sa ntlo ’me a li ntšetse ka ntle ho motse sebakeng se sa hloekang.

g 1/06 14, lebokose

Hlobo—Ke Motsoalle Ebile ke Sera!

HO THOE’NG KA HLOBO MEHLENG EA BIBELE?

Bibele e bua ka “lefu la lepera ntlong,” ho bolelang mohahong ka booona. (Levitike 14:34-48) Ho ’nile ha boleloa hore e ka ’na eaba boemo bona, boo ka linako tse ling bo neng bo bitsoa “lepera le bolaeang,” e ne e le mofuta oa hlobo, empa le teng ha ho ea tiisehang hore ho fela ho le joalo. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Molao oa Molimo o ne o laela beng ba matlo hore ba tlose majoe a amehileng, ba fefe ntlo eohle ka hare, ’me lintho tsohle tse belaetsang ba li lahlele ka ntle ho motse “sebakeng se sa hloekang.” Haeba lefu leo le ne le khutla, ntlo eohle e ne e nkoa e sa hloeka, ’me e ne e heletsoa ka ho feletseng. Tataiso e hlakileng ea Jehova e bontša lerato la hae le tebileng ho batho ba hae le bakeng sa boiketlo ba bona.

Mmalo wa Bibele

(Levitike 14:1-18) Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 2 “ Ona e tla ba molao oa molepera letsatsing la ho tiisa ho hloeka ha hae, ha a tlisoa ho moprista. 3 Moprista a ee ka ntle ho liahelo, ’me moprista a talime; haeba lefu la lepera le phekotsoe ho ea nang le lepera, 4 joale moprista a fane ka taelo; bakeng sa ho itlhoekisa a nke linonyana tse peli tse hloekileng tse phelang le lehong la kedare le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le hysopa. 5 Moprista a fane ka taelo, ’me nonyana e ’ngoe e bolaeloe ka har’a sejana sa letsopa se tšetseng metsi a macha. 6 Ha e le nonyana e phelang, o lokela ho e nka le lehong la kedare le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le hysopa, ’me a li inele hammoho le nonyana e phelang ka har’a mali a nonyana e ileng ea bolaeloa ka har’a metsi a macha. 7 Joale a a fafatse ka makhetlo a supileng holim’a ea itlhoekisang lepera ’me a phatlalatse hore o hloekile, ’me a tlohele nonyana e phelang hore e ee naheng. 8 “Ea itlhoekisang a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a beole moriri oohle oa hae a itlhatsoe metsing a hloeke, ’me ka mor’a moo a ka kena liahelong. A lule ka ntle ho tente ea hae ka matsatsi a supileng. 9 Letsatsing la bosupa o tla beola moriri oohle oa hlooho ea hae le selelu sa hae le lintši tsa hae. E, o lokela ho beola moriri oohle oa hae, ’me a hlatsoe liaparo tsa hae le ho hlatsoa ’mele oa hae metsing; a hloeke. 10 “Letsatsing la borobeli o tla nka lipheleu tse peli tse nyenyane tse phetseng hantle le konyana e le ’ngoe e phetseng hantle e tšehali, e selemong sa eona sa pele, le likarolo tse tharo tsa leshome tsa efa ea phofo e thumisehileng e le nyehelo ea lijo-thollo e kolobisitsoeng ka oli le tekanyo ea loge e le ’ngoe ea oli; 11 ’me moprista ea phatlalatsang hore o hloekile a hlahise motho ea itlhoekisang, le lintho tseo, ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano. 12 Moprista a nke pheleu e le ’ngoe e nyenyane ’me a e nyehele bakeng sa nyehelo ea molato hammoho le tekanyo ea loge ea oli ’me a li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova. 13 A hlabe pheleu e nyenyane sebakeng seo nyehelo ea sebe le nyehelo ea secheso li hlabeloang ho sona kamehla, sebakeng se halalelang, hobane, joaloka nyehelo ea sebe, nyehelo ea molato ke ea moprista. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 14 “Moprista a nke mali a mang a nyehelo ea molato, ’me moprista a a tlotse ntlheng ea tsebe e tona ea ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto la hae le letona. 15 Moprista a nke tekanyo ea loge ea oli ’me a e tšele seatleng sa moprista se setšehali. 16 Moprista a qopetse oli e seatleng sa hae se setšehali ka monoana o motona ’me a fafatse oli e ’ngoe ka monoana ka makhetlo a supileng ka pel’a Jehova. 17 Ha e le oli e ’ngoe kaofela e seatleng sa hae moprista o tla tlotsa e ’ngoe ea eona ntlheng ea tsebe e tona ea ea itlhoekisang le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto le letona holim’a mali a nyehelo ea molato. 18 Oli e setseng seatleng sa moprista o tla e tlotsa hloohong ea ea itlhoekisang, ’me moprista a koahele libe tsa hae ka pel’a Jehova.

