LILLO TSA JEREMIA
א [Aleph]*
1 Jerusalema ea neng a e-na le baahi ba bangata,+ o se a le bolutu hakaakang!
O ne a le moholo har’a lichaba+ empa o se a tšoana le mohlolohali,
E ne e le khosatsana har’a liprofinse* empa e se e le lekhoba.+
ב [Beth]
2 O lla haholo bosiu kaofela+ ’me meokho ea hae e keleketla marameng.
Ha ho le ea mong oa batho ba ratanang le eena ea mo tšelisang.+
Metsoalle ea hae kaofela e mo tsoile tlase.+ E se e le lira tsa hae.
ג [Gimel]
3 Juda o hapuoe,+ o entsoe lekhoba ebile oa hlorisoa.+
O lokela ho lula har’a lichaba.+ Ha a phomole.
Bohle ba mo hlorisang ba mo fumane nakong eo a leng mahlomoleng.
ד [Daleth]
4 Litseleng tse eang Sione ho thotse hobane ha ho ba tlang moketeng.+
Likeiti tsohle tsa hae li senyehile.+ Baprista ba hae baa feheloa.
Baroetsana ba hae ba utloile bohloko ’me o saretsoe haholo.
ה [He]
5 Bahanyetsi ba hae e se e le beng ba hae. Lira tsa hae li iketlile.+
Jehova o mo baketse mesarelo hobane liphoso tsa hae li ngata.+
Bana ba hae ba hapuoe ke lira.+
ו [Waw]
6 Morali oa Sione ha a sa na seriti.+
Likhosana tsa hae li tšoana le litšephe tse tona tse sa fumanang lekhulo,
Li tsamaea li khathetse ka pel’a ea li hlorisang.*
ז [Zayin]
7 Nakong eo Jerusalema a neng a le mahlomoleng a bile a se na lehae, o hopotse
Lintho tsohle tsa bohlokoa tseo a neng a e-na le tsona mehleng ea khale.+
Ha sechaba sa hae se oela matsohong a sera ebile se se na mothusi,+
Bahanyetsi ba hae ba ile ba mo bona ha a oa eaba baa mo tšeha.*+
ח [Heth]
8 Jerusalema o entse sebe se seholo.+
Ke kahoo a fetohileng ntho e nyatsehang.
Bohle ba neng ba mo hlompha ba mo tšoara joaloka ntho e nyonyehang kaha ba mo bonetse.+
Oa feheloa+ ’me o khutla a soabile.
ט [Teth]
9 Liaparo tsa hae li litšila.
Ha aa ka a nahana ka bokamoso ba hae.+
O oele habohloko feela ha ho motho ea mo tšelisang.
Ka kopo Jehova, bona mesarelo ea ka hobane sera se ikhohomositse.+
י [Yod]
10 Mohanyetsi oa hae o otlolotse matsoho, a nka matlotlo ’ohle a hae.+
Etsoe o bone ha lichaba li kena ka sehalalelong sa hae,+
Tseo u laetseng hore li se ke tsa kopana le batho ba hao.
כ [Kaph]
11 Batho bohle ba Jerusalema baa feheloa. Ba batla lijo.+
Ba fane ka lintho tsa bona tsa bohlokoa bakeng sa se eang ka maleng hore feela ba lule ba phela.
Ka kopo Jehova, bona hore ke se ke tšoana le mosali* ea se nang thuso.
ל [Lamed]
12 Na ha le na taba lona bohle ba fetang ka tsela?
Shebang ’me le bone,
Na ho na le matšoenyeho a tšoanang le ao ke otliloeng ka ’ona,
Ao Jehova a mpaketseng ’ona letsatsing la bohale ba hae bo tukang?+
מ [Mem]
13 O rometse mollo masapong a ka+ a le leholimong ’me o a chesitse kaofela.
O nchehetse leraba kahoo o nqobeletse hore ke khutlele morao.
O entse hore ke be joaloka mosali ea lahliloeng.
Kea kula letsatsi lohle.
נ [Nun]
14 Liphoso tsa ka li faselelitsoe molaleng oa ka joaloka joko. O li lohelletse ’moho ka letsoho la hae.
Li tlanngoe molaleng oa ka, joale ke feletsoe ke matla.
