LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lmd thuto 3
  • Eba Mosa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Eba Mosa
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?
  • O ka Etsisa Jesu Jwang?
  • Eba Motho wa Batho
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Susumetswa ke “Molao wa Mosa”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Mosa, Tholwana eo re ka e Bontshang ka Diketso le Dipolelo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Eba le Kutlwelobohloko
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
Tse Ding
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 3

HA O QALA MOQOQO

Jesu o tshwara monna ya foufetseng mme o a mo fodisa.

Joh. 9:​1-7

THUTO YA 3

Eba Mosa

Keletso ya Bibele: “Motho ya lerato o . . . mosa.”​—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsang?

Jesu o tshwara monna ya foufetseng mme o a mo fodisa.

VIDEO: Jesu o Fodisa Monna ya sa Boneng

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 9:​1-7 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. Na ha Jesu a qala ho bua le monna eo o ile a bua le yena ka ditaba tse hlahang ka Mangolong kapa o ile a qala pele ka ho mo fodisa?​—Sheba Johanne 9:​35-38.

  2. O nahana hore ke hobaneng ha monna eo a ile a thabela ho mamela Jesu?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Motho o tla thabela ho re mamela haeba a bona hore re a mo tsotella.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Ipehe boemong ba motho eo o buang le yena. Leka ho utlwisisa hore na o ikutlwa jwang.

  1. Ipotse: ‘Motho eo o tshwenyehile ka eng? A ka thabela ha nka mo thusa ka eng? O thabela ho qoqa ka eng?’ Ho ipotsa dipotso tsena ho tla re thusa hore re bontshe motho enwa mosa e le hore a ka hlokomela hore re a mo tsotella.

  2. Bontsha hore o amehile ka dintho tseo motho eo o buang le yena a tshwenyehileng ka tsona ka hore o mo mamele. Haeba a bua le wena ka bothata boo a nang le bona, o se ke wa bua ka ntho e nngwe.

4. Bua ka bonolo le ka tlhompho. Haeba o utlwela motho eo o buang le yena bohloko o bile o batla ho mo thusa, o tla utlwa ka tsela eo o buang ka yona hore o tshwenyehile ka yena. Nahana pele o bua mme o bue ka tsela e bontshang hore o a mo hlompha. O se ke wa bua dintho tse ka mo kgopisang.

5. Thusa batho. Thusa motho eo o qoqang le yena haeba o kgona. Ho mo thusa ho ka nna ha etsa hore a thabele ho qoqa le wena.

O KA BOELA WA SHEBA

Bar. 12:​15, 16; Bagal. 6:​10; Baheb. 13:16

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share