Mebuso
Bakreste ba nnete ba mamela le ho tshepahalla puso ya mang?
Sheba le Dan 7:13, 14
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ps 89:18-29—Jehova o kgethile Mesia hore e be morena hodima lefatshe lohle
Tshe 12:7-12—Qalong ya matsatsi a ho qetela ha Mesia eba Morena mme a qala ho busa, Satane o ile a lahlelwa lefatsheng
Bakreste ba tlotsitsweng ba ntseng ba le lefatsheng, ba emela Mmuso wa Modimo jwang?
Bakreste ba hlompha babusi ba dinaheng tseo ba dulang ho tsona
Ke hobaneng ha re patala lekgetho le ho mamela melao ya dinaha tsa habo rona?
Bar 13:1-7; Tit 3:1; 1Pe 2:13, 14
Sheba le Dik 25:8
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Mat 22:15-22—Ha Jesu a ne a botswa hore na balatedi ba hae ba lokela ho patala lekgetho, o ile a araba potso eo ka bohlale
Ke hobaneng ha re sa iphetetse ha re hloriswa?
Sheba le “Mahloriso”
Bakreste ha ba kenelle dipolotiking
Le hoja re hlompha babusi, ha ba re laela hore re etse dintho tse kgahlanong le thato ya Modimo ha re ba mamele. Ke hobaneng ha re etsa jwalo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dan 3:1, 4-18—Batjha ba bararo ba Baheberu ba ile ba hana ho mamela molao wa Morena Nebukadnezare hobane o ne o le kgahlanong le melao ya Modimo
Dan 6:6-10—Ha mmuso o ne o thibela batho ho rapela medimo e meng ntle ho morena, Daniele ha a ka a mamela molao oo
Jesu o re behetse mohlala wa ho se nke lehlakore dipolotiking
Molao wa Modimo o kgahlanong le ho rapela ditshwantsho, o ka thusa Mokreste jwang hore a se kenelle dipolotiking?
Ha Mokreste a laelwa hore a ye ntweng, ke ditemana dife tsa Bibele tse ka mo thusang hore a tsebe hore na o lokela ho etsang?
Sheba le Ps 11:5
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mat 26:50-52—Jesu o ile a bontsha hore balatedi ba hae ba ke ke ba kenella dintweng
Joh 13:34, 35—Na ha Mokreste a ya ntweng mme a bolaya Bakrestemmoho le yena o tla be a bontsha hore o mamela taelo ee?
Ke hobaneng ha Bakreste ba sa kenelle ditoitoing tse kgahlanong le babusi ba lefatshe?
Ke hobaneng ha re sa lokela ho makala ha babusi ba re etseletsa ka hore re dikgathatso ebile re marabele?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Dik 16:19-23—Moapostola Pauluse le Silase ba ile ba hloriswa ka lebaka la mosebetsi wa bona wa ho bolela