Jehova o nehelane ka ’na ho batho bao ke sa khoneng ho ba loantša.+
ס [Samekh]
15 Jehova o qheletse ka thoko banna bohle ba ka ba matla.+
O bokeletse lebotho e le hore a bolaee bahlankana ba ka.+
Jehova o hataketse moroetsana oa Juda ka sehatelong sa veine.+
ע [Ayin]
16 Ke llisoa ke lintho tsena.+ Mahlo a ka a rotha likeleli.
Motho e mong le e mong ea ka ntšelisang o hole le ’na.
Bara ba ka ba utloile bohloko hobane sera se re hlotse.
פ [Pe]
17 Sione o otlolotse matsoho,+ ha ho motho ea mo tšelisang.
Jehova o laetse hore batho bohle ba pota-potileng Jakobo e be lira tsa hae.+
Jerusalema o fetohile ntho e nyonyehang ho bona.+
צ [Tsade]
18 Jehova o nkhalemetse ka nepo+ hobane ha kea mamela melao ea hae.+
Mamelang, lona lichaba tsohle ’me le bone kamoo ke utloileng bohloko kateng.
Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba hapuoe.+
ק [Qoph]
19 Ke kopile thuso ho ba ratanang le ’na empa ba ntsoile tlase.+
Baprista ba ka le banna-baholo ba ka ba shoetse motseng,
Ha ba ntse ba ipatlela lijo e le hore ba lule ba phela.+
ר [Resh]
20 Jehova, bona kamoo ke leng mahlomoleng kateng.
Ke tsielehile.
Pelo ea ka e utloile bohloko haholo kaha ke bile lerabele.+
Ka ntle sabole e ntse e bolaea bana ba ka.+ Ka tlung le teng batho ba ntse ba shoa.
ש [Shin]
21 Batho ba utloile ha ke ntse ke feheloa. Ha ho ea ntšelisang.
Lira tsohle tsa ka li utloile ka tsietsi ea ka.
Li thabisitsoe ke ntho eo u e entseng.+
Empa letsatsi leo u le phatlalalitseng le tla fihla+ ’me li tla tšoana le ’na.+
ת [Taw]
22 E se eka u ka bona bobe bohle ba lira tseo ’me oa li fa kotlo+
Feela joalokaha u mphile kotlo ka lebaka la liphoso tsohle tsa ka.
Etsoe ke feheloa haholo ’me pelo ea ka e bohloko.
א [Aleph]
2 Jehova o khurumetsa Jerusalema* ka bohale ba hae joalokaha eka ke leru le letšo.
Botle ba Iseraele o bo lahletse fatše bo tsoa holimo.+
Letsatsing la bohale ba hae, ha aa ka a hopola setuloana sa maoto a hae.+
ב [Beth]
2 Jehova o ripitlile libaka tsa Jakobo a se na le mohau.
Ka bohale o qhaqhile libaka tsa Jerusalema* tse sirelelitsoeng.+
O theoletse ’muso+ le likhosana+ tsa Juda tlase, a mo tlotlolla.
ג [Gimel]
3 Ka bohale o qetile matla ’ohle* a Iseraele.
Ha aa ka a thusetsa Iseraele ha sera se e hlasela,+
Bohale ba hae ba ’na ba tukela Jakobo joaloka mollo o chesang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e haufi le oona.+
ד [Daleth]
4 O kobile* seqha sa hae joaloka sera. Letsoho la hae le letona le itokiselitse ho hlasela joaloka sera,+
O ’nile a bolaea bohle bao Baiseraele ba ba ratang.+
O theoletse khalefo ea hae ka tenteng ea Jerusalema*+ joaloka mollo.+
ה [He]
O ripitlile Iseraele.
O helelitse litora tsohle tsa hae,
O sentse libaka tsa hae tse sirelelitsoeng.
O etsa hore ho sareloa le seboko li ate Jerusalema.*
ו [Waw]
6 O qhaqhile tempele ea hae ka mabifi+ joaloka lephephe la masimong.
O qhalile mokete oa hae.+
Jehova o lebalitse batho ba Sione mokete le sabatha,
O nyefotse morena le moprista ka bohale.+
ז [Zayin]
7 Jehova o lahlile aletare ea hae.
O furaletse sehalalelo sa hae.+
O nehelane ka mehaho ea Sione e melelele e sireletsehileng.+
Ba entse lerata ka tlung ea Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete.