28 DECEMBER–3 JANUARY

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 16-17

“Letsatsi la ho Kwahela Dibe le Bolelang ho Wena?”

(Levitike 16:12) “A nke pane ea mollo e tletseng mashala a tukang a mollo a tsoang aletareng ka pel’a Jehova, ’me liatla tsa hae ka bobeli li tlale libano tse tšesaane tse nkhang hamonate, ’me a li tlise ka har’a lesira.

w19.11 21 ¶4

Lengolo la Levitike le re Rutang?

4 Bala Levitike 16:12, 13. Nahana ka se neng se etsahala ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe. Moprista ya phahameng o ne a kena ka tabernakeleng, lena ke lekgetlo la pele ho a mararo ao ka ona a neng a tlameha ho kena ka Sehalaledisisong ka letsatsi leo. Ka letsohong o ne a tshwara pitsa e nang le dibano tse nkgang ha monate, ha ka letsohong le leng a tshwere pane ya kgauta e tletseng mashala a tukang a mollo. Pele a kena ka Sehalaledisisong, o ne a ema hanyane pela lesira [kgaretene] e neng e arola Sehalalelo le Sehalaledisiso. Ebe ka mora moo, ka tlhompho e kgolo o kena ka Sehalaledisisong mme o ema ka pela areka ya selekane. Ha a ne a eme moo, ho ne ho tshwana le ha eka o eme ka pela Jehova Modimo. Hamorao o ne a boela a kena ka Sehalaledisisong a tshwere madi a mahlabelo a diphoofolo. Hlokomela hore o ne a tjhesa dibano pele a ka fana ka madi a mahlabelo.

(Levitike 16:13) A boele a tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova, ’me leru la libano le koahele sekoahelo sa Areka, se holim’a Bopaki, hore a se ke a shoa.

w19.11 21 ¶5

Lengolo la Levitike le re Rutang?

5 Keng eo re ithutang yona mabapi le ho tjheswa ha dibano ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe? Bibele e bontsha hore dithapelo tsa bahlanka ba tshepahalang ba Jehova, di tshwana le dibano. (Pes. 141:2; Tšen. 5:8) Hopola hore moprista ya phahameng o ne a tlisa dibano ka pela Jehova ka tlhompho e kgolo. Ka tsela e tshwanang, re lokela ho rapela Jehova ka tlhompho e tebileng. Re ananela hore e be Mmopi wa lehodimo le lefatshe, o re dumella ho atamela haufi le yena jwalo ka ha ngwana a ya ho ntate wa hae. (Jak. 4:8) Ka hoo, o re nka re le metswalle ya hae. (Pes. 25:14) Re ananela monyetla ona haholo hoo re sa batleng ho etsa ntho le ha e le efe e ka mo utlwisang bohloko.

