Ke ne ke Batla ho Iponela ka Mahlo
‘Li kae libukana tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tseo Bibele ea ka e fetoletsoeng ho tsoa ho tsona?’ Ke ’nile ka ipotsa hangata. Ho ka tsejoa joang hore li na le nako e kae? Li bolokiloe joang ka lilemo-lemo? ’Me kamor’a makholo a mangata a lilemo, na re ka kholiseha hore ka ho nepahetseng li na le mangolo a mathomo a Bibele? Joale tumelo ea ka Bibeleng e tsitsitse, empa ha e le mona ke kholisitsoe ka tumelo ea hore Bibele ke bohlale bo mano ba ho qhekella, lipotso tse kang tsena kamehla li ile tsa ntšoenya. Thahasello ea ka ea ho tseba lintho e ile ea etsa hore ke etele lilaebrari tse ling tse tsebahalang Europa. Leeto la ka la pele ebile Roma, Itali, moo ho fumanoang libuka tse makholo-kholo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele.
MEAHONG e melelele e sirelelitsoeng joaloka qhobosheane Motseng oa Vatican, motho o fumana boikutlo ba hore o kena tlung ea letlotlo la sebele. Laebrari ea Vatican e mabaleng a ntlo ea borena ea mopapa, ’me kahoo baeti ba lokela ho fumana lengolo le khethehileng la tumello.
Mona ho bolokiloe Mangolo a tsebisahalang a ngotsoeng ka letsoho a Vatican No. 1209, kapa Codex Vaticanus, ao hangata a emeloang ke letšoao la “B.” A na le Mangolo a Seheberu le a mangata a Bakreste a Segerike a ngotsoeng hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo C.E., lilemong tse ka tlase ho 300 kamor’a mehla ea baapostola. Ebile letlotlo la Laebrari ea Vatican bonyane ho tloha ka 1481, empa ha ea ka ea fuoa likolo tse phahameng ho fihlela ka 1889-90.
Ntho ea pele e ileng ea nthahasellisa ebile hore mongolo o ne o hlakile ka ho makatsang ’me o sa hlakoha. Kamoo ho bonahalang kateng, enke e ile ea hlakoha, ’me hamorao ho ile ha lekoa ho ngoloa holim’a tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe, ka ho etsa joalo sena sa tlosa botle bo bongata ba mathomo ba codex ena. Vaticanus, joaloka libuka tse ling kaofela tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Halalelang ke a Segerike, ke codex, buka e nang le maqephe, e seng moqolo. E ngolletsoe holim’a vellum (letlalo le lesesane), ntho ea ho ngolla e entsoeng ka matlalo a liphoofolo tse nyenyane.
Ke ne ke batla ho tseba hore ‘Lilemo tsa litokomane tsee li ka tsejoa joang?’ Ke ile ka ithuta hore, mofuta oa mongolo oa letsoho ke lebaka la bohlokoa. Mongoli oa laebrari ka mosa o ile a mpontša mefuta e ’meli e khethehileng ea buka e ngotsoeng ka letsoho. Genese ho ea ho Ba-Heberu li ngotsoe ka mongolo o bitsoang uncial. Ona ke mokhoa oa ho ngola ka litlhaku tse khōlō o neng o sebelisoa ho ngola libuka ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho fihlela lekholong la borobeli kapa la borobong la lilemo C.E. Ha ho libaka pakeng tsa mantsoe, ’me ha ho na matšoao a ho bala. Ka lehlakoreng le leng, Tšenolo (eo e seng karolo ea mongolo oa mathomo) e ngotsoe ka mongolo oa minuscule, e leng mongolo o tšekaletseng o kopanyang litlhaku. Mokhoa ona oa litlhaku tse nyenyane ebile o tloaelehileng qalehong ea lekholo la borobong la lilemo C.E.
Thuto ea mahlale e ithutang ka mongolo oa boholo-holo e bitsoa paleography. Leha ho le joalo, kaha mokhoa oa motho oa ho ngola hangata ha o fetohe haholo nakong ea bophelo ba hae, buka e ngotsoeng ka letsoho ho ke ke ha tsejoa ka ho nepahetseng hore e ngotsoe neng ha e se hoo e ka bang lilemo tse 50 le teng ho itšetlehiloe bopaking ba mokhoa oa ho ngola.