ח [Heth]
8 Jehova o entse qeto ea ho senya lerako la Jerusalema.*+
O methile marako a hae ka khoele ea ho metha.+
Ha aa thibela letsoho la hae hore le timetse.
O heletsa marako a sireletsang motse.
Kaofela ha ’ona a oele.
ט [Teth]
9 Likeiti tsa Jerusalema li tetebetse fatše.+
O sentse mekoallo a ba a e roba.
Morena oa hae le likhosana tsa hae li har’a lichaba.+
Ha ho ea mamelang molao.* Le baprofeta ba hae ha ba fumane pono e tsoang ho Jehova.+
י [Yod]
10 Banna ba baholo ba motse oa Jerusalema* ba lula fatše ba khutsitse.+
Ba itšela ka mobu lihloohong ’me ba itlama ka masela a hoashang.*+
Baroetsana ba Jerusalema ba inamiselitse lihlooho fatše.
כ [Kaph]
11 Mahlo a ka a felile ke ho lla.+
Ke tsielehile.*
Pelo ea ka e utloile bohloko haholo* ka lebaka la ho oa ha morali oa sechaba sa heso*+
Le ho tepella ha bana le masea literateng tsa motse.+
ל [Lamed]
12 Ba ntse ba re ho bo-’mè ba bona: “ ’Mè ke lapile ebile ke nyoriloe.”*+
Ba tepella joaloka motho ea tsoileng leqeba literateng tsa motse,
Bophelo ba bona bo fela ba le ka liatleng tsa bo-’mè ba bona.
מ [Mem]
Ke tla u tšoantša le eng hore ke u tšelise, uena Jerusalema?*
Leqeba la hao le leholo joaloka leoatle.+ Ke mang ea ka u folisang?+
נ [Nun]
14 Lipono tsa baprofeta ba hao ke leshano ebile ha li na thuso,+
Ha baa u bolella phoso ea hao e le hore u se ke oa hapuoa.+
Ho e-na le hoo, ba ’nile ba e-ba le lipono tse u khelosang, tsa leshano.+
ס [Samekh]
15 Bohle ba fetang ka tsela ba u opela liatla ba soentse.+
Ba letsetsa morali oa Jerusalema mololi ka ho makala+ ’me ba sisinya lihlooho ba re:
“Na motse oo ke oo ba neng ba re ka oona: ‘O motle hakaakang. Lefatše lohle le ikotla sefuba ka oona’?”+
פ [Pe]
16 Lira tsohle tsa hao lia u soma.
Li letsa mololi li bile li lomahantse meno li re: “Re mo qetile.+
Lena ke letsatsi leo re neng re le lebeletse.+ Le fihlile, re le bone.”+
ע [Ayin]
17 Jehova o entse thato ea hae,+ o phethahalitse polelo ea hae,+
Ntho eo a e laetseng ho tloha khale.+
Uena Jerusalema, o u felisitse a se na mohau.+
O thabisitse sera ka uena. O file lira tsa hao matla.*
צ [Tsade]
18 Uena Jerusalema,* ba kopile thuso ho Jehova ba saretsoe.
Tlohela meokho e tšolohe bosiu le motšehare joaloka noka.
U se ke oa phomola, mahlo a hao a se ke a khaotsa ho lla.
ק [Qoph]
19 Tsoha! U bokolle esale ka matjeke.*
U lle haholo ha u bolella Jehova lintho tsohle tse ka pelong ea hao.