(Levitike 16:14, 15) “A nke mali a mang a poho ’me a a fafatse ka monoana ka pel’a sekoahelo se lehlakoreng le ka bochabela, ’me o tla fafatsa mali a mang ka monoana ka makhetlo a supileng ka pel’a sekoahelo. 15 “A hlabe pōli ea nyehelo ea sebe, bakeng sa sechaba, ’me a tlise mali a eona ka har’a lesira ’me a etse ka mali a eona ka tsela e tšoanang le kamoo a entseng kateng ka mali a poho; a a fafatse nģ’a sekoahelo le ka pel’a sekoahelo.

w19.11 21 ¶6

Lengolo la Levitike le re Rutang?

6 Hopola hore moprista ya phahameng o ne a tlameha ho tjhesa dibano pele a ka fana ka mahlabelo. Ka ho tjhesa dibano pele, o ne a etsa bonnete ba hore o amohelwa ke Modimo. Keng seo re ka ithutang sona tabeng ena? Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ne a lokela ho etsa ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa pele a ka fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo bakeng sa ho pholosa moloko wa batho. Keng ntho eo a neng a lokela ho e etsa? O ne a lokela ho tshepahala bophelo bohle ba hae, e le hore Jehova a amohele sehlabelo sa hae. Ka ho etsa jwalo, Jesu o ne a tla be a bontsha hore tsela e nepahetseng ya ho phela ke ka ho mamela Jehova. Hape o ne a tla be a bontsha hore Ntate wa hae ke Mmusi ya molemo.

Batlisisa Matlotlo a Patilweng

(Levitike 16:10) Empa pōli eo lotho e oetseng ho eona bakeng sa Azazele e lokela ho emisoa e phela ka pel’a Jehova ho koahela libe tsa eona, e le hore e romeloe lefeelleng bakeng sa Azazele.

it-1-E 226 ¶3

Azazele

Jwalo ka ha moapostola Pauluse a hlalositse, ha Jesu a ne a nyehela bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo bakeng sa dibe tsa batho bohle, o ile a finyella se fetang hole se ileng sa finyellwa ke “madi a dipoho le a dipodi.” (Heb 10:4, 11, 12) Ka hoo o ile a jara dibe tsa rona, a ‘jara malwetse a rona’ mme a “hlajwa ka lebaka la ditlolo tsa rona.” (Esa 53:4, 5; Mat 8:17; 1Pe 2:24) O ile a “jara” dibe tsa batho bohle ba bontshang tumelo sehlabelong sa hae. Ka ho etsa jwalo o ne a bontsha hore Modimo o tla tlosa sebe seo re se futsitseng ho Adama ka ho felletseng mme se ke ke sa hlola se hopolwa. Ka hoo podi “ya Azazele” e ne e tshwantshetsa sehlabelo sa Jesu Kreste ka ditsela tsena.

(Levitike 17:10, 11) “‘Motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa mojaki ea itseng ea lulang e le mojaki har’a lōna ea jang mali a mofuta leha e le ofe, ka sebele ke tla tjamela moea o jang mali, ’me ruri ke tla mo felisa har’a batho ba habo. 11 Motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa mojaki ea itseng ea lulang e le mojaki har’a lōna ea jang mali a mofuta leha e le ofe, ka sebele ke tla tjamela moea o jang mali, ’me ruri ke tla mo felisa har’a batho ba habo.

w14 11/15 10 ¶10

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Halalela?

10 Bala Levitike 17:10. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba ja “mali a mofuta leha e le ofe.” Bakreste le bona ba laetsoe hore ba ile mali a liphoofolo le a batho. (Liketso 15:28, 29) Ha re batle hore Molimo a re halefele ’me a re tlose phuthehong ea hae. Rea mo rata ebile re batla ho mo mamela. Esita le haeba bophelo ba rōna bo le kotsing, re ikemiselitse ho se mamele batho ba sa tsebeng Jehova ba bileng ba sa batleng ho mo mamela. Ha e le hantle, rea tseba hore batho ba tla re soma ka lebaka la ho ila mali, empa re khetha ho mamela Molimo. (Juda 17, 18) Ke’ng e tla re thusa tabeng ee hore re “ikemisetse ka tieo” ho se je mali kapa ho amohela tšelo ea mali?—Deut. 12:23..