“Lithōle” Tlung ea Baitlami
Leeto la ka le hlahlamang ebile Engelane. Mona ho fumanoa lipokello tse khōlōhali tsa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Ho nyolosa methati ka pele ho monyako o moholo oa ntlo ea polokelo ea lintho tsa khale ea Brithani, London, ho ile ha eketsa thahasello ea ka. Lena ke lehae la Codex Sinaiticus le tumileng. (Pale e babatsehang ea kamoo buka e ngotsoeng ka letsoho e fumanoeng kateng ’manking oa lithōle tlung ea baitlami Sinai ka 1844 e boletsoe tokollong ea Tsoha! ea April 8, 1980”) Hammoho le Vaticanus, buka ena e ngotsoeng ka letsoho ke motheo oa mangolo a Segerike moo New World Translation of the Holy Scriptures e fetoletsoeng ho tsoa teng. Ke ile ka e fumana e behiloe haufi le Codex Alexandrinus.
Sinaiticus e na le sebaka se boholo bo fetang ba leqephe la makasine ona habeli. E na le likhutloana tse ’ne leqepheng, letlalong le letle. Letšoao la machaba la Sinaiticus ke tlhaku ea pele ea alfabete ea Seheberu, ‘a’leph, “א.” E ngotsoe hape lekholong la bone la lilemo C.E., empa hape ho nahanoa hore e ngotsoe hamorao ho Vaticanus.
Ho fumanoa ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho joaloka Sinaiticus ke habohlokoa hobane pele li fumanoa, liphetolelo li ne li lokela ho kopitsoa liphetolelong tsa moraorao tse neng li na le liphoso tse ngata ha li ntse li kopitsoa esita le litemana tsa bohata. Ka mohlala, ebile Sinaiticus le Vaticanus tse bontšitseng hore tlaleho ea Johanne 7:53-8:11 e bolelang ka mosali oa mofebi ebile keketso ea morao, kaha libuka tse ngotsoeng ka letsoho ha li na eona.
E Phonyohile Mollong
Sinaiticus e beiloe rakeng e le ’ngoe le Codex Alexandrinus (A), tse ngotseng hoo e ka bang ka 400-450 C.E. Ke ne ke bona eka e ngotsoe hantle ho feta libuka tsohle tse ngotsoeng ka letsoho tseo nkileng ka li bona. E rehelletsoe ka Laebrari ea Patriarchal Alexandria, Egepeta, moo e ileng ea bolokoa teng pele e neoa James I oa Engelane, ea lumelletseng ka molao khatiso e tsebahalang ea Bibele ea Senyesemane ea 1611. Leha ho le joalo, Codex Alexandrinus e ile ea fihla ka 1627, lilemo tse ngata kamor’a hore buka eo e phethoe.
Kamehla e ne e sa hlokomeloa hantle Laebraring ea ’Muso. Ka 1731 e ile ea phonyoha mollo ka lesobana la nale. Mollo o ile oa qhoma kamoreng e ka tlase moo codex e neng e bolokiloe teng. Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang kateng ba bang ba ne ba tseba bohlokoa ba libuka tse ngotsoeng ka letsoho, hobane “paki e boneng ka mahlo e bolela kamoo Ngaka Bentley ea neng a apere seaparo sa bosiu le wiki e khōlō a neng a tsoa a khukhuna ka moahong a khoaetse Codex Alexandrinus ka lehafing.”
Ebile karolong ea bobeli ea lekholong la lilemo la bo19 moo meqolo e meraro ea boholo-holo, Vaticanus, Sinaiticus, Alexandrinus, e ileng ea hatisoa ka ho fapaneng ka mokhoa oa ho fota likopi tse tšoanang tsa meqolo eo. Tsa pele tse peli li ngotsoe nakong eo letlalo le neng le qala ho sebelisoa e le ntho e khōlō tlhahisong ea libuka. Ho ne ho bonahala ho se letho la khale le ka fumanoang ka lebaka la ponahalo e senyehang ea papyrus—ntho eo ho neng ho ngolloa ho eona lekholong la pele la lilemo. Empa ka 1931, ho ile ha bonoa libuka tse 11 tsa boholo-holo li ngotsoe pampiring e entsoeng ka lehlaka.
Matlotlo Ireland
Hona sebakeng sa bolulo Dublin, har’a lirapa tse ntle tse tala ka baka la boemo ba leholimo bo pholileng le bo mongobo ba Ireland, ho na le sebaka sa polokelo ea lintho tsa khale le laebrari ea ’mokelli oa Moamerika Chester Beatty. Ka lebaka la ho thahasella libuka tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho tsa histori, o ile a fumana se neng se bitsoa tšibollo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Bibele ha e sale ho fumanoa Sinaiticus. Ho bonahala e ne e le pokello ea libuka tsa lekholong la bone tsa sechaba sa Bokreste Egepeta. Li ile tsa fumanoa “pel’a kereke ea boholo-holo haufi le Nile.”
Papyrus e fapane le vellum. E entsoe ka semela sa papyrus, le neng le mela metsing a Nile molomong oa nōka moo ho nang le mobu o nonneng. Ho fihlela lekholong la bone la lilemo C.E., e ne e sebelisoa haholo ho feta vellum.
Haeba u etela Dublin, u tla bona khetho e khōlō ea pokello ea libuka tse entsoeng ka papyrus. E ’ngoe ea tsona, e bitsoang P45, le hoja e senyehile hampe, e na le likarolo tse ’ne tsa Melaetsa ea Liketso. Ho boleloa hore e ngotsoe lekholong la boraro la lilemo C.E.
Hape ho tsoa lekholong la boraro la lilemo ke P47, e nang le maqephe a leshome a codex ea Tšenolo, kapa Apocalypse. Ho thahasellisang ho feta ke P46, e ngotsoeng hoo e ka bang 200 C.E. Ena ke codex e nang le mangolo a robong a Pauluse. Ke ile ka hlokomela hore Seheberu sea kopanyelletsoa har’a mangolo a Pauluse, a bileng teng kamor’a Baroma. ’Nete ena e bontša hore Seheberu, se se nang lebitso la Pauluse, se ile sa amoheloa e le bongoli ba hae, e leng ntlha e nyatsoang ke batho ba mehleng ea rōna.
Tšobotsi e hlokomelehang haholo ea mangolo a Segerike eo ke e boneng ho fihlela joale ke hore ha ho le e le ’ngoe ho tsona e nang le lebitso la Molimo, Jehova. Ka lebaka leo ke hobane’ng ha New World Translation e na le lona haeba mangolo ana e le a khale haholo ebile e le a tšepahalang? Likotoana tsa mangolo tse ileng tsa hlahlojoa ka lekhetlo la pele Cambridge, Engelane, li fana ka karolo ea karabo.
Ho Sibolloa ha Lebitso la Molimo
Ke ile ka thabela leeto la ka hakaakang Cambridge, moo meaho ea boholo-holo ea lik’holeche e ka boroa e likalikelitsoeng ke lifate tsa meluoane! Ke setsing sena sa thuto moo boholo ba likahare tsa Cairo Genizah li ileng tsa tlisoa teng. Genizah e ne e le kamore synagogeng, moo Bajode ba neng ba boloka litokomane tsa khale.
Ka lebaka la tumela-khoela ea boholo-holo ea Cairo ea hore noha e chefu e ne e sirelitse monyako oa genizah, e neng e itokiselitse ho hlasela ba neng ba tlil’o utsoa, e thusitse ho boloka likahare ho fihlela Ngaka Solomon Schechter a fumana tumello ea ho li tlisa Cambridge ka 1898. Ho ile ha fumanoa litokomane tse ileng tsa bokelloa nakong e fetang lilemo tse sekete. Mosebeletsi oa laebrari o ile a mpontša setšoantšo sa libuka ha li ne li fihla, li ne li kentsoe kahar’a mekotlana ea tee joaloka lithōle tse ngata.
Har’a tsena tsohle ho ile ha thahasellisa ho fumana palimpsest, kapa moqolo o ileng oa sebelisoa. “Palimpsest” e bolela “e tlositsoeng” ’me e bolela tokomane e neng e ena le mongolo oa mathomo o tlositsoeng ka ho hlatsuoa kapa ho faloa e le hore ho ka sebelisoa hape thepa eo ho ngotsoeng ka eona e neng e bitsa chelete e ngata. Hangata mongolo oa mathomo oa bonahala tokomaneng eo.
Tlas’a mongolo oa morao-rao ho ile ha fumanoa kopi ea karolo ea mangolo a Seheberu a fetoletsoeng Segerikeng ke Aquila, mosokolohi oa moruti oa Mojode ea neng a phela lekholong la bobeli la lilemo C.E. Ke ile ka hlolloa ho hlokomela libakeng tse ngata tsa mangolo a Segerike hore lebitso la Jehova le ne le ngotsoe ka litlhaku tsa boholo-holo tsa Seheberu. Sena se bontša hore esita le lekholong la bobeli la lilemo C.E., lebitso la Jehova ka Seheberu le ne le ntse le ngoloa mangolong a Segerike. Ka lebaka leo ha ho pelaelo hore barutuoa ba Jesu ba boetse ba le sebelisitse ha ba ne ba ngola mangolo a mathomo a Bakreste a Segerike tlas’a tšusumetso ea Molimo.
Seithuti sa morao sa Bibele F. G. Kenyon se ngotse hore “tabeng ea libuka tsa Bibele, joaloka libuka tse ling tsa bangoli, mangolo a boholo-holo le likopi tsa pele li nyametse.” Leha ho le joalo, ke mangolo afe a boholo-holo a tsebjoang a Bakreste a Segerike?
Letlotlo le Lenyenyane Manchester
Ke sekotoana feela sa Johanne 18:31-34, 37, 38 ’me se bolelele ba lisentimitara tse 8,9 le bophara ba lisentimithara tse 5, 7. Molaetsa oa Johanne oa mathomo o ngotsoe hoo e ka bang ka 98 C.E. Sekotoana sena sa kopi se entsoe nakoana kamor’a moo. Se entsoe hoo e ka bang ka 100-150 C.E. Se fumanoa kae? Toropong e ruileng ea Engelane ea lekholong la bo19 e nang le khoebo ea boea, Manchester. Moo Laebraring ea The John Rylands sekotoana se beiloeng hore se bonoe ke batho empa ka matsatsi a itseng.
Mosebeletsi oa laebrari ka mosa o ile a ntlhalosetsa kamoo litekanyo tsa buka li fumanoang kateng sekotoaneng se joalo. Ho lekanngoa hore e tsoa bukeng e maqephe a 130 ea Molaetsa oa Johanne, e nang le boholo bo batlileng bo lekana le leqephe la makasine ona. E manehiloe mahareng a ligalase tse peli, sekotoana sena se bonahala eka se ka robeha. Ke ile ka bolelloa hore likotoana, tse ngata tsa papyrus li kobeha habonolo li sa robehe.
Lilemo tsa tsona li lekanyetsoa joang? Ke ile ka ithuta hore mofuta oa papyrus o sebelisitsoeng, ponahalo ea eona ka kakaretso, esita le mokhoa oo ho ngotsoeng ka ona li fana ka karabo. Le hoja ke ile ka bona mongolo oo, oo ho bonahalang e se oa sengoli se hloahloa, o ne o fapane le oa libukana tsa vellum tseo ke li boneng, moo lithupana tse tšoarang moqolo tse shebileng holimo li neng li le tenya athe tse shebileng mahlakoreng li ne li le boima qetellong tsa tsona.
Bohlokoa ba likaroloana tsee tse nyenyane ke bofe? Li shanofatsa khopolo ea bahanyetsi ba bang ba bolelang hore melaetsa ke mangolo a fetotsoeng ka bolotsana ho tloha lekholong la bobeli la lilemo, e seng a ngotsoeng ke barutuoa ba Jesu. Leha ho le joalo, le hoja ho lumeloa lefatšeng lohle hore Mattheu, Mareka, le Luka li ngotsoe pele ho Johanne, mona re na le bopaki ba hore kaofela li ngotsoe lekholong la pele la lilemo. Ha ho sehlopha sa baqhekelli seo habonolo se ka beng se li ngotse lekholong la pele la lilemo hobane lipaki tse boneng liketsahalo ka mahlo li ka be li boletse ka lipale leha e le life tsa bohata.
Ke ho hlollang hakaakang hore kamor’a makholo a mangata a lilemo, re na le likopi tse nepahetseng tsa Lentsoe la Molimo tse fumanoeng nakoana kamor’a hore li ngoloe! Joaloka ha Sir Frederic Kenyon a hlokomela mabapi le Bibele: “Ha ho buka ea boholo-holo e nang le bopaki bo joalo bo bongata ba mongolo oa eona, ’me seithuti se se nang leeme se ka latolang hore mangolo a tlisitsoeng ho rōna a na le bopaki bo a tšehetsang.”
Ka lebaka la leeto la ka, ke ile ka tšepa ka ho eketsehileng mantsoeng ao Davida a ileng a bululeloa ho a ngola: “Mantsoe a Jehova ke mantsoe a hloekileng a joaloka silefera e qhibilisitsoeng fatše, e belisitsoeng hasupa.” (Pesaleme ea 12:6)—E Nehetsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Codex Sinaiticus e fane ka motheo bakeng sa mangolo a Segerike ao New World Translation e fetoletsoeng ho ’ona
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea Musiamo oa Brithani, London
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Codex Alexandrinus (A), e ngotsoeng hoo e ka bang 400-450 C.E., e rehelletsoe ka Laebrari ea Patriarchal Alexandria, Egepeta
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumeilo ea Laebrari ea Brithani
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Sekotoana sena sa lekholong la bobeli la lilemo sa karolo ea Johanne 18 se nkoa e le sa khale haholo se tsebahalang sa Mangolo a Bakreste a Segerike
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka tumello ea The John Rylands University Laebrari, Manchester