Phahamisa matsoho u rapelle bophelo ba bana ba hao,
Ba ntseng ba akhehisoa ke tlala k’honeng ea seterata se seng le se seng.+
ר [Resh]
20 Ka kopo Jehova, bona batho ba hao bao u ba fileng kotlo.
Na bo-’mè ba lokela ho tsoela pele ba ja bana ba bona bao ba ba tsoetseng?+
Na baprista le baprofeta ba lokela ho bolaeloa ka tempeleng ea Jehova?+
ש [Shin]
21 Moshanyana le ntate-moholo ba rapaletse seterateng ba shoele.+
Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba bolailoe ka sabole.+
U ba bolaile ka letsatsi la bohale ba hao. U ba rintse u se na le mohau.+
ת [Taw]
22 U bitsa lira tsa ka ka nģa tsohle joalokaha eka u li etselitse mokete.+
Letsatsing la khalefo ea Jehova ha hoa ka ha e-ba le ea balehang kapa ea phonyohang.+
Sera sa ka se timelitse bana bao ke ba tsoetseng le ho ba holisa.+
א [Aleph]
3 Ke ’na ea boneng ha batho ba sotleha hobane Molimo a re halefetse eaba o re fa kotlo.
2 O nteleketse ka ntle ’me o ntsamaisa lefifing eseng khanyeng.+
3 Kannete o khahlanong le ’na letsatsi lohle.+
ב [Beth]
4 O entse hore ’mele oa ka o felloe ke matla le letlalo la ka le senyehe.
O robile masapo a ka.
5 O nthibeletse ka mabota. O mpota-potile ka mathata le limela tse chefo.+
6 O nqobeletse ho lula libakeng tse lefifi joaloka batho bao e leng khale ba shoele.
ג [Gimel]
7 O nthibeletse ka lerako e le hore ke se ke ka baleha.
O ntlamme ka litlamo tse boima tsa koporo.+
8 Hape ha ke hoeletsa ke kopa thuso ho eena, ha a arabele* thapelo ea ka.+
9 O thibile litsela tsa ka ka majoe a betliloeng.
O entse hore ho be thata ho tsamaea litseleng tsa ka.+
ד [Daleth]
10 O laletse ho ntlhasela joaloka bere, joaloka tau e tsometsang.+
11 O nkhelositse tseleng ea ka a ba a nthoba likoto.*
O nkentse motoai-toai.+
12 O nkorotse ka seqha sa hae ’me o nkemisitse joaloka phofu.
ה [He]
13 O hlabile liphio tsa ka ka metsu e tsoang mokotleng* oa hae.
14 Batho ba bina ka ’na ebile baa ntšoma letsatsi lohle.
15 O ntjesitse lintho tse babang, a ’noesa lengana.+
ו [Waw]
16 O pshatla meno a ka ka lehlohlojane.
O mpitikisa moloreng.+
17 O ntlhokisa khotso. Ke lebetse hore na ho thaba ke’ng.
18 Eaba ke re: “Bokhabane ba ka bo felile ’me ha ke sa lebeletse letho ho Jehova.”
ז [Zayin]
19 Hopola mahlomola a ka le boemo ba ka ba ho hloka lehae.+ Hopola hore ke ja lengana le limela tse chefo.+
20 U tla nkhopola, u tle ho ’na u be u nthuse.+
21 Ke nahanne ka taba ena. Ke ka lebaka leo ke tlang ho u letela ka mamello.+
ח [Heth]
23 O re hauhela letsatsi le leng le le leng.+ Kamehla oa tšepahala.+
24 Ke itse: “Jehova ke lefa la ka,*+ ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.”+
ט [Teth]
25 Jehova o molemo ho ea mo tšepileng,+ ho motho ea batlang keletso ea hae.+
26 Ho molemo hore motho a lete ka mamello+ e le hore Jehova a mo pholose.+
27 Ho molemo hore motho a jare joko a sa le mocha.+
י [Yod]
28 A lule a le mong ’me a khutse kaha Molimo o lumeletse hore mojaro oo o be holim’a hae.+
29 A ikokobetse ’me a itihele mobung ka sefahleho.+ Mohlomong ho ka ba le tšepo.+
30 A ke a tlise lerama la hae ho ea mo otlang. A ke a soabe haholo.
כ [Kaph]
31 Etsoe Jehova a ke ke a re lahla ho ea ho ile.+
32 Le hoja a bakile mesarelo, o tla re hauhela hobane o lerato haholo.+
33 Etsoe ho hlorisa batho kapa ho ba utloisa bohloko ha se ntho e pelong ea hae.+
ל [Lamed]
34 Ho silakanya batšoaruoa bohle ba lefatše ka tlas’a maoto a motho,+
35 Ho hlokela motho toka ka pel’a Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+
36 Ho qhekella motho nyeoeng.
Jehova ha a batle lintho tse joalo.
מ [Mem]
37 Joale ke mang ea ka buang taba ’me a etsa hore e phethahale ntle leha Jehova a laela?
38 Molomong oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa,
Ho ka se tsoe lintho tse mpe hammoho le tse ntle.
39 Ke hobane’ng ha motho a ka belaela ka lebaka la litla-morao tsa sebe sa hae?+
נ [Nun]
40 A re hlahlobisiseng litsela tsa rona,+ re li batlisise ’me re khutleleng ho Jehova.+
41 A re rapeleng Molimo ea maholimong ho tloha pelong, re phahamise matsoho re re:+
42 “Re u sitetsoe ’me ha rea u mamela.+ Ha oa re tšoarela.+
ס [Samekh]
44 U re thibetse ka leru hore re se ke ra u atamela hore thapelo ea rona e se ke ea feta.+
45 U re etsa toti, lithole har’a lichaba.”
פ [Pe]
46 Lira tsohle tsa rona lia re soma.+
47 Re lula re tšohile re bile re qabeletsoe.+ Re timetse ’me re lahlehile.+
48 Meokho e tšoloha mahlong a ka joaloka melapo ea metsi ka lebaka la ho ripitloa ha Jerusalema.*+
ע [Ayin]
51 Ke utloile bohloko ka lebaka la ho sotleha ha barali bohle ba motse oa heso.+
צ [Tsade]
52 Lira tsa ka li nchehile joaloka linonyana ntle ho lebaka.
53 Li lekile ho mpolaela ka sekoting, tsa ’na tsa mpetsa ka majoe.
54 Metsi a nkoahetse eaba ke re: “Ho felile ka ’na.”
ק [Qoph]
55 Ke hoelelitse lebitso la hao Jehova, ke le ka sekoting se tebileng.+
56 Utloa lentsoe la ka. U se ke oa ikoala litsebe ha ke hoeletsa ho u kopa thuso.
57 U ile oa atamela ha ke u bitsa. Oa re: “U se ke oa tšoha.”
ר [Resh]
58 Jehova, u ile oa mpuella ka khotla, oa nkinola mathateng.+
59 Jehova, u bone kamoo ke foselitsoeng kateng. Ke kopa u nkahlolele ka toka.+
60 U bone ha ba ntse ba ntohela mano, ba ntherela bora.
ש [Sin] kapa [Shin]
61 Jehova, u utloile ha ba ntse ba ntšoma, ba ntherela bokhopo,+
62 U utloile mantsoe ao lira tsa ka li ntlhasetseng ka ’ona le ha li rera bobe khahlanong le ’na.
63 Sheba liketso tsohle tsa lira tsa ka ebang lia lula kapa lia ema. Li ntšoma ka lipina tsa tsona.
ת [Taw]
64 Jehova, u tla li fa kotlo ho ea ka liketso tsa tsona.
65 U tla li otla ka bomalimabe ka ho etsa hore li be lipelo li thata.
66 Jehova, u tla li lelekisa ka bohale ’me u li felise ka tlas’a maholimo a hao.
א [Aleph]
4 Khauta e benyang e thothofetse hakaakang, khauta ea boleng bo botle.+
Majoe a halalelang+ a hasane hohle literateng.+
ב [Beth]
2 Ha e le bara ba hlomphehang ba Sione, ba neng ba le joaloka khauta e hloekisitsoeng,
Ba se ba nkoa ba tšoana le linkho tsa letsopa,
Mosebetsi oa matsoho a sebopi.
ג [Gimel]
3 Esita le liphokojoe li anyesitse malinyane a tsona.
Empa batho ba heso ba Sione ba sehloho+ joaloka limpshe tsa lefeelleng.+
ד [Daleth]
4 Leleme la lesea le anyang le khomaretse mahalapeng ka lebaka la lenyora.
Bana ba kopile lijo+ empa ha ho ea ba ngoathelang.+
ה [He]
5 Ba neng ba ja lintho tse monate ba se ba solla seterateng ke tlala.+
Ba holisitsoeng ba apara liaparo tse turu*+ ba se ba fata thotobolong.
ו [Waw]
6 Kotlo* ea morali oa batho ba heso e kholo ho feta kotlo ea Sodoma,+
E ileng ea lihuoa ka motsotsoana, ho se ea nanabetsang letsoho ho e thusa.+
ז [Zayin]
7 Banazari+ ba Sione ba ne ba hloekile ho feta lehloa, ba le basoeu ho feta lebese.
Ba ne ba le bafubelu ho feta likorale, ba tšoana le safire e bentšitsoeng.
ח [Heth]
8 Ba se ba le batšo ho feta mosili.
Ha ba sa tsejoa literateng.
Matlalo a bona a maname masapong a bona.+ Matlalo a bona a omeletse joaloka patsi e ommeng.
ט [Teth]
9 Ba bolailoeng ka sabole ba molemo ho feta ba bolailoeng ke tlala,+
Ba felloa ke matla ka lebaka la khaello ea lijo masimong joalokaha eka ba hlabiloe ka sabole.
י [Yod]
10 Basali ba nang le qenehelo ba phehile bana ba bona.+
E bile lijo tsa bona nakong eo morali oa batho ba heso a ripitloang.+
כ [Kaph]
O hotetsa Sione ka mollo o chesang metheo ea eona kaofela.+
ל [Lamed]
12 Marena le baahi bohle ba lefatše ba ne ba sa lumele
Hore mohanyetsi le sera ba tla kena likeiting tsa Jerusalema.+
מ [Mem]
13 E ne e le ka lebaka la libe tsa baprofeta ba eona, liphoso tsa baprista ba eona,+
Ba bolaeang batho ba lokileng ba ka hare ho eona.+
נ [Nun]
14 Baprofeta le baprista ba lelerile+ literateng.
Ba silafalitsoe ke mali,+
Hoo ho seng le ea mong ea khonang ho ama liaparo tsa bona.
ס [Samekh]
15 Ba ba hoelelitse ba re: “Suthang! Le litšila! Tlohang mona! Tlohang! Le se ke la re thetsa.”
Etsoe ha ho na moo ba lulang, ba lelera hohle.
Batho ba lichaba ba itse: “Ba ke ke ba lula le rona.*+
פ [Pe]
A ke ke a hlola a ba tsotella.
Batho ba ke ke ba hlompha baprista,+ ba ke ke ba hauhela esita le banna ba baholo.”+
ע [Ayin]
17 Le hona joale mahlo a rona a khathetse ke ho batlana le thuso moo e leng sieo.+
Re batlile thuso ho sechaba se ke keng sa re pholosa.+
צ [Tsade]
18 Ba re tsomme+ hoo re sa tsamaeeng limmarakeng.
Re haufi le ho shoa, matsatsi a rona a felile etsoe bofelo ba rona bo fihlile.
ק [Qoph]
19 Ba re lelekisang ba bile lebelo ho feta lintsu tsa maholimo.+
Ba re behile merebele holim’a lithaba, ba re tsomelitse lefeelleng.
ר [Resh]
20 Motlotsuoa oa Jehova+ eo e leng phefumoloho ea linko tsa rona o hapetsoe ka sekoting sa bona se seholo.+
Eena eo re itseng ka eena: “Re tla phela ka tšireletso* ea hae har’a lichaba.”
ש [Sin]
21 Thaba ’me u nyakalle, Uena morali oa Edomo,+ ea lulang naheng ea Utse.
Kopi e tla fetisoa le ho uena+ ’me u tla tahoa u hlahe u sa apara letho.+
ת [Taw]
22 Uena morali oa Sione, u phethile kotlo ea hao.
A ke ke a hlola a u hapa.+
Empa Uena morali oa Edomo, Molimo o tla hlokomela phoso ea hao.
O tla senola libe tsa hao.+
5 Jehova, hopola ntho e re hlahetseng.
Sheba ’me u bone kamoo re seng re se na seriti kateng.+
2 Lefa la rona le fuoe basele, matlo a rona a fuoe balichaba.+
3 Re se re le likhutsana.* Bo-’mè ba rona ba joaloka bahlolohali.+
4 Re lokela ho reka metsi ao re a noang.+ Le patsi ea rona rea e reka.
5 Lira tsa rona li re behile merebele.
Re khathetse empa ha re fuoe monyetla oa ho phomola.+
6 Re itšetlehile ka Egepeta+ le Asiria+ e le hore re fumane lijo tse lekaneng.
7 Baholo-holo ba rona ba entseng sebe ha ba sa le eo. Empa rona re tlameha ho jara liphoso tsa bona.
8 Re se re busoa ke bahlanka. Ha ho motho ea re pholosang matsohong a bona.
9 Re fumana lijo ka ho beha bophelo ba rona kotsing+ hobane ho na le batho ba hlometseng ka lisabole lefeelleng.
10 Matlalo a rona a chesa joaloka khanare ea mollo hobane re bolaoa ke tlala.+
11 Ba tlotlolotse* basali ba Sione le baroetsana ba metse ea Juda.+
12 Likhosana li fanyehiloe ka matsoho a tsona.+ Le banna-baholo ha baa hlomphuoa.+
13 Bahlankana ba jere maloala ’me bashanyana ba thekesela ba nkile patsi e boima.
14 Banna ba baholo ba tlohile keiting ea motse.+ Bahlankana ha ba sa bapala ’mino oa bona.+
15 Lipelo tsa rona li bohloko. Tantši ea rona e fetohile masoabi.+
16 Likorone li oele lihloohong tsa rona. Ho malimabe rona hobane re entse sebe.
17 Kahoo, lipelo tsa rona li bohloko.+
Hape ka lebaka la lintho tsena, mahlo a rona a lerootho.+
18 Kaha Thaba ea Sione e senyehile,+ liphokojoe li se li lalasa ho eona.
19 Ha e le uena, Jehova, u tla lula u le teng kamehla le mehla.
U busa ka ho sa feleng.+
20 Ke hobane’ng ha ho se mohla u re hopolang? Hape ke hobane’ng ha u re lahlile nako e telele hakaale?+
21 Re boelanye le uena Jehova ’me re tla khutla hang-hang.+
Etsa hore lintho tsohle li tšoane le mehleng ea pele.+
22 Empa u re lahlile.
U lula u re halefetse.+
Khaolo ea 1-4 ke koli-ea-malla e ngotsoeng ka tatellano ea litlhaku tsa Seheberu.
Kapa: “litereke.”
Kapa: “lelekisang.”
Kapa: “soma.”
Mona Jerusalema e mothofalitsoe.
Ka Seheberu: “morali oa Sione.”
Ka Seheberu: “morali oa Juda.”
Ka Seheberu: “robile lenaka le leng le le leng.”
Ka Seheberu: “hataketse.”
Ka Seheberu: “morali oa Sione.”
Ka Seheberu: “morali oa Juda.”
Ka Seheberu: “morali oa Sione.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “morali oa Sione.”
Ka Seheberu: “Mala a ka a lubehile.”
Ka Seheberu: “Sebete sa ka se tšolletsoe fatše.”
Mokhabo-puo oa mothofatso, mohlomong o bontšang kutloelo-bohloko.
Ka Seheberu: “Lijo-thollo le veine li kae?”
Ka Seheberu: “morali oa Jerusalema.”
Ka Seheberu: “moroetsana oa Sione.”
Ka Seheberu: “O phahamisitse lenaka la lira tsa hao.”
Ka Seheberu: “morali oa Sione.”
Ke ho tloha hoo e ka bang ka hora ea bobeli ho ea ho ea botšelela hoseng.
Kapa: “mamele.”
Kapa mohlomong: “etsa hore ke be ntho e se nang thuso.”
Kapa: “khohlopong.”
Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “kabelo ea ka.”
Ka Seheberu: “morali oa batho ba heso.”
Ka Seheberu: “sekareleta.”
Ka Seheberu: “Phoso; sebe.”
Kapa: “Ba ke ke ba lula mona e le balichaba.”
Ka Seheberu: “Sefahleho sa Jehova.”
Ka Seheberu: “tlas’a moriti oa hae.”
Kapa: “bana ba se nang ntate.”
Kapa: “betile.”