Mmalo wa Bibele

(Levitike 16:1-17) Jehova a bua le Moshe ka mor’a lefu la bara ba babeli ba Arone ka lebaka la ho atamela ha bona ka pel’a Jehova hoo ba ileng ba shoa. 2 Jehova a re ho Moshe: “Bua le moholoane oa hao Arone, hore ha aa lokela ho tla ka linako tsohle sebakeng se halalelang ka har’a lesira, ka pel’a sekoahelo se holim’a Areka, hore a se ke a shoa; hobane ke tla hlaha holim’a sekoahelo ka leru. 3 “Arone a kene sebakeng se halalelang le tse latelang: pohoana bakeng sa nyehelo ea sebe le pheleu bakeng sa nyehelo ea secheso. 4 A apare seaparo se selelele sa ka holimo se halalelang sa line, ’me leqapa la line le lokela ho ba ’meleng oa hae, a itlame ka leqhama la line ’me a ithatele ka tuku ea line. Ke liaparo tse halalelang. A itlhatsoe ’mele metsing ebe oa li apara. 5 “O lokela ho nka lipotsanyane tse peli tse tona phuthehong ea bara ba Iseraele bakeng sa nyehelo ea sebe le pheleu e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea secheso. 6 “Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe, bakeng sa hae, ’me a koahele libe molemong oa hae le oa ntlo ea hae. 7 “A nke lipōli tse peli ’me a li emise ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano. 8 Arone a lahle lotho bakeng sa lipōli tse peli, lotho e ’ngoe bakeng sa Jehova le lotho e ’ngoe bakeng sa Azazele. 9 Arone a hlahise pōli eo lotho e oetseng ho eona bakeng sa Jehova, ’me a e etse nyehelo ea sebe. 10 Empa pōli eo lotho e oetseng ho eona bakeng sa Azazele e lokela ho emisoa e phela ka pel’a Jehova ho koahela libe tsa eona, e le hore e romeloe lefeelleng bakeng sa Azazele. 11 “Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe, bakeng sa hae, ’me a koahele libe molemong oa hae le oa ntlo ea hae; ’me a hlabe poho ea nyehelo ea sebe, bakeng sa hae. 12 “A nke pane ea mollo e tletseng mashala a tukang a mollo a tsoang aletareng ka pel’a Jehova, ’me liatla tsa hae ka bobeli li tlale libano tse tšesaane tse nkhang hamonate, ’me a li tlise ka har’a lesira. 13 A boele a tšele libano holim’a mollo ka pel’a Jehova, ’me leru la libano le koahele sekoahelo sa Areka, se holim’a Bopaki, hore a se ke a shoa. 14 “A nke mali a mang a poho ’me a a fafatse ka monoana ka pel’a sekoahelo se lehlakoreng le ka bochabela, ’me o tla fafatsa mali a mang ka monoana ka makhetlo a supileng ka pel’a sekoahelo. 15 “A hlabe pōli ea nyehelo ea sebe, bakeng sa sechaba, ’me a tlise mali a eona ka har’a lesira ’me a etse ka mali a eona ka tsela e tšoanang le kamoo a entseng kateng ka mali a poho; a a fafatse nģ’a sekoahelo le ka pel’a sekoahelo. 16 “A koahele libe tsa sebaka se halalelang malebana le ho se hloeke ha bara ba Iseraele le malebana le bofetoheli ba bona libeng tsohle tsa bona; ke tsela eo a tla etsa ka eona bakeng sa tente ea pokano, e lutseng le bona ka har’a ho se hloeke ha bona. 17 “Ha ho motho e mong ea lokelang ho ba ka har’a tente ea pokano ha a kena ho ea koahela libe sebakeng se halalelang ho fihlela a tsoa; ’me a koahele libe molemong oa hae le molemong oa ntlo ea hae le molemong oa phutheho eohle ea Iseraele